Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 11/15 maq. 15-19
  • Ho Boloka Bohloeki ha ho Tlisoa Limpho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Boloka Bohloeki ha ho Tlisoa Limpho
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO ITHUTA KA MAHLABELO A AMOHELEHANG LlTOKISETSONG TSE LING TSA MOLAO
  • KAMEHO E TEBILENG EA JEHOVA KA RŌNA
  • Sechaba se Hloekiselitsoeng Mesebetsi e Metle
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Ho Chesa Libano—Na ho na le Sebaka Borapeling ba ’Nete?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ho Neela Jehova se Molemo sa Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Kamoo re Lokelang ho Atamela “Ea Utloang Thapelo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 11/15 maq. 15-19

Ho Boloka Bohloeki ha ho Tlisoa Limpho

“Busetsang ho Jehova khanya e tšoanelang lebitso la hae; tlisang linyehelo, le kene mabaleng a a hae! Khumamang pel’a Jehova ka bokhabane bo halalelang.”—Pes 96:8, 9.

1, 2. Ke hobane’ng ha batho ba Molimo ba tlameha ho hloeka, ’me hona ho hatisitsoe joang ho Baiseraele?

BOHALALELI, bohloeki le ho hloka litšila tsa Jehova li hloka hore batho ba hae ba lule ba hloekile. (1 Pet. 1:14-16) ’Nete ena e ile ea hatisoa ka botebo ho Baiseraele ke litokisetso tsa molao oa Moshe. Ba ne ba lokela ho lula ba ikarotse mekhoeng e se nang boitšoaro le e theolang ea lichaba tse potolohileng, le ho qoba, haeba ho ka khoneha, ho ama setopo kapa ntho leha e le efe e neng e tla ba silafatsa, ’me ba se ke ba e-ja liphoofolo tse sa hloekang.—Lev. 11:4-8, 10-20, 24, 25; 18:3-24.

2 Ha ba le maetong a ntoa, Baiseraele ba ne ba laeloa hore ba boloke bohloeki liahelong tsa bona. Molao o ne o re: “Liahelo tsohle tsa hao li ke li hloeke ke hona, ’me Jehova a se ke a bona taba e litšila ha hao, a tle a se ke a u furalla.” (Deut. 23:14) Haeba Moiseraele a ne a ka silafala ka mokhoa o itseng, o ne a tlameha ho ‘hlatsoa liaparo tsa hae ’me a be sesila ho fihlela mantsiboea.’ (Lev. 11:40) Le hona ho hlatsoa ho ne ho sa lekana. E seng ho fihlela ha ho fihla letsatsi le lecha ka ho likela ha letsatsi, ho latela mokhoa oo Baheberu ba neng ba bala matsatsi ka oona, ke hona feela motho a neng a fumana boemo bo botle ho Jehova. Nakong ea ha Iseraele e ntse e lelera lefeelleng, ha liahelo li ne li baloa ka likete, ho phahamisa molao oa bomolimo bakeng sa bohloeki e ne e se taba e nyenyane.

3. Litabeng tsa bohloeki, ke boikarabelo bofe boo baprista ba lesika la Aarone ba neng ba e-na le bona?

3 Ho nyehela sehlabelo se amohelehang, Moiseraele o ne a tlameha ho hloeka tšebeletsong. (Lev. 15:31) E ne e le tšoanelo ea baprista ho phahamisa melao ea Molimo ea bohloeki, ba ipoloka ba hloekile ka bobona le ho thusa Baiseraele bahabo bona ho ba boemong bo amohelehang ho hlahisa linyehelo tse neng li tla amoheleha ho Molimo.—Mal. 2:7.

4. Jehova Molimo o ne a talima mahlabelo a Baiseraele ba neng ba sa finyelle litlhokahalo tsa hae joang?

4 Ha Baiseraele ba ne ba hlokomoloha se hlokoang ka bomolimo bakeng sa boitšoaro bo loketseng, mahlabelo a bona a ne a sa fetohe a sa reng letho feela ho Jehova Molimo empa a ne a hlile a nyonyeha. Mangolo a re bolella hore: “Sehlabelo sa e mobe ke manyala ho Jehova empa o khahloa ke thapelo ea motho ea lokileng.” (Liprov. 15:8) “Ea hlabang khomo, ho ’na o joale ka ea bolaeang motho; ea etsang sehlabelo ka nku, o joale ka ea fenethileng ntja; ea hlahisang secheso, o joale ka ea hlahisang mali a kolobe; ea chesang libano, o joale ka ea bokang melimo ea bohata. Ereka ha ba ikhethetse litsela tsa bona, ’me meea ea bona e ithatetse manyala a bona.”—Esa. 66:3.

5. Ke hobane’ng ha rōna kajeno re lokela ho ameha ka boemo ba rōna le Molimo?

5 Melao-theo e lokileng e neng e kenyellelitsoe molaong oa Molimo ho Iseraele ha e-ea fetoha. E sebetsa ka linako tsohle, maemong ’ohle le lintlheng tsohle. Ke ka baka leo Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste tsa kajeno li batlang ho hlahloba ka mokhoa o hlaphohileng boemo boo e leng ba tsona pel’a Molimo. E mong le e mong a ka ipotsa: ‘Na ke loanela ho lula ke hloekile kelellong, boitšoarong le ’meleng le moeeng? Na ’na ka bonna ke tlatsetsa bohloeking ba phutheho ea Bokreste—bohloeki bo e etsang hore e eme e khethollehile molokong o khopo le o litšila? Na tsela eo ke hlokomelang le ho sebelisa lehae la ka ka eona le thepa e ’ngoe ea ka, ho kopanyelletsa le ’mele oa ka oa nama, li bontša ho khomarela haufi le tsela ea Jehova? Na hona ke ’nete ka tsela eohle eo ke phelang ka eona?’ Karabelo ea rōna e lumelang lipotsong tsena e tla ba bopaki ba hore re loanela ho utloa khothatso e bululetsoeng ea ho ikalosa ‘litšileng tsohle tsa nama le tsa moea.’—2 Ba-Kor. 7:1.

HO ITHUTA KA MAHLABELO A AMOHELEHANG LlTOKISETSONG TSE LING TSA MOLAO

6. Molao o ne o re’ng ka oli ea tlotso?

6 Lintlha tse qaqileng tse mabapi le oli e tlotsang tse neng li le molaong oa Moshe li boetse li hlakisa bohlokoa ba ho phahamisa molao oa Molimo oa khalalelo. Ha a ne a neoa metsoako e hlokahalang bakeng sa ho etsa oli ea tlotso, Moshe o ile a fumana melao e thata-thata e laolang ho sebelisoa ha eona. Rea bala: “Ke eona oli ea setlolo e khethehileng ho ’na melokong ea lōna; e se ke ea tšeloa nameng ea motho, ’me le se ke la etsa e tšoanang le eona ho tsoakoeng ha eona. E khethehile, le ho Iōna e khethehile. Mang le mang ea ka etsang litlolo tse joalo, kapa ea ka tlotsang molichaba ka tsona, a khaoloe chabeng sa habo.” (Ex. 30:31-33) Ho hlōleha ho hlonepha morero o halalelang oa oli ea tlotso ho ne ho fella ka khopiso ea polao.

7. Ke lithuto life tsa bohlokoa tseo re ka ithutang tsona melaong ea bomolimo ka oli ea tlotso?

7 Hona ho re etsetsa lithuto tsa bohlokoa. Bibele e khetholla oli e le e emelang moea o halalelang oa Jehova. (Bapisa Zakaria 4:2-6.) E ne e se ka oli ea tlotso empa ka moea o halalelang Morena le Moprista e moholo Jesu Kreste a ileng a tlotsoa. (Matt. 3:16, 17; Luka 4:18; Ba-Heb. 1:8, 9) Kannete, he, re batla ho ba le hlonepho e phahameng ka ho fetisisang bakeng sa moea oa Molimo, re iteka kahohle ho latela ketello pele ea oona. Hona ho akarelletsa ho boloka letsoalo le hloekileng e le hore re se ke ra nyelisa kapa ra soabisa moea.’ (Ba-Ef. 4:30) Ho feta moo, kaha ke ka moea oa hae Jehova Molimo a hahang phutheho ea Bokreste, ho hlokahala hore re hlokomele ho se rorise batho bakeng sa se finyelloang. (1 Ba-Kor. 3:5, 6) Tumelo ea rōna e tiileng boprofeteng bo bululetsoeng le eona ke tiiso ea hore re na le boikutlo bo loketseng mabapi le moea o ikarabellang bakeng sa boprofeta boo. (2 Pet. 1:21) Na mantsoe a rōna le liketso li bontša hore re emetse “maholimo a macha le lefatše le lecha” le hore re batla ha ba bangata kamoo ho ka khonehang ba ka ithuta ka tšepo ee e kholo?—2 Pet. 3:13, 14.

8. Molao o ne o laela’ng ka libano?

8 Joaloka tabeng ea oli ea tlolo, Molao oa Molimo ho Iseraele o ne o totobatsa litaelo tse mabapi le libano (mokubetso). Kamor’a ho thathamisa metsoako le mokhoa o tla lateloa ho lokisa libano, Bibele e re: “Ha u etsa libano tseo, le se ke la iketsetsa tse tsoakiloeng ka mokhoa oo; ho uena e be tse khethetsoeng Jehova. Mang le mang ea ka etsang tse joalo ho li fofonela, a khaoloe chabeng sa habo.” (Ex. 30:34-38) Ka tsela ena, tšebeliso e silafetseng ea libano tse halalelang e ne e haneloa ka thata-thata. Re ka ithuta eng ho see?

9. (a) Re ithuta’ng ka Pesaleme ea 141:2 le Tšenolo 5:8 ka bohlokoa ba libano? (b) Re ka bontša joang hore re ananela tokelo ea thapelo?

9 Libano li ne li tšoantšetsa lithapelo tse amohelehang tse neng li nyeheloa ke bahlanka ba tšepahalang ba Molimo. ’Nete ena e boleloa ho Pesaleme ea 141:2: “Thapelo ea ka a e ke e nyolohele joale ka libano tse nkhang hamonate pel’a hao, le kemiso ea matsoho a ka e be joale ka sehlabelo sa mantsiboea.” Hape, bukeng ea Tšenolo (5:8) re bala hore “[libano] tse monko o monate, e leng merapelo ea bahalaleli.” Ke habohlokoa hakaakang hore re nke tokelo ea thapelo e le ea bohlokoa bo phahameng haholo! Re ka bontša kananelo e joalo ka ho rapela nako le nako, re etsa likopo tsa rōna tumellanong le thato ea Molimo. (1 Joh. 3:21, 22; 5:14, 15) Lithapelo tsa boithati tse nang le sepheo se fosahetseng li ne li tla tšoana le libano ha li sebelisoa hampe ’me li ne li ke ke tsa mameloa ka mohau ke Ntate oa rōna oa leholimo.—Jak. 4:3.

10. Ke keletso efe eo Mangolo a fanang ka eona ka hore na ke bo-mang ba ka emelang phutheho ka thapelo?

10 Kaha thapelo e le karolo ea bohlokoa hakaalo ea borapeli ba ’nete, banna ba emelang phutheho ka thapelo ba lokela hore e be ba beang mohlala. Moapostola Pauluse o ile a tobisa keletso ena e bululetsoeng ho Timothea, a re: “Ke fela ke rata hoba banna ba rapele kahohle, ba phahamise matsoho a masoeu, ho se bohale le khang.” (1 Tim. 2:8) Ba sa silafatsoa ke liketso tsa ho se tšepahale ho Molimo le batho, ba lokolohile boikutlong ba boithatelo, banna ba joalo ba ka emela phutheho ka ho loketseng. Tumellanong le botebo ba thapelo, re tla rata ho thibela likelello tsa rona hore li se ke tsa lelera ha ba bang ba kōpa Jehova Molimo lebitsong la rōna.

11, 12. (a) Kano ke eng? (b) Ho ea ka Molao, ho sitoa ho phetha kano ho ne ho tebile hakae?

11 Ho neng ho amana haufi le tokisetso ea ho etsa mahlabelo e ne e le tokisetso ea Molao ka likano. Baiseraele ba ile ba laeloa hore: “Ha le rata ho hlahisetsa Jehova sehlabelo se chesoang ka mollo, kapa e leng secheso, kapa e leng sehlabelo sa ho phetha maikano.” (Num. 15:3) Likano tse ngata li ne li etsoa e le ho ipiletsa ho Molimo bakeng sa mohau oa oona le thuso. Haeba Ea Holimo-limo a ne a ka fana ka se kopuoang, ea etsang kano o ne a itlama ka boithaopo ho etsa ho hong ho khethehileng kapa ho tela mosebetsi o mong o itseng oo ntle ho moo a neng a e-na le tokelo ea ho o etsa.

12 Ha e le hantle, kano e ne e e-na le matla a boitlamo. Ho hlōleha ho phethahatsa se ikanetsoeng e ne e le taba e tebileng haholo, joalokaha ho ka bonoa polelong e latelang ea Molao: “Etlere ha u itlamile ka kano ho Jehova, Molimo oa hao, u se ke ua lieha ho e phetha; hobane Jehova, Molimo oa hao, o tla e botsa ho uena, ’me sebe se tla ba teng ha u ka lieha. Empa ha u sa itlame ka kano, sebe se tla ba sieo ho uena.”—Deut. 23:21, 22.

13. Tumellanong le molao oa Molimo ka likano, ke eng seo e lokelang hore e be ’nete ka lipolelo tsa rōna re le Bakreste?

13 Molao-theo oo re ka ithutang oona mona ke hore Ntate oa rōna oa leholimo o lebelletse hore re tšepahale le ho ba khabane lintlheng tsohle tsa bophelo. Joaloka mopesaleme Davida, takatso ea rōna e be hore: “U amohele mantsoe a molomo oa ka, u khahlisoe ke ho nahana ha pelo ea ka, uena, Jehova, lefika la ka le monamoleli oa ka.” (Pes. 19:14) Ha litaba li le tjena, re tla be re ela hloko keletso e lerato ea morutuoa Jakobo e reng: “E ea Iōna e ke e be e, le che ea lōna e be che, le tle le se ka la tšoha le oela kahlolong.” (Jak. 5:12) E, polelo ea rōna e tšoane hantle ka molemo le tokomane e saenetsoeng. Ba bang ba tšepe hore lentsoe la rōna lea tšepahala, lea tšoaneleha. Kaha Jehova o lebelletse bahlanka ba hae ‘ho bua e mong le e mong ’nete ho oa habo,’ motho ea haelloang ke bonnete kapa botšepehi ho hang a ke ke a lebella hore Ea Holimo-limo a talime limpho tsa hae ka mohau.

14, 15. (a) Ke tokisetso efe bakeng sa mekete e neng e thathamisoa ke Molao? (b) Na mekete ee e fumana se lekanang le eona likopanong tsa Bokreste kajeno, hona 1 Ba-Korinthe 5:7, 8 e senola eng ntlheng ee?

14 Hape ho sa le teng lefapha le leng la mosebetsi oa Bokreste leo re etsang hantle ho nahana ka Iona hore na ke eng se neng se hlalosoa ke Molao. Jehova o ile a laela ho batho ba hae Iseraele ho bolokoa ha mekete e meraro ea selemo le selemo. Moiseraele e mong le e mong e motona ho ne ho hlokoa hore a be teng. (Deut. 16:16) Ho ba bangata, hona ho ne ho bolela ho tsamaea ho holelele, ka tšitiso ea ho ba hole le hae. Kajeno re ka ’na ra ba teng likopanong tse peli kapa tse tharo ka selemo, ’me ho ba teng ha rōna ho ka ’na ha ama boiteko bo boholo. Na re itela ka ho lekaneng hore re ka ba teng likopanong ka baka la ho batla ho thabela botsoalle le bana babo rōna le tokisetso e molemo ea lijo tsa moea?

15 Koana, ho ameha ho eketsehileng ho feta feela ho ananela ha rōna batho ba Molimo. Hobane’ng? Hobane ha rea lekanyetsoa feela hore re boloke matsatsi a khethehileng le mekete joalokaha ho ne ho le joalo ka Baiseraele. (Ba-Kol. 2:16, 17) Moapostola Pauluse o ngolile: “A le ke le tlose ho Iōna litomoso tsa khale, le tle le be hlama e ncha, ha e le moo le le ba sa lomosoang; hobane Paseka ea rōna, e leng Kreste, e hlabetsoe rōna. A re etseng mokete ke hona, e seng ka litomoso tsa khale, kapa ka litomoso tsa lonya le tsa bobe e mpe e be ka mahobe a se nang litomoso, a khabane le a ’nete.” (1 Ba-Kor. 5:7, 8) Jesu Kreste, e le phethahatso ea konyana ea Paseka, o ile a etsoa sehlabelo hang. Kahoo, tsela eohle eo re phelang ka eona joaloka Bakreste e tšoantšoa le mokete oa mahobe a sa lomosoang. Na re ithaopela ho tlosa sebe ho ipoloka bōrōna le phutheho re hloekile? Ho boloka litlhokahalo tsa Molimo tsa tsatsi le leng le le leng ke ha bohlokoa haholo bakeng sa hore tšebeletso ea rōna e tle be e amohelehang ho eena.

KAMEHO E TEBILENG EA JEHOVA KA RŌNA

16. (a) Jehova o ile a fana ka keletso e matla ka mang lekholong la bohlano la lilemo B.C.E.? (b) Ka nako eo, maemo e ne e le afe ka puso?

16 Kaha ho re mema ha Jehova hore re tlise linyehelo ha ho molemong oa hae, empa, ho e-na le ho, boiketlong ba rōna ba ka ho sa feleng, ke hantle ha re hlokomela litemoso tsa hae tse mosa ka hore na ke eng ho etsang limpho tsa rōna e be tse amohelehang. Lekholong la bohlano la lilemo B.C.E., e bile ka moprofeta oa hae Malakia Jehova Molimo a ileng a fana ka keletso e matla ka sena ho ba neng ba ipolela hore ba Mo rapela. Ka nako eo ’Muso oa Lefatše oa Persia o ne o busa. Libaka tse neng li kile tsa busoa ke mebuso e menyenyane li ne li le tlas’a puso ea libaka, ka babusi ba neng ba emela morena oa Persia. Ho thusa babusi ho boloka puso ea ’muso o moholo le ho bokella makhetho bakeng sa letlotlo la ’muso o moholo, basebeletsi bana ba ne ba neoa matla a lefu le bophelo holim’a baahi ba metse ea libaka tsa bona. Ka baka la matla a maholo a ’musi, baahi, hangata, ba ne ba lefa makhetho a bona ba bile ba mo tlisetsa limpho tse ka thōko. Ba ne ba sa batle ho mo halefisa ’me kahoo ba senye bophelo ba bona.

17. Mehleng ea Malakia, batho ba Iseraele le baprista ba bona ba ne ba hlōleha joang tabeng ea ho neelana ka limpho tse amohelehang ho Jehova?

17 Ka setšeetso sena, re ka ananela ho lokela ha lentsoe la Jehova ka Malakia. Ea Holimo-limo o beile mohlala ka Baiseraele. Ka Malakia, o ile a totobatsa hore na ke boetsalibe bo bokaakang hore batho ba tlise liphoofolo tse foufetseng, tse hlotsang le tse kulang e le mahlabelo le hore baprista ba amohele linyehelo tse likoli joalo. Eaba joale ho latela phephetso: “E ise [mpho ea hao ea nyehelo] he ho ’musi oa hao: na o tla u thabela, kapa a khahloe ke uena na?” (Mal. 1:7, 8) Ho ne ho sa hlokahale hore Baiseraele ba inahane ka thata ho hlokomela phello e sa lakatseheng ea tsela e joalo ha ba sebelisana le ’musi oa motho. Ke joang, he, ba neng ba ka ba le tšepo ea ho amoheloa ke Morena e Moholo Jehova? Ho hang e ne e ke ke ea e-ba teng. Ho bile lithahasellong tsa bona tse fetisisang ho sebetsa tumellanong le khothatso ea Malakia hore: “Joale, he, rapelang sefahleho sa Molimo, hore o re hauhele.” (Mal. 1:9) Ke feela ka ho phelela se hlokoang ke Jehova ba neng ba ka fumana hape kamohelo ea bomolimo.

18. Bakreste ba ka ba molato oa ho hlōleha ka tsela e joalo ka Baiseraele mehleng ea Malakia joang?

18 Kajeno re tlameha ho tiisa hore re fumana molemo mehlaleng e laeang e ngotsoeng ka Mangolong a Halalelang. (Ba-Roma 15:4) Hase ho re ka ho khonang ho etsa boikaketsi ba hore re etsa limpho tsa mohau, joalokaha ho ile ha etsa Ananiase le Safira, ha re hlile re phehelletse lithahasello tsa rona tsa boithati. (Lik. 5:1-11) E ke ke ea e-ba ho loketseng ho sebelisa matla a rōna, thepa le mahlale boithabisong bo amang rōna hoo joale re ke keng ra salloa ke letho ho thusa ba bang nameng le moeeng. Hona ho ka tšoana leha ho ka thoe ho Jehova: ‘Ke ’na enoa ke u nea ho ileng ha salla.’ Na hoo e ke ke ea e-ba hlapa? Na kannete re ka lebella hore a talime tšebeletso e ikaketsang joalo ka mohau? Ke ho hlakileng hakaakang hore tsela eohle eo re phelang ka eona, bophelo ba rōna ba tsatsi le leng le le leng, boikutlo ba rōna le litšusumetso, li tlamahane le linyehelo tsa rōna ho Jehova! Re tlameha ho boloka bohloeki lintlheng tsohle.

19. Ke eng se ka re thusang ho lekanyetsa hore na ebe re fana ka se molemohali sa rōna kapa che?

19 Joalokaha ho bile joalo ka Iseraele, ho be joalo le ka rōna, e se eka ‘mpho ea matsoho a e mong le e mong e ka lekana le kamoo Jehova a hlohonolofalitseng. (Deut. 16:17) Ka kananelo re ke re nahane ka mahlohonolo ao Ntate oa rōna oa leholimo a re neileng oona re sa hlokomolohe le le leng ho ona. Joale re ka lekanyetsa hore na ebe re neela ho Jehova ka tekanyo e lekanang le limpho tsa hae ho rōna. Ke ho babatsehang hakaakang hore ebe o tseba matla a rōna empa leha ho le joalo ha a qaqisetse e mong le e mong ho rōna hore na re tlameha ho mo nea ho hokae! O re lumella hore re hlalose kananelo ea rōna ho tloha pelong. ’Me na ha re rate ho mo nea se mo tšoanelang, e leng, se molemo haholo sa rōna? Ntho leha e le efe e ka tlase ho moo e ne e ke ke ea e-ba molemo bo lekaneng. Se molemo haholo sa rōna, he, a re mo neeng sona ea re fileng sohle seo re nang le sona.

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

OLI (moea oa Jehova)

LIBANO (lithapelo tse amohelehang)

NYEHELO EA SECHESO (ho phethahala ha boineelo)

MAHOBE A SA LOMOSOANG (bophelo ba bohloeki)

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela