Malollard, Baboleli ba Sebete ba Bibele
LEFU la John Wycliffea la thabisa lira tsa hae haholo. Ba ne ba ke ke ba hlola ba hlorisoa ke mathata a neng a hlahisoa ke lithuto tsa hae. Ba ne ba tla tseba ho thea hape ho itšoarella ha bona bathong. Libuka tsa Wycliffe le liphetolelo tsa hae tsa Bibele ka Senyesemaneng li ne li tla beelloa morao. Leha ba ne ba ka ba le tšepo e joalo, ha e ka ea atleha. Balateli ba hae, Malollard, ba ne ba ikemiselitse ho feta leha e le neng ho phelisa mosebetsi oa Wycliffe.
Lebitso la bosoasoi “Lollard” le ne le kile la utloahala lilemo pelenyana, qaleho ea lona e hlaha lekholong la bo14 la lilemo Netherlands. Leha ho le joalo, hoba Wycliffe a shoe, lebitso lena la hla la hlahella. Le tsoa Sedacheng sa bohareng lullen (leo ho lona ho tsoang lentsoe la Senyesemane “lull” [koieetsa], leo seholoholong le neng le bolela ho bina, ho bina ka molomo o koetsoeng), ’me kahoo le khetholla ‘mororisi oa Molimo.’ Le tsoakane le khopolo ea thoriso ea Senyesemane se Bohareng loller (e supang lollardus, ka Selatine), e bolelang moleleri ea botsoa ea se nang ntho eo a e etsang. Hore ho ne ho ke ke ha e-ba joalo ka Malollard ho bontšoa ke boboleli ba bona bo mahlaha-hlaha ba Lentsoe la Molimo ho potoloha England eohle.
Bibele ea Bobeli ea Wycliffe
Ho fetolela ha Wycliffe Bibele ha bōpa takatso ea Mangolo eo ho neng ho hlokahala hore e khotsofatsoe. Ka nako eona eo, ho sebelisoa ha phetolelo ena boboleling ha itšenola hore hangata batho ba thatafalloa ke ho ho utloisisa. Ho ne ho hlokahala hore e phetoe hape hore molaetsa oa Bibele o ka ngoloa ka puo e tla utloisisoa ke batho feela. Mosebetsing ona, palo eitseng ea balateli ba Wycliffe ea thusa, ’me motsoalle oa hae e moholo, John Purvey, ho bonahala e le eena ea ileng a etella pele.
Selelekela sa phetolelo ea bobeli ea Wycliffe se hlalosa e meng ea metheo e ileng ea sebelisoa phetolelong. Mangolo a Selatine a se ke a nkoa feela kamoo a leng kateng, hobane bafetoleli ba ile ba lemoha hore liphoso le tšenyo li ne li kenelletse ho theosa le makholo a lilemo. Ha bokelloa liphetolelo tsa khale tse ngata kamoo ho ka khonehang ’me tsa bapisoa “ho etsa ’nete e le ’ngoe feela ea Bibele ea Selatine; joale e ithutoe bocha, temana le bolotsana”—mokhoa o neng o sa tsejoe mehleng eo. Ha ba fihla temaneng e hloekileng haholoanyane ea Selatine, bafetoleli ba ne ba boetse ba leka ho fumana mokhoa o nepahetseng haholoanyane le tlhaloso e nepahetseng ea mantsoe a thata le lipolelo, le ho utloisisa mokhoa oa ho ngoloa ha puo o sebelisitsoeng. Qetellong, mofetoleli o ne a khomarela “ka ho hlakileng kamoo a ka khonang polelong” ebe joale o etsa hore mosebetsi o hlahlojoe le ho lokisoa.—The English Hexapla, Leq. 29.
Phello e bile phetolelo ea Senyesemane eo ho eona ho neng ho entsoe boiteko ba ho boloka kutloisiso ea Selatine ha ho sebelisoa maele a Senyesemane. Ho supang ho rateha ha phetolelo ena ke ’nete ea hore kajeno ho na le likopi tse hlano tsa phetolelo ea morao ho feta tsa phetolelo e le ’ngoe ea ea pele. Mantsoe a mangata le lipolelo li ile tsa kenngoa phetolelong ea Tyndale, ’me kahoo ka ho Authorized Version.
Tse ngata ho Libibele tsa pele tsa Senyesemane li khōlō li bile li bokhabane, li itlhalosa hore li ne li sebelisoa ke barui le sehlopha se rutehileng. Leha ho le joalo, ho teng palo e ntle ea liphetolelo tsa morao tsa Wycliffe tse entsoeng bonyenyane, li le mongolo o mosesaane li bile li lokiselitsoe hore li ka sebelisoa ke batho feela le hore li ka patoa ha ho hlokahala ka pokothong kapa ka kobong. Tse nyenyane le tse bonolo li ne li le theko e tlase ’me li le ntle nakong ea ha ho ba le Bibele ka puo eo e seng Selatine ho ne ho bea motho kotsing ho baholo ba matla ba bolumeli.
Baboleli Naheng Eohle
Baboleli ba Malollard ba ne ba tsamaea haholo ka maoto, ba nkile molamu o motenya bakeng sa ho itšireletsa ho itseng le thuso bakeng sa ho tsamaea. Ba tsamaea haholo libakeng tse thoko bakeng sa ho sireletseha, ba ne ba ee ba fihle motsaneng kapa motseng, moo molebeli a neng a ee a bitse batho a ba bokanye hammoho ho tla mamela, hangata e le sebakeng se bulehileng, matlong a manyenyane kapa litorong, kapa holong ntlong e khōlō. Ho ne ho fetisoa taba e ngotsoeng pampitšaneng le Bibele li neheletsanoa, ka linako tse ling buka e le ’ngoe kapa tse peli tsa Bibele. Ha ’moleli ea tsamaeang a se a ile motseng o latelang, libuka tsena li ne li neheletsanoa, kahoo li baloa ka cheseho ’me ho buisanoa ka tsona. Ho ne ho sa baloe Bibele feela libokeng tsena, empa ho ne ho rutoa ho bala e le hore batho ba bangata ba na le hona ho ikela Mangolong ka bobona.
Ho ne ho ipiletsoa Bibeleng bakeng sa ho tšehetsa se rutoang. Ha ho koetlisoa baboleli, Wycliffe ka boeena o ne a hatisitse bohlokoa ba ho latela litaelo tse bonolo tseo Jesu a neng a fane ka tsona ha a rōma barutuoa ba 70. (Luka 10:1-11) Malollard a ne a tlameha ho lebella lijo le boroko ho metsoalle, ’me a apara ka mokhoa o bonolo, hangata e le kobo e bosootho bo tebileng ho ba khetholla. Ba bangata ho ba ileng ba utloa Lentsoe la Molimo ba le amohela, ’me Bolollard ba tlala ho tloha Oxford le Leicester ho ea Linaheng tse Bohareng, naha ea Moeli oa Wales le ka Bophirima ho England. Bao e neng e le baahi ba sebaka ba ne ba ka ithuta le ba bang ba thahasellang ho ithuta.
Mohlala o le mong o latelang ke ona: “Nicolas Belward ke e mong oa sehlopha sena ’me o ne a na le Testamente e Ncha eo a neng a e rekile London ka ‘mark’ tse ’ne le lipeni tse mashome a mane, ’me a ruta eo ho thoeng ke William Wright le Margery mosali oa hae ’me a ba kenya tseleng ka selemo se le seng feela ’me ba ithuta ka masene ka hoo ho thoeng ke Testamente e Ncha.”—Foxe’s Acts and Monuments.
Lilemong tse saletseng tsa lekholo la bo14 la lilemo, Malollard a ’na a eketseha, empa a saletse haholo a le feela ka Kerekeng ea Roma e K’hatholike. Ho theoa ha sehlopha se ikarotseng ho ne ho sa tsejoe mehleng eo. Wycliffe ka mehla o ne a sebelelitse ho sokolla Kereke ka hare, ’me balateli ba hae ba tsoela pele ka sepheo sa hae ka nakoana. Empa ha tšusumetso ea bona e ntse e ja setsi naheng, pherekano ea e-ba khōlō. Baboleli ba Malollard ba se ke ba bontša botle ba monahano bo neng bo bontšitšoe libukeng tsa Wycliffe. Ba hla ba latola maeto a bolumeli, tumela-khoela, mangolo a tšoarelo, bahalaleli, liemahale le ho sebelisoa ha litšoantšo. Butle-butle, Malollard a mang a itseng a hlokomela hore a ke ke a hlola a lula ka Kerekeng. Leha ho le joalo, ho itšoarella ha eona ho ne ho le matla hoo, ha ba tšoaroa, baboleli ba bangata ba ne ba latola tumelo ea bona e ncha ka baka la ho tšaba ho khaoloa. Ho hlorisoa ke ba boholong ha khannela mokha lekunutung.
Ka boiteko ba ho fumana tokiso ea kamehla le ea molao ha romeloa mohoo Lekhotleng la Sechaba ka 1395, o ngotseng litaba tse ka sehloohong tsa tumelo ea Malollard. Oa boela oa khokhothelloa monyakong ea Sefika sa St. Paul, le likereke tse ling tse hlokomelehang. Ba nyenyefalitsoe, babishopo ba ipiletsa ho Morena Richard II hore a nke bohato. A tšosa baeta-pele hore ba ineele, ’me Lekhotla la Sechaba la lahla kōpo ea bona. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, babishopo ba batla melao e tiileng haholo hore ba e fumane ho thōlisa Malollard.
Tlhoriso e Ekelitsoeng e-ea Hlōleha
Meso ea lekholo la bo15 la lilemo ea ’na ea bona Malollard a tšehetsoa ke metsoalle e nang le lentsoe e neng e ile ea thusa ho tlosa litlhaselo tse ngata tseo a neng a li etsetsoa. Empa morena e mocha, Henry IV, o ne a hloelletse teroneng ka baka la kereke e K’atholike. Le hoja ntat’ae, John oa Gaunt, e ne e bile motsoalle ea tšepahalang haholo oa Wycliffe, Henry oa Lancaster a ba kahosele. Ka 1401 Lekhotla la Sechaba la fetisa molao o neng o tšehetsa babishopo kannete hore ba chese bakoenehi.
Ha a tlisoa ka pel’a lekhotla, ka 1401, John Purvey a latola tumelo ea hae. Leha ho le joalo, moeta-pele e mong ea matla, William Sawtry, a hana ho fetola seo a se lumelang hore, kamor’a ho hlohonolofatsoa ke moprista, bohobe bo lula e ntse e le bohobe ha bo fetohe. Kamor’a khang ea matsatsi a mabeli, a chesoa sefateng moo ho rekisetsoang likhomo Smithfield, London. Ntle ho tlhōlō ena, moarekabishopo oa Canterbury, Thomas Arundel, a hata ka hloko tseleng ea hae. Malollard a ne a sa tšehetsoa ka matla libakeng tse ling, ’me babishopo ba libakeng tseo ba ne ba tlameha ho ba hlokolosi hore ba se etelle pele mahlorisong. Ha John Badby, seroki sa Evesham e Worcestershire a tlisoa sefateng ka 1410, Khosana Henry e monyenyane a tla ka boeena ho tla mo phehella hore a fetole maikutlo a hae. Ntlheng e ’ngoe ho bile ha tlosoa le mangata a patsi, empa ho phehelloa hohle ha hlōleha. Qetellong mollo oa hotetsoa. Ha khosana e e-ba morena e le Henry V, a ’na a etsa qeto ea ho tsoela pele le mokhoa oa ntat’ae. A tšoara Molollard ea tsebisahalang, Sir John Oldcastle, a nahana hore mohlala o joalo o tla ba matla haholo ho khutsiseng bakoenehi.
Ha Oldcastle a atleha ho phonyoha Toreng ea London, batšehetsi ba hae ba nka lihlomo ho mo tšireletsa. Ena ea e-ba e ’ngoe ea liphoso tse khōlō haholo tsa bona, kaha ba ne ba latola ntoa e le e hananang le metheo ea Bokreste. Ha ba hlōleha boitekong ba ho koetela morena Elthame, haufi le London, ba koloka ho ea St. Giles Fields London ho ea ba le lihlopha tse ling. Empa ba hapuoa Kaofela kapa ba hlōloa. Le hoja Oldcastle a ile a phonyoha ’me a qoba ho tšoaroa ka lilemo tse tharo, qetellong a tšoaroa ’me a chesoa sefateng ka 1417. Ha ho mohla Malollard a ileng a boela a khathatsa ka likhoka kapa ho khathatsana le lebala la lipolotiki. Le hoja mahloriso a ile a eketseha ’me Malollard a mangata a timela sefateng, hona ha sitoa ho emisa molaetsa oa oona. Le hona Norfolk oa tlala joaloka mollo oa hlaha hang ha Mobishopo Spencer ea loanang a shoele. Ha buloa likolo tse rutang ho bala le ho ngola, ’me libaka tse sa lumelloang ka molao tsa liboka tsa tlala hohle.
Ho sebelisoa ha Bibele ha fetoha ntlha e setsing ea mahloriso. Taelo ea pelenyana, e neng e fetisitsoe ke Lekhotla la Toulouse ka 1229, ea thibela batho feela hore ba ka ba le kopi leha e le efe ea Mangolo ka puo esele, empa e ne e sa ka ea hatisoa haholo England. Leha ho le joalo, lengolo la tumello la mobishopo le ne le tlameha ho kōpuoa pele ho ka etsoa phetolelo efe kapa efe ea Bibele. Ka 1408 Lekhotla la Canterbury la laela hore ho se ke ha e-ba karolo leha e le efe ea Bibele e fetoleloang, le hore mang kapa mang a se bale “buka, bukana, kapa lengolo leha e le lefe, le qapiloeng mehleng ea John Wycliffe kapa kamorao ho moo . . . pontšeng kapa ka lekunutung, ho seng joalo o tla ahloloa ka khaolo e kholoanyane.” Hona ha tiisoa hape ka 1414 ka molao o neng o ahlola batho ba balang Mangolo ka Senyesemane. Ba ne ba tla lahleheloa ke masimo a bona, makhomo, thepa le bophelo.
Babishopo ba bang ba ntša litaelo tse ling, ka ho hlokomelehang Somerset le Lincolnshire. Lincolnshire “James Brewster a qosoa hobane a ne a e-na le bukana eitseng ea Mangolo ka Senyesemane.” Agnes Ashford o ne a rutile monna e mong “karolo ea Thuto ea Thabeng.” A tlisoa ka pel’a babishopo ba tšeletseng, Agnes a hla a hlokomelisoa ka ho khethehileng hore a se ke a ruta lintho tsena, leha e le ho bana ba hae.
Lithuto tsa Wycliffe ka Mose
Le hoja batho feela ba ne ba sitoa ho balla Bibele pontšeng, motho ea bophahamong o ne a ka etsa joalo. Anne, mofumahali oa England le mosali oa Richard II, o ne a e-na le Bibele ea Selatine le e ’ngoe ka puo ea habo ea Bohemia. Lenyalo ka 1382, le ne le lumelletsoe ke khaitseli ea hae Morena Wenceslaus, ka keletso ea mopapa, ea neng a rata ho sebeletsa merero ea hae empa a sa lebella se tla hlaha. Anne a phakisa a utloela ka libuka tsa Wycliffe ’me a iphumanela tse ling, hammoho le Lievangeli tse ’nè ka Senyesemane. Ha a fumana hore oa li rata, a mo tšehetsa. Litho tsa Lekhotla la Prague tse neng li mo etetse tsa nka tse ling tsa libuka tsa hae tsa Wycliffe ho khutlela le tsona Bohemia. Univesithi ea Prague le eona ea qobella kopano le Univesithi ea Oxford, e neng e ntse e emela Wycliffe haholo.
Ka baka la kopano eo, John Huss a bala libuka tsa John Wycliffe. A rutiloe Univesithing ea Prague, a phahama ho ba mookameli oa eona. Ka 1403, letoto la lipuisano la etsoa ka lithuto tsa Wycliffe. Ba boholong ba li nyatsa, empa Huss a tsoela pele ho li ruta. Qetellong, ka 1409, Mopapa Alexander V a ntša taelo ea bopapa e laelang lipatlisiso. Huss le balateli ba hae ba khaoloa, ’me meqolo e 200 ea libuka tsa Wycliffe ea chesoa. Empa Bohemia e ne e le leseling ho tloha qalong ho ea qeteIlong ka lithuto tsa Huss le Wycliffe, ’me morena o ne a sa tšehetse mopapa. Ha Mopapa a shoa ka 1410, ho lateloa selemong se hlahlamang ke lefu la moarekabishopo oa Prague, Huss a sebelisa khefu eo ho jala boboleli ba hae ho ea pele.
Ka boiteko ba ho felisa ntoa e senyang ea bapapa, Lekhotla la Constance la bitsoa ka 1414 ke Morena Sigismund. Hang hape, liphello tse tšosang tsa libuka tsa Wycliffe tsa buisanoa. Ofisi ea mopapa joale e ne e bona liphello linaheng tse peli tse arohaneng haholo, England le Bohemia. Ka 1415 Huss a tsuoa ’me a chesoa sefateng ho sa tsotellehe ho buelloa ha hae ka boitšoaro bo botle ke morena. Wycliffe a bitsoa moeta-pele oa bokoenehi mehleng eo. Libuka tsa hae li ne li tla chesoa, ’me ho saletseng ha setopo sa hae ho ntšoe ka lebitleng la hae ’me ho tlosoe ‘mobung o hlohonolofalitsoeng.’ Ho babishopo ba babeli ba hlahlamanang ba Lincoln ketso eo e ne e le lihlong hoo e sa kang ea phethahatsoa ho fihlela ka 1428. Joale, setopo sa Wycliffe sa epolloa ’me sa chesoa, ’me molora oa hae oa fafatsoa nōkeng e haufi le moo ea Swift. E ne e le ho tlang ka tlhaho ho batho ba bang ho bona ketsong ena e mpe ka ho fetisisa tlhaloso e tšoantšetsang: Joalokaha metsi a nōka a ile a isa molora oa hae leoatleng le ahlameng, kahoo lithuto tsa Wycliffe li ne li jaleha lefatšeng lohle.
Lengolo la bopaki la 1572 la tšoantšetsa Wycliffe a hotetsa tlhase, Huss a hotetsa mashala, ’me Lutere a phahamisa toche e tukang. Wycliffe a kenya ketsong likhopolo tse ngata le metheo e ileng ea tšoarella lekholong la bo16 la lilemo ha Tokiso e tlosa e meng ea mekhoa ea neano le lithuto tsa bohata tse neng li hōtse mehleng ea Lefifi le e Bohareng. Malollard a pholoha nakong ena. Ha lithuto tsa Lutere li kenyelletsoa England, liphutheho tsa Malollard tsa ikopanya le mokhoa o mocha, lithuto tsa bona li ne li tšoana haholo.
Butle-butle, Bibele e ne e lokolloa mahlaahlela a neng a e entse buka e koetsoeng ho bohle ha e se batho ba ’maloa ba ratoang le ba ruileng. Na rōna kajeno re ananela sebete se ileng sa bontšoa ke ba tlileng pele ho rona? Ba rata Bibele haholo e le buka e lokelang ho baloa le ho ithutoa—ruri e tšoanelang linaha tsa habo bona, tokoloho le bophelo. Na tokoloho eo e hlōtsoeng ka thata ea ho ithuta Mangolo ke ea bohlokoa ho rōna? Re ka bua joalo haeba rōna ka bōrōna re ithuta Bibele ’me re bontša tumelo e mafolofolo, re kopanela linnete tsa eona le ba bang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho “John Wycliffe. ’Muelli oa Bibele,” ho Molula-Qhooa oa January 1, 1981.
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Nōka ea Swift