Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 1/1 maq. 15-19
  • “Ba Shoetseng ho Kreste ba Tla Tšoha Pele”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ba Shoetseng ho Kreste ba Tla Tšoha Pele”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • SEO MORENA A THEOHANG LE SONA LEHOLIMONG
  • Tšepo ea Tsoho e na le Matla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • ‘Ho Nkeloa ho ea Kopana le Morena’—Joang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ho Phela Hona Joale ‘Letsatsing Leo la Bofelo’ la Tsoho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • ’Musa le Tšepo ea Tsoho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 1/1 maq. 15-19

“Ba Shoetseng ho Kreste ba Tla Tšoha Pele”

1. Ke hobane’ng ha ho hlokahala tsoho ea batho ba shoeleng haeba ba tla boela ba phele hape kae kapa kae, ’me Molimo o ile oa rala motheo joang oa tsoho ea bohlokoa?

EBE tšepo e ne e ka ba efe bakeng sa batho ba shoeleng hoja e se be ka tšepiso ea tsoho? Tsoho ea bafu e hlokahala joang kapa joang kaha moea oa motho oa shoa. Kahoo, ha ’mele o shoa o ke ke oa kena bophelong bo feletseng sebakeng se phahaphahameng lefatšeng le sa bonahaleng. (Ezek. 18:4, 20; Esa. 53:12) Hore batho ba shoeleng ba phele hape ho hlokahala hore tsoho e be teng. Ke ka baka leo Molimo o ileng oa bea motheo bakeng sa mohlolo o joalo hore o etsahale ka nako ea oona e loketseng. Ha o ne o tsosa Mora oa oona ea ikentseng sehlabelo bafung ka letsatsi la boraro, oa bula tsela ea hore Mora enoa ea tšoanelehang a nyolohele moo a neng a le teng pele, leholimong, Mora a tsamaea le molemo o feletseng o lopollang oa sehlabelo sa hae se phethahetseng sa botho. Jesu Kreste a ke ke a hlola a shoa hape. O neelane ka sehlabelo se le seng sa botho bakeng sa libe tsa batho e le sa ka ho sa feleng. Kahoo, ha a e-tla ka lekhetlo la bobeli, ha ho bolele ho tla talimana le lefu.—Ba-Heb. 9:28; Ba-Roma 6:9.

2. 1 Ba-Korinthe 15:22, 23 e bontša joang hore Molimo o boloka tatelano mabapi le tsoho?

2 Jehova Molimo o latela tatelano e itseng mabapi le tsoho ea bafu. Hona re ho hlokomelisoa ke moapostola Pauluse, eo ka boeena a ileng a bona khanya ea Jesu ea tsositsoeng ’me a buisana le eena. Lilemo tse ka bang 18 kamorao ho moo, Pauluse a ngolla phutheho ea Bokreste e Korinthe, Greece, ’me a hlahisa potso ena: “Ekare ha ho rutoa hore Kreste o tsohile bafung ana ba bang har’a lōna ba bolela joang hore tsoho ea bafu e sieo?” (1 Ba-Kor. 15:12) A latellisa potso ena, Pauluse a tsoela pele ho ntšetsa pele karabelo e bululetsoeng. Ha a tsoela pele, o re: “Hobane joale ka ha bohle ba e-shoa ka Adama, bohle le joale ba tla boela ba phele ka Kreste. Empa e mong le e mong o tla tsoha nakong eo e leng ea hae [“a tsohele sebakeng se mo loketseng.” The New English Bible]; thakangoaha ke Kreste; hamorao ke bao e leng ba Kreste; ba tla tsoha ho tleng ha hae.” (1 Ba-Kor. 15:22, 23) Ke Molimo feela o neng o ikarabella bakeng sa tsoho ea Jesu.

3. Jesu o bile ‘oa pele’ joang tabeng ea tsoho?

3 Jesu Kreste o ile a tsosoa ka la 16 Nisane, 33 C.E., letsatsi leo ka lona moprista e Moholo oa Bajode a neng a nyehela litholoana tsa pele tsa kotulo ea harese. Hona ho lumellana hantle le ho ba ha Jesu “thakangoaha” tsohong ea batho ba shoeleng. (1 Ba-Kor. 15:20) Hona ho beile Jesu Kreste “sebakeng” se ka pele. Joalokaha kotulong ea harese ea Sejode ho ne ho kotuloa tse ling hamorao, ka ho joalo ho tlameha ho be teng kotulo ea litholoana tse tlang hamorao tsohong ea bafu. Empa kaha Jesu Kreste ke eena ea sebakeng sa pele, Pauluse o mo bitsitse “letsibolo ho bafu, a tle a be le tulo ea pele nthong tsohle.”—Ba-Kol. 1:18

4. Tsoho ea batho ba pele ba shoeleng e ile ea tlameha ho emela ketsahalo efe ea molao e qalehe, ’me e qalile neng?

4 Ka lefu la hae la sehlabelo Jesu Kreste o ile a rekolla kapa a lopolla lelapa lohle la motho le shoang “ka ho Adama.” Kahoo, bohle ‘ke ba Kreste.’ Leha ho le joalo, le hona ho tsoha ha batho ba pele ba shoeleng ho tlameha ho ema ho fihlela ‘ho ba teng’ ha Jesu Kreste ho qaleha. Boteng bona ba molao bo qaleha ka ho tla ha hae ha bobeli. Ho latela “pontšo” eo Jesu a hlileng a e bolela hape le ho latela kamoo Bibele e lekanyetsang nako kateng, “boteng” ba hae bo sa bonahaleng, bo qalile hoetla ka 1914 C.E.—Matt. 24:3.a

5, 6. 1 Ba-Thessalonika 4:13-17 e bontša joang hore Molimo o tla boloka tatelano le ‘sebaka’ ho kotuleng ba shoang ka “Adama”?

5 Jehova Molimo o tla boloka tatelano le “sebaka” mabapi le tsoho ea bao ba shoang “ho Adama” ’me ba kotuloa e le litholoana tsa morao tsohong. E le ho tšelisa haholo-holo Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba hlomohile ke ba ‘ithobaletseng ba shoetseng ho Kreste,’ moapostola Pauluse o ngolile:

6 “Re fela re le bolella ka polelo ea Morena, hore, ha e le rōna ba tlang ho phela [Bakreste ba tsoetsoeng ka moea] le ho salla ho tla ha Morena, re ke ke ra raka [Bakreste ba tsoetsoeng ka moea] ba robetseng. Hobane Morena ka sebele o tla theoha leholimong ka mohoo, ka lentsoe la arekangeloi, le ka terompeta ea Molimo, ’me ba shoetseng ho Kreste ba tla tsoha pele. Ebe moo, rōna ba phelang, ba saletseng nakong eo, re nkeloang marung hammoho le bona, ho ea khahlanyetsa Morena sebakeng; ’me ka mokhoa o joalo, re tla ba le Morena ka mehla.”—1 Ba-Thess. 4:13-17.

7. Pauluse o ne a bua ka bafu bafe ba khethehileng moo, ’me Tšenolo 14:12, 13 e supa nako e khethehileng joang bakeng sa bona hore ba tsosoe?

7 Mona moapostola Pauluse ha a bue ka bafu ba batho ka kakaretso, empa ka ba ‘ithobaletseng lefung’ ho Kreste, “ba shoetseng ho Kreste.” Bukeng ea ho qetela ea Bibele moapostola Johanne o bua ho hong ka nako ea ha Bakreste ba shoeleng joalo ba tla tsosoa borokong ba bona ba lefu. Ho Tšenolo 14:12, 13 Johanne oa ngola: “Ke moo [mabapi le phutheho ea lefatše bakeng sa khotso le tšireletseho lichabeng tsohle] ho tla bonahala mamello ea bahalaleli, e leng ba bolokang litaelo tsa Molimo le tumelo ea bona ho Jesu. Eaba ke utloa lentsoe le tsoang leholimong, le re ho ’na: Ngola: Ho lehlohonolo bafu ba shoelang Moreneng ho tloha joale! Moea o re: E, hoba ba ea phomola mesebetsing ea bona; hobane mesebetsi ea bona ea ba latela.” Kahoo, he, ke ho tloha neng e tlang ho ba “ho tloha joale”?

8. Ke hobane’ng ha “ho tloha joale” ho ne ho tla bolela nakong ea ho ba teng ha Morena ka moea, ’me na ho shoa ha bona ka nako eo ho felisa mesebetsi ea bona?

8 Leseling la se ngoloang ke moapostola Pauluse ho 1 Ba-Thessalonika 4:16, 17, e tlameha e be ‘ho beng teng’ ha Kreste Jesu, e seng pele ho qaleha, empa kamorao ho hona. Le nakong ea ha a se a le teng ka ho sa bonahaleng moeeng ho tla ba teng Bakreste ba tsoetsoeng ka moea lefatšeng ba tla ‘shoela Moreneng.’ Bana ba lokela ho ba “lehlohonolo” ka mokhoa o khethehileng ha ba shoa nakong ea ‘ho ba teng’ ha hae. Lefu la bona ha le khaoletse ‘mesebetsi’ ea bona, ka nako leha e le efe. Hobane’ng? Hobane “mesebetsi ea bona ea ba latela.”

9. Ke hobane’ng, he, ha “bahalaleli” ba shoang ka nako eo ba le ‘lehlohonolo” ho ea ka Tšenolo 14:13?

9 Hona ho hloka hore tšebetso e isoe sebakeng se seng, ho tloha mesebetsing e etsoang nameng lefatšeng, ho isa mesebetsing e etsoang moeeng sebakeng sa leholimo. Ka ba “shoelang Moreneng,” moapostola Pauluse o re: “Ho tla ba joalo le tsohong ea bafu. ’Mele o jalloa ho boleng, o tla tsohela ho se bole; o jaloa e le ntho e nyatsuoang, o tla tsoha o khanya; o jaloa o fokotse, o tla tsoha o le matla; o jaloa e le ’mele oa nama, o tla tsoha e le ’mele oa moea. ’Mele oa nama o teng, le ’mele oa moea o teng.” (1 Ba-Kor. 15:42-44) Kahoo bana ba “lehlohonolo” ba tsositsoeng ba latela “mesebetsi” ea bona ea lefatšeng ka mesebetsi ea ’mele ea moea sebakeng sa moea. Ha ho hlokahale hore ba robale lefung ba emetse ho ba teng ha Kreste.

SEO MORENA A THEOHANG LE SONA LEHOLIMONG

10. Morena Jesu Kreste o tla theoha le eng leholimong nakong ea ho tsosa barutuoa ba hae ba tsoetsoeng ka moea?

10 Moapostola Pauluse o re bolella se felehetsang Morena ha a theoha ka moea leholimong, a re: “Ha e le rōna ba tlang ho phela le ho salla ho tla ha morena, [ho fumaneng tsoho ea moea] re ke ke ra raka ba robetseng. Hobane Morena ka sebele o tla theoha leholimong ka mohoo, ka lentsoe la arekangeloi, le ka terompeta ea Molimo, ’me ba shoetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.”—1 Ba-Thess. 4:15, 16.

11. Ke bo-mang ba utloang “mohoo” o laelang oa Morena Jesu Kreste ha a theoha leholimong ’me ba mamela?

11 Ke bo-mang ba utloang “mohoo” oo ka oona Morena Jesu Kreste a theohang setulong sa hae sa leholimo ka oona ka letsohong le letona la Molimo? Ka ho totobetseng ke Bakreste ba tsoetsoeng ka moea bao, ho tla fihlela ka nako eo, ba ‘shoetseng Moreneng.’ Rea tseba hore ha ho motho lea mong ea phelang lefatšeng eo ka ho toba a kileng a utloa lentsoe la hae ha e sa le a nyoloha ka moea, ke hore, ha e sa le a ‘le teng’ ka ho sa bonahaleng, ho tloha hoetla ka 1914. Empa “ba shoetseng ho Kreste” ba ile ba mo utloa ba mo mamela.

12. (a) “Letsatsi la bofelo” leo Jesu a buileng ka lona ho Johanne 6:53, 54 le qalile neng, ’me barutuoa bana ba kena “bophelong bo sa feleng” joang? (b) Lena le fapana le ‘letsatsi le leng lefe la bofelo’?

12 Bao ba tsositsoeng ke Jesu Kreste ke ba barutuoa bao ka bona a itseng: “Ha le sa je nama ea Mor’a motho, le sa noe mali a hae, le ke ke la ba le bophelo ka ho lōna. Ea jang nama ea ka, le ho noa mali a ka, o na le bophelo bo sa feleng [ho tloha nakong eo a tsosoang bafung ka eona]; ’me ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo.” (Joh. 6:53, 54) Ka ‘letsatsi leo la bofelo’ matla a teng ‘mohoong’ oa hae o laelang oa ho tsosa borokong ba lefu barutuoa ba hae ba nkileng kabelo tokelong ena e khethehileng mabapi le nama ea hae le mali. Bakeng sa Bakreste ba filoeng tokelo joalo “letsatsi la bofelo” le qala ha ba kena ‘bophelong bo sa feleng’ leholimong ka hore ba tsosoe ka “’mele oa moea” o kang oa Kreste. Kaha ‘letsatsi lena la bofelo’ le sebetsa tsohong ea Bakreste ba tšepahalang ba tsoetsoeng ka moea ba nang le tšepo ea leholimo, le fapana le ‘letsatsi la bofelo’ leo Maretha oa Bethania a neng a le hopotse, hobane ka nako eo o ne a sa tsebe letho ho hang ka tsoho ea moea ho ea leholimong.

13. (a) Ke lentsoe la mang leo “ba shoetseng ho Kreste” ba le utloang, ’me “arekangeloi” ke mang? (b) Ke bopaki bofe ba Mangolo boo re nang le bona bakeng sa hona?

13 Morena ea tlotlisitsoeng Jesu Kreste o theoha hape ka “lentsoe la arekangeloi.” Lena ke lentsoe la hae. Ke eena “arekangeloi.” Setšoantšong sa hae sa linku le lipoli Jesu o ipoletse e le ea boemong bona ba arekangeloi ha a re: “Mohla Mor’a motho a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae, mangeloi a e-na le eena kaofela, ke moo a tla lula teroneng ea khanya ea hae. Lichaba tsohle li tla bokelloa pel’a hae.” (Matt. 25:31, 32) Boemong ba hae ba pele e e-ba motho leholimong lebitso la hae e ne e le Mikaele. Ha ho pelaelo ka hore ke eena ea neng a boleloa boprofeteng ba pele ho Bokreste ba Daniele 12:1, 2: “Mehleng eo, Mikaele, khosana eo e kholo, e emelang bara ba sechaba sa heno [Daniele], o tla hlaha ’me matsatsi a matsoalo a tla ba teng, ao a joalo a e-song ho be teng e sa le lichaba li hlaha, ho tla fihla nakong eo; empa mehleng eona eo, sechaba sa heno se tla bolokeha, e leng bohle ba ngoliloeng bukeng. Ba bangata ho ba robetseng leroleng la lefatše ba tla tsoha, ba bang ba tsohele bophelo bo sa feleng, ba bang ba tsohele lihlong le sekhobo se sa feleng.”

14. Tšenolo 12:7 e fana ka lebitso la arekangeloi e le lefe, ’me Juda 9 e supa ka tsekisano efe ea nakong e fetileng ea eo?

14 Hape, Tšenolo 12:7 e bontša mangeloi a le tlas’a Mikaele, e re: “Mikaele le mangeloi a hae [e seng Bakreste ba tsoetsoeng ka moea ba tsositsoeng] a mo loantša.’ Ho feta moo, Juda 9 e bua ka eena e le arekangeloi, e re: “Arekangeloi Mikaele, ha a ne a tseka setopo sa Moshe le Diabolose.” Diabolose ha a ka a fumana setopo.

15. Satane Diabolose o ile a tsoella joang ntoeng le arekangeloi Mikaele, ’me na a ka thibela ho tsoha ha barutuoa ba Kreste le ho nyolohela ha bona leholimong ho ea ba le Jesu Kreste?

15 Ka nako ena eohle tlhōlisanong e lilemo-lemo Satane Diabolose o ’nile a hlōloa. Ntoeng ea leholimong o ile a hlōloa ’me eena le mangeloi a hae a bademona ba ile ba liheloa sebakeng sa lefatše la rōna, ha arekangeloi Mikaele, e leng, Morena Jesu Kreste, le mangeloi a hae ba ile ba lula ba hlōtse maholimong. Kaha Jesu Kreste ea hlōtseng o sebelisa “lentsoe la arekangeloi” ha a laela ba shoetseng ho Kreste hore ba tsohe “mohoo” oa hae o laelang o na le matla a maholoanyane le phello e kholo. Ho feta moo, Satane Diabolose ea hlōtsoeng a ke ke a ba le matla a lekaneng ho thibela tsoho ea moea ea ba shoetseng ho Kreste ’me a ke ke a tseba ho thibela ho kena ha bona sebakeng sa moea leha e le hona ho nyolohela ha bona leholimong ho ba le Jesu Kreste ea hlōtseng.

16. Ke ka morero ofe “terompeta ea Molimo” e utloahalang nakong ea ho theoha ha Morena leholimong, ’me ke bo-mang ba tla e arabela pele?

16 Ntho e ’ngoe e felehetsang ho theohela ha Kreste a e-tsoa leholimong ke molumo oa “terompeta ea Molimo.” (1 Ba-Thess. 4:16) Terompeta ntlheng ena hase letšoao la ho ea ntoeng la ho bokella makhotla hore a ka loana ’me a bolaea sera. Ho e-na le hoo, ho luma ha “terompeta ea Molimo” ke ha khotso bakeng sa ho bokella batho ba Jehova, joalokaha ho ne ho letsoa literompeta tse peli tsa silevera mehleng ea Moshe ho phutha meloko e 12 ea Iseraele. (Num. 10:1-10) Kae-kae hape ho 1 Ba-Korinthe 15:52, moapostola Pauluse o amahanya pokello e tsosang joalo ea “terompeta” le ho tsoha ha bafu ba Bakreste, ha a re: “Ka terompeta ea morao; hobane terompeta e tla lla, ’me bafu ba tla tsoha, ba se ke ba boela ba bola ’me le rōna re tla fetoha.” Ke bo-mang ba pele ba tla arabela ‘terompeta eo ea morao,’ ha eona, joaloka “terompeta ea Molimo” e lumela hore ho bokelloe bafu hore ba khutlele bophelong? Karabelong, 1 Ba-Thessalonika 4:16, e re: “’Me ba shoetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.”

17. Ke hobane’ng ha tsoho ea ba “shoetseng ho Kreste” e sa bonahale mahlong a batho?

17 Leha ho le joalo, ho tsoha ha “ba shoetseng ho Kreste” ha ho bonahale mahlong a batho ba lefatšeng. Hobane’ng? Hobane ba hlohonolofalitsoe ka tsoho ea moea, e mong le e mong a ‘tsosoa ka ’mele oa moea.’ (1 Ba-Kor. 15:44) Kaha mahlo a batho ha a matla a lekaneng hore a ka bona ’mele oa moea, ho tsoha ha ‘Kreste ea shoeleng’ ha ho bonahale mahlong a batho. Ke ka baka leo, ho tloha ‘ho beng teng’ ha Kreste, ho tloha ka 1914 ho ea pele, batho ha baa mo bona leha e le hore ba kile ba lemoha tsoho ea barutuoa ba hae.

18, 19. (a) Ka se boletsoeng ke Pauluse ho 1 Ba-Thessalonika 4:17, na o ne a bolela hore Bakreste bao ba ke ke ba shoa pele ba ‘nkuoa’? (b) Ke ka kutloisiso efe, he, ba nkuoang, ’me ke ka ’mele efe ba nyolohang ho ea khahlametsa Morena ka nyakallo?

18 Moapostola Pauluse o ipolela joaloka ea phelang lefatšeng ho fihlela ketsahalong eo ea thabo bakeng sa Bakreste ba tsoetsoeng ka moea, ha a re: “Ebe moo, rōna ba phelang, ba saletseng nakong eo, re nkeloang marung hammoho le bona, ho ea khahlanyetsa Morena sebakeng; ’me ka mokhoa o joalo, re tla ba le Morena ka mehla.”—1 Ba-Thess. 4:17.

19 Moapostola Pauluse mona o ne a sa bolele hore Bakreste ba tsoetsoeng ka moea joaloka eena ba ne ba sa tl’o shoa empa ba “nkeloe” ka ’mele oa nama le tsohle, sebakeng har’a maru a sebele. Pauluse o ile a shoa. Bakreste ba tsoetsoeng ka moea kajeno ba phetseng ‘ho beng teng’ ha Kreste le bona ba tlameha ho shoa. Ho tšoana le lipeō tse jetsoeng mobung, e mong le e mong ba tlameha ho ‘jaloa e le ’mele oa nama’ ka ho shoa lefu la batho. (1 Ba-Kor. 15:44) Ke joang, he, ba “nkeloang marung” hammoho le “ba shoetseng ho Kreste” ba tsositsoeng pele? Ka tsela ena: Ha ba jaloa e le ’mele oa nama, ha ba kene borokong ba lefu. Ka ho panya ha leihlo feela ba fihlela tsoho ea moea, ba sia ’mele ea bona ea nama mona lefatšeng ’me ba tsosoa e le “’mele ea moea.” Ke ka ’mele ea bona ea moea ba nyolohelang ho ea khahlametsa Morena oa bona oa leholimo. Ka mabaka ana ba ka nkoa e le ba “lehlohonolo” ka ho khethehileng ho ea ka Tšenolo 14:13.

20. Ke ka ‘maru’ a mofuta ofe ba phelang, Bakreste ba ntseng ba phela ba ‘nkuoang,’ ’me le ho supa eng ka ho nyoloha ha bona?

20 Leha ho le joalo, ho nkeloa ha bona “sebakeng” ho tla bolela eng? Koana, maru a fofa sebakeng holimo ’me a bontša bophahamo. Hape a patela rōna ba lefatšeng hore na ke eng e ka har’a oona kapa ka holim’a oona. ’Mele ea moea ha e hloke maru a rōna a sebele-bele hore re se ke ra e bona. Kahoo ho boleloang ho 1 Ba-Thessalonika 4:17 ke maru a tšoantšetso, ao, kamoo ho leng kateng, a patelang lefatše hore le ka bona ho nkuoa ha Bakreste ba tsositsoeng ho khahlametsa Morena oa bona ea phahamiselitsoeng holimo. A re ke re hopoleng kamoo, ka letsatsi la mashome a mane hoba a tsohe, Jesu Kreste a ileng a nyolohela hape leholimong ’me, nyolohelong ea hae, “leru la mo tlosa mahlong a [barutuoa ba shebeIletseng].”—Lik. 1:9.

21. Na ho theoha ha Morena leholimong ho felella ka ho kopana ha hae ho tobileng le ha botho le lefatše la rōna, ’me “letsatsi la bofelo” leo a tsosang barutuoa ba hae ba tsoetsoeng ka moea le felella neng?

21 Hona ho ne ho pakahatsa eng? Hona: Morena Jesu Kreste ea theohang ha a kopane ka ho toba le lefatše la rōna. Maru, ao Bakreste ba tsositsoeng ho tšoantšetsoang e le ao ba khahlametsang Morena oa bona oa leholimo ho oona, a leketlile ka holimo ho lefatše sebakeng se hole. Ho feta moo, ke “sebakeng” moo Bakreste ba tsositsoeng ba khahlametsang Morena oa bona, e seng tlase mona lerōleng, leha e le Jerusalema, Thabeng ea Mehloare kapa sebakeng leha e le sefe se lefatšeng la rona. Ho feta moo, “letsatsi la bofelo” leo ho nkuoa hona ho etsahalang ka lona hase letsatsi la lefatšeng la lihora tse 24. Ke sebaka sa nako se felellang ha oa ho qetella oa Bakreste ba tsoetsoeng ka moea ba kopanelang “tsohong ea pele” a tsosetsoa bophelong ba leholimo. (Tšen. 20:4, 6; Joh. 6:54) Ho phethahala ha boprofeta ba Bibele ho supa hore re se re ntse re phela hona ‘letsatsing leo la bofelo.’

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Our Incoming World Government—God’s Kingdom, khaoh. 9.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela