Bojakane bo ke ke ba Pholoha Hobane’ng
“Bonang, ba khesitse lentsoe la Jehova, ba na le bohlale bofe? . . . moprofeta le moprista e mong le e mong o etsa bohata.”—Jer. 8:9, 10.
1. Ke hobane’ng ha ho sa makatse ha Jerusalema e tla ipakahatsa e le masoabi joaloka moemeli oa khotso?
JERUSALEMA ea kajeno, motse oa bohlokoa oa litumelo tse tharo tse khōlō tsa lefatše lena, ho boetse ho bonahala e phetha karolo ea lefatše. Na e sa tla ipakahatsa hape e le motse oa Morena oa Khotso? Na e sa tla ipakahatsa hape e le tšusumetso ea bohlokoa bakeng sa ho theoa ha khotso ea lefatše? Ntlheng tsena e tla ipakahatsa e le masoabi ho ba e nkileng e le ea bohlokoa haholo bolumeling. Hona ha hoa lokela ho re makatsa, hobane le eona Jerusalema ea boholo-holo e ile ea soetsa oona Molimo oo tempele ea oona e khanyang e neng e le bophahamo ba Thaba ea Moria, le leng la maralla a eona a tumileng.
2. (a) Re ka sitoa ho fumana eng ka ho mamela liboholi tsa Bojakane? (b) Jehova o hlahisitse eng ho lemosa Bojakane?
2 Rōna re se be har’a bao kajeno ba nkileng tsela e isang masoabing a ke keng a qojoa. Bojakane, bo beileng tšepo e khōlō ho Jerusalema ea kajeno, ke ka nako e telele bo bileng le lentsoe le laelang litabeng tsa bolumeli le bopolotiki. Ho sa tsotellehe botumo ba bona, re ka sitoa ho fumana bophelo bo sa feleng boo re bo laba-labelang hakana, haeba re mamela se boleloang ke liboholi tsa bona mehleng ena e thata ka ho fetisisa paleng eohle ea motho. Ho ea ka Lentsoe le sa foseng la Molimo oo Bojakane bo ipolelang hore boa o rapela, tsamaiso eo ea Bokreste-ka-lebitso, e ahlotsoe, joalokaha ho bile joalo ka Jerusalema ea mehleng ea moprofeta Jeremia. (Jer. 6:1-8) Ka batho ba ineetseng ho Molimo ka botlalo joalokaha ho ne ho le joalo ka Jeremia, Bojakane bo lemositsoe ka ho tšoanelehang ka timetso e tiileng e bo emetseng. E, ho tšoana le mehleng ea ho qetela ea Jerusalema mehleng ea Jeremia, Jehova Molimo o hlahisitse lipaki tsa hae tse tlotsitsoeng hore e be sehlopha sa kajeno sa Jeremia. (2 Likron. 36:15, 16) Nako le nako, ho litho tsa likereke tsa Bojakane, Jehova o rōmetse lipaki tsena tsa Bakreste tsa hae, eena, kamoo ho leng kateng, ‘a ntse a tsoha e sa le hosasa-sasa ka tsatsi le leng le le leng, ’me a ba roma.’ (Jer. 7:25, 13) Empa ho se molemo oa letho!
3. “Baprofeta” le “baprista” ba Bojakane ba latetse mohlala oa boitšoaro bofe temosong e joala?
3 Leha ho le joalo, “baprofeta” ba Bojakane le “baprista” ba hanne ho ela hloko. Ha ba batle ha “mehlape” ea bona e tšoenngoa. Kahoo ba e tiisetsa mashano a etselletsang boprofeta ba Molimo. Ho bile joalo le mehleng ea Jeremia. Ho bile joalo le mehleng ea baapostola ba Kreste. (Jer. 5:20, 21; Matt. 13:13-15; Lik. 28: 25-27) Na re rata ho tšoana le batho bao ba khelositsoeng ebe ha re ele hloko? Che!
TŠEPO E BEILOENG HOSELE SEROALENG SA BOLUMELI
4, 5. (a) Batho ba Bojakane ba beile tšepo mehahong ea mofuta ofe kajeno? (b) Jeremia o hlalosa batho ba entseng phoso e joalo mehleng ea hae joang?
4 Ba limillione kajeno ba beile tšepo ea bona meahong e ahlotsoeng ea bolumeli. Baruti ba Bojakane ba susumelletsa litho tsa likereke tsa bona ho etsa joalo. Batho ba Jerusalema le ba naha ea Juda ba entse phoso e joalo mehleng ea Jeremia. Ha re rate ho ba etsisa. Jeremia o ile a laeloa ke Jehova hore a eme monyakong oa tempele e Jerusalema ’me a bolele pontšeng ho ba tlang moo, a re:
5 “Le se ke la itšepela lipolelong tseo tsa lefeela tse reng: Tempele ea Jehova, tempele ea Jehova, tempele ea Jehova ke eona eo! . . . Bonang, le ntse le itšepetse lipolelong tsa lefeela tse sa thuseng letho. Le re’ng? le re, ho utsoa, ho bolaea, ho feba, ho ana ka leshano, ho chesetsa Baale libano, le ho tsamaela melimo esele eo le sa e tsebeng, le ka etsa tseo; le ntano tla, le eme pel’a ka ka tlung ena, eo lebitso la ka le bitsoang ho eona, ’me le re: Re namoletsoe! athe ke hore ho etsoe manyala ao kaofela na? Ntlo ena, eo lebitso la ka le bitsoang ho eona, na ke lehaha la masholu mahlong a lōna na? Bonang, le ’na ke se ke bone, ho bolela Jehova.”—Jer. 7:4-11.
6. Ke nakong ea ketso efe Jesu a ileng a sebelisa mokhoa oa puo oa Jeremia mabapi le tempele ea Jerusalema?
6 Jeremia ha a ka a neoa matla a ho hloekisa tempele lintho tsohle tse litšila tse neng li beiloe moo ke ba neng ba tsoakile borapeli ba Jehova le borapeli ba bohetene ba lintšoantšo. (Jer. 7:30, 31) Empa ho e ka bang lilemo tse fetang 630 hoba tempele eo e timetsoe Jesu Kreste, e le Mora oa Molimo, a hloekisa tempele e tsosolositsoeng ea Jerusalema ka makhetlo a mabeli. Ha a etsa joalo, Jesu a sebelisa mokhoa oa puo oa Jeremia. Rea bala: “Jesu a kena tempeleng ea Molimo; a lelekela ntle bohle ba bapatsang le ba rekang ka tempeleng; a liha litafole tsa ba ananyang lichelete, le litulo tsa ba bapatsang ka maeba. A re ho bona: Ho ngoliloe, ho thoe: Ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo, athe lōna, le e entse lehaha la masholu.” (Matt. 21:12, 13; bona hape Johanne 2:15, 16.) Tempele eo e silafetseng e ile ea timetsoa ka 70 C.E.
7. (a) Nakong eona eo balumeli ba Bojakane ba ntšetsang pele borapeli ba bona, ba fetola mohaho oa bona oa bolumeli eng? (b) Ba bitsa Jesu Kreste eng, empa o tla ba bitsa eng?
7 Haholo-holo ho tloha ka 1919 C.E. sehlopha sa kajeno sa Jeremia se ’nile sa hlokomelisa lefatše ka boemo bo silafetseng ba Bojakane. Nakong eo ka eona litho tsa likereke li nkileng karolo tsamaisong ena ea lintho ea Bokreste-ka-lebitso, li bile li nkile karolo ‘ho utsoeng, ho bolaeeng le ho febeng le ho hlapanyeng ka leshano.’ Ka bolumeli li etsetsa melimo e meng mahlabelo (bo-Baale, Marena) li tlatselletsa le ka Morena Jesu Kreste. Linthong tse bonahalang ba fetolela mehaho ea bona ea bolumeli ho e etsa “lehaha la masholu.” (Jer. 7:9-11) Ho sa tsotellehe lintho tsena tsohle tse nyonyehang ho Jehova, balumeli ba Bojakane ba sebeletsa Jesu Kreste ka molomo ’me ba mo bitsa “Morena.” Ba nahana hore ka ho etsa sena ntho e ’ngoe le e ’ngoe e itoketse le hore borapeli ba bona boa amoheleha ho Molimo le Kreste. Empa Jesu Kreste o tla ba makatsa ka ho ba bitsa “ba etsang bokhopo,” hobane ha ba etse thato ea Ntat’ae.—Matt. 7:21-23.
8. Ke hobane’ng ha balumeli ba Bojakane ba lumela hore mehaho ea bona ea bolumeli e na le bophelo bo sireletsehileng?
8 Ho tšoana le Baiseraele bao Jeremia a ileng a ba bolella molaetsa oa Jehova, balumeli ba Bojakane ba talima “tempele” ea bona, eo ba bitsang lebitso la Kreste ho eona, joalokaha eka ke seroala se sireletsang koluoa e matsohong a Molimo. Ba supa mehaho ea bona ea Bokreste-ka-lebitso ’me ba re: “Tempele ea Jehova ke eona eo!” (Jer. 7:4) Kereke ea Roma e K’hatholike e ipolela hore ke ea boapostola ka ho haha letoto la bahlahlami ba baapostola ho theosa ho ea fihla morao ho baapostola ba leshome le metso e ’meli ba Kreste. Kereke ea Chache ea Brithani le eona e etsa ka ho tšoanang ka “babishopo” ba eona. Bapatriareka ba Likereke tse Hlophisitsoeng tsa Bochabela ba itšetlehile ka letoto la boinahanelo la babishopo ba tsona ba hlahlamanngoang ho fihlela morao ho baapostola ba leshome le metso e ’meli bao, kamoo ba pheang khang, ba bileng le bahlahlami ba baapostola. Bopapa ba Roma bo bolela hore bo theiloe ho moapostola Petrose e le “lejoe leo” ’me kahoo “likhoro tsa lihele” li ke ke tsa bo hlola. (Matt. 16:18, 19, Douay) Ka baka la boipolelo boo ho thoeng bo tsoela pele ho tloha mehleng ea Kreste, ba nka hore Bojakane bo na le bophelo ba mahlohonolo, bo sirelelitsoeng timetsong.
9, 10. (a) Ke potso efe e hlahisoang ka barapeli ba tšepileng ‘bophelo bo sirelelitsoeng’ ba Bojakane? (b) Jehova o ile a bolella Jeremia hore a re’ng ho Bajode ba neng ba tšepile tempele ea bona?
9 Leha ho le joalo, haeba motho a bea tšepo ea hae bophelong ba Bojakane ba ‘mahlohonolo,’ na hona ho tiisa hore o sirelelitsoe tlokotsing le ho timetsoa le bona? Moapostola Pauluse o lemosa hore “mehleng ea qetello” batho ba tla ba “le sebopeho sa borapeli, empa e le ba latotseng matla a jona,” a phaella, “le ba joalo u ba furalle.” (2 Tim. 3:1-5) Kahoo, he, ha motho a tsoela pele ka mekhoa ka tlung e ipolelang hore e ineetse ho Molimo empa ka nako eona eo e silafalitsoe ke motsoako oa bolumeli ba bohata le bolefatše, na hona ho tiisa hore o tla sireletsoa ha ka ho loka Molimo o bontša ho se thabe? Ebe Jehova o boleletse Jeremia eng hore a e bolelle Baiseraele ba neng ba tšepile “tempele” ea bona? Mamela:
10 “Le mpe le ee leahong la ka le neng le le Silo [ho ka etsang lik’hilomithara tse 32 ka leboea ho Jerusalema], moo ke neng ke beile lebitso la ka pele, ’me le bone seo ke se entseng ho lona ka baka la bolotsana ba sechaba sa ka sa Iseraele. Joale, ka baka la hobane le entse tseo tsohle, ho bolela Jehova, ’me nkile ka ’na ka bua ho lōna, ke ntse ke tsoha e sa le hosasa-sasa, empa ha lea ka la ’mamela; ’me nkile ka bitsa ho lōna, empa ha lea ka la araba; ka baka leo, ke ea etsa ntlo eo lebitso la ka le bitsoang ho eona, eo le itšepetseng eona, le leaho leo ke le neileng lona le bo-ntat’a lōna, joale ka ha ke setse ke entse Silo; ke le lahle, le tle le tlosoe pel’a ka, joale ka ha ke setse ke lahlile banab’abo lōna bohle, e leng leloko la Efraime kaofela.”—Jer. 7:12-15.
11. Mehleng ea Samuele, ho ile ha etsahala eng Shilo e ileng ea nyarosa tšeponyana ea bolumeli ea Baiseraele?
11 Se ileng sa etsahalla Shilo mehleng ea moprofeta e monyenyane Samuele se ile sa nyarosa tšeponyana eohle ea bolumeli ea Baiseraele. Ba ne ba tšepile areka e halalelang ea selekane hore e ba boloke hore ba ka hlōloa matsohong a Bafilista. Eaba kahoo e ntšoa ka sehalalelisisong sa tabernakele e neng e le Shilo, ’me baprista ba tlōlang molao, bara ba moprista e moholo Eli, ba e isa ntoeng. Empa Areka ea se ke ea ba sireletsa liphellong tsa ho tlōla ha bona molao oa Jehova. Jo, Areka ea oela matsohong a Bafilista ba bahetene, bara ba Eli ba baprista, Hofni le Finease ba bolaoa, ’me, ha a fumana molaetsa o bohloko, moprista e moholo ea nonneng EIi a oa ka sanketse, a robeha molala ’me a shoa. Baiseraele ba tsoella pele ba hatelletsoe ke Bafilista, ’me ha ho mohla Areka, tšoantšetso ea boteng ba Jehova, e kileng ea khutlela sebakeng sa eona tabernakeleng e halalelang Shilo, le hoja Bafilista ba fumaneng kotlo, ba rapelang litšoantšo ba ile ba e khutlisa.—1 Sam. 3:1 ho ea ho 7:2.
12. Jehova o ile a tšoara Jerusalema le naha ea Juda joang joalokaha a ne a ile a tšoara Shilo e neng e ile ea rateha ka nako e ’ngoe?
12 Ka Jeremia, Jehova a lemosa hore o tla etsa ho tšoanang ka Jerusalema joalokaha a kile a etsa ka Shilo e neng e rateha peleng. Eaba o lumella Bababylona hore ba timetse Jerusalema ka 607 B.C.E. Le eona tempele e neng e hahiloe ke Morena Salomone le e neng e kentse areka ea selekane ea qhaqhoa. Areka ka boeona ea nyamela paleng eohle, ho fihlela kajeno ho sa tsejoe moo e teng. Hoba Shilo e oeloe ke koluoa, Bafilista ba tlohella Baiseraele hore ba lule moo. Empa kamor’a hore Babylona ba timetse Jerusalema le tempele ea eona, ba isa Bajode ba bangata ba pholohileng Babylona e hole. Bajode ba seng bakae ba ileng ba sala ba qetella ba tsoile naheng ke ho tšaba me ba balehela Egepeta. Hona ha sia naha eohle ea Juda e se na baahi. Kahoo Jehova a leleka Bajode bao ba robang selekane mahlong a hae!
13. Ke thuto efe eo re lokelang ho ithuta eona tabeng eo ea tšepo e beiloeng hosele?
13 Ha rōna kajeno re ke re ithute ho hong mona. A re se ke ra bea tšepo ea rōna ho seo baruti ba Bojakane ba nahanang hore se tla sebeletsa e le seroala sa bolumeli ho bo sireletsa hore bo ka felisoa. ‘Mahlomola a maholo’ a atametseng ho bo oela holimo a tla ba mabe ho feta a ileng a nka Jerusalema le tempele ea eona lilemo tse 37 hoba Jesu a hloekise tempele ha e ne e fetotsoe “lehaha la masholu,” tempele e silafetseng ea Jerusalema.—Matt. 24:1, 2, 21, 22.
HO TLOHA BOHLOEKING BA BOLUMELI HO EA LITŠILENG
14. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho rapella ho bolokoa ha Bojakane ho Molimo?
14 Ha ho morati lea mong oa ’nete oa Molimo oa Bibele ea tla rapella hore ntho e makatsang joalo e se oele Bojakane. Jehova Molimo o ile a laela moprofeta oa hae Jeremia hore a se ke a rapella Jerusalema le tempele ea eona e silafetseng hore e ka bolokoa kahlolong ea bohale ba Hae bo lokileng. Setšoantšo sa Jerusalema sa kajeno, Bojakane, se ipakile se ke ke sa lokisoa. Kamorao ho lilemo tsena tsohle tseo Jehova a ’nileng a rōma lipaki tsa hae tsa Bakreste ho lemosa batho ba Bojakane, bo tsoela pele ka bobe ba bona ho isa moo bo ke keng ba tšoareloa.—Jer. 7:18-26; 5:7-9.
15, 16. (a) Ke ka baka la tsela efe ea boitšoaro Bojakane bo sa lokeloeng ke ho utloeloa bohloko? (b) Ha a fana ka papiso ea sena, Jehova o itse’ng ho Jeremia 7:30, 31?
15 Ha rea lokela ho qenehela Bojakane hobane ho timetsoa ha bona ho tla ama bophelo bo bongata hakana ba batho. Tsela ea bona e tliselitse Molimo thohako e khōlō. Ke hobane’ng ha re ke ke ra qala pele ka ho nahana ka oona? Ke oa bohlokoa ho feta libopuoa tsohle tse batho. Nahana kamoo Bojakane ka litho tsa bona tse makholo a limillione tsa kereke bo tliselitseng lebitso la oona lihlong ’me bo hlorisitse lipaki tse tšepahalang tsa oona tse bolelang litemoso tsa oona le likeletso tse pholosang bophelo. Na re na le kutloelo-bohloko e kholoanyane bakeng sa batho ba sa utloeng le ba sa eleng hloko ho feta lebitso la Molimo o Holimo-limo? Ke ’nete, ho timela ha bona le Bojakane ke ho bohloko, empa tsela ea bona ea hona joale ea boitšoaro bo lihlong ba bolumeli ha se e ka lleloang ho hang. Papisong ea sena, Jehova o itse:
16 “Hobane bana ba Juda ba entse bobe pel’a ka, ho bolela Jehova, ba beile manyala a bona ka tlung eo lebitso la ka le bitsoang ho eona, ba tle ba e silafatse. Ba hahile linqalo tse liphahameng tsa Tofethe, khohlong ea mor’a Hinnome [ka ntle ho lerako le ka boroa la Jerusalema], ho chesa [eng?] bara ba bona le barali ba bona mollong, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, ’me ha sea ka sa hlaha pelong ea ka.”—Jer. 7:30, 31; hlokomela Levitike 18:21; 20:2-5.
17. (a) Ke potso efe e hlahang ka kutloelo bohloko ka mahlabelo a batho le batsoali ba neng ba a nyehela? (b) Ke mang ea simolotseng maikutlo a mahlabelo a joalo a batho?
17 Joale, he, ha re tla kutloelong bohloko, ke bo-mang bao re ba utloelang bohloko haholo? Batsoali ba rapelang litšoantšo ba neng ba talimane le ho ikarabella ho Jehova? Kapa bara le barali ba neng ba bokolla ha ba nyeheloa e le mahlabelo a batho ho molimo oa bohata Moloke (Morena), aletareng e phahameng Tofethe khohlong ea mora oa Hinnome? (Jer. 32:35) Batsoali bao ba pelo li thata ba ne ba ka amahanya borapeli bo joalo ba molimo oa setšoantšo o khopo Moloke le borapeli tempeleng e halalelang e neng e le ka leboea ho khohlo joang? E ne e se ka taelo ea Jehova ba neng ba nyehela mahlabelo a joalo a batho ba phelang ho molimo oa bohata. Maikutlo a mahlabelo a joalo a batho a ne a e-tsoa lipelong tsa bakoenehi ba bolumeli morao koo, e seng pelong ea Jehova Molimo le ka mohla. Batho ba lekang ho tsoaka borapeli bo joalo le borapeli ba Jehova ba lokeloa ke eng?
18. Lipalong, mahlabelo a joalo a boholo-holo a bapisoa joang le a nyeheloang ke Bojakane ka nako e ka tlase ho lilemo tse lekholo joale?
18 Morao koo, mahlabelo a bana a neng a etsoa ke “bana ba Juda” ba koenehileng ha se letho ka boholo palong ha a bapisoa le mahlabelo a batho ba nyehetsoeng ke Bojakane melimong ea bona eo e seng ea Bokreste ho theosa le makholo a lilemo. Le hoja bo ipolela hore ke ’muso o bonahalang oa Morena oa Khotso, ka boiketsiso, bo nyehetse bara le barali ba se nang palo ho molimo oa ntoa, Moloke kapa “Morena” oa bona. Hona joale ka nako ea lilemo tse ka tlase ho lekholo, bo nyehetse limillione tse baloang ka mashome tsa bacha ba molemo haholo ba bona ba litho tsa kereke lintoeng tse peli tse tšolotseng mali ka ho fetisisa paleng eohle ea motho, le lintoeng tse ling tse ngata tse nyenyane. Bojakane ba bonyefoli bo bitsa hona Bokreste. Mahlabelo a joalo bo a nka e le “mahlabelo a maholo haholo” a fumanelang ba entsoeng mahlabelo lengolo le potlakileng la ho eta ho kena moo Kreste a leng teng leholimong!
MAHLABELO A KHAHLANG JEHOVA MOLIMO
19. Joale, he, ho hlahisa ha Mokreste ’mele oa hae e le “sehlabelo se phelang, se halalelang” ho Molimo ho bolela eng ho eena?
19 Mahlabelo a joalo ha se a mofuta o buelloang ke Jehova Molimo ho balateli ba Mora oa hae Jesu Kreste. Ho e-na le hoo, ho Ba-Roma 12:1, 2 o bululetse moapostola Pauluse hore a ngole hore: “Kea le rapela hle ka mehauhelo ea Molimo, hore le ke le o beele ’mele ea lōna, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se khahlisang Molimo; ke eona tšebeletso e le tšoanetseng. Hape le se ke la ipapisa le lefatše lena, le mpe le fetohe ka nchafalo ea kelello ea lōna, le tle le lemohe ho ratoang ke Molimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho khahlehang, ho phethehileng.” Hore Mokreste a hlahise ’mele oa hae e le “sehlabelo se phelang, se halalelang,” ha ho bolele hore a ipolaee kapa a etse hore moprista oa bolumeli a ’molaee ’me a mo nyehele aletareng. Hoo e ke ke ea e-ba ‘tšebeletso e halalelang ka kelello ea hao.’ Ho e-na le hoo, ho bolela hore Mokreste a phele bophelo ba boitelo lebitsong la tšebeletso ea Molimo, e seng hore ka boomo a iketse moshoela-tumelo hore a bonoe.
20. Ka ho phela ka tsela e joalo e “ratoang ke Molimo,” ke mahlabelo afe ao Mokreste ea phelang a ka a nyehelang ho Molimo?
20 Ka ho tsoela pele ho pheloa ka tsela e ‘amohelehang ho Molimo,’ Mokreste oa ’nete a ka nyehela ho Molimo mahlabelo a boleloang ho Ba-Heberu 13:15, 16: ‘A re hlahiseng ka eena [Kreste, Moprista e Moholo oa Molimo], ka mehla ho Molimo sehlabelo sa poko, e leng tholoana ea melomo e bolelang lebitso la hae. Le se ke la lebala ho etsa batho hantle, le ho fana, hobane Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.’
21. Ho batho ba hae ba khethiloeng, Jehova o ile a etelletsa eng pele ho hore ba nyehele mahlabelo a liphoofolo, ’me joale ho thoe’ng ka mahlabelo a batho?
21 Mahlabelo a hlalosoang joalo ha a lumelle hore re tsoake borapeli ba Jehova le ho nyeheloa ha batho kapa liphoofolo ho melimo ea bohata ea lefatše lena. (Esa. 42:8) Ntho e khōlō eo Molimo o e hlokang ho batho ba oona ke kutlo, ho utloa ha rōna “ho ratoang ke Molimo, . . . ho molemo, ho khahlehang, ho phethehileng.” Ha Jehova a pholosa batho ba hae ba khethiloeng khatellong e bolaeang Egepeta ea boholo-holo, ha a ka a etelletsa pele ho nyeheloa ha mahlabelo a liphoofolo ho eena joalokaha eka ke eona ntho ea pele ea bohlokoa: “Le ’ne le mamele lentsoe la ka, ’me ke tla ba Molimo oa lōna, lōna le be sechaba sa ka, le tsamaee mehlaleng eohle eo ke le laelang eona, le tle le hlohonofale.” (Jer. 7:22, 23; 1 Sam. 15:22) Kahoo haeba Jehova a ne a sa laela mahlabelo a liphoofolo ho batho ba hae ba khethiloeng, ka mokhoa o joalo o ne a ke ke a ba kōpa mahlabelo a batho. Maikutlo a mahlabelo a etsoang ka batho, a kang a neng a etsetsoa Baale kapa Moloke, a ne a sa “hlaha pelong ea [hae].”—Jer. 7:31.
22, 23. (a) Ke joang Bojakane, ka tlaleho eohle ea bona ea tšollo ea mali a batho, bo hlōlehileng ho nyehela mahlabelo a amohelehang ho Molimo? (b) Ho ne ho tla etsahala joang ka sa boholo-holo se neng se bo tšoantšetsa ho bontša hore na ebe bo ke ke ba otloa?
22 Bojakane, ho sa tsotellehe tlaleho eohle ea bona e khubelu ke mali a tšolotsoeng a batho, ha boa nyehela ho Molimo mahlabelo a o khahlisang. Ho utloa Molimo oa Bibele e bile ho haellang ho bona. (Mik. 6:6-8) Ho tla fihlela joale ha boa bakela tsela ea bona ea ho se utloe, e leng hore bo ka nyehela ho Molimo sehlabelo se tšoanelehang: “Sehlabelo se ratoang ke Molimo, ke moea o robehileng. Molimo, ha u khese pelo e robehileng, e hlomohileng.” (Pes. 51:17) Na bo lokela hore bo se ke ba otloa? Na bo ke ke ba otloa? Setšoantso sa bona sa boholo-holo, Jerusalema, e ile ea oela kotlong e tšoanelehang, joalokaha Jehova a itse:
23 “Ka baka leo, ho bolela Jehova, bonang, ho tla matsatsi ao ho sa tl’o ka ho bitsoa Tofethe ka ’ona, leha e le khohlo ea mor’a Hinnome, empa ho tla bitsoa khohlo ea polao, ’me ho tla epeloa litopo Tofethe, ka ho hloka sebaka. Litopo tsa sechaba sena e tla ba lijo tsa manong a leholimo le tsa libatana tsa lefatše; ha ho tla ke ha e-ba motho ea li tšosang. ’Me metseng ea Juda le literateng tsa Jerusalema, ke tla khutsisa lentsoe la thabo le lentsoe la nyakallo, lentsoe la monyali le lentsoe la monyaluoa, hobane lefatše le tla be le entsoe lesupi.”—Jer. 7:32-34; 19:6-9.
24. Phethahatso ea tšoantšetso ea boprofeta boo bo hlapanyelitsoeng e etsahetse neng?
24 Ho phethahatsoa ha boprofeta bona bo hlapanyelitsoeng ha hoa ka ha etsahala pusong ea Morena Josiase, ea ileng a etsa mosebetsi oa ho thuha litšoantšo ’me a silafatsa libaka tse neng li nyehetsoe borapeling ba Moloke le melimo e meng ea bademona. (2 Mar. 23:3-20) Ho fetoloa ha Tofethe le khohlo ea Hinnome li etsoa khohlo ea polao, e tletseng litopo tsa Bajudea, ho se mabitla a li sirelelitseng linonyaneng tse jang nama le libataneng hore li ka li ja, ho etsahetse ka 607 B.C.E., ha Jerusalema eo e neng e le khale e thibelletsoe e oela ho Bababylona ’me baphonyohi ba hlomohileng ba nkuoa ’me motse o sala e le lesupi. Ka lilemo tse 70 Jerusalema le Juda tsa lula e le lesupi.—2 Likron. 36:17-21.
24 Bojakane bo molato oa mali ba kajeno, ka mekhoa ea bona ea bohetene, lineano tse entsoeng ke motho, motsoako oa maikutlo a bohetene le lithuto tsa Bibele, bo ke ke ba atleha joaloka setšoantšo sa bona sa boholo-holo. Bo ke ke ba phonyoha ho kopanela phethahatsong ea boprofeta ba Jehova bo reng: “Lerōle le tšabehang le ea tsoha likhutlelong tsa lefatše. Tsatsing leo, ba hlabiloeng ke Jehova, ba tla ba teng ho nka pheletsoeng e ’ngoe ea lefatše ho isa pheletsong e ’ngoe ea lefatše, ba sa lleloe, ba sa phutheloe, ba sa epeloe, e tla ba moiteli holim’a lefatše.” (Jer. 25:32, 33) Che! Bojakane bo ke ke ba pholoha ‘mahlomola a maholo’ a haufi. (Matt. 24:1, 2, 21, 22) Ho feta moo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata kaofela ha oona o tla bo latela haufi timetsong!
25. Ka baka la se tsoelang pele, Bojakane bo ke ke ba pholoha phethahatso efe ea boprofeta ba Jeremia?
[Lebokose le leqepheng la 9]
Boprofeta ba Bibele be Jeremia bo supisa ba ratang ho loke “tsela ea bophelo.” Hape hla ho phethahatsa ha Jehova Molimo kahlolo holim’a bolumeli ba bohata le lichaba tse hanyetsang thato ea hae. Nako eo e haufi! Ho nakong, he, hore “Molula-Qhooa,” tokollong ena, le ho tse latelang, o bue ka phethahatso ea kajeno ea boprofeta ba Jeremia.
[Setšoantšo se leqepheng la 13]