Ho Phela Hona Joale ‘Letsatsing Leo la Bofelo’ la Tsoho
1. Mashome-shome a lilemo e sa le pele, ho ile ha nahanoa hore ho tlotlisoa ha masala a Bakreste ba sa ntsaneng ba phela ho tla etsahala ka nako efe, empa na ho neng ho hlile ha boleloa ho 1 Ba-Thessalonika 4:16, 17 ho ile ha phethahatsoa ho tloha ka nako eo ho ea pele?
KAHA “ba shoetseng ho Kreste” ba tsosoa ka ’mele ea moea e sa bonahaleng mahlong a batho ka ‘letsatsi leo la bofelo’ rōna batho re tlameha ho tsamaea ka tumelo e seng ka pono, mabapi le ho etsahala ha hona hona joale. Re sa hopola hore lilemong tse mashome a seng makae ba seng ba kae ba ile ba nahana hore ho tlotlisoa ha litho tsohle tse sa ntsaneng li phela tsa phutheho ea Bokreste ho tla etsahala bofelong ba Mehla ea Balichaba hoo e ka bang ka la 1 Mphalane, 1914. (Luka 21:24) Leha ho le joalo, ha ho letho le joalo ka leo le hlalosoang ho 1 Ba-Thessalonika 4:16, 17 le ileng la etsahala ka nako eo. Ho e-na le hoo, ntoa e ile ea qhoma leholimong, ’me ba hlōtsoeng, Satane le bademona ba hae, ba lahleloa ka potlako nqa lefatšeng. (Tšen. 12:7-13) Ka ho khahlisang, ba ’maloa ho Bakreste ba tsoetsoeng ka moea ba neng ba phela ’me ba le mafolofolo lefatšeng ka 1914 ba sa ntsane ba e-na le rōna nameng. Ka ho totobetseng phoso e ne e le teng ka ho beeloa nako ha “letsatsi la bofelo” bakeng sa ho tlotlisoa ha phutheho e tsoetsoeng ka moea.
2, 3. Ho tlotlisoa ho lokela ho etsahala nakong efe, ’me kahoo ho phahama potso efe mabapi le ho phethahala ha 1 Ba-Korinthe 15:50-57?
2 Leha ho le joalo, “boteng” bo sa bonahaleng, ba Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng bo qalile ho feleng ha Mehla ea Balichaba ka 1914. Kahoo ho tloha ka nako eo ho ea pele ke sebaka sa nako ea ha seo se ileng sa boleloa pele ho 1 Ba-Thessalonika 4:16, 17 se lokela ho etsahala mabapi le Bakreste ba sa ntsaneng ba phela ba tsoetsoeng ka moea, ho lumellana le “letsatsi la bofelo.”—Joh. 6:54.
3 Ka ho utloahalang ke neng phethahatso e qalehang bakeng sa 1 Ba-Korinthe 15:50-57? “Nama le mali li ke ke tsa e-ja lefa la ’muso oa Molimo, ’me ho bola ho ke ke ha e-ja lefa la ho sa boleng. Bonang, ke le bolella sephiri; ha re ka ke ra robala bohle [ha ’mele o bolang oa nama o shoa], empa re tla fetoha bohle, hang ka ho panya ha leihlo, ka terompeta ea morao; hobane terompeta e tla lla, ’me bafu ba tla tsoha, ba se ke ba boela ba bola, ’me le rōna [Bakreste ba kang Pauluse] re tla fetoha. Hobane e ka khona ho bolang hona ho apare ho sa boleng, le ho shoang hona ho apare ho sa shoeng. ’Me etlare ha ho bolang hona ho apere ho sa boleng, le ho shoang hona ho apere ho sa shoeng, ke moo polelo e ngoliloeng e tla phetheha, e itseng: Lefu le metsitsoe ke hlolo. Na lefu, tsenene ea hao e kae na? Uena lebitla, ho hlola ha hao ho kae na? Tsenene ea lefu ke sebe, ’me matla a sebe ke molao [oa Moshe]. A re leboheng Molimo o re neileng ho hlola ka Morena oa rōna Jesu Kreste!”
4. Jesu o shoele neng, ’me hona ho ile ha bontšoa joang ke Daniele 9:24-27?
4 Ho isa ho lekanyetseng nako ka Mangolo, re ka bapisa liketsahalo tse lumellanang kapa tse tsamaisanang sebopehong sa tsona. Kahoo rea botsa, Ke neng Jesu Kreste ka boeena a ileng a tsosoa ho ba ‘Kreste thakangoaha’? E bile ka Sontaha, la 16 Nisane, selemong sa 33 C.E. Matsatsi a mabeli pele, ka Paseka, la 14 Nisane, o ne a ile a fanyehoa sefateng ho fihlela a e-shoa. Letsatsi leo la sehlabelo sa Kreste e ne e le nako e neng e tšoailoe kemisong ea liketsahalo e boletsoeng ke Jehova Molimo ’me ea ngoloa ho Daniele 9:24-27. Le ile la tšoaea bohare ba beke eo ea ho qetela ea letoto la “liveke tse mashome a supileng,” libeke tsa lilemo, e seng tsa matsatsi. Boprofeta ba Daniele bo hlile ba bolela hore bekeng ena ea ho qetela kapa bekeng ea bo70 ea lilemo “motlotsuoa o tla tlosoa, ho se motho ea mo emelang.” Empa ke ka nako efe nakong ena ea beke ea ho qetela ea lilemo, e qalileng hoetla selemong sa 29 C.E.? Daniele 9:27 ea arabela: “Mahareng a veke o tla felisa sehlabelo le nyehelo.” Kahoo, mahlabelo a liphoofolo e ne e se a molemo oa letho kamorao ho lefu la Jesu.
5. Ho qaleha ha “veke” ea bo-70 ea lilemo ho fumanoa joang, ’me e ile ea tšoauoa joang, ’me ea qala nako efe bakeng sa Jerusalema le tsamaiso ea Sejode?
5 Kaha Jesu o ile a etsa bophelo ba hae bo phethahetseng ba botho sehlabelo “mahareng a veke,” kapa ka la 14 Nisane, 33 C.E. beke eo e qalile lilemong tse tharo le likhoeli tse tšeletseng pelenyana ka la 15 Tishri, 29 C.E. Joale, he, ke ketsahalo efe e tšoaileng ho qaleha ha “veke” eo ea bo70 ea lilemo? Jesu a ipakahatsa e le Messia, e leng ho bolelang “motlotsuoa.” Ke nakong ea ha Jesu a ne a kolobetsoa ke Johanne ea Kolobetsang. Hona kamorao ho moo, Jesu a “tlotsoa” ka moea o halalelang hore e be Morena oa Messia holim’a batho ba Jehova. Ka nako eo Jesu o ne a le lilemo li 30. (Luka 3:21-23; 4:1-21) Ketsahalo ena ka sebele ea tšoaea ho qaleha ha ‘nako ea bofelo’ bakeng sa Jerusalema le tsamaiso ea Sejode ea mahlabelo. Nako e ka tlase ho lilemo tse 41 hamorao, kapa lehlabuleng la 70 C.E., Jerusalema le tempele ea eona tsa etsoa lesupi. Joalokaha Daniele 9:26 e hlile ea bolela: “Motse o tla senyeha le sehalalelo ke makhotla a morena e mong [Molaoli Tite] ea tla tla; [ka 70 C.E.]; bofelo ba oona e tla ba moroallo [oa makhotla a Baroma], ’me lintoa li tla ba teng ho isa qetellong.”
6, 7. Ke eng e ileng ea latela hang kamorao ho ho fela ha Mehla ea Balichaba ka 1914, ’me ke tsebiso efe e entsoeng leholimong e ileng ea netefala mabapi le lefatše la rona le bafu ba lona?
6 Ka mokhoa o tšoanang, ha Mehla ea Balichaba e fela hoetla ka 1914, “nako ea bofelo” e ile ea qaleha bakeng sa tsamaiso ena ea lintho. (Dan. 12:4) Hang kamor’a ho fela hoo ha Mehla ea Balichaba Jesu ea tlotsitsoeng maholimong a beoa Borena, mojalefa oa ka mehla oa ntate moholo oa hae, Morena Davida oa Jerusalema. Hona hoo feela tsebiso e ileng ea latela ho letsoa ha terompeta ea bosupa ea e-ba ’nete. Ka sena rea bala, ho Tšenolo 11:15-18.
7 “Joale, lengeloi la bosupa la letsa terompeta ea lona; ’me ha utloahala mantsoe a maholo a buang leholimong, a re: Mebuso ea lefatše e fetohile ’Muso oa Morena oa rōna [Morena ’Musi ea Phahameng Jehova] le oa Kreste oa hae, ’me [Morena ’Musi ea Phahameng Jehova] o tla busa ka ho sa feleng . . . Rea u leboha, Morena, Molimo o matla ’ohle, o leng teng, o nong o le teng, o tla ’ne o be teng, hobane u nkile matla a hao a maholo, ’me ua rena. Lichaba li ne li halefile, ’me bohale ba hao bo hlahile, le nako ea ho ahlola bafu, le ea ho ntša moputso oa bahlanka ba hao ba baprofeta le oa bahalaleli le oa ba tšabang lebitso la hao, ba banyenyane le ba baholo, le oa ho senya ba senyang lefatše.”
8. (a) Lichaba ka nako eo tsa halefela mang hona hobane’ng, ’me e le ho fella kae? (b) Hona ho ile ha lekana le ho ileng ha etsahalla Jesu ea tlotsitsoeng “mahareng a veke” joang?
8 Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše ea 1914-1918 C.E., “lichaba li ne li halefile,” ’me tsa ntšetsa bohale ba tsona ho batho ba ineetseng ba Morena ’Musi ea Phahameng Jehova. Hobane’ng? Hobane ba ne ba bolela bofelo ba Mehla ea Balichaba ka 1914 le ho theoa ho feletseng ha ’muso oa Kreste maholimong. Bohale bona ba lichaba ba fihla tlhorong selemo ka 1918, ka ho tšoaehang Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika. Hona ho etsahetse lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng ho tloha bofelong ba Mehla ea Balichaba le ho beoa teroneng ha Jesu ea tlotsitsoeng e le Morena oa leholimo. Ho ileng ha etsahala ka baboleli ba ’Muso lefatšeng ka 1918 ho lumellana hantle le se ileng sa etsahala ho Jesu Jerusalema “mahareng a veke.” Tabeng ena tsoho ea bafu ea hlokahala. Ka ho lumellanang, ka 1918 baboleli ba ’muso oa hae ba etsoa seo bahlorisi ba ileng ba hopola hore ke ‘kotlo ea lefu,’ hoo ho bolela ka ’Muso ho neng ho hloka hore ho nchafatsoe, ho tsosoe.
9. (a) Ke hobane’ng ha ho tsosolosoa kapa tsoho ea tšoantšetso ea baboleli ba hlorisoang ba ’Muso hore ba kene mosebetsing o nchafalitsoeng ho neng ho ke ke ha lumellana kannete le ho tsoha ha Jesu ka la 16 Nisane, 33 C.E.? (b) Ho ‘nkeloa ha bona ho ea khahlametsa Morena’ ho ne ho ke ke ha raka tsoho ea bo-mang ea moea?
9 Ho tsoha ha Jesu ka la 16 Nisane, 33 C.E., e ne e le ha mofuta oa moea, ho kena sebakeng sa moea, empa e le ho tsoha lebitleng la lefatšeng. Tabeng ea baboleli ba ’Muso, ba sa ntsaneng ba le nameng, ho tsosolosoa ha bona e bile ha mosebetsi oa lefatšeng, ho bolela ho nchafalitsoeng “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona ‘e le bopaki ho lichaba tsohle.’ (Matt. 24:14) E ne e e-so ho be nako ea hore Bakreste bao ba tlotsitsoeng ka moea ba tlotlisoe leholimong ‘ho nkeloa marung ho ea khahlametsa Morena sebakeng.’ Phihlelo ea bona ho sena e ne e sa emisetsoa ho “raka” tsoho ea Bakreste ba neng ba ‘robetse borokong ba lefu ho Jesu’ ho tla fihlela ka 1918. Ho e-na le hoo, joalokaha 1 Ba-Thessalonika 4:14-17 e totobatsa, “ba shoetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.” Ka ho loketseng, ho tsoha ha bona pele ho tla raka ho tsosolosoa kapa ho phelisoa hape ha baboleli ba ’Muso ho boleleng ha bona ho tsoetseng pele nameng lefatšeng ‘nakong ena ea bofelo.’ Ho tsosolosoa hona ho etsahetse hoetla ka 1919.
10. Ke tsoho ea bo-mang, ka nako efe, e neng e tla lekana kannete le tsoho ea Jesu ka la 16 Nisane, 33 C.E.?
10 Tsoho ea moea ea “ba shoetseng ho Kreste” selemo ka 1918, lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng ho tloha nakong eo Kreste a beiloeng teroneng ka eona bofelong ba Mehla ea Balichaba hoetla ka 1914, e ne e tla lumellana le tsoho eo e leng ea Jesu ka la 16 Nisane, 33 C.E., “mahareng a veke.” (Dan. 9:27) Kahoo ba ile ba fela ba “tsoha pele.” Ho etsa ha bona joalo ho fetse ha “raka” ho tsoha ha ba neng ba saletse “ho ba teng” ha Kreste le ho bolaoa ha boboleli ba ’Muso.
11. Ke sebaka sefe sa nako se lumellanang se hlahelang mabapi le lipaki tsa Molimo tsa boprofeta tsa Tšenolo, khaolo ea 11, ’me na ho nyolohela ha tsona leholimong ho tšoantšetsa ho phethahala ha 1 Ba-Thessalonika 4:17?
11 Sebaka se joalo sa nako se bonahala mabapi le lipaki tsa Molimo tsa tšoantšetso tse tšoantšelitsoeng ho Tšenolo, khaolo ea 11. Ho ea ka Tšenolo 11:3-7, li ile tsa bolaoa kamor’a ho profeta ka matsatsi a 1 260, kapa lilemo tse 3 1⁄2. Empa lia tsoha: “Empa ha ho fetile matsatsi a mararo, ho isa mahareng a letsatsi le leng, moea oa bophelo o tsoang ho Molimo oa kena ho bona; ba ema ka maoto a bona, ’me tšabo e kholo ea oela ba ba bonang. ’Me ba utloa lentsoe le matla le tsoang leholimong, le re ho bona: Nyolohelang koano. Ba fela ba nyolohela leholimong ka leru, ba ntse ba bonoa ke lira tsa bona.” (Tšen. 11:11, 12) Hona ka boprofeta ho ne ho tšoantšetsa ho tsosolosoa ha masala a Bakreste ba tsoetsoeng ka moea tšebeletsong ea ’Muso selemo ka 1919. Ho nyolohela ha oona ho tsebisahaleng lefatšeng lohle e ne e se phethahatso ea 1 Ba-Thessalonika 4:17. Ntlheng ena, re hopola hore barutuoa ba 120 ba Jesu Kreste ha baa ka ba tsosolosetsoa mosebetsing oa pontšeng Jerusalema ho fihlela matsatsi a 51 kamor’a ho khokhotheloa le ho epeloa ha Morena oa bona, Jesu Kreste.
12. Ho tsosolosoa ho joalo ha masala a moea le hona ho hlile ha boleloa joang ponong e ho Ezekiele 37:1-14?
12 Ho tsosolosoa ho joalo ha masala a ntseng a phela le hona ho hlile ha boleloa ho Ezekiele 37:1-14. Moo Jehova a nea moprofeta Ezekiele pono ea khohlo e tletseng masapo a omeletseng a Baiseraele. Masapo a boela a hahuoa hore e be Baiseraele ba phelang ba loketseng ho tloha botlamuoeng ba bona Babylona ea bohetene. Ha a bolela kamoo pono e tla phethahatsoa, Jehova a re: “Ke se ke tla phetla mabitla a lōna, ke le nyolle mabitleng a lōna, lōna sechaba sa ka [se botlamuoeng Babylona], ke le busetse naheng ea Iseraele. Etlare hobane ke phetle mabitla a lōna, lōna sechaba sa ka, le tla tse ba hoba ke ’na Jehova.”—Ezek. 37:12, 13.
13. Pono ena ea khohlo ea masapo a omeletseng e ile ea phethahatsoa joang mehleng ea kajeno, ’me hona ho lumellana joang le se etsahalletseng barutuoa ba Jesu kamor’a se etsahetseng ‘mahareng a veke’?
13 Phethahatsong ea kajeno ea pono eo masala a Baiseraele ba moea a ile a tsosolosoa ka 1919 ’me a lokolloa ho Babylona e Moholo, ’muso o moholo oa lefatše oa bolumeli ba bohata, le boikokobetsong bo nyelisang ho metsoalle ea hae ea bopolotiki, boahloli le sesole e ileng ea phetha taelo ea hae nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše. Mohlomong, ka matla a boprofeta ho beeloeng linako ha kajeno ha liketsahalo, ho tsosolosoa ha barutuoa ba batho ba Jesu le ho lokolloa ha bona khatellong ea tsamaiso ea Sejode ea lintho ha hoa ka ha etsahala ho fihlela kamorao ho lefu la hae le kepelo le tsoho ea hae bafung ka letsatsi la boraro, la 16 Nisane, 33 C.E. Hona ho etsahetse nakoana kamor’a ‘mahare a veke’ ha Jesu a etsoa sehlabelo sa topollo bakeng sa batho bohle.
14. Lipaki tsena tsa kajeno tse tsosolositsoeng, tsa kenngoa mafolofolo hape ke tsa sehlopha sefe se boletsoeng ho 1 Ba-Thessalonika 4:15-17, ’me ke joang seo Jesu a se bitsitseng “letsatsi la bofelo” e le “lehlohonolo” ho bona?
14 Mehleng ea kajeno, masala a tsosolositsoeng, a kentsoeng mafolofolo, a Baiseraele ba moea a ileng a nka mosebetsi oa bopaki hape selemo ka 1919 ke bao moapostola Pauluse a buileng ka bona e le “rōna ba tlang ho phela le ho salla ho tla ha Morena.” (1 Ba-Thess. 4:15) Ba ne ba lebelletse hore kamor’a ho qeta bopaki ba ho qetela ba ’Muso lefatšeng lohle, ba ne ba tla shoa ‘ba shoela ho Morena’ e bile e le mehleng ea hae ha a le teng. Lefu la bona le ‘letsatsing leo la bofelo’ leo ka lona, kamoo Jesu a boletseng, o ne a tla tsosa bafung barutuoa bao ba filoeng tokelo ho ja nama ea hae le ho noa mali a hae. Hona ho ba hlalosetsa ho “nkeloa sebakeng” ho ea mo khahlametsa, Morena oa bona, “sebakeng.” Tsoho ena ea ho panya ha leihlo ea bona ho ea bophelong ba leholimo ha e bonahale ho batho ba saletseng lefatšeng joalokaha eka e siretsoe ke “maru.” Ba “lehlohonolo” kannete, hobane ba “shoela moreneng ho tloha joale” nakong ‘ea ho ba teng’ ha Morena, ho sa hlokahale hore ba robale lefung ba lebelletse ho tla ha hae la bobeli.—Tšen. 14:13; Joh. 6:53, 54.
15. Ke basebetsi hammoho bafe ba morao tjena ba tla beng ba le teng ha masala a sa ntsaneng a phela a tloha bofelong ba “letsatsi la bofelo” ’me ena e ka ’na ea ipaka ho ba karohano ea mofuta ofe?
15 Bakreste ba bangata bao e leng metsoalle, “bongata bo boholo” ba bona, baa sala. ‘Nakong ena ea bofelo’ le nakong ea ‘ho ba teng ha Morena’ ho sa bonahaleng, ba fetohile ba sebetsang le masala a Baiseraele ba moea bopaking ba ho qetela ba ’Muso ho lichaba tsohle. “Bongata bo boholo” bona bo lebelletse ho phonyoha ‘mahlomola a maholo’ ao ho oona tsamaiso ena ea lefatše ea lintho e felang. (Tšen. 7:9, 14) Kahoo ba tla be ba le teng ha nako e thabisang e fihla hore ba ho qetela ho masala a Baiseraele ba moea ba ‘nkeloe sebakeng ho ea khahlametsa Morena.’ (1 Ba-Thess. 4:17) E tla ba lerato le lekaakang ho “bongata bo boholo” bo tla beng bo phela ka letsatsi leo la bofelo la tsoho ho lumelisa masala a saletseng ha ana a qetella tsela ea oona ea lefatšeng qetellong ea “letsatsi la bofelo”! (Joh. 6:53, 54) Ena mohlomong e ke ke ea e-ba karohano e bonolo, empa e ka tsamaea le ho fapanyetsana lerato ho tloha botebong ba pelo pakeng tsa ba tsamaeang le ba salang lefatšeng la paradeise. “Bongata bo boholo” bo ke ke ba hlola bo ba bona.
16. Le hoja e le ho lahleheloa ke botsoalle ba botho ba bo-mang, “bongata bo boholo” bo tla thabela ho amohela bafihli bafe lefatšeng la paradeise?
16 Le hoja ba lahleheloa ke setsoalle sa nama sa masala a tlotlisitsoeng, “bongata bo boholo” bo tla tšelisoa ke letšoele le se nang palo la baahi ba bacha ba lefatše la paradeise. Ke bafe bona baa, hona ba tsoa hokae? Bana ke batho ba bang ba lopolotsoeng ba tlang ho tsosoa lefatšeng la ‘sera sa morao,’ lefu la Adama. (1 Ba-Kor 15:26) E tla ba thabo e kaakang ho “bongata bo boholo” ho kopana le Jobo ea tsositsoeng, e, Abrahama, Isaaka, Jakobo, Johanne ea Kolobetsang, e, le bona bana ba banyenyane ba Bethlehema ba ileng ba romeloa sebakeng sa bafu ke sera sa bona, Heroda e Moholo! Hape e tla ba thabo e kaakang ho kopana le metsoalle e tsejoang, “linku tse ling” tsa Molisa ea Molemo tse sa kang tsa pholoha ‘mahlomola a maholo’ ’me tsa kena ka ho toba pusong ea lilemo tse 1 000 ea hae! (Tšen. 20:4, 6; Joh. 10:16) Na litho tsa masala a tlotsitsoeng tse phonyohang ‘mahlomola a maholo’ li tla phela ho fihlela Taolong e Ncha ho bona qaleho ea tsoho ea bafu ba lefatšeng ka ‘letsatsi la bona la bofelo.’ (Joh. 11:24) Mangolo ha a bontše hona ka tieo leha e le efe.
17. (a) Mabapi le ho kotuloa ha bafu ba lefatšeng, ba tsosoang ka nako eo e tla ba eng ha ba bapisoa le Kreste? (b) Le hoja ho sa hlokahale hore ba tsosoe lebitleng, “bongata bo boholo” bo tla tšoana le ba tsositsoeng ntlheng efe, ’me ke boemo bofe bo hlohonolofetseng bo tla busa qetellong ea puso ea Kreste ea lilemo tse sekete?
17 Batho ba tsositsoeng joalo ba tla kotuloa e le litholoana tsa morao, tseo Jesu ea tsositsoeng a fetohang ‘Kreste thakangoaha’ ho bona. (1 Ba-Kor. 15:20, 22, 23) Le hoja ba sa hloke ho tsoha lebitleng, “bongata bo boholo” bo pholohang bo tla itšoanela feela le bafu ba tsositsoeng, bo sa ntsane bo hloka melemo e tsoelang pele sehlabelong se phekolang sa Jesu Kreste. Liphello tsohle tsa lefu le futsitsoeng li tlameha ho tlosoa. Ho lehlohonolo, kannete, kamoo ho tla ba kateng bofelong ba puso ea Kreste ea lilemo tse 1 000, ha, lefu, ‘sera sa morao le felisoa’ bakeng sa batho bohle ba lopolotsoeng le ba mamelang, ho kopanyelletsa le “bongata ba boholo” ba baphonyohi ba mahlomola. Joale, ho loketseng ka ho fetisisa, Jehova Molimo e tla ba “tsohle ho bohle.”—1 Ba-Kor. 15:26, 28; Tšen. 1:18; 20:11-14.
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Ho amohela tsositsoeng Paradeiseng