Boithabiso bo Khathollang Kannete
“RE RAPELA melimo ka thabo, ka mekete, lipina le lipapali, empa lōna [Bakreste] le rapela motho ea thakhisitsoeng ea sa khahlisoeng ke ba thabelang boithabiso bona bohle, ea nyelisang thabo ’me a nyefola menyaka.” Ho ile ha bua joalo sera sa Bokreste ba lekholong la bobeli la lilemo.a Empa ke pono e sothehileng hakaakang! Barutuoa bao ba pele ba ne ba fumana thabo ea ’nete bophelong.
Moeta-pele oa bona, Jesu Kreste, mora oa “Molimo o thabileng,” ho boleloa e le ea ‘thabileng haholo,’ hape e le ‘ea matla ea thabileng’ eo, ha a le lefatšeng, a ileng a rapela hore balateli ba hae ba ka ba le ‘thabo ea hae ka ho bona ka botlalo.’—1 Tim. 1:11; 6:15; Luka 10:21; Joh. 17:13.
Thabo ea bona e ne e sa theoa nyakallong ea nakoana ea mokete kapa papali. Ba ne ba tsebisisa maele a boholo-holo (14:13): “Motho leha a tšeha, pelo ea hae e ntse e hlomohile, ’me qetello ea thabo ke masoabi.” Thabo e khōlō ho bona e ne e le ho latela melao motheo ea Bokreste. Thabo ena ea fihla lipelong tsa bona. Joale ba ne ba e-na le kamano ea bohlokoa le Molimo o matla ’ohle, le botsoalle ba Bakreste bahabo bona. Hape ba e-na le phihlelo e futhumatsang pelo ea ho thusa ba bang ho ithuta ’nete le ho hōlisa bana bao e tlang ho ba mohloli oa thabo ho bona.
MENYETLA EA HO ‘PHOMOLA’
Ho hlokomela boikarabelo ba bona ba Mangolo le ho abelana molaetsa oa Bokreste le ba bang, leha e le habohlokoa ka ho fetisisa, ho ne ho sa nke lihora tsohle tseo ba shebileng ka tsona. Morena oa bona, ka mohlala oa hae, o bontšitse bohlokoa ba ho ba le nako ea ho phomola le ho khatholoha. Kamor’a hore ba pake letšehare lohle, Jesu a re ho barutuoa ba hae: “Tlong kathoko feelleng, le phomole hanyenyane. Hobane batho ba bangata ba ne ba e-tla, ba bang ba e-ea, ’me baapostola ba ne ba se na sebaka le sa ho ja.”—Mar. 6:31.
Lona lentsoe leo la ketso la Segerike “phomole” le ngotsoe e le “khatholle” ho Filemone 20. Kahoo ‘nako ea ho phomola’ e ka ’na ea sebelisetsoa ho fetola tekanyo e sebelisetsoang mosebetsi o tloaelehileng kapa ho fumana phomolo bakeng sa hore motho a tsoele pele ka mosebetsi oa hae oo a o tloaetseng. Bakreste bana ba pele, le hoja haholo-holo ba ne ba le mafolofolo ba bile ba chesehela ho bolela molaetsa oa ’Muso, ba ne ba fumana nako nako le nako bakeng sa ho re khefu hore ba ikhatholle kannete.
Ha ho pelaelo ea hore ba ne ba etelana le ho ja hammoho. Ho phaella moo, mefuta e sa tšoaneng ea boithabiso e ne e le teng eo barutuoa bana kapa bana ba bona ba neng ba e thabela mohlomong. Bahlankana le ba bang ho boleloa ba ne ba bapala liletsa mehleng ea pele ho Bokreste. (1 Sam. 16:18; 1 Mar. 1:40; Lillo 5:14; bapisa Luka 15:25.) Ho boleloa bana ba ne ba bapala lipapali le ho hobela. (Matt. 11:16, 17) Ha ho bapisoa le ‘tlhakiso leha e le efe ea ’mele’ eo mohlomong e neng e le teng ka nako eo e le e molemo ‘ka nakoana,’ borapeli bo neng bo bontšoa ka liketso ‘bo ne bo le molemo nthong tsohle, kaha bo e-na le pallo ea bophelo ba hona joale le ea bo tlang ho tla.’ Eng kapa eng e neng e etsoa ke Bakreste e ne e bolokoa e leka-lekane, e sa bontše ho itebala ha bao e seng Bakreste. Ha ho mohla ho kileng ha fifatsa ‘boineelo ba bona ba borapeli,’ oona mohloli o moholo oa thabo ea bona.—1 Tim. 4:8.
SE ETSOANG KE MALAPA A MANG HONA JOALE
Kajeno malapa a Bakreste le oona a thabela ho ikhatholla hammoho. A fumana thabo ea sebele le botsoalle ka ho etsa lintho hammoho—taba ea pele, ho tsebiseng ba bang ’muso oa Molimo. Leha ho le joalo, ho teng lintho tseo ba li etsang hammoho, tse kang ho kopanela hammoho boithabisong bo sa tšoaneng. Ba mefuta efe? Koana, ntate e mong ea ileng a atleha ho hōlisa lelapa le leholo o buile ka liketso tse sa tšoaneng tse hahang, ’me a phaella ka hore: “Mefuta e atlehang haholo ea boithabiso ho bonahala e le e sebelisang matla a bana le ho fana ka phephetso.”
Ntate oa Mokreste ea nang le bacha ba bane o ne a phela sebakeng seo ho bonahalang se se na menyetla ea boithabiso. A botsoa hore na ebe o ne a e-na le bothata ba ho fumana boithabiso bo molemo bakeng sa lelapa la hae. A arabela: “Ho lokisetsa boithabiso ha ho mohla e bileng bothata. Tšitiso feela e ka hlōloang ke ho bona menyetla ea bona le ho khotsofalla seo motho a nang le sona. Ho thabela lintho tse bonolo, tse kang ho sesa, ho tsamaea, ho thabisa baeti le tse joalo, ho bonahala li khotsofatsa haholo. Re ithutile hore ho ikhatholla ha ho hlokahale hore e be mosebetsi oa mekhoa e lefelloang ha boima ea boithabiso kapa thepa e rekoang ha boima, empa, ho e-na le hoo, ho sebelisa se ka fumanoang ke bohle.”
Ba bangata ba fumana hore ha ba ntse ba tšoarehile mosebetsing oa ho abelana tsebo ea Bibele le ba bang ho hlaha menyetla ea boithabiso. Ntate enoa oa bana ba bane o ngolile, a re:
“Liketso tsa rōna tsa boithabiso boholo ba tsona bo likoloha mesebetsing ea rōna ea puso ea leholimo ’me ha feela re ntse re phehelletse ho eona ho na le boithabiso bo bongata bo hlahisoang ke hoo. Ho paka ha rōna libakeng tse ka thoko ho fana ka monyetla oa hore re tle le lijo tse ngata tsa motšehare tsa pikniki. Ka makhetlo a mangata re ile ra etsa qeto ea ho phetha letsatsi la ho paka ka ho ithabisa sebakeng se seng morung kapa moo ho emisoang ho phomoloa teng.”
Ka tlhaho maemo a malapa ha a tšoane. Ntle ho pelaelo ho teng lintho tse sa tšoaneng tseo batho e le lelapa ba li fumanang li khatholla. Leha ho le joalo ntate e mong oa bana ba bane o itse: “Hase mofuta oa boithabiso o bolokang bacha ba khotsofetse ba bile ba thabile, ke moea o potolohileng le botsoalle bo amanang le bona. Kamano le litho tsa lelapa ke sona se etsang nako e sebelisoang e be e thabileng.” Mokreste e mong o ile a phaella: “Ntho e hlileng ea etsa [boithabiso] bo khethehileng hakaalo ke hore re ho entse re le lelapa.”
BOHLOKOA BA THAHASELLO EA BATSOALI
Kahoo batsoali ho tla hlokahala hore ba be seli ka se hlokoang ke bacha ba bona bakeng sa mesebetsi e molemo ho tlatsa karolo e ’ngoe ea nako ea bona ea phomolo. ’Mè e mong, eo monna oa hae e neng e se molumeli, o itse: “Ho hlokahala hore ka lapeng u hahe moea oo bana ba ke keng ba rata ho tloha ho oona, ha ba ka ba sieo ka nakoana, ba rate ho khutla.” Ntate e mong le ’mè ba ileng ba atleha ho hōlisa bana ba ile ba botsoa hore na “sephiri” sa bona e bile sefe. Ba arabela ka hore: “Re ne re leka hore ka linako tsohle bophelo bo thabise ka lapeng ho feta kamoo bo leng kateng ha ba e-na le lithaka tsa bona.”
Ho etsa hore bophelo lapeng ‘bo thabise haholo’ bakeng sa bana ho hloka kameho e tlohang botebong ba pelo ka lehlakoreng la batsoali. ’Mè e mong o hlile a totobatsa hore: “Ho lelekisana le bana hoa sebetsa ho bile ho futhumatsa ’mele, empa bacha ba futhumatsa le ho sebelisa kelello.” E, pelo e amehileng, hammoho le boiteko ba kelello, li hlokoa ke batsoali.
Ho etsa boiteko bo joalo ho boleloa habonolo ho feta hore na ho etsoa joang. “Re le batsoali ba bana ba supileng re fumane hore ke ntoa ho ba fepa, ho ba apesa le ho ba fumanela ntlo,” kamoo ho ngotseng ntate e mong, ea ileng a phaella ka hore, “ka baka leo, boithabiso ba rōna bo ne bo lekanyelitsoe, le hoja re ne re ee re lokisetse nako ea ho ithabisa.” Hangata, e ba motsoali a le mong ka lapeng ea tlamehang ho jara moroalo.
Ka ho utloahalang ho thata kamor’a ho sebetsa haboima letšehare lohle ho fihla lapeng ebe joale u qala ho nahana hore na u ka lokisetsa lelapa boithabiso joang. Batsoali bao ba khonang ho hlokomela boikarabelo bohle ba bona ba Mangolo ’me ba ntse ba lokisetsa boithabiso bo molemo bakeng sa lelapa ruri ba babatsoa! Le hoja ho le thata hakaalo, ’mè e mong, eo bana ba hae kaofela ba supileng e bileng Bakreste ba ineetseng, o itse: “Thabo e feta boitelo bohle le mosebetsi o boima.”
Na bana baa arabela? Ntate o ne a talimane le phephetso ea ho hōlisa baroetsana ba bararo ntle ho thuso ea mosali. Banana ka boraro ba bona ea e-ba Bakreste ba ineetseng. Hamorao e mong oa banana a re:
“Re ne re etsa lintho hammoho. Ka linako tse ling ha re ne re sitoa ke ho finyella boithabiso bo itseng re ne re tsamaea feela, ka linakong tse ling re feta mehaho e mengata literateng tsa motse. Ntate o ne a sa tšabe ho re lumella hore re tsebe hore ke motho. Ha ho ne ho se moo re ka eang ’me pula e na, o ne a ee a re, ‘A re tsoeng re eo tsamaea puleng’ ’Me re tsoe re eo tsamaea puleng; ho se moo re ka eang empa ho le monate haholo ho ba le eena. O ne a ipha sebaka sa ho ba le rōna.”
Ka sebele hase motho e mong le e mong ea talimang ho tsamaea puleng e le boithabiso, empa taba ke hore hase hakaalo hore na ho etsoa eng empa hore ho etsoa ho hong joaloka lelapa ho lokisetsa “khefu” ho tlisa boikhathollo ba ’nete.
“LELAPA” LA MOEA
Ba fetohang Bakreste ba thabela botsoalle ba bohlokoa ka lapeng le leng, ka phuthehong, eo kannete e tšoantšoang le lelapa le feletseng ka ‘baena le bo-khaitseli, bo-’me, bo-ntate le bana.’ (Mar. 10:28-30) Ka lebaka lena ho tla bonahala e le ha tlhaho hore litho tsa phutheho li ke ke tsa thabela feela ho paka hammoho e le lihlopha, empa hape le ho ba hammoho ka nako e ngatanyana botsoalleng bo hahang ba bang.
Liboka tse joalo tsa boithabiso e ka ba tse khathollang hape tsa eketsa ho hong mofuthung oa phutheho. Mocha e mong oa Mokreste o ile a botsoa hore na seboka se thabisang haholo seo a kileng a se thabela ke sefe seo a hopolang a bile ho sona. Ntle ho ho tsila-tsila a arabela:
“E bile ha malapa a seng makae ka phuthehong, batsoali le bana, ba bokana hammoho. Hoba ba je lijonyana tse seng kae tse bobebe, ho se letho le majaba-jaba, kaofela ra lula ’me ra qoqa. Moena e mong a qala ho botsa ba bang ho rōna hore na e bile Lipaki tsa Jehova joang kapa hore re phete phihlelo e tsoang mosebetsing oa rōna oa ho ruta ba bang. Kapele ba fapakaneng ba bolela litaba tsa bona tsa kamoo e bileng Bakreste le mathata ao ba ileng ba tlameha ho a hlōla. Ha ho ea neng a bua ho feta ba bang, empa ba bangata ba tlatselletsa. Bohle ra khothatsoa ke liphihlelo. Ea e-ba nako e hopolehang.”
Ka ho sebelisoa ha melao motheo ea Bibele, le haeba baholo, bahlanka ba sebeletsang kapa ba bang feela ba hōlileng tsebong ba teng ba sebelisa tšusumetso ea bona hamolemo, nako e joalo e tla ba mohloli oa khatholoho ea ’nete e seng e siang boikutlo bo bosula melomong ea ba bang ka baka la boitšoaro bo ileng ba theoha. Le ka mohla ho se lebaloe hore thōmo e khōlō eo re nang le eona ke ho ba lipaki tsa lebitso le ’muso oa Jehova. Leha re khatholohile libokeng tsa boithabiso tsa Bokreste boitšoaro ba rōna bo lokela ho tlisetsa Ntate oa rōna ea Halalelang tlotliso. Joalokaha mongoli oa Mokreste oa lekholong la bobeli la lilemo a ile a re: “Ha ho kae kapa kae moo Mokreste a fetohang ho hong ntle ho Mokreste.”—Esa. 5:12; 43:10-12; 1 Ba-Kor. 10:31.
MOLEMO O NANG LE MOELI OA BOITHABISO
Boithabiso bo molemo bo ka fana ka khefu e thabisang. Bo ka re khatholla hoo re ka tsoelang pele ka mosebetsi oa rōna o loketseng. Leha ho le joalo ha se ntho e khōlō bophelong. Khaitseli e mong e monyenyane ea leka-lekaneng hantle, eo e leng ’moleli oa nako e tletseng oa ‘litaba tse molemo’ Europe, o itse:
“Boithabiso e ne e se ntho e hatelloang haholo lapeng. Ho ba ea tšepahalang, tšebeletso ea tšimo e ne e le eona ntho e khōlō lapeng heso. Lijo, liaparo, ntlo, lintho tsa moea, liboka, e ne e le ntho tsa bohlokoa. Leha ho le joalo ha nako e le teng re ne re thabela boithabiso bo itseng, mohlomong ho etela malapa a mang ka phuthehong.
“Hangata ke ee ke bone bacha ba bang ba ea libakeng tsa boithabiso ’me ke nahane, ’Oho, nka rata ho etsa joalo.’ Empa, ha e le hantle, ho se kopanele hangata boithabisong ha ho hlile ha ho ntšitise ka letho. Ha ho mohla ho ntšoetsitseng. Ha ke molemo ka letho ho bacha ba bang ba lilemong tsa ka.”
Haeba boithabiso bo ne bo lumelletsoe hore e be karolo e khōlō ea bophelo ba rōna, ho ne ho tla re ntša kotsi moeeng ’me mohlomong le ’meleng. Hlokomela temoso e hlakileng e tsoang ho Liproverbia 21:17, e reng: “Ea hlanyetsang menyaka e tla ba mohloki, ea ineelang veine le mafura a ke ke a rua.”
Ho ne ho tloaelehile libokeng tsa boithabiso kapa meketeng ka nako eo hore veine e nooe ka bolokolohi ’me oli le lintho tse ling tse monkho o monate li nonetse hlooho le liaparo. (Liprov. 27:9; Amose 6:6) Batho ba neng ba rata mekete e joalo ba ne ba tla tloha ba fumana mesebetsi e meng bophelong ba bona e suthela morao, ho hlaheng kotsi ha bona. Letoto la liphihlelo tse bohloko le bontšitse hore, ha mekete eo e leng ea boithabiso ho hang e etsoa ka mehla, e sekamela ho fetoheng ea bolefatše. Ka hona ho hlokahala hore ho hlokomeloe haholo.
Le ka mohla u se lebale hore libakeng tse ngata ho pota lefatše, Bakreste ba bangata ha ba na ho hongata ho bitsoang hore ke “boithabiso” ke ba lichabeng tse phahameng tšebetsong ea mesebetsi e meholo. Leha ho le joalo ba tsoela pele ’me, ha e le hantle, ka litsela tse ngata ba bonahala ba thabile haholoanyane ba bile ba khotsofetse haholoanyane ho feta ba nang le boithabiso bo bongata joalo. Moholo e mong ea neng a hlokometse ka hloko boemo machabeng o ngolile hore: “Batho ba bangata ba ikutloa hore khatello e beoang boithabisong le ho oa boitšoarong li tšoarane ka matsoho.” Mokreste e mong le e mong, he, o tlameha ho itebela kotsing e joalo ’me a bee ‘khatiso’ ho kopaneleng ha hae borapeling ba Ntat’a rōna oa leholimo.
Hape re tlameha ho talimana le ’nete ea hore ke thōmo e potlakileng ea ho bolela ’muso oa Molimo ‘mehleng ena ea qetello’ leha e le rōna joaloka Bakreste kapa bana ba rōna re tla ke re be le hona ho sebelisa boholo ba nako ea rōna boithabisong. Ho totobetse hape, hore Bakreste le ka mohla ba ke ke ba tseba ho etsa sohle seo lefatše le se bitsang boithabiso.” Ka hona boithabiso bo lokeloa ke ho bolokoa sebakeng se bo loketseng. Hona ho etsa hore e be ha bohlokoa hore ka mehla re boloke pono ea moea, e seng ea nama le ho sebetsa ha rōna.
E se eka Mokreste e mong le e mong a ka boloka pono e leka-lekaneng ea boithabiso. E se eka re ka haha bophelo ba rōna ho potoloha lintho tse tlisang thabo ea sebele le khotso pelong, joalokaha nako le nako re thabela boithabiso bo molemo. Ho feta tsohle, e se eka re ka fumana thabo e khōlō ho pheleng bophelo bo hloekileng a Bokreste le hore ka cheseho re bolele ho ba bang tšepo e kholo ea ’Muso o tla tloha o thusa batho bohle ho phela bophelo bo leka-lekaneng le bo tšoanelehang, thorisong ea ka ho sa feleng ea Molimo oa rōna, Jehova.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a A boletsoe ke moahloli ho ea neng a ipolela hore ke Mokreste Epipodius. Moahloli o ne a mo hlahloba ’me a leka ho mo etsa hore a sekisetse. Hona ho boleloa ho etsahetse France nakong ea selemo sa bo17 sa Moemperor oa Moroma Marcus Aurelius. (177 C.E.)