Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 12/15 maq. 11-15
  • Le ’ne le Tsamaee Joaloka Bana ba Leseli

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Le ’ne le Tsamaee Joaloka Bana ba Leseli
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO HLOKAHALA MATLA A KA HARE
  • ‘LE HLOBOLE BOTHO BA KHALE KA LITAKATSO TSE THETSANG TSA BONA’
  • NEPISISA SE AMOHELOANG KE MORENA
  • HO HONG BAKENG SA BANA BA LESELI
  • BOHLE BA SEBELISETSA TŠUSUMETSO MOLEMO
  • Le se Hlole le Phela Joale ka Balichaba
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Tsela ea ho Khetha Boithabiso bo Molemo
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Boithabiso—Thabela Melemo ea Bona, Qoba Maraba a Bona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Le Etse Lintho Tsohle Bakeng sa Thoriso ea Molimo”
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 12/15 maq. 11-15

Le ’ne le Tsamaee Joaloka Bana ba Leseli

“Khale le ne le le lefifi, empa joale le leseli Moreneng; tsamaeang ke hona joale ka bana ba leseli.”—Ba-Ef. 5:8.

1, 2. (a) Papisong, ke hobane’ng ha ho le molemo hore monna a tobane le moea? (b) Ke hobane’ng ha Mokreste a tlameha ho loana hore a se ke a phela joaloka lichaba?

MONNA a loana le moea o bohale oo a tobaneng le oona. Leoto le leng le le leng a le tlosa ka thata, ntle ho phoso a hatela pele. Boiteko bona bohle bo bakoa ke eng? Ho ne ho hana eng hore a furalle ’me a ee moo moea o eang teng? Hobane sebaka se seng se kae kamorao ho eena ho ne ho le teng selomo se seholo se lefifi. O ne a se na boikhethelo haeba a batla ho phela. Hase feela a ileng a tsekella ho tobana le moea.

2 Kajeno, ho tšoana le moea o bohale, “moea oa lefatše,” tlas’a tsamaiso ea Satane, o leka ho fiela batho bohle ka tsela eo ntle ho ho e balehela e isang “selomong” sa timetso, ha ho bontšoa bohale ba Molimo. (1 Ba-Kor. 2:12; Ba-Ef. 5:6) Ho qoba bohale bo joalo ho hloka hore Mokreste, kamoo ho leng kateng, ‘a tobane le moea.’ O tlameha ho loana haeba a tla tsamaea joaloka ‘ngoana oa leseli,’ e seng joaloka ha ‘lichaba li phela’ kapa kamoo li itšoarang kateng.—Ba-Ef. 4:17; 5:8.

HO HLOKAHALA MATLA A KA HARE

3. (a) Ke hokae, ho ea ka Ba-Efese 3:16, moo boiteko ba rōna bo lokelang ho tobisoa e le hore re ka atleha ho qoba ho phela joaloka lichaba? (b) Re imatlafatsa joang ‘ka hare’?

3 Boiteko ba rōna bo lokela ho tobisoa hokae hore re tle re hlōle ntoeng ee? Pauluse o arabela ka hore pheella “hore [re] tiisoe ka matla mothong oa ka hare ke Moea oa [Molimo].” Ke sena sabaka seo re lokelang ho se sebeletsa, e leng ‘motho oa ka hare,’ seo re leng sona ka hare, ‘mothong oa sephiri e leng oa pelo.’ Enoa o lokela ho matlafatsoa. Joang? Senotlolo se temaneng e latelang: “Kreste a tle a ahe lipelong tsa lōna ka tumelo.”—Ba-Ef. 3:16, 17; 1 Pet. 3:4.

4. (a) Ke’ng ho amehang ho tlohella ‘Kreste a ahe lipelong tsa rōna’? (b) Ke lipotso life tse senolang tseo re lokelang ho li nahana ka bomong?

4 Hore “Kreste a tle a ahe lipelong” tsa rōna pele ho tla bolela hore moea oa lefatše o tlameha ho lelekoa o tsoele ka ntle. Moea oa Kreste o ka tlala ‘motho oa ka hare’ joang haeba Satane, “moea o sebetsang joale baneng ba ho se lumele,” a sa ntsane a sebetsa ka ho rōna kapa a qalile ho nanarela bophelo ba rōna? (Ba-Ef. 2:2) Ka hona ipotse: “Ka pelong ea ka na ke sa thabela moea oa Bosatane oa tsamaiso ee? Na ke thabisoa ke lintho tse bontšang ho haelloa ha oona ho feletseng ke kelello ea boitšoaro?” Ka mokhoa o bonolo re ka ’na ra etsa hore re bonahale ka mokhoa o mong ho ba bang, ha, ha e le hantle, ka hare, re le motho osele ho hang. Kreste o lula ka lipelong tsa rōna ka ho lumella mohlala oa hae le lithuto li ame boikutlo le liketso tsa rōna. Ka mohlala, Jesu o boletse hore balateli ba hae ba se ke ba sheba motho e mong e motona kapa e motšehali ho fapana le bona ka ho mo lakatsa. Na menahanong ea rōna re mamela mantsoe aa? Na ka tieo re qoba lintho tse ka tsosang boikutlo bo joalo? Nahana: Na Jesu o ne a ka tšoaroa moeeng oa boithabiso boo re bo phehellang? Na re na le moea oa hae oa hore re se ke ‘ra rata ho loka feela empa hore hape re hlooe bobe? Haeba ho joalo, re lumella moea oa Kreste o tlale ka hare ho rōna, re na le ‘kelello e tšoanang le ea Kreste.’—Matt. 5:27, 28; Ba-Heb. 1:9; 1 Pet 4:1.

5, 6. (a) Ke hobane’ng ha boithuto ba botho le ho nahanisisa li hlokahalla ho matlafatsa ‘motho ea ka hare’? (b) Na tsebo ea kelello ke eona karabelo e feletseng; haeba ho se joalo, ke’ng hape e hlokahalang?

5 Habohlokoa, he, ke boithuto ba botho le ho nahanisisa ka Bibele haeba re tla ‘melela leratong, re theoe ka ho Iona, re be ba ka utloisisang le bahalaleli bohle bophara ba Iona, le bolelele ba Iona, le botebo ba Iona, le bophahamo ba Iona’ ba ’nete ea Lentsoe la Molimo, ’me haholo kamoo e amanang le mohlala oa lerato o fanoeng ka bophelo le lithuto tsa Jesu Kreste. Ho metseng ka metso ho ke ke ha fotholoa habonolo ha ho tebile; se theiloeng motheong o tiileng se ke ke sa tlosoa habonolo. Kahoo re tlameha ho boloka ‘motso oa rōna oa moea le motheo’ li le matla ka ho lumella tsebo ea Kreste e phalle ka ho teba ‘mothong eo re leng eena ka hare.’—Ba-Ef. 3:17, 18.

6 Leha ho le joalo, le ka mohla u se ikutloe hore hore Kreste a ahe pelong ea hao ho bolela ho ineela ka matla thutong e bokellang linnete tse itseng tsa Bibele. Moapostola Pauluse o tsebile hantle kotsi ea tumelo e theiloeng ho hang tsebong ea kelello, ke kahoo a tsoelang pele hore: “’Me le tsebe lerato la Kreste, le fetisang tsebo eohle, le tle le tlale botlalo bohle ba Molimo.” Ho hlokahala ho fetang ‘tsebo ea hlooho.’ Ke ’nete hore ha u tloaelana le motho haholoanyane, u utloisisa monahano oa motho eo haholoanyane. Empa e ke ke ea e-ba ho fihlela ha u etsisa motho eo tseleng eo a sebelisanang le ba bang ka eona kapa u etsisa tsela eo a phelang ka eona u ka hlang ua ananela ka ho feletseng haholoanyane hore na o ikutloa joang. Kahoo, le ka ho bala feela libukeng motho a ke ke a utloisisa lerato la Kreste, empa ha motho a fetoha a tšoana le Kreste, ka phihlelo e nang le kutloelo bohloko, ke teng motho a ka tsebang ‘se fetang tsebo.’—Ba-Ef. 3:19.

7. ’Nete kapa bohata? Kaha Kreste o ne a phethahetse, ke ntho e phahameng haholo ho re lebella hore re tšoane le eena. Lebaka la Mangolo la karabo ea hao ke lefe?

7 Ke pakane e phahameng hakaakang! Ke mohlala o phahameng hakaakang ho finyelloa! Ke ’nete, ho ka ’na ha utloahala joaloka mosebetsi o moholo haholo, empa ka thuso ea Molimo o ka etsoa, ho sa tsotellehe matla a rōna a sa phethahalang, hobane Pauluse o re Molimo o tseba “ho etsa ho fetisang haholo tsohle tsee re ka li qelang le tsee re ka li hopolang.” Potso ke hore na, Na re phetha karolo ea rōna?—Ba-Ef. 3:20; bona hape 1 Petrose 2:21 le 1 Ba-Korinthe 11:1.

‘LE HLOBOLE BOTHO BA KHALE KA LITAKATSO TSE THETSANG TSA BONA’

8. (a) Ho ea ka Pauluse, ke litakatso tsa mofuta ofe tse ka sallang le “botho ba khale”? (b) Ba bang ba lokafalitse ho ikhethela ha bona boithabiso bo theohileng boitšoarong joang, ’me na monahano o joalo ke o utloahalang ka Mangolo?

8 Ke moapostola Pauluse ea ileng a pheella joalo ho Ba-Efese 4:22. Che, e seng ho lapella botho ba khale, empa ‘ho bo hlobola,’ ho bo felisa. (Ba-Kol. 3:9) Hobane’ng? Hobane ‘litakatso tse thetsang tsa bona,’ tse sallang lipelong tsa rōna “tse mano,” li ka re ‘silafatsa’ kapa tsa etsa hore botho ba khale bo senyehe ho ea pele. (Jer. 17:9) Ho lokafatsa ho buella ha bona boithabiso bo theohileng boitšoarong ka ho totobetseng, Bakreste ba bang ba ’nile ba bea lebaka la hore: ‘Ha ho tšoenye letsoalo la ka, joale phoso e hokae?’ Na ebe mohlomong letsoalo la bona le senyehile ’me litakatso tsa lipelo tsa bona lia ba thetsa? ’Nete ea hore matsoalo rōna ha a re tšoenye ha e le eona feela hase tiiso ea hore tsela ea rōna e ntle. Le eena moapostola Pauluse o ile a lumela hore: “Hobane ha ke ikutloe letho la molato; leha ho le joalo, ha kea beoa ea lokileng ke hona, empa ea nkahlolang ke Morena [Jehova].” (1 Ba-Kor. 4:4) Matsoalo a ba bang ba bangata phuthehong ea pele ea Korinthe a ne a senyehile hoo ba neng ba mamella boitšoaro bo bobe har’a bona, ba bile ba ithorisa ka bona. E ne e le matsoalo a phoqehileng hakaakang!—1 Ba-Kor. 5:1, 2, 6; Tite 1:15; 1 Tim. 4:2.

9. Ke tlaleho efe e tšoenyang e bontšang kamoo matsoalo a ka fetoloang butle-butle?

9 Ho bonolo ho lumella matsoalo a rōna hore a silafale ka mokhoa o iketlileng ka ‘litakatso tse thetsang.’ Ofising ea lekala ea Lipaki tsa Jehova naheng ea Europe ho tla tlaleho e latelang e tšoenyang:

“Ke ’nete hore lilemong tse ka bang 10 tse fetileng baena ba rōna ba ne ba ke ke ba shebella libaesekopo tse ngata tse bontšoang hona joale, hobane kutloisiso ea bona ea se hlonephehang e fetohile. Ha ho pelaelo hore litšekamelo tsa lefatše lena ka tekanyo eitseng li susumetsa baena ba bang ba rōna.”

10. (a) Ho amoheloa ha lipapali tsa ho loanela lefu kapa bophelo ho ile ha tsoelipanngoa joang lekholong la pele la lilemo? (b) Ho ka ithutoa eng ka see?

10 Ka mokhoa o tsoelang pele o iketlile Satane o leka hore melao ea hae e theohileng boitšoarong e amohelehe. Ha ho ne ho kenngoa ka lekhetlo la pele lipapali tsa ho loanela lefu kapa bophelo Palestina, qalehong batho ba “sa tloaelanang le lipono tse joalo” ba ile ba li amohela ka “tšoho,” ho latela mongoli oa lekholong la pele la lilemo oa lipale Livy, ea phaellang ka hore:

“Joale ka hore li ’ne li phetoe hangata, ka linako tse ling ba loanang ba lumelloe hore ba felelle feela ka ho ntšana likotsi . . . a etsa hore pono e tloaelehe le hore e be e thabisang, ’me a tsosa ka ho bahlankana ba bangata ho thabela lihlomo.”

Ho tšoha ha bona ha ’na ha nolofatsoa bohato ka bohato. Kamorao ho nako ha baa ka ba hlola ba nyarosoa empa ea e-ba baetsi ba thabileng. Mekhoa ea Satane e fetoha seoelo; ka hona u be seli hore ‘kutloisiso ea hao ea se hlomphehang’ ea Bokreste ha e fetoloe butle-butle. Ema ’me u inahane: Letsoalo la hao le u lumelletse ho fella kae? Na le u fellisitse hole haholo? Boithabisong, na tsela eo u e nkileng e fapane hanyenyane le ea batho ba ‘feletsoeng ke kutlo eohle’?

NEPISISA SE AMOHELOANG KE MORENA

11, 12. (a) Ke hobane’ng ha keletso e ho Ba-Efese 5:10 le 17 e le ea bohlokoa hona joale, ’me e ka sebelisoa joang? (b) Na ’nete ea hore boithabiso bo litšila bo ka ba le litšobotsi tse molemo e ho etsa bo amohelehang bakeng sa Bakreste?

11 Boholo ba se bolileng boitšoarong se petlekoa ka pel’a rōna joalokaha eka se loketse ka ho phethahetseng. Ke ka baka leo re tlamehang ‘ho ’na re nepisisa hore na se amoheloang ke Morena ke sefe.’ “Ka baka leo [hobane mehla e mebe], le se ke la etsa ka booatla, le mpe le tsebisise hantle ho ratoang ke Morena.”—Ba-Ef. 5:10, 17.

12 Kahoo ha ho fihloa boithabisong bo lokisetsoang ke lefatše, ho khetha ke sona senotlolo. Ha a bontša sena, motho e mong o itse: “Karolo e khōlō ea baesekopo e ntle haholo, empa tse ngata ka mehla li na le lipono tsa likamano tsa botona le botšehali, kahoo haeba u batla ho bona baesekopo kaofela ha eona, u tlameha ho shebella likamano tsa botona le botšehali.” Empa na ho shebella ‘ho hotle haholo’ baesekopong ho tšoaneloa ke ho senyeha boitšoarong ho ka ‘nang ha hlahisoa ke “lipono tsa likamano tsa botona le botšehali” tsa baesekopo? Lipono tse joalo tse bontšang se etsoang sephiring hona joale li bontšoa ba shebelletseng. Haeba Pauluse a itse, “hobane le ho bolela tsee [balichaba] ba li etsang sephiring ke taba e hlabisang lihlong,” boikutlo ba rōna e lokela ho ba bofe ka ho shebella karolo leha e le efe ea tse joalo e le boithabiso? (Ba-Ef. 5:12) Ho e-na le hore a talime letotong la melao ea Bajode la Talmude, Mokreste o tlameha ho sebelisa ‘matla a hae a temoho’ ’me ‘le khaotse ho ba ba hlokang kelello [Ba sa hlalefang boitšoarong, ka Segerike].’ (Ba-Heb. 5:14) Ho ka ’na ha bolela hore re qobe ho hang libaesekopo tse itseng kapa lipontšo tsa TV tseo ka mokhoa o mong li ka bang le litšobotsi tse ling tse khahlisang haholo ntle ho moo. E mong oa bangoli ba neng ba ipolela hore ke Bakreste oa lekholong la bobeli la lilemo o ile a bua taba ena ea bohlokoa thokong ea hae The Shows:

“Tiisa hore moo [lipontšong] u na le lintho tse khahlisang, lintho tse lumellehang le tse seng molato ka botsona; haesita le lintho tse ling tse babatsehang haholo. Ha ho motho ea keng a hlapolle chefu ka nyooko [ntho e babang] . . . ntho e lihlong e kenngoa ka lijaneng tse nokiloeng ka bokhabane le tse latsoehang hamonate ka ho fetisisang.”—Tertullian.

13. Motho a ka thusa motho eo, ka “lipolelo tsa lefeela,” a tellang keletso ea Bibele joang?

13 Ke ho hotle hakaakang ha ka bomong re ka khothatsana ho phehella tsela e ‘amohelehang ho Morena’! Ho babatsehang ka sebele ke polelo ea mocha e mong, e reng: “Ke hopola hore ho teng boiteko bo matla har’a bacha ba hōlileng moeeng ho leka ho lulella thoko le libaesekopo tse boitšoaro bo bobe hape le ho khothalletsa ba bang ho lulella thoko le tsona.” Leha ho le joalo, Pauluse o lemositse phutheho hore ba bang ba ne ba tla tella keletso e otlolohileng ea Mangolo ha a re: “Motho a se ke a le thetsa ka lipolelo tsa lefeela; hobane ke ka baka la ntho tseo [bohlola, litšila, lipuo tse litšila tsa botona le botšehali, le tse joalo] bohale ba Molimo bo tlelang bana ba ho se lumele.” (Ba-Ef. 5:6) ‘Ba buang lipolelo tsa lefeela’ e ka ba tšusumetso e mpe ho ba bang. Mabapi le batho ba phehellang ho tsamaea ka ho hloka kelello, moapostola Pauluse o khothalletsa hore:

“Ekare ha e mong a sa utloe mantsoe a rōna. . . , eo le mo khethe, ’me le se ke la kopana le eena, a tle a be le lihlong. Leha ho le joalo, le se ke la mo etsa sera, le mpe le mo eletse ka ho re, ke ngoan’abo lōna.”—2 Ba-Thess. 3:14, 15.

Ke ’nete, le se ke la mo tšoara joaloka “sera,” empa le khaotse ho kopana le eena boithabisong ka litaelo tsa hae. Mohlomong o tla utloisisa hore ho hlokahala hore a lokise monahano oa hae.

HO HONG BAKENG SA BANA BA LESELI

14, 15. (a) Lekholong la pele la lilemo, balichaba ba bangata ba ile ba etsa joang ho ithabisa bophelong ba bona? (b) Ke eng e ’ngoe e teng bakeng sa Bakreste e boleloang ho Ba-Efese 5:18, 19, ’me ho joalo ho ka talingoa joang ke balichaba?

14 Batho bohle, ba banyenyane le ba baholo, ba lakatsa tšusumelletso e itseng, boikhathollo ba mofuta o mong, ho fetola motsamao, ho hlasimolla meea ea bona ka holim’a se etsoang tsatsi le leng le le leng. Ntho e neng e tloaelehile bakeng sa batho ba lefatše lekholong la pele la lilemo e ne e le ho thabisoa kapa ho “khatholloa” ke ho tahoa. Liboka tsa bona tsa boithabiso hangata li ne li fetoha ‘litlholisano tsa botahoa.’ Ho ba moo Bakreste ba leng teng e ne e le ho fapaneng hakaakang! Ba ne ba e-na le mohloli o motle oa boikhathollo. E ne e le ofe? Moapostola Pauluse o re bolella hore: “Le se ke la tahoa ke veine, hobane bohlola bo teng ho eona; le mpe le tlale Moea.” Tšusumetso ea moea oa Molimo e ne e tla hlahisetsa Bakreste thabo e khōlō haholo. Kahoo, ho bokana ha bona hammoho boithabisong ho ne ho ke ke ha bontša “bohlola” kapa “bophelo bo hlaha” (phetolelo ea Beck) ba ba sa lumelang. Kaha moea o halalelang oa Molimo o ne o tletse ka lipelong tsa bona, se neng se e-tsoa ka melomong ea bona se ne se tla fapana haholo le se tsoang melomong ea batho ba ‘tletseng’ veine. Ho e-na le ho kopanela lipineng tsa boitšoaro bo bobe, tseo hangata li tsamaeang le metjeko e hlephileng, tseo balichaba ba neng ba tsebisahala ka tsona, Bakreste ba ne ba tla latela keletso e molemo ea Pauluse, e reng: “Buisanang ka lipesaleme, le ka lifela, le ka lipina tsa moea, ’me le binele Morena, le mo lulueletse ka lipelong tsa lōna.” Bana ba ne ba tla khatholloa ka hare.—Ba-Ef. 5:18, 19; 1 Pet. 4:3.

15 Hona ho ne ho bonahala ho tena hakaakang ho balichaba! Empa ‘bana bao ba pele ba leseli’ ba ne ba thabile, kaha ba ne ba hlile ba e-na le moea o fapaneng. Ba sebetsa joaloka lelapa le le leng le mofuthu, “ntlo ea Molimo,” ka e mong le e mong a sebelisa “neo” ea hae molemong oa ho haha phutheho ea lelapa.—Ba-Ef. 2:19; 4:7.

16.(a) Moea o mofuthu oa “lelapa” o ka ba le phello efe phuthehong, ’me keletso e ho Jakobo 1:27 e ka hopoloa joang? (b) Ke kotsi efe e bonolo e ka qojoang libokeng tse itseng tsa boithabiso? (c) Ke eng se lokelang ho tšoaea liketso tsa boithabiso tse etsoang libokeng tsa Bokreste tsa boithabiso?

16 Kahoo kajeno moo moea o joalo o mofuthu oa lelapa o leng teng ka phuthehong, ho tla ba le takatso ea tlhaho ea ho bokana hammoho bakeng sa liboka, haesita le boithabiso, bakeng sa ho hahana. Lerato la ’nete le tla susumelletsa kameho e itlisang bakeng sa bohle, ba banyenyane le ba baholo, ’me haholo bao e leng “bahlolohali le likhutsana.” (Jak. 1:27) Leha ho le joalo, ho bokana hammoho bakeng sa boithabiso ha hoa lokela ho lumelloa hore ho theohe boitšoarong joalokaha ho ile ha etsahala tabeng e latelang:

“E ne e bile tšebeletso e thabisang ea lechato, e nang le keletso e ntle ea Mangolo ea mohlanka ea neng a fana ka puo ea lenyalo. Joale, banyalani, le bamemuoa ba baloang ka makholo a mangata, ba ea holong e haufi le moo bakeng sa mokete oa boithabiso. Empa moea ea e-ba o fapaneng hakaakang! Bente e etsang chelete ea e-ba eona e bapalang, e letsa ’mino o hlaha, oa bolefatše o phahameng hoo bamemuoa ba bangata ba ileng ba ikōpela hore ba mpe ba lokolloe ba tsamaee. Lino tse tahang li phalla ka bolokolohi. Motjeko o bontša ho se inahane ho hlaha. Bamemuoa ba bangata ba botsa, Ho senyetsoa’ng lenyalo le thabileng la puso ea leholimo ka ho le apesa ka lefatše?”

Ho ka etsoa joang ha Bakreste ba khatholohile kapa ba ithabisa? Lintho tse ngata tse hahang! Lintho tse ling tseo ba bang ba ileng ba fumana li khatholla kannete boithabisong li boleloa sehloohong se latelang. Taba ke hore se etsoang se lokela ho bontša hore re “bana ba leseli,” ’me re tlas’a tšusumetso ea moea oa Molimo, e seng “moea oa lefatše.”—1 Ba-Kor. 2:12.

BOHLE BA SEBELISETSA TŠUSUMETSO MOLEMO

17. Ke joang baholo le ba bang ba ‘tšoanelehang moeeng’ ba ka thusang ba nkang ‘bohato bo fosahetseng’ boithabisong?

17 Ka khatello ea lefatše e ntse e phahama, ho hlokahala phalimeho ho thibela moea oa Iona ka phuthehong. Tšusumetso ea baholo e lokela ho hōlisa ho phalla ha moea oa Molimo. Ka linako tse ling hona ho ka hloka ho ‘lokisoa’ ha monahano oa ba bang ba fetohang ba sa tsitsang hantle. A amehile ka ho kenella ha bolefatše ka phuthehong, moholo e mong o ile a ngola: “Joaloka baholo re tlameha ho kopanela molatong hobane ba bang ho rōna ba iponahatsa ba fokola ha ho fihloa ho faneng ka keletso ha e hlokahala le ho se emele ka tieo se nepahetseng.” Leha ho le joalo, e seng feela joaloka baholo, empa bohle ‘ba tšoanelehang moeeng’ ba tlameha ho ithaopela ‘ho lokisa motho ea joalo [ea nkang “bohato bo fosahetseng”] ka moea o bonolo.’ Keletso e ‘bonolo’ joalo mohlomong e ka thibela ‘bohato bo le bong bo phoso’ hore bo khaotse ho fetoha tsela ea boitaolo, e isang kotsing.—Ba-Ef. 4:11-14; Ba-Gal. 6:1.

18. Ke hobane’ng ha ho hlokahala ho leka-lekana?

18 Bohle ba lokela ho elelloa hore ho se tšoane ho teng ha ho khethoa boithabiso. Ho e-na le ho nyatsa-nyatsa ka ho feteletseng, mohlomong re sekamele ‘ho lokeng ka ho fetisisang,’ khothalletsa se lakatsehang. Sebelisa melao e beiloeng ka Bibeleng. Lumella matla a Lentsoe la Molimo a ame lipelo tsa ba nkang ‘bohato bo fosahetseng.’—Moek. 7:16.

19. Batsoali ba ka sebelisa tšusumetso ea bona molemong oa bana ba bona joang?

19 Batsoali ka ho khethehileng ba boemong bo botle ho thusa bana ba bona. Moapostola o laela bo-ntate: “Le se ke la halefisa bana ba lōna; le mpe le ba hōlise ka ho ba laea le ka ho ba rutela Moreneng.” Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ba hōlise” le na le mohopolo oa ho futhumalla ngoana, kaha motso oa lentsoe o ka sebelisoa bakeng sa “moanyesi ha a hlokomela bana ba hae.”—Ba-Ef. 6:4; 1 Ba-Thess. 2:7.

20. (a) Ke hobane’ng ha taeo e hlokahala? (b) Ka lipolelo tsa mocha e mong, batsoali ba lokela ho etsa joang, ’me na hona hamorao ho tla ananeloa ke bana ba bona?

20 Kameho e joalo e ne e tla thibela batsoali ho iphapanyetsa hore na bana ba bona ba khetha eng bakeng sa boithabiso. Lerato le tebileng bakeng sa ngoana le ne le tla etsa hore motsoali a tiee ka matla ka linako tse ling, ‘a hōlisa ngoana ka ho mo laea.’ Haholo ka baka la khatello ea lithaka ngoana a ka ’na a hanana le lithibelo tse ling tsa motsoali mohlomong lebaleng la boithabiso. ’Moleli e mong oa nako e tletseng ea lilemo li 21 ea ileng a hōlisoa ke batsoali ba bomolimo o kile a ikhopotsa ka lilemo tsa bocha ba hae, a re:

“Ke lilemo hamorao ke ileng ka hlokomela thuto eo ke e fumaneng hore e ne e le molemong oa ka, le hoja ka nako eo ke ne ke nahana hore kea lahleheloa. Tabeng ea batsoali, ba ka ’na ba nahana hore ba lahleheloa ke ngoana oa bona ka ho tiea ka matla. Ha a ba lahlehele. Ba tlameha ho shebela litaba pele. Ua tseba hore e tlameha e be ho tšosang ho batsoali ha ngoana oa bona a re, ‘Oho, ’mè, Susan o-oa ho etsa empa o ntse a le ’Neteng, kahoo ke eng se etsang hore u nahane hore ke lahla ’Nete?’ Ho tlameha ho be thata haholo ho batsoali hore ba re, ‘Che,’ Empa ke feela ha u se u hōlile, lilemo tse ngata hamorao, ’me u hetla morao, u ka reng, ‘Kea leboha, Jehova, hore batsoali ba ka ba bile matla ho ema ba tiile ka matla.’”

21. Batsoali ba lokela ho thusa bana ho haha kamano efe ea bohlokoa? Hobane’ng?

21 Empa matla a tsoang ka ntle kapa taeo hase karabelo e feletseng. Moapostola Pauluse o buile ka ‘ho ruteloa Moreneng [kelellong e laoloang ke Jehova,” NW].’ Ha e le hantle, mantsoe a pele a bolela ho kenya kelello ea Jehova ka hare e le eona tšusumetso e laolang kapa e busang. Sebeletsa ho thusa ngoana oa hao ho haha kamano le Molimo e le hore a ka hanela mekhoa e theolang ea boithabiso haesita le boitšoaro bohle bo fosahetseng. Joalokaha mocha e mong ea ileng a hōlisa kamano e joalo a itse: “Taba-taba ha e hlile ha e pakeng tsa ka le batsoali ba ka empa pakeng tsa ka le Jehova.”

22. Ka ho tsoela pele re tsamaea joaloka bana ba leseli, re ka ba le tšepo efe?

22 Ho rōna bohle, ho pakeng tsa rōna le Jehova. Kahoo ho se be le ea mong ho batho ba Jehova ea lebalang hore na ke bomang, e leng, “bana ba leseli.” Tsoelang pele ho sebetsa joaloka maseli hona joale, le thabela bophelo bo thabileng le bo khotsofatsang, ’me le hōlise tebello ea bo sa khutleng thabong tsamaisong e ncha e tla tloha e bonoa haufinyane ea khanya e mofuthu ea boitšoaro.

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Ho lumella ‘Kreste a ahe lipelong tsa rōna’ ho ka bolela hore moea oa lefatše o ntšoe pele.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela