Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 11/15 maq. 10-14
  • Ho Neela Jehova se Molemo sa Rōna

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Neela Jehova se Molemo sa Rōna
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MPHO EA RŌNA HO JEHOVA
  • LEBAKA LEO RE MENGOANG HO TLISA LIMPHO TSA RŌNA KA LONA
  • Ho Nyehela Mahlabelo a Khahlisang Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Mahlabelo a Thoriso a Khahlisang Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Ithute ‘Moralong oa ’Nete’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Mahlabelo a Neng a Khahlisa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 11/15 maq. 10-14

Ho Neela Jehova se Molemo sa Rōna

“Ho rohakoe mothetsi ea hlahisang ntho e tšehali, athe e tona e le teng mohlapeng oa hae, le eo, ereng ha a ikanne, a hlabele Morena ntho e senyehileng; hobane ke Morena e moholo, ho bolela Jehova oa makhotla, ’me lebitso la ka le tšabeha har’a lichaba.”—Mal. 1:14

1. Na ho teng ntho eo batho ba ka hlang ba e nea Jehova?

NA HA ho bonahale ho makatsa hore batho ba sa phethahalang ba ka fihleloa feela le ke monahano oa ho nea ’Mōpi e Moholo, Jehova ntho leha e le efe? E, ha ho ntho le e ’ngoe bokahohleng bohle eo e seng e ntse e se ea hae! Lentsoeng la hae, eena ka boeena o boletse hore: “Silevera ke ea ka, le gauda ke ea ka.” (Hag. 2:8) “Hobane liphoofolo tsohle tsa meru ke tsa ka, le ’ona makhomo a fulang lithabeng ka likete; ke tseba linonyana kaofela tsa lithaba, le liphoofolo tsa naha li matleng a ka. Hola kea lapa, ke be nke ke ka u bolella; hobane lefatše ke la ka, le tse ho Iona kaofela. Hleka u re, ke ja linama tsa lipoho, ke noa mali a liphooko?” (Pes. 50:10-13) Kannete Jehova ha a tsietsing ea limpho tse tsoang ho mang kapa mang, kaha o phethehile ka boeena. O teng ka boeena.

2. Davida o ile a hlokomela eng ka meneelo ea boithaopo e etsetsoang Jehova?

2 Joaloka mocha ea neng a rutiloe molao oa Moshe, Davida mora oa Mojode Jese o ne a tseba hore Jehova ke mong a lefatše lohle. (Ex. 19:5) Lilemong tsa morao, ha a ne a etsa meneelo bakeng sa tempele hore e tle e hahuoe Jerusalema, Davida ka thapelo a buisana le ea Holimo-limo ka mantsoe ana: “Hobane ’na ke’ng, ’me sechaba sa ka ke’ng, hore re tle re tsebe ho u ntšetsa ntho tsa rōna joalo ka ho rata? Athe tsohle li tsoa ho uena, ’me ke letsoho la hao le re fileng seo re u neang sona. Jehova, Molimo oa rōna, bongata boo ba lintho tsee re li lokiselitseng ho u hahela ntlo ka tsona, ho e hahela lebitso la hao le halalelang, bo tsoa letsohong la hao; tsohle ke tsa hao.”—1 Likron. 29:14, 16.

3. (a) Ke lipotso life tse ka ’nang tsa botsoa ka limpho tse etsetsoang Jehova? (b) Karabelo ea Mangolo ke efe lipotsong tse joalo?

3 Kahoo Davida a hlokomela hore rōna batho ha ho letho leo re ka ruisang ea Matla ’ohle ka Iona. Ka sebele, leha e le eng eo re ka fanang ka eona e mpa e le feela ho khutlisa bonyane ba seo re se amohetseng Mohloling oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle, leha e le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethehileng.” (Jak. 1:17) Empa hona na ha ho bolele hore ho tlisa limpho ho ’Mōpi oa rōna hase ha bohlokoa ba letho? Na o nyatsa linyehelo tsa bahlanka ba hae ba ineetseng? Karabelo ea Lentsoe la Molimo ke, Che. Jehova Molimo o mema barapeli ba hae ba baikokobetsi hore ba tlise limpho tsa bona. Ho Pesaleme ea 96:8 rea bala: “Busetsang ho Jehova khanya e tšoanelang lebitso la hae; tlisang linyehelo, le kene mabaleng a hae!”

4. Jehova o khahlisoa ke limpho tsa mofuta ofe?

4 Koana, Jehova o ne a batla linyehelo tse ntle tse neng li susumetsoa ke pelo e ananelang. Tsena e ne e tla ba lineelo tse amang ho itela haesita le tokisetso e entsoeng ka thapelo le monahano. Ka mohlala, ha molao oa Moshe o sa sebetsa, Moiseraele o ne a ke ke a tlisa phoofolo efe kapa efe monyakong oa mabala a tabernakele ’me a lebella hore a fumane tlhokomelo e mohau e tsoang ho Molimo. Molao o ne o bolela hore: “Ekare ha motho a hlahisetsa Jehova sehlabelo sa teboho ka ho phetha kano, kapa nyehelo ea ho ithatela, a nke likhomong kapa likhutšoaneng, e be ntho e hlokang sekoli, e tle e lumelehe; ho se ke ha e-ba sekoli ho eona. Le se ke la hlahisa ntho e foufetseng, kapa e holofetseng, kapa e faotsoeng, kapa e nang le libebe, kapa e sekhoakhoa, kapa e nang le lihloba, ’me le se ke la etsa ka eona aletareng sehlabelo se chesetsoang Jehova.”—Lev. 22:21, 22.

5. Molao o ne o qaqisa eng ka linyehelo tsa lijalo?

5 Ha e le ka linyehelo tsa lijalo, tsena e ne e lokela hore e be phoofo e thumisitsoeng hantle. (Lev. 2:1, 4; 6:14, 15; Num. 15:4) Tlhokahalo ena e ne e tla hlakola phoofo eohle e mahaila, phoofo e neng e e sa sefuoa hantle. E, ke e ntle haholo e neng e loketse e le nyehelo ho Mohalaleli, Jehova.

6. Tšusumetso ea pelo e ne e e-na le matla afe ho amoheleheng ha mahlabelo a Moiseraele?

6 Tlhokahalo e ’ngoe ea bohlokoa bakeng sa ho etsa linyehelo tse amohelehang ho Jehova ke ea hore motho pelo ea hae e susumetsoe ka mokhoa o nepahetseng. Ntle ho takatso e ka hare e tebileng ea ho khahlisa ’Mōpi oa hae, Moiseraele o ne a tla be a etsa mahlabelo a lefeela. Hlokomela kamoo sena se hatisoang ka mantsoe a latelang: “Ke etsa’ng ka mahlabelo a lōna a mangata-ngata, ho botsa Jehova? Ke khathetse ke licheso tsa lipheleu le ke mafura a manamane a nonneng; ha ke khahlisoe ke mali a likhomo, le a linku, le a liphooko. Mohla le itlhahisang pel’a ka, ke mang ea kōpileng ho Iōna hore le tle ho hatakela mabala a ka ka maoto? Le se ke la hlola le ntlisetsa mahlabelo a lefeela; libano tsa lōna ke manyala ho ’na, le mekete ea likhoeli tse thoasang, le ea lisabbatha, le ea lipitso tsa ho phutheha; liphutheho tsa lōna tse mahlonoko tse hlokang borapeli lia nkhathatsa. Moea oa ka o hloile mekete ea lōna ea likhoeli tse thoasang, le ea liphutheho tse mahlonoko; ke tšoenyo ho ’na, ke khathetse ke ho iphapanya le eona. Leha le ka otlollela matsoho ho ’na, ke tla lebisa mahlo a ka hosele; leha le ka atisa lithapelo tsa lōna, nke ke ka li mamela; matsoho a Iōna a tletse mali.” (Esa. 1:11-15) Ha boineelo ba sebele le moea oa ho fana li ne li haeIla, borapeli bo ka ntle bo ne bo tšoana le limpho tsa qeko tse reretsoeng ho reka mohau oa bomolimo. Li ne li sa amohelehe ho hang.

MPHO EA RŌNA HO JEHOVA

7. Ke hobane’ng ha re sa nyehele mahlabelo a liphoofolo kajeno?

7 Ho fapana le Baiseraele, rōna barutuoa ba Jesu Kreste ha re nyehele mahlabelo aletareng e itseng e bonahalang. Selekane sa Molao se neng se laela linyehelo tse joalo se ile sa hlakoloa motheong oa lefu la Jesu sefateng. (Ba-Kol. 2:13, 14) Hona ho mema potso, Ke mahlabelo afe ao re ka a nyehelang?

8. Ho Ba-Roma 12:1, moapostola Pauluse o ile a ngola eng ka mahlabelo, ’me re ka utloisisa mantsoe a hae joang?

8 Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a khothalletsa balumeli ba tlotsitsoeng ka moea ba neng ba tla tela ’mele ea bona ea nama ’me ba amohele ’mele o khanyang oa moea ha ba tsosoa bafung hore: “Kea le rapela hle ka mehauhelo ea Molimo, hore le ke le o beele ’mele ea lōna, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se khahlisang Molimo.” (Ba-Roma 12:1) Kahoo, ba ile ba khothalletsoa ho sebelisa matla a bona le mahlale ho sebeletseng ’Mōpi. Litho tsa ’mele ke likofuto tseo ka tsona motho a ka buang a ba a etsa. Kahoo, ‘ho neelana ka ’mele ea bona e le sehlabelo se phelang’ Bakreste bana ba ne ba tlameha ho ba mafolo-folo, ‘ba etsa lintho tsohle ho tlotlisa Molimo ka tsona.’ (1 Ba-Kor. 10:31) Hore sehlabelo seo e be se “halalelang,” ba ne ba tlameha ho ipoloka ba hloekile boitšoarong le moeeng. ’Me ke feela ka ho lumella lerato leo e seng la boikaketsi le susumetse liketso tsa bona ho hlahisa ’mele ea bona ho joalo ho neng ho ‘ka amoheleha ho Molimo.’ (1 Ba-Kor. 13:3) Ha ba ne ba phela bophelo ba boineelo bo feletseng ho Molimo ka boikutlo, polelo le ketso ka baka la boikhethelo boo ba bo rerileng, ba ananela hore ho nepahetse ka baka la mohau oa bomolimo oo ba o bontšitsoeng, ba ne ba tla be ba etsa tšebeletso e halalelang ka matla a bona a ho nahana. Ho sa tsotellehe hore na tšepo ea rōna ea kajeno ke efe, le haeba ke ea leholimo kapa ea lefatše, na re ke ke ra ba ka moea ’ohle ka mokhoa o tšoanang tšebeletsong ea rōna ho Molimo?

9. Ho Ba-Heberu 13:15, 16, re neoa khothatso efe?

9 Lengolong le eang ho Baheberu, re ithuta ho hongatanyana ka mahlabelo a amohelehang. Ba-Heberu 13:15, 16 e re: “A re hlahiseng ka mehla ho Molimo ka eena [Kreste] sehlabelo sa poko, e leng tholoana ea melomo e bolelang lebitso la hae. Le se ke la lebala ho etsa batho hantle, le ho fana; hobane Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.”—Bapisa Hosea 14:2.

10. “Tholoana ea melomo” e akarelletsa eng, ’me ke lipotso life tseo re ka ipotsang tsona ntlheng ee?

10 Ka ho nyehela ha rōna “tholoana ea melomo” ho ne ho tla akaretsa ho kopanela phethahatsong ea Mattheu 24:14, e reng: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle.” Na kannete re fana ka se molemo haholo sa rōna mosebetsing ona oa bohlokoa oa ho bolela? Na ka cheseho re ipha menyetla ea ho fana ka bopaki? Na bophelo ba rōna joaloka Bakreste ke bo beang mohlala hoo “tholoana ea melomo” e theang sehlabelo se amohelehang sa poko?—Ba-Roma 2:21, 22.

11. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re hlahlobe boikutlo ba rōna ka liboka tsa Bokreste?

11 Lipolelo tse etsoang pontšeng libokeng tsa Bokreste le tsona ke karolo ea mahlabelo a rōna. Ka ho totobetseng, hona ho etsa hore e be ha bohlokoa hore re be teng ha balumeli bahabo rōna ba bokanetse borapeli. Na re hlile re laba-labela ho ba le ba bang ba tumelo ea bohlokoa joaloka rōna? Kapa, na re lumella mesebetsi e meng le lithahasello ka ho sa hlokahaleng li nke nako eo re ka bang le bana babo rōna ka eona? Ke hantle ha re etsisa mohlala oa mopesaleme ea ileng a tšoantša takatso ea hae e matla bakeng sa ho buisana le Jehova Molimo ha a e-na le barapeli hammoho le eena le ho nyoreloa ha khama metsi. Ntle ho metsi, ho hang khama e ke ke ea phela. (Pes. 42:1, 2) Na kannete re ananela hore re ke ke ra phela ntle ho Jehova, “seliba sa metsi a kollang.”—Jer. 2:13.

12, 13. Re ka fumana molemo o moholo haholo joang libokeng tse Bokreste?

12 Ha re le libokeng, ruri re ka batla ho fumana molemo o fetang eohle. Hona re ka ho etsa ka ho batla ho sebelisa keletso e latelang e bululetsoeng: “A re lebelaneng, re tle re isane ka cheseho leratong le mesebetsing e metle. . . . Re mpe re khothatsane, haholo etsoe le bona letsatsi le ntse le atamela.” (Ba-Heb. 10:24, 25) Kaha kannete letsatsi le leholo la Jehova la ho liha kahlolo ea hae le tla tla, na ha re na lebaka le letle hore re nahane ka thapelo hore na re ka etsa joang ho matlafatsa le ho khothatsa baena ba rōna? Ruri ha ho bao re batlang hore ba fumanoe ba le boemong bo sa amoheleheng ha letsatsi leo le fihla. (Luka 21:34-36) Na lipolelo tseo re li etsang li senola hore re fela re amehile kannete ka katleho ea bona ea moea? Ka litlhaloso tsa rōna libokeng, na kannete re holisa lerato, thahasello e nahanelang boiketlong ba ka ho sa feleng ba ba bang? Na lipolelo tsa rōna kaofela ha tsona li tsoela pele ho khothalletsa bohle ho tsoela pele mesebetsing e metle, re chesehela ho bolela ‘litaba tse molemo’ le ho bea mohlala litšobotsing tsohle tsa bophelo ba tsatsi le leng le le leng?—Bapisa Tite 2:1-14.

13 Ka ho khothalletsa ba bang “leratong le mesebetsing e metle” re boetse rea itsosa re hatisa likelellong tsa rōna le lipelong bohlokoa ba mesebetsi e tumellanong le tumelo. Hona ho ka ba le phello e molemo haholo ho rōna, ho re etsa hore re ithlahlobe ka borona le ho ntlafatsa bophelong le ketsong ea Bokreste. ’Me ha re mamela se boleloang ke ba bang ’me joale re sebelisa khothatso ea Mangolo, re fumana thabo e tlisoang ke ‘ho ba baetsi ba lentsoe.’—Jak. 1:22-25.

14, 15. Ntle ho ho fana ha moea, “mahlabelo” a rōna a akarelletsa eng hape?

14 Lengolo la Baheberu le khothalletsa ho abelana, ho nka bohato ka se hlokoang ke ba bang. Bao lengolo lena le neng le tobisitsoe ho bona ba ile ba bolelloa hore: “Le ’ne le hopole mehla ea pele, eo eitseng hobane le bonesetsoe, la hla la mamella ntoa e kholo ea bohloko. Ka nqa e ’ngoe, la hobosoa pepeneneng ka mahlapa le ka lihloriso, ’me ka nqa e ’ngoe la ba balekane ba ba etsoang tse joalo. Hobane le kile la hlomohela ba litlamong, ’me le lumetse ka thabo ha ntho tsa lōna li tlatlapuoa, la itsebela hobane le na le moruo o fetisang, o sa tloheng.” (Ba-Heb. 10:32-34) Na le rōna ka mokhoa o tšoanang re bontša qenehelo ho ba mahlomoleng hona na rea ba phallela?

15 Boemo boo bahlanka ba Molimo ba iphumanang ba le ho bona bo fapana haholo. Ba bang mohlomong ba otliloe ke tlala. Ba bang mohlomong ba soabile ’me ba tepeletse, ho hang ba hloka ho tšelisoa le botsoalle. Ba bang hape mohlomong ba nyahame ka baka la mathata a tebileng a botho. Ke ’nete hore Jehova Molimo o tla bona hore ba lokileng ha ba tloheloe ho hang. (Pes. 37:25) Empa na rōna ka bōrōna ha rea lokela ho utloa boikarabelo ba ho ba baemeli ba Molimo bakeng sa ho atolosa mohau le ho thusa? Ho se tsotelle ha rōna ntlheng ena ke taba e tebileng. Moapostola Johanne o ile a ngola hore: “Empa motho ha a na le lintho tsa bophelo ba lefatše, ’me a bona ngoan’abo a hloka, ’me a mo koalla pelo ea hae, lerato la Molimo le lutse joang ho eena? Bana ba ka, re se ke ra rata ka lipolelo le ka leleme, e mpe e be ka ketso le ka ’nete.”—1 Joh. 3:17, 18.

LEBAKA LEO RE MENGOANG HO TLISA LIMPHO TSA RŌNA KA LONA

16, 17. Ke hobane’ng ha Jehova a re mema hore re etse “mahlabelo”?

16 Hore re tle re tšepahale ho nyeheleng mahlabelo a rōna a moea, ho hlokahala hore re ananele hore na ke hobane’ng ha Jehova Molimo a re mema hore re etse joalo. Ntat’a rōna ea leholimong o se a tseba mehopolo ea rōna e tebileng le boikutlo. Empa o batla hore re bontše lerato la rōna bakeng sa hae ka molemo o sebetsang oo re o etsetsang ba bang. Ke takatso ea hae hore bahlanka ba hae ba tšoane le eena ka ho bontša mosa le ho fana. (Matt. 5:43-48) Hona ho mo nea sebaka sa ho hulela batho ho eena. Joang? Ka ho hlokomela tsela e rorisehang eo re phelang ka eona, ba bang ba ka ’na ba hlokomela hore thabo ea ’nete e tlisoa ke ho etsa thato ea Molimo.—Matt. 5:16.

17 Kaha Jehova Molimo o re entse, o tseba se molemong oa rōna o fetisisang. Lena ke lebaka le leng leo ka Iona a re memang hore re tlise limpho tsa rōna ho eena. Moea o fanang o tlatsetsa ho thabeleng ha rōna khotso ea kelello le pelo hammoho le thabo ea ’nete hona joale. Bibele e-ea bolela: “Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.” (Lik. 20:35) Ho phaella moo, re ka tiisa hore Ntat’a rōna oa leholimo o tla re putsa haholo hona joale le nakong e tlang e sa feleng. Mora oa Molimo o itse: “Ha u etsa thuso, letsoho la hao le letšehali le se ke la tseba se etsoang ke le letona la hao, hore thuso ea hao e be sephiring; ’me Ntat’ao ea bonang sephiring, o tla u putsa.” (Matt. 6:3, 4) “Enore ha u etsa ’mōka, u bitse bahloki, le lihole, le lihlotsa, le lifofu; ’me u tla ba motho ea lehlohonolo, kahobane ha ba na seo ba ka u buseletsang sona; ’me tsa hao li tla buseletsoa tsohong ea ba lokileng.”—Luka 14:13, 14.

18. ’Nete e lokela ho ba efe ka ho fana ha rōna, hobane’ng?

18 Kahoo, ho talima mahlabelo a rōna ka kutloisiso, re tlameha ho lumela hore libokeng, ha re abelana le ba bang ‘litaba tse molemo,’ ka boikutlo le ka polelo le ka ketso, e, likarolong tsohle tsa bophelo, re tlameha ho itokisetsa ho fana ka se molemo ka ho fetisisa sa rōna. Ha rea lokela ho ba pelo e ka ’moho ka litaba tsa bohlokoa joalo. Ho leng kotsing ke ho amoheloa ke Jehova le ho neoa ha rōna bophelo. E se eka rōna, ka baka leo, re ka phela tumellanong le tiiso ea Mangolo, e reng: “Molimo ha o khopo; o ke ke oa lebala mesebetsi ea Iōna, le kamoo lerato la lōna le sebelitseng kateng ka baka la lebitso la oona, ha le babaletse bahalaleli, le joale le sa ba baballa.”—Ba-Heb. 6:10.

[Litšoantšo se leqepheng la 11]

BOHLE RE KA KOPANELA HO:

FANENG KA LITLHALOSO LIBOKENG

BOBOLELING LE HO RUTENG

KHOTHATSENG BA BANG MOEENG LE NAMENG

HAHENG BA BANG LERATONG LE MESEBETSING E METLE

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela