Le se Hlole le Phela Joale ka Balichaba
“Le se hlole le phela joale ka ba-lichaba . . . bao mehopolo ea bona e leng lefifing.”—Ba-Ef. 4:17, 18.
1. Ke hobane’ng ha boitsebiso bo latelang e le ba bohlokoa?
Boemo ba boitšoaro lefatšeng lohle bo senyeha ka ho sisimosang. Mekhoa ea boithabiso eo, lilemong tse ngata tse fetileng, e ka beng e ile ea nkuoa e tšosa, hona joale e amoheloa haholo ke bongata. Tšusumetso e joalo e bile e nyarosa le eona phutheho ea Bokreste. Ho ka etsoa joang ho hanela liphetoho tse joalo? Lihlooho tse latelang li tla fana ka karabelo tsa bohlokoa.
2, 3. (a) Jesu le Pauluse ba tšoantšitse boitšoaro ba Bakreste le eng? (b) Botumo ba Lipaki tsa Jehova ka kakaretso ke bofe, leha ho le joalo ho etsahetse joang ka ba bang?
2 “Le leseli la lefatše,” kamoo ho boletseng Jesu Kreste. Boitšoaro ba Mokreste bo lokela ho khanya ka ho bonahalang lefatšeng le fifetseng boitšoarong. Pauluse o ile a laela barutuoa bohle ba phelang “har’a moloko o senyehileng, o khopo” hore ba lule ‘ba khanya har’a oona joale ka maseli.’ Leha ho le joalo barutuoa bao ba pele, le hoja ba ne ba kopanela le Jesu le baapostola ba hae, e ne e ntse e le batho ba sa phethahalang. Haeba ba ne ba se seli ba ne ba ka ’na ba susumetsoa ka moea oa boitšoaro oa “moloko o khopo, o senyehileng” ’me nakong ea moleko ba furalla boitšoaro ba bona ba Bokreste. Ha e le hantle, ba bang ba bile ba khutlela ka ho feletseng mesebetsing ea lefifi.—Matt. 5:14; Ba-Fil. 2:15; 3:18, 19.
3 Kahoo, le mehleng ea rōna khatello e re hloele holimo hore re khutlele lefifing la lefatše lena. Ka masoabi, Bakreste ba bang ba ineetse khatellong. Le hoja hole le haufi Lipaki tsa Jehova li tsejoa lefatšeng lohle ka bophelo ba tsona bo tšepahalang le bo hloekileng, batho ba bang ka bomong ba ’nile ba khaotsa ho tsamaea joaloka “bana ba leseli” ’me ha tlameha hore ba tlosoe phuthehong. Boitšoaro ba bona ha e sa le bo beang mohlala. Ke eng se neng se ka tlatsetsa liketsahalong tse seng monate joalo?—1 Ba-Kor. 5:13; Ba-Ef. 5:8.
KHATELLO E TSOANG LEFATŠENG
4. Ho etsahetse joang ka boitšoaro ba lefatše, ’me mefuta e ratehang ea boithabiso e hlakisa hona joang?
4 Ka ho totobetseng tikoloho e lefatšeng lohle ea boitšoaro e ntse e senyeha ho ea pele. Ba bangata lefatšeng ba “timeletsoe ke kutlo eohle.” (Ba-Ef. 4:19) Hona ho bonahala boithabisong bo teng kajeno? Hobane re ka ithuta ho hongata ka motho hore na o sekametse kae ka seo a se etsang hoba a phomole lihoreng tsa hae tsa mosebetsi tsa ka mehla, ha a ka etsa seo a ratang ho se etsa. Seo motho a se etsang ka nako ea hae ea bolokolohi, ha a se mosebetsing, kamoo ho leng kateng, se bua haholo ka hore na o hlile o seng. Ha ho ahloloa ka mekhoa e tumileng ka bobe ea boithabiso e ratehang kajeno, tšoaneleho ea lefatše la kajeno e theohile haholo. Empa na lefeela le joalo lea u ama?
5. Ke hobane’ng ha ho le nakong hore re nahane ka keletso e bukeng ea Ba-Efese?
5 Hopola, ha se rōna Bakreste ba pele ho phela nakong ea ha boitšoaro bo oele. Tlhaloso ea batho ‘ba timeletsoeng ke kutlo eohle’ e ile ea sebetsa ho ba bang ba neng ba phela motseng oa Efese oa Bochabela bo Hare boseeng ba Bokreste. Lengolo la moapostola Pauluse le eang ho Bakreste ba Efese le tlameha ho ba la bohlokoa haholo ho rōna, hobane ho Iona o fihla botebong ba se boleloang ke ho tsamaea ‘joale ka bana ba leseli.’ Keletso ea hae kannete e nakong ‘mehleng ena e thata ea ho qetela’ ha ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste e le “ba ratang menate.”—2 Tim. 3:1-7, 13.
KAMOO LICHABA LI PHELANG
6, 7. (a) Ho Ba-Efese 4:17, Bakreste ba phehelloa ho khaotsa ho etsa jong? (b) Batho ba lichaba ba ne ba “phela” joang lekholong la pele le lilemo?
6 Ho Ba-Efese 4:17 Pauluse o phehelle-Bakreste hammoho le eena hore ‘ba se hlole ba phela joale ka ba lichaba bao mehopolo ea bona e leng lefifing.’ Batho ba lichaba tsee ba ne ba “phela” joang ka nako eo? Paki e boneng ka mahlo ea lekholong la pele la lilemo e-ea bolela:
“Batho ba batla boithabiso kahohle. Ha ho sa le letho le lutseng meeling ea Iona; . . . Re siretsoe ke ho lebala se hlomphehang. Motho . . . joale o se a bolaeloa boithabiso le papali . . . ke pono e khotsofatsang ho bona motho a etsoa setopo.”a
Ntle ho sepheo leha e le sefe sa ’nete bophelong batho ba bangata ba ile ba phahamisa haholo boithabiso, ba batla boithabiso bo hlahang kae kapa kae.
7 Efese ea boholo-holo e ne e loketse hantle hore e ka fana ka se lakatsoang ke motho bakeng ea ho ithabisa. E ne e e-na le lebala le leholo la lipapali le nang le litulo tse 25 000 le lebala le leng kapa lebala la mabelo le neng le fana ka lipono tse ka thabisang takatso leha e le efe. Mehaho ena e ne e le e entsoeng ke ’muso o moholo oa lefatšeng o neng o le teng ka nako eo, Roma, oo ka oona mongoli e mong oa lipale a reng: ‘Boemo ba boitšoaro ba ’muso ona o moholo, ka sebele, lintlheng tse ling e bile bo bong bo tšosang ka ho fetisisa tlalehong.”
BOTHATA BA LIPELO
8. (a) Ba-Efese 4:18 e hlokomelisa ka batho ba nang le lipelo tse joang, ’me lentsoe la Segerike qalehong le ne le bolela eng? (b) Na boemo bo joalo bo ile ba hōla ka tšohanyetso?
8 Pauluse o hlalositse batho e le ‘bao mehopolo ea bona e leng lefifing, . . . ka baka la bothata ba lipelo tsa bona.” (Ba-Ef. 4:18) Lipelo tsa bona li ne li se na boikutlo. Lentsoe la Segerike bakeng sa “bothata” le ka saloa morao ho ea fihla tlhalosong ea lejoe le neng le le thata le ho feta ’mabole. Lentsoe le ne le sebelisoa bongakeng ho supa lejoe le lesoeu le ka bopehang butle-butle manonyeletsong a mang a ’mele ho fihlela ha a sa sebetse ho hang. Butle-butle lipelo tsa ba lefifing joalo li ne li thotofetse, li thatafetse, li tiile joaloka lejoe. Hona ha hoa ka ha etsahala ka ho panya ha leihlo, empa ho etsahetse butle-butle. Boithabiso boo ba bo khethang ka ho toba ba tlatsetsa tšebetsong. Joang?
9, 10. Boithabiso bo neng bo rateha haholo lekholong la pele la lilemo e ne e le bofe, ’me bo ne bo e-na le phello efe ho ba shebelletsng?
9 Na u tseba hore na ke boithabiso ba mofuta ofe bo neng bo rateha haholo nakong eo? Lipapali tsa ho loanela ho shoa kapa ho phela, moo hangata motho a neng a neeloa motho e mong kapa phoofolo ho loana ho isa lefung. Inahanele pono ena: Lebala la lipapali le tletse bashebelli ba likete, ba bang ba lutse tlas’a marulelo a maphephe a matle a silika. ’Mino o monate o bobebe le monko oa metsi a nkhisitsoeng hamonate o foka pakeng tsa litulo li fana ka sekhurumelo se khahlehang se koahelang molumo le monko oa lefu. Ka tšohanyetso feela bongata bohle bo se bo ema ka motsoebere oa mekhosi: “’Molaee! Mo tabole! Mo tlabole! O thulana le sabole joaloka lekoala tjee molato ke’ng? O otla joaloka tseke-tseke tjee molato ke’ng?” Bokoeta bona bohle bo hlophisitsoeng bo ne bo etsoa, joalokaha e mong ea kileng a ba teng lipapaling a itse, bakeng “sa monate, boithabiso, le boikhathollo.’
10 Batho ba neng ba ka shebella pefo e joalo, bao mahlo a bona a thabetseng ho ntšana likotsi ho joalo, ba ne ba fumana boithabiso bo bong bo se monate bo le bosula. Joalokaha mongoli e mong oa lipale a ile a akaretsa, ho “ne ho senya mothapo oa kutloelo-bohloko bakeng sa mahlomola e leng o khethollang motho ho liphoofolo.”
11. ’Nete kapa bohata?—Kaha lipapali tsa ho loanela lefu kapa bophelo ha li sa le teng, boithabiso ba kajeno bo ke ke ba hlahisa batho ba nang le ‘lipelo tsa thata.’ U arabela joalo hobane’ng?
11 U ka ’na ua re ke boemo boo motho a ke keng a bo kholoa. Empa na kajeno ha ho teng boemo bo tšoanang le boo? Ke ’nete, lintoa tse neng li loaneloa ho shoa kapa ho phela li entsoe lipapali khale li ne li fele, empa hlokomela se ileng sa fihleloa ke mongolli e mong oa likoranta:
“’Molaee! Ak’u mo utloise hape! Ka khothalletso, ’molai a fela ‘a mo utloisa hape.’ A mo thunya ka likulo. . . . Ba neng ba laela polao—batho ba bararo ba lutseng kamorao ho ’na moo ho bontšoang libaesekopo, kahohle e ne e le ba tloaetseng ho ea libaesekopong.”
Na ke taba e mohlolo? Le hanyenyane. ’Nete ke hore linaheng tse ngata libaesekopo tse ratehang haholo le mananeo a thelevishene hangata ke tse bontšang pefo. Boithabiso bo joalo bo thusitse ho hlahisa batho ba pelo li thata, ba “seng ba sa utloe bohloko,” kapa ho hlaba leha e le hofe ha letsoalo.—Ba-Ef. 4:19, Kingdom Interlinear Translation.
HO INEELLA BOITŠOARONG BO HLEPHILENG
12. (a) Ba-Efese 4:19 e fana ka tlhaloso efe e ’ngoe e eketsehileng ea kamoo batho ba lichaba ba neng ba tsamaea? (b) “Boitšoaro bo hlephileng” bo bolela eng, ’me na boithabiso ba nakong eo bo ile ba bo bontša?
12 Moapostola Pauluse o phaella hore ha se feela hore balichaba ba na le ‘lipelo tse thata’ empa hape “ba ineetse bohlola, ba tle ba etse manyala ’ohle ka takatso e se nang ho kholoa.” (Ba-Ef. 4:19) Hape o buile ka “bofebe” le lintho tse “hlabisang lihlong” ha li boleloa. (Ba-Ef. 5:3, 12) Lekholong la pele la lilemo, le teng e bile boithabiso, kajeno sethalla kapa moo ho bontšoang libaesekopo, ke tsona tse tlatsetsang haholo mekhoeng ena. Ho ne ho shebelloa eng?
“Liketso tsa banna ba thetsitsoeng le bohlola le likamano tsa botona le botšehali tsa bofebe e ne e le tsona karolo e setsing ea se etsoang. Bohloeki e ne e le sesomo, . . . ntho e ’ngoe le e ’ngoe e halalelang le e lokelang borapeli e ne e nyonyoa. Ka boitšoaro bo lihlong ba likamano tsa botona le botšehali . . . ka lipuo tse litšila le lipontšo tse neng li silafetse ka ho fetisisa, lipontšo tsena li ne li feteletse ho feta ntho leha e le life tse teng tse mpe. Ba neng ba tjeka ba ne ba hlobola mese ea bona e melelele ’me ba tjeka ka lintho tsa ka hare, haesita le ho tjeka ba hlile ba hlobotse ho hang, sethalleng. Bokhabane e ne e le ntho e sa nahaneloeng, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e hlophiselitsoe ho ikhotsofatsa nameng.”—The Conflict of Christianity with Heathenism, ea Gerhard Uhlhorn, leq. 120.
Ke ho nyarosang hakaakang! Ke oona mohlala oa ‘boitšoaro bo hlephileng,’ kaha lentsoe la Segerike la tšimolohong le bolela ho lula motho a loketse monyaka ofe kapa ofe. Ke ho hlokomoloha boithlonepho ho lihlong moo motho joale a seng a khaotsa ho nahana hore na batho ba bang ba tla re’ng kapa ba nahane joang.
13. Na “boitšoaro bo hlephileng” joalo boa bonahala boithabisong bo bong ba kajeno?
13 Na phapang e teng kajeno? Boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali bo silafalitse seo batho ba se bontšoang hore ba ithabise ke ba makala a boithabiso. Linaheng tse ling, libaesekopo tsa bootsoa li bile li bontšoa le hona thelevisheneng, kahoo li kena hona ka lapeng. Na bashebelli ba bua? Italy, ha ho ne ho bontšoa baesekopo ea bootsoa ho TV, “motse ’ohle oa ema ha baesekopo e ntse e tsoela pele.”
14, 15. (a) “Takatso e se nang ho kholoa” (Ba-Ef. 4:19) e bolela eng, ’me na boithabiso ho bong ba kajeno boa e baka? (b) Na Bakreste ba ineetseng ba ka angoa ke ho shebella joaloka boithabiso lintho tse bontšang boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali?
14 Ha a hlalosa se potolohileng libaesekopo tse ngata le boikutlo ba batho, mongoli e mong o itse:
“Libaesekopong tse ngata tse ncha, karolo e setsing ke likamano tsa botona le botšehali—tse etsoang ka mekhoa e sa tšoaneng, tsa batho ba tsoalanang haufi ka mali, kapa tsa batho ba batona hammoho kapa ba batšehali hammoho, . . .” A qetella ka hore: “Ka bokhutšoanyane, hona joale re fihlile boemong boo ho bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsoellang har’a batho, moo ho lumelloang sohle, le moo ho seng meeli e beeloang se lakatsoang ke motho ka mong, ho khotsofatseng litakatso tsa hae le litoro tsa hae.”
15 Batho ba joalo, joalokaha moapostola Pauluse a hlalositse, ba ‘etsa manyala ’ohle ka takatso e se nang ho kholoa.” E, “takatso e se nang ho kholoa” takatso e meharo ea ho khotsofatsa takatso ea motho ka bonyollo ka lintho tse sa lokelang le ho khotsofatsa boikutlo ba motho ba botho ho sa tsotellehe hore na motho o tla ameha joang boitšoarong. (Ba-Ef. 4:19) Na ho shebella lintho tse theohileng joalo ho ke ke ha ama monahano oa Mokreste? E mong ea kileng a shebella libaesekopo tse ngata tsa mofuta ona o ile a lumela hore:
“U ke ke ua lebala lipontšo tseo, [tse bontšang boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botsehali] ha u ntse u nahana haholo ka tsona u iphumana u batla haholo ho etsa seo u se boneng . . . Baesekopo e u etsa hore kannete u ikutloe hore ho na le ho u haellang.” E mong a eketsa ka hore: “U qala ho ipotsa hore na ho tla ba joang.”
Mohlomong hona e ke ke ea e-ba phihlelo ea e mong le e mong, empa kotsi eona e teng. Mehopolo ea rōna e ka ’na ea susumetsoa ka bolotsana.
MOHLOLO OA BOITŠOARO
16. Ho latela Ba-Efese 1:6-8, Bakreste ba ne ba amohetse tlhohonolofatso efe e khōlō, ’me e ile ea ama bophelo ba bona joang?
16 Ho fapana hakaakang le tsela e ileng ea nkoa lekholong la pele la lilemo ke ba neng ba latetse Kreste kannete! Bana ba ne ba kile ba tsamaea tlas’a tšusumetso ea tsamaiso le “morena” oa eona, Satane, ’me mokhoa oa bona e ne e bile ho ‘tsamaea litakatsong tsa nama.’ Empa ba fetoha. Linnete tse phahameng tsa Bokreste tsa bula pono e ncha ho hang bophelong. Nahana, Molimo o ne o ithaopela ho tela mora eo e leng oa hae e le sehlabelo, “Moratuoa” oa hae, e le hore ba ka hlakoleloa molato oa bona o moholo oa sebe ka ho o tšoareloa! Ke moputso o moholo hakaakang! Ke mohau le mosa o sa tšoanelang tse kaakang! “Molimo, ka ha e le morui oa mohau, ka baka la lerato le leholo leo o re ratileng ka Iona,” kamoo ho boletseng moapostola Pauluse. Hase feela hore ba ne ba e-na le tsebo ea ’nete, empa hape ba neoa le “lerato le leholo” hore ba tsebe ho sebetsana ka katleho le mathata a tsatsi le leng le le leng a bophelo.—Ba-Ef. 1:6-8; 2:1-5.
17. (a) Ke bopaki bofe bo teng hore Bokreste e ne e le bolumeli ba matla? (b) Matla a bona boitšoarong a ile a bontšoa joang?
17 Ba bona e ne e le bolumeli ba matla. Moea oa Molimo o ne o tsositse Jesu bafung ho ea boemong bo phahameng ho feta baholo ba lefatše hole. Joale ‘oona matla ana a ho ba lumetseng.’ (Ba-Ef. 1:19-21) A ile a hlahisa liphello tse khōlō hakaakang bophelong ba balumeli bao! Ka ho nahana ka taba ea boitšoaro re ka ananela matla a Bokreste ba lekholong la pele la lilemo. Lefatše la boholo-holo le ne le nka boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali e le oona mokhoa. Cicero, mongoli oa pelenyana oa Moroma, o bile a etsa boipiletso, a re:
“Haeba ho teng mang kapa mang ea nahanang hore bahlankana ba lokela ho thibeloa ho hang lerato la [liotsoa], o thata haholo ka sebele. . . . Ke neng ka sebele hona ho sa kang ha etsoa? Ke neng ho nang le motho ea kileng a ho tšoaea phoso?”
Leha ho le joalo “bana ba leseli” ba ile ba itokolla ’me ba arohana le mekhoa e joalo. Paleng eohle ho ne ho se letho le ka bapisoang le mohlolo oa boitšoaro o ileng oa finyelloa ke Bokreste.
BANA BA LESELI BA ITŠOARA KA MOKHOA O FAPANENG
18. Ke ka tsela efe barutuoa ba pele ba neng ba tla bontša kananelo ea bona bakeng sa ho ba ‘batho ba halalelang’?
18 Barutuoa bana ba ne ba e-na le molao o phahameng oo ba lokelang ho o finyella. Kahoo, Pauluse a eletsa: “Bofebe, le litšila tsohle, . . . ho se ke ha boleloa le mabitso a tsona har’a lōna, kamoo ho tšoanelang bahalaleli.” (Ba-Ef. 5:3) E seng feela ho ikhula ho etsa lintho tse joalo, empa le hona ho qoba ho qoqa ka tsona ka morero oa ho fumana monyaka o itseng oa nama. Monahano oa hae o ne o fapane hakaakang le oa ba bang kajeno ba ikutloang hore, ‘Ha feela u sa febe, ha ho letho le phoso ka ho bo shebella le ho qoqa ka bona e le boithabiso’!
19. Bangoli ba lekholong la bobeli le la boraro a lilemo ba Bakreste ba ile ba ikutloa joang ka (a) “lihlong tsa lintho tse etsoang lithalleng, bobatana ba mabala a lipapali”? (b) Ho shebella ‘ha motho a bolaoa’? (c) ho ‘chesang motho ka takatso’? (d) Motho a ka ithuta ho etsa lintho tse fosahetseng joang?
19 Bakreste bao ba pele ba ile ba ikutloa joang ka lipapali tsa ho loanela lefu kapa bophelo ka mabaleng a lipapali, tseo e neng e le eona ntho e tsoellang ho ithabisa? Hlokomela litlhaloso tsena tsa ba bang ba neng ba ipolela hore ke bangoli ba Bakreste ba ileng ba phela makholong a lilemo la bobeli le la boraro:
“Rōna [Bakreste] ha ho letho leo re ka le etsang, polelong, ponong kapa kutlong, ka bohlanya bo etsoang mabaleng a lipapali, lihlong tsa lintho tse etsoang lithalleng, bobatana ba mabala a lipapali . . . Re tla be re le khopisetsang, haeba re iketsetsa menyaka e meng?”—Tertullian.
“Rōna, re nka hore ho bona motho a bolaoa ho tšoana le ho mo bolaea, re tetse lipono tse joalo [lipapali tsa ho loanela lefu kapa bophelo].”—Athenagoras.
“Tšusumetso e senyang ea sethalla e sa ntsane e silafatsa haholoanyane. Hobane se etsoang ke lisoasoi se hlompholla baroetsana, kapa se ratoang ke liotsoa; . . . Bahlankana le baroetsana ba ka etsa joang, ha ba bona hore lintho tsena li etsoa ntle ho lihlong, ’me ka boithatelo li shebelloa ke bohle? Ka ho hlakileng ba elelletsoa hore na ba ka etsa joang, ’me ba chesitsoe ke takatso, e phahamisoang ka ho khethehileng ke ho bona.”—Lactantius. [Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna]
“Mokreste ea tšepahalang o etsa joang har’a lintho tsee, kaha a ke ke a nahana le ka bokhopo feela? Ke ka lebaka lefe a ka thabisoang ke lipontšo tsa takatso . . . ? O ithuta ho etsa, ha a ntse a tloaelana le ho bona. . . . Re ee re phakise re tloaelane le seo re se utloang le seo re se bonang.”—Cyprian.
20. (a) Ke hobane’ng ha Bakreste ba pele ba ne ba qoba boithabiso bo theohileng boitšoarong? (b) Ke hobane’ng ha boitšoaro ba bona bo ne bo hlokomeleha hore bo khethollehile?
20 Le hoja banna bana ba phetse makholo a seng makae a lilemo kamorao ho Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, re ka bona kamoo ba neng ba utloisisa boemo ba Mokreste litabeng tsena. Ba ne ba qoba boithabiso bo theohileng joalo. Ba ne ba bona ho se tsitse bakeng sa ba neng ba ntšitsoe lefifing, ba tlositseng puo e lihlong, pefo, le boitšoaro bo bobe bophelong ba bona, hore ka boomo ba ka lula le ho shebella lintho tse joalo e le boithabiso. Tekanyong e kholo Bakreste bao ba ile ba utloa keletso ea Pauluse ea ho se be le “kabelo mesebetsing e nyopang ea lefifi, le e nyatse.” Bophelo ba bona ba tsatsi le leng le le leng ba bohloeki har’a lefatše le oeleng e ne e le ‘nyatso’ ea ka mehla ho batho ba lichaba. Hase feela ba neng ba boleloa ke lefatše la banyefoli hore ke “lira tsa batho.” Barutuoa bao ka thabo ba bontša hore ba tlas’a tšusumetso e molemo ho feta baahisane hammoho le bona bao likelello tsa bona li sekametseng nameng. Ba bontša hore ba ‘nchafalitsoe matleng a susumetsang likelello tsa bona.’ Le hore na ke ‘matla’ a khethollehileng hakaakang! Ba bang ba ne ba ho hlokomela habonolo. Na ha re rate ho ba batho ba mofuta ona? Ho sa tsotellehe hore na re ipolela hore re seng, re bontša ‘litholoana tsa leseli’ kapa re phela joaloka lichaba.—Ba-Ef. 4:23; 5:9, 11.
21. Ke hobane’ng ha rōna kajeno re lokela ho ba le pono e nepahetseng ka seo re se khethang ho ithabisa?
21 Ho thoe’ng he, ka seo re se khethang boithabisong kajeno? Ha rōna kapa bana ba rōna re bulela TV kapa re e-ea baesekopong, re bona eng? Na phapang e hlile e teng pakeng tsa seo re se khethang ho se shebella le ‘lihlong tsa lebala la lipapali la Roma le bobatana mabaleng a lipapali’? Linnete tsa se ileng sa etsahala li bolela kamoo Bakreste ba bang ba ileng ba hlokomoloha ’me ba pitloa ke boitšoaro bo bobe ka baka la seo ba ileng ba itloaetsa ho se shebella.
22. (a) Na ho ne ho le bonolo hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba tsamaee joaloka bana ba leseli, empa ba nolofalloa ke ho etsa joang? (b) Ke lipotso life hape tseo ho hlokahalang hore li arabeloe?
22 Ha ho bapisoa, Bakreste bao ba pele ba ile ba bontša matla a makaakang boitšoarong! Ntle ho ho phela lefatšeng leo ho Iona lipelo tsa batho li neng li fifalitsoe hoo ba neng ba bile ba sa hlokomele hore ba etsa sebe ’me kelello eohle ea se lihlong le ea se itlhonephang e neng e lebalehile, ba bile le hona ho tobisa mehopolo ea bona linthong ‘tsa ’nete, tse hlomphehang, tse lokileng, tse ratehang, tse botumo bo botle, tseo bokhabane bo bong le poko e ’ngoe e leng teng ho tsona.’ (Ba-Fil. 4:8) Ba ile ba khona joang ho boloka matla a joalo har’a tikoloho e boitšoaro bo bobe joalo? Hopola, e ne e le batho ba nama le mali joaloka rōna kajeno. Hape ho ne ho ntse ho hlokahala hore ba ikhatholle. “Menyaka e meng” ea bona e ne e le efe? Re ka etsisa joang ka mokhoa o haufi haholo mehlala e babatsehang joalo ea “bana ba leseli”? Tsena ke lipotso tsa bohlokoa tse tla nahaneloa sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lucius Seneca (4 B.C.E.?–65 C.E.) Epistle 95, #33.