Jobo—Mohlala oa Boitšoaro ba Bomolimo
‘O sebete e kang sa Jobo.’ Ho atisa hore ho utloahale polelo e kang ena le kajeno. Tlaleho ea Bibele e buang ka Jobo e tsejoa lefatšeng lohle, ’me ka lebaka le letle. Ka Jobo, Molimo oa re: “Ha ho motho ea joale ka eena lefatšeng, ea tsamaeang ka ho loka le ka bokhabane, ea tšabang Molimo, ea sesefang bobe.” (Jobo 1:8; 2:3) Tsela eo Bibele e bontšang Jobo ka eona e fana ka mohlala oa boitsoaro ba bomolimo bo tšoaneloang ke ho etsisoa.
Jobo o ne a phela Utse, ka ho totobetseng sebaka se ka leboea ho la Arabia. Lirapa tse ngata bukeng ea Jobo li supa hore o ne a phela mehleng ea bapatriareka, mohlomong ha Iseraele e ne e le bokhobeng Egepeta. Ka boemo ba Jobo bophelong, rea bala: “O na a tsoetse bara ba supileng le barali ba bararo. Leruo la hae e ne e le linku tse likete tse supileng, le likamele tse likete tse tharo, le likhomo tse lekanang lijoko tse makholo a mahlano, le liesele tse tšehali tse makholo a mahlano, le bahlanka ba bangata; monna eo o na a fetisa bana kaofela ba Bochabela ka boholo.”—Jobo 1:1-3.
Ho neng ho tšehelitse boitšoaro ba Jobo bo se nang molato le bo khabane e ne e le mohopolo o hloekileng, litšusumetso le litakatso. Jobo a re, “ke ne ke hlabe selekane le mahlo a ka.” “Nke ke ka talima moroetsana!” (Jobo 31:1) Kaha mopatriareka o ne a rata mosali oa hae ka ho tebileng, ho ne ho le thata ho eena hore a ka “lalla monyako oa eo [a] ahisaneng le eena” hore a febe le mosali oa eo. (Jobo 31:9-12) Le hoja a ne a ruile hakaalo, Jobo ha a ka a bea tšepo ea hae maruong. (Jobo 31:24, 25) Ho tšepahala ho Molimo ha hoa ka ha sia sebaka pelong ea hae bakeng sa ho rapela letsatsi, khoeli le ’mele e meng ea leholimo ho neng ho tloaelehile mehleng eo.—Jobo 31:26-28.
“KE NE KE LOELA MOSENYEHI”
Joaloka e mong oa baholo ba neng ba lula khorong ea motse ho hlokomela litaba tsa motse, Jobo o ne a se na seo a ka nyatsoang ka sona. O-oa bolela:
“Ke ne ke loela mosenyehi, ha a kōpa thuso, le khutsana e hlokileng mothusi; ke ne ke hlohonolofatsoa ke ea neng a le lekhatheng la ho timela, ke kenya thabo pelong ea mosali oa mohlolohali; ke ne ke le mahlo a sefofu; maoto a sehlotsa e ne e le ’na; ke ne ke le ntat’a mofutsana, ke ne ke botsisisa taba ea motho leha ke sa mo tsebe; ke ne ke roba meno a ea bolotsana, ke ne ke hloibila thusolelo menong a hae.”—Jobo 29:12, 13, 15-17.
Kahoo, Jobo o ne a bontša mosa o joalo ha a sebelisana le batho ka bomong lekunutung. Bahlanka ba hae ba ne ba tšoaroa hantle ka botho. (Jobo 31:13-15) Ba lapileng, likhutsana le ba timelang ka baka la ho hloka bophelong ba ne ba fumana Jobo e le mokhoa o matla oa ho ba phelisa. (Jobo 31:16-21) Jobo o ne a sa iphetetse kapa hona ho lakaletsa ba ileng ba mo etsa hampe bobe.—Jobo 31:29, 30.
Leha ho le joalo, Jobo o hlile o hlokomela ka tšoaneleho e ’ngoe ea bomolimo. Mongoli oa Bibele Jakobo o-oa e totobatsa, a re: “Re rorisa lehlohonolo la ba mameletseng; le utloile ka mamello ea Jobo.” (Jak. 5:11) Jobo o ipakahalitse e le mohlala oa mamello ea bomolimo joang?
TLOKOTSI EA OTLA
Ntle ho temoso, Jobo a kupetsoa ke litlokotsi. Tsa hloellana holimo. Mopatriareka o ne a sitoa ho hlaphoheloa koluoeng e ’ngoe pele e ’ngoe e otla. Ka ho latellana, a lahleheloa ke makhomo a hae, liesele tse tšehali, linku le likamele tse ileng tsa nkuoa ke Basabea, maholiatšana le Bakalde. (Jobo 1:13-17) Joale ha fihla tlaleho ea hore bara ba hae le barali ba shoele kaofela ha bona.—Jobo 1:18, 19.
U ne u tla ikutloa joang ha litlokotsi tse joalo li ne li ka hloellana holim’a hao? Boitšoaro ba Jobo ruri e bile bo babatsehang. Ho e-na le ho hlonamela Molimo, a bolela hore: “Ke tsoile popelong ea ’mè ke le feela ’me ke tla khutlela teng ke le feela; Jehova o na a neile, o boetse o latile: ho rorisoe lebitso la Jehova.”—Jobo 1:21.
Empa Jobo o ne a sa ntsane a tla mamella mathata a mangata. Ho latelang a tšoaroa ke “mathopa a bohale, ho nka bohatong ba maoto ho isa har’a hloho. A nka lengeta ho ikhoabitla ka Iona, a ntse a lutse thotobolong.” (Jobo 2:7, 8) Boitšoaro bona bo fetisisang ba ho tepella bo ne bo bakoa ke mahlomola a fetisisang le bohloko. Ha a supa ho nyonyeha ha boloetse bo neng bo mo tšoere, Jobo a re: “Ha ke robala, ke re: Ke tla tsoha neng? bosiu bo tla sa neneng na? ’me ke khathala ke ho phethoha ho isa mafube ha a hlaha. Nama tsa ka li apesitsoe ke liboko le ke makhapa a mobu, letlalo la ka le tsoa lipetlane, le boele le tsoe bolalu.”—Jobo 7:4, 5.
‘NA RE TLA AMOHELA SE MOLEMO FEELA?’
Batho ba neng ba ntse ba rata Jobo ba qala ho mo furalla ka ho mo latola ho hang. “Bahlanka ba ka le makhabunyane a ka ba ntalima joale ka hoja ke osele; ho bona ke ea sa tsejoeng.” (Jobo 19:15) Ka mosali oa hae le banab’abo, Jobo o itse: “Phefumoloho ea ka e nkha ho mosali oa ka, le monko oa ka o mobe ho bara ba ’mè.”—Jobo 19:17.
Le masholu le babalehi ba soma Jobo. A supa phapang e neng e le teng ha e bapisoa le boemo ba hae ba pele ba nala, Jobo o re: “Ka lula sehlohong, ka ba joale ka morena har’a bongata, le joale ka ea tšelisang ba llang. ’Me joale, ke sesomo ho ba banyenyane ho ’na, bao nka beng ke nyatsitse ho bea bo-ntat’a bona har’a lintja tsa mehlape ea ka. ’Me joale, ke fetohile pina ea bona [ea nyefolo] le maele a bona; ba mphema, ba mpalehela, ha ba tšabe ho tšoela fahleho sa ka ka mathe.’—Jobo. 29:25–30:1, 9, 10.
Mahlomola a Jobo a bile maholo hoo a bileng a lakatsa lefu e le Iona le ka mo lopollang mahlomoleng. “Jo! hola u ka mpata nqalong ea bafu!” a hooa, “Hola u ka nkoahela teng, khalefo ea hao ea ba ea feta, ua mpeela letsatsi leo u tla nkhopola ka Iona!”—Jobo 14:13.
Le mosali oa Jobo a fihla ntlheng eo ho eona a ileng a re: “Rohaka Molimo, ’me u shoe!” (Jobo 2:9) Empa le bohlokong bo boholo le mahlomoleng Jobo a hana ho etsa ho neng ho ka bonahala e le ‘tsela e bonolo ho e nka.’ Ho e-na le hoo, a arabela mosali oa hae: “U bua joale ka leoatla ha le bua. Na re tla amohela tse molemo letsohong la Molimo, re se ke ra amohela tse mpe na?”—Jobo 2:10.
Ho latela tlaleho ea Mangolo, litlokotsi tsena tsohle Jobo o ne a li lihetsoe ke Satane Diabolose, ka tumello ea Molimo. Satane o ne a tseka hore hlonepho ea Jobo bakeng sa Molimo e ne e susumetsoa feela ke lerato la lintho tse bonahalang. Diabolose a bolela hore haeba Molimo o ‘ka otlolla letsoho la oona’ ho loantša Jobo, a mo sulafaletsa lintho, o tla ‘rohaka Molimo mahlong.’ (Jobo 1:11; 2:4, 5) Empa mona Diabolose a pakahatsoa e le ea leshano.
HO MAMELLA “BATŠELlSI BA KHATHATSANG”
Teko ea mamello ea Jobo e ne e tla ba kholoanyane joale. A eteloa ke metsoalle e meraro, Elifaze oa Themane, Bildade oa Shuah le Tsofare oa Naama. Kamoo ba neng ba nahana kateng ba ne ba tlile “hammoho ho utloela Jobo bohloko le ho mo tšelisa.” (Jobo 2:11) Empa leeto ha lea ka la ipaka e le le tšelisang ho hang. Metsoalle ea tsitlella hore ho kula ha Jobo e ne e le kotlo e tsoang ho Molimo bakeng sa libe tse tebileng. (Jobo 4:7-9; 8:11-19; 20:4-29; 22:7-11) Maikutlong a Elifaze, Bildade le Tsofare, maemo a motho, le haeba ke a nala kapa bomalimabe, e ne e le pontšo ea hore na boitšoaro ba motho eo bo tšoaneleha hakae. Ba ne ba kholisehile hore boloetse ba Jobo e ne e le bopaki hore boitšoaro ba hae ha bo botle ’me kahoo ba tsitlella hore a bake.
Jobo ha a ka a tšelisoa ke letho liqosong tsa bona tsa bohata. A bolela hore “Litaba tse joalo ka tseo ke se ke khotše tsona; kaofela ha lōna le batšelisi ba khathatsang. . . . ke ne ke nka bua joale ka lōna, hoja le lutse litulong tsa ka; nka be ke loha litaba holim’a lōna, ka ōma ka hloho ho lōna; nka be ke le matlafisa ka molomo oa ka, ka le tiisa ka ho bebenya ha melomo ea ka.”—Jobo 16:2, 4, 5.
Mopatriareka ea tšepahalang a totobatsa hore o latola maikutlo a hore batho ba lokileng ka mehla ba phela naleng le boiketlong ha ba khopo ka mehla ba hlomoha ke ho hloka le boloetse. A botsa: “Ba bolotsana ba phela ke’ng? Ba tsofala, ba ateloa ke menono joang? Lesika la bona le tiisoa ke’ng? pel’a bona le mabapa le bona, ’me litloholo tsa bona li atleha ke’ng pel’a bona? Matlo a bona a lutse khotsong, a sirelelitsoe ho se tšabo, thupa ea Molimo ha e lule holim’a bona. Poho ea bona [ba khopo] ea hoela, ha e lale; lithole tsa bona lia tsoala, ha li folotse.”—Jobo 21:7-10; bona hape litemana 29-31 le Pesaleme ea 73:1-14.
Kaha polelo ea Diabolose ea hore Jobo o tla rohaka Molimo ha tlokotsi e mo oela mopatriareka o ne a sa e tsebe, o ile a makatsoa ke phetoho e hlahang ka tšohanyetso ea maemo. Kahoo, ka linako tse ling Jobo o ne a bontša ho ameha haholo ka ho phahamisa botšepehi ba hae. Ka mohlala, boikutlong bo matla Jobo a hooa:
“Pelo ea ka e khobohela ke bophelo ba ka; ha ho le joalo, e ka khona ke neele ho luma-luma ha ka sebaka, ke bolele bohloko ba moea oa ka. Ke tla re ho Molimo; U se ke ua ntsoa, u mpe u mpolelle see u se tsekang ho ’na! Na u ka thaba ka ho nketsa hampe, hore u be u lahle mosebetsi oa matsoho a hao, ’me u khanyetse merero ea ba babe na?” (Jobo 10:1-3) “Le utloisise hoba ke Molimo o mphallelang, o ntiketse sefing sa oona. Bonang, ke luma-luma holim’a bothata boo ke bo etsoang, empa ha ke bone karabo; ke hoa ka matla, empa ha ho ea nkahlolelang. O thibile ’mila oa ka hore ke se ke ka feta, ’me tseleng ea ka o beile lefifi.”—Jobo 19:6-8.
Lipolelo tse kang tsena, leha ho le joalo, li se ke tsa etsa motho hore a nahane hore Jobo o ile a felloa ke tšepo ho lokeng ha Molimo ha a sebelisana le batho. Ho fapana le moo, ka ho tiileng o ne a lumela hore, le hoja e le ka nakoana ba babe ba neng ba tla atleha ha ba lokileng ba hlomohile, qetellong Molimo o ne o tla otlolla boemo boo. Ha e le ka “kabelo ea molotsana e tsoang ho Molimo,” Jobo o itse: “Ha bana ba hae ba atile, e tla ba lijo tsa lerumo, litloholo tsa hae li ke se ke tsa khora bohobe; ba hae ba phonyohileng ba tla epeloa ke lefu la seoa, ’me bahlolohali ba hae ba ke se ke ba ba llela. Leha a ka bokella silevera, e be ka ka lerōle, le liaparo tse ntle, li be ka ka qubu ea seretse, ke eena ea li bokellang, empa ke ea lokileng ea tla ikapesa ka tsona; ’me silevera ea hae, ba se nang molato ba tla e arolelana.”—Jobo 27:13-17.
Ha ho mohla Jobo a ileng a ineela monahanong oa metsoalle ea hae hore mahlomola ke bopaki bo tiileng ba ho se thabe ha Molimo. Leha e le hore o kile a lumellana le polelo ea Elifaze hore Molimo ha o tšepe bahlanka ba oona, leha e le ba mangeloi kapa ba batho. (Jobo 4:18, 19) Ho fapana le moo, Jobo a hatisa hore Molimo o mo hlokomela e le motho ea tšepahalang ’me o tla mo sebeletsa ka ho mo lopolla maemong a ho hloka ao a oetseng ho oona.—Jobo 16:18, 19; 19:23-27.
O AMOHELA KHALEMELO
Ke ’nete, leha ho le joalo, hore Jobo o ne a fetohile ea amehileng ho tlola ka ho pakahatsa ho loka hoo e leng hoa hae. Tlaleho ea Mangolo e bolela hore, “eaba ho tuka bohale ba Elihu, mora oa Barakeele, oa Buze, oa ntlo ea Rame; bohale ba hae ba tukela Jobo, hobane a ipeile ea lokileng ho fetisa Molimo.” (Jobo 32:2) Elihu a nyatsa Jobo, a bea maikutlo a hae a hore Molimo “o ke ke oa etsa ho sa lokang; Ea matla ’ohle a ke ke a khopamisa ho loka.” (Jobo 34:12) Kamorao ho Elihu, Jehova ka boeena a “fetola Jobo a le sefefong.” (Jobo 38:1) Elihu, empa haholo Jehova, ba supa bopaki ba mosebetsi o khabane oa Molimo le taolo e teng popong eohle hore ke tse fetang kutloisiso ea motho haholo.
A nyarositsoe ke sena, Jobo a fihlela qeto ea hore o buile a sa utloisisa ka botlalo litšebelisano tsa Molimo le eena. “Bona, ke motho feela,” kamoo ho boletseng Jobo, “Nka re’ng ho uena na? Ke bea letsoho la ka molomong. Ke buile hang, nke ke ka hlola ke araba letho; ke phetile la bobeli, ha ke sa tla hlola ke eketsa letho.” (Jobo 40:4, 5) Kamor’a hore Jehova a botse Jobo ho ea pele ka bohlale ba Hae boo ho seng bo lekanang le bona bo bontšitsoeng popong ea liphoofolo, Jobo a tsota: “Kea tseba hobane ha u sitoe ke letho, le hoba ha ho morero oo u ke keng ua o phetha. Ke ne ke utloile tsa hao ka litsebe feela; empa joale, mahlo a ka a u bone. Ke fela ke inyatsa, ’me ke iteta sefuba ke le lerōleng.”—Jobo 42:2, 5, 6.
E le moputso oa mamello ea Jobo, Jehova a tsosolosa bophelo ba hae ba ’mele, a mo hlohonolofatsa ka ho mena matlotlo a hae habeli ho moo a neng a le teng pele ’me a atolosa ho phela ha hae ka lilemo tse ling tse 140. “’Me Jobo a shoa, a tsofetse, a atetsoe ke matsatsi.”—Jobo 42:10, 16, 17.
Jobo ke mohlala o motle bakeng sa barapeli ba Molimo kajeno. O ile a feta tlas’a kotlo e bohloko ka mabaka ao a neng a sa a tsebe ka nako eo, leha ho le joalo a hana ho hlonamela Molimo. Le hoja a ne a ferekane hore na ke ka lebaka la’ng ha a ne a tlameha ho utloa bohloko, a hlokomela hore eng kapa eng eo Molimo o e lumellang e tlameha ho ba le morero o itseng o molemo.
Na ha u lumele hore buka ea Jobo e fana ka molemo o mongata bakeng sa barapeli ba Molimo kajeno? Ke hobane’ng ha u sa iphe sebaka sa ho e bala ka hloko kaofela ha eona haufi kamoo u ka khonang kateng?