Ho re “Khotso” ha e le Sieo
1. Sehlopha sa kajena sa Jeremia se iphumana se le hokae mabapi le baboleli ba “khotso!” empa e le sieo?
MOPROFETA Jeremia o ne a sa balelloe har’a bao mehleng ea hae ba neng ba re “Ho khotso!” ha e le sieo. Ka mokhoa o tšoanang, sehlopha sa Jeremia sa kajeno ha se har’a melomo e buellang Bojakane e etsisang banna bao ba ileng ba ’na ba phehella ho re “Ho khotso!” mehleng ea Jeremia. Ke bo-mang bao qetellong ba tla ipaka hore ke ba bolelang ’nete, baboleli bao ba “khotso!” kapa bao ho thoe’ng ke ‘liboholi tsa tlokotsi’?
2, 3. (a) Batho ba ikutloa ba tlamehile ho sheba kae e le mohloli oa khotso e tsitsitseng le ea ka ho sa feleng? (b) Ho etsetsa ho hloka molemo ha mohloli o joalo oa khotso mohlala, Jeremia joale o ile a bolelloa hore a re’ng?
2 Bakeng sa pheletso e nang le khotso litabeng tsa lefatše batho ba tlameha ho shebella holimo bakeng sa thuso e phahametseng tlhaho. Empa ha baa sheba ho Molimo oa moprofeta oa boholo-holo Jeremia e le oona Mohloli oa khotso e tsitsitseng le ea ka mehla. Matla a phahametseng tlhaho bakeng sa khotso ao ba a shebileng a tla ipahakatsa e le melimo ea bohata, e se nang thuso ho hang! A re lemosa bohle ka ho senyeha ha litoro tse se nang motheo tsa khotso tsa marena, mahosana, baprista, baprofeta le batho ba amehang ha melimo ea bona ea bohata ea khotso e ba soetsa, moprofeta Jeremia a bolelloa hore a re ka nako eo:
3 “Mohlang oo [joalokaha ho hlile ha boleloa ho Jeremia 7:32-34], ho bolela Jehova, masapo a marena a Juda, le masapo a matona a hae, le masapo a baprista le masapo a baprofeta, le masapo a baahi ba Jerusalema, a tla ntšoa mabitleng a bona [ke bahapi ba Babylona]; a tla hasanngoa pontšeng ea letsatsi, le ea khoeli, le ea makhotla kaofela a [linaleli] a leholimo, e leng tseo ba ’nileng ba li rata [hore ba li rapele], le tseo ba ’nileng ba li sebeletsa, le tseo ba ’nileng ba tsamaea ho tsona, le tseo ba ’nileng ba li botsa, le tseo ba ’nileng ba li khumamela; [masapo] ha a tla ke a bokelloa leha e le ho epeloa: e tla ba moiteli naheng ena.”—Jer. 8:1, 2.a
4. Tlhomphollo ea mabitla e bontša eng bakeng sa barapeli ba melimo ea bohata, ’me ha ba lokeloe ke ho utloa eng?
4 E, makhotla a leholimo a neng a khantse ka ho tšepisang hakana holim’a baahi ba Jerusalema le naha ea Juda joale a ne a tla sheba ka ho nyahama nakong ea tlokotsi ha ho ne ho tla be ho khaoloa khang ea hore na, Molimo oa ’nete ke ofe? Ho hlompholloa ha mabitla a batho ba tsebisahalang bolumeling le bopolotiking ho ne ho tla bontša nyeliso e utluoang ke ba rapelang melimo ea bohata ka ho tlōla Melao e Leshome ea Jehova. Le eona khotso eo ba robetseng ka eona lefung e ne e tla senngoa. (Jobo 3:13-19) Mahlong a Jehova, barapeli ba ineetseng ba melimo ea bohata ha ba iphumanele khalalelo e ba sireletsang kapa khetheho, haholo ha ba ipolela hore ba kamanong ea Bokreste le Molimo oa Bibele empa leha ho le joalo ba tlōla melao ea oona e boletsoeng ka mokhoa o hlakileng. (Ex. 20:1-6; 1 Joh. 5:21; 2 Ba-Kor. 6:16) Ba ke ke ba lebella hlompho e lokelang bafu!
5. Bahlorisi ba Lipaki tsa Jehova ba tla fumana hore litšomo tsa bona ho Jehova li sebetsa joang mabapi le melimo ea bona ea bohata?
5 Kahoo letsatsi la ho ikarabella le tlela ba hlorisitseng Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste, ba li soma ka mantsoe a nyelisang ba re, ‘O kae Molimo oa lōna Jehova? Ha o tle ’me o le pholose hona joale!’ (Pes. 22:7, 8) “Mahlomoleng a maholo” a atamelang ao Bojakane bo tla kokobela ka oona, bahlorisi ba ileng ba bo thabisa ka liketso tsa bona ba tla iphumanela hore na ebe melimo ea bona ea bohata e ka ba thusa. Joale ba tla ithuta hore melimo ea bona e tla sitoa ho ba pholosa kahlolong ea Molimo oo ba ileng ba o soma.
6, 7. (a) Ba isitsoeng botlamuoeng Babylona ba ka be ba ikhethetse eng, hona hobane’ng? (b) Ho sa tsotellehe ho ipiletsa ha Jehova hore ba khutlele ho eena, karabelo e bile e tšoanang le ea mehleng ea Jeremia joang?
6 Mehleng ea Jeremia ho ne ho tla ba teng ba tla pholoha timetso ea Jerusalema. Ho thoe’ng ka bona? Ba ne ba tla isoa naheng ea Babylona. Moo, kamoo ba neng ba ameha kateng, “ho tla ratoa lefu haholo ho bophelo.” (Jer. 8:3) Le hoja Jehova a ne a tla ipiletsa ho Baiseraele ba tlōlang selekane hore ba khutlele kamanong e nang le khotso le eena, ba nka “tsela e ratehang” ea lefatše lena ho theosa ho tla fihlela ka 607 B.C.E. Kahoo ha baa ka ba rala motheo o sireletsehileng bakeng sa bokamoso ba khotso tlas’a tlhohonolofatso ea Jehova. Mehleng ea kajeno le teng, Bojakane bo nkile tsela e ratehang. Ka lilemo tse mashome joale ho tloha ka 1919 C.E., sehlopha sa Jeremia joalokaha se entsoe ka lipaki tse tlotsitsoeng tsa Jehova se tsebahalitse tsela ea ho kena likamanong tsa khotso le Molimo oa Bibele. Empa litho tse ngata tsa Bojakane li hanne ho mamela. Ho joalokaha Jeremia a itse:
7 “Sechaba sena sa Jerusalema se koenehile ke’ng ka koeneho e sa bakeloeng? Ba itiisetsa manong ke’ng? Ba hanela’ng ho sokoloha? . . . ha ho e mong ea soabelang bobe ba hae, a keng a re: Ke entse joang? Bohle ba titima tseleng ea bona.”—Jer. 8:4-6.
8. Khathatso ea morao koo e ne e e-na le ho sitoa ho lemoha joang, joalokaha e le ’nete le kajeno?
8 Khathatso e ne e le efe morao koo mehleng ea Jeremia nakong ea ha Jehova a ne a hlahloba batho ba hae ba selekane? Hape, khathatso ke efe kajeno ho batho ba Bojakane? E ne e le, ’me e sa ntsane e le ho se sebelise ha bona matla a bona a temoho a kang a linonyana tse balehelang mariha ao ka oona li lemohang nako ea ho fihla ha selemo. Linonyana tse tsoang leboea tse neng li itširelelitse libakeng tse mofuthu tsa boroa nakong ea mariha ka leboea joaloka ha ho le joalo Palestina, ka ho loketseng li khutlela lihlaheng tsa tsona le libakeng tseo li kopanelang likamano ho tsona ka leboea. “Empa,” Jehova ha a bapisa o re, ‘sechaba sa ka, ha se tsebe kahlolo ea Jehova.’ (Jer. 8:7, NW) Ho bile joalo le mehleng ea Jesu le baapostola ba hae, pele Baroma ba timetsa Jerusalema ka 70 C.E. (Matt. 16:2-4; Luka 19:44) Ho ipakahalitse ho le joalo ka Bojakane mehleng ena ea sehlopha sa Jeremia.
LEQEBA HA LE PHEKOLEHE
9, 10. (a) Ke motheong ofe baruti ba Bojakane ba ipolelang hore ba bohlale ba bile ba rutehile molaong? (b) Ho shanofatseng boipolelo ba bona, Jehova o re nea ponelo pele efe ea liphello tsa litšebelisano tsa bona?
9 Baruti ba Bojakane ba ipolela hore ba bohlale, e seng hakaalo-kaalo ka hore ba na le Bibele empa hobane ba rupetsoe liseminaring tsa thuto ea tsebo ka Molimo. Ba tsitlella hore ba tsebisoa ka molao oa Molimo oa Bibele ’me ba tseba ho o hlalosa le ho o sebelisa. Empa Molimo oa Bibele o tseba kahosele. O lebelletse nako e tlang e haufi, ha liphello tsa ho sebetsa ha bona litaba tsa Bojakane li tla hle li ba tobe. Ka pono e joalo e tlang e sa le pele Jehova o re:
10 “Le ka bolela joang, la re: Re ba bohlale, re na le molao oa Jehova? Ka ’nete, [ho qhomeng ha khathatso ea ho qetela] pene ea bohata ea bangoli e o entse leshano. Ba bohlale ba ea hlabisoa lihlong, ba thothomele, ba tšoaroe; bonang, ba khesitse lentsoe la Jehova, ba na le bohlale bofe? Ka baka leo [ha makhotla a sera a futuha], ke tla nea ba bang basali ba bona, bahapi ba nke masimo a bona, hobane bohle ba hlile ba ineela takatso ea ho rua, e monyenyane le e moholo, moprofeta le moprista; e mong le e mong o etsa bohata.”—Jer. 8:8-10.
11, 12. (a) ‘Pene ea bangoli’ ba Bojakane ‘e ngotse bohata’ joang? (b) Ho ea ka Jeremia 8:9, lebaka la hore pene ea bangoli ba Bojakane e ngole lintho tsa bohata ke lefe?
11 Ka ho ngola lintho tse hananang le se hlileng sa boleloa ke Jehova, ‘pene ea bangoli’ ba Bojakane ba kajeno e tla tloha e pakahala hore e bile pene ea “bohata.” Ha e-ea ngola ’nete. Ka baka leo, ‘mehleng ena ea qetello,’ ha ho ngotsoe ho hongata hakana lebitsong la Bojakane, pene eo ea bolumeli ka sebele ‘e ngotse bohata.’ (Dan. 12:9) Ho bile joalo ka lebaka lefe?
12 “Bonang,” kamoo ho boletseng Jehova ho Jeremia 8:9, “ba [boleloang hore ba bohlale] ba khesitse lentsoe la Jehova, ba na le bohlale bofe?” E, baruti ba Bojakane ba ka ’na ba qotsa temana ea sehlooho sa taba ka Bibeleng, empa thutong ea bona e latelang ba kheloha se boleloang ke Bibele. Ba ruta lineano tsa batho tse fetolang Lentsoe le ngoliloeng la Molimo lefeela. Ba tla bua ka lipolotiki kapa lenaneo la tokiso ea tulisano le ratehang. Ba itlhahisa eka ke ba “bohlale” ba bomolimo, empa ba etelletsa pele likhopolo tsa Bagerike le ‘bohlale ba lefatše lena’ ka pel’a se boleloang ke Bibele ka moea oa motho, ka boemo ba bafu, ka boleng ba Molimo, le tse ling. (1 Ba-Kor. 3:19) Leha ho le joalo, ba tsamaea sefing. Qetellong ba tla “tšoasoa” ke ho hlōleha ha mekhoa ea bona e hlalefileng ka mokhoa oa lefatše. Ba hlabisoe lihlong le ho kenngoa liphellong tse sisimosang.
13. Ke bo-mang ba ikarabellang hore haholo-holo litho tsa likereke tsa Bojakane li etse ‘moruo o mobe,’ ho qala ka e monyenyane ho isa ho e moholo ho bona? Hona joang?
13 Baruti ba khothallelitse “mehlape” ea bona ho phehella lintho tsa lefatše tse tšepisang botumo kapa meputso e bonahalang. Ba khetha barui ho utloisa mafutsana bohloko. Ba batla litlhapiso tsa lichelete bakeng sa litšebeletso tsa bona tsa bolumeli. Ba bea mohlala o joalo, ba jara boikarabelo bo bongata bakeng sa ’nete ea hore litho tsa likereke tsa bona, tse nyenyane le tse khōlō, li bee lithahasello tsa moea qetellong ’me “moruo o mobe” kapa ‘ho rua ka ho bolotsana’ pele. (1 Pet. 5:1, 2) Ke ho loketseng hakaakang, he, hore Jehova ha a thibele Bakreste ka lebitso ba joalo hore ba ka lahleheloa ke ‘moruo ’ohle oa bona o mobe’ “mahlomoleng a maholo” a atamelang holim’a Bojakane! Lentsoe la Jehova la boprofeta kahoo le tla fetoha ’nete ho bona.
14. Baruti ba phekotse leqeba la moea la Bojakane ho isa kae?
14 Baruti ba Bojakane ba sa ntsane ba talimiloe e le lingaka tsa moea. Empa ho tloha bofelong ba Ntoa ea I ea Lefatše ka 1918 na ba atlehile ho phekola maqeba a moea, “leqeba [shéber, ka Seheberu],” le hlokofalitseng Bojakane? Tlaleho ea lilemo tse 60 joale ho tloha ka nako eo e fana ka linnete ka baruti le metsoalle ea bona ea baeta-pele ba bolumeli. E supa hore ba sitiloe ho fumana metso ea se bakang maloetse a bona le hore na ke hobane’ng ha bo ke ke ba pholoha ‘mahlomola a maholo’ empa bo tla utloa timetso tlas’a kahlolo e iphetetsang ea Molimo. Ba mpa ba phekola lipontšo tse hlahellang e seng ho phekola sesosa sa boemo bo ahlotsoeng ba Bojakane ka pel’a Molimo. Ba phekotse leqeba la bona ka holimo feela, hanyenyane, ho fihla letlalong, “ka bobebe,” joalokaha eka ke taba e nyenyane ho Jehova Molimo.
15. Baruti ba ikutloa joang ka lipheko tsa bolumeli tseo ba li sebelisitseng, ’me ba tiisetsa mehlape ea bona ka mantsoe afe?
15 Ho tloha bofelong ba Ntoa ea I ea Lefatše Bojakane bo ekelitse litho tsa bona tsa kereke haholo, empa ho thoe’ng ka boemo ba moea ba litho tsee le kamano ea tsona le Jehova Molimo? Meriana ea bolumeli e sebelisitsoeng ke baruti ha e ea lokisa litaba, ha e-ea thibela bolefatše ba litulo tse phahameng hore bo futuhele likereke. Ha ho hlokahale hore re qaqisetse babali ba rōna hona. Baruti ba ikutloa ba e-na le tšepo e ngata ka lipheko tseo ba ’nileng ba li sebelisa. Ka mantsoe a lebatsang mehlape ea bona e kulang hore e itebele, “baprista” ba kajeno le “baprofeta” ba ntse ba tiisetsa Bojakane ka mantsoe ana: “Ho khotso! Ho khotso!” kapa “Sohle se lokile, sohle se lokile.”—Jer. 8:11, An American Translation; bona hape The New English Bible.
16. Baruti ba bua joang ka mokhoa o fapaneng le se boleloang ke sehlopha sa Jeremia?
16 Kahoo, baeta-pele bana ba bolumeli ba etsa ka bohata. Ba etsa hore mehlape ea bona e ikutloe hore ha ho hlile ha ho letho le phoso hakaalo ka Bojakane. Ba nka hore kamano ea bona le Molimo e ntle, ’me kahoo ha ho mahlomola a ka lebelloang matsohong a oona. Kahoo, ha ba ele hloko lipolelo tse tlang pele ho nako tse boleloang ke sehlopha sa Jeremia ka timetso e potlaketseng Bojakane “mahlomoleng a maholo.”—Jer. 6:14.
17. Ke hobane’ng ha ho hlile ho se khotso pakeng tsa Jehova le Bojakane?
17 Boemo bo nyarosang kahoo bo etsoa hore bo bonahale eka ke leshano ke babuelli ba Bojakane ka ho fana ka tiiso ea khotso, “kanthe ha ho khotso.” Ha ho na kamano ea khotso pakeng tsa Jehova Molimo le Bojakane. Libe tsa bona ha lia koaheloa ke mali a phekolang a Kreste. Pokella e fihlang holimo ea libe tsa bona ke e ke keng ea tšoareloa. Kahoo Molimo ha o khotsong le bona. Timetso, e seng “khotso” kapa nala ea moea, e bo emetse, hobane baruti ba bona le litho tsa likereke ka lihlong ba bile ba entse ho “manyala” ho Jehova.—Jer. 8:12.
18. Timetso e tla oela Bojakane joang, ’me timetso e tla teba hakae?
18 Ka baruti le mehlape ea bona e le boemong ba ho se itebele joalo timetso e tla ba oela ka “tšohanyetso,” e, “hang.” (Jer. 4:20; 6:25, 26) Ho tloha bofelong ba Ntoa ea I ea Lefatše ka 1918 Jehova o hlahlobisitse Bojakane, ’me haufinyane, ka nako eo a e khethileng, o tla bo ela hloko ka ho tšoanelang, joalokaha a entse ka Jerusalema ea boholo-holo. Joale balumeli ba bona ba itšepileng bobona ba tla oela tšenyehong Jehova o tla fielisisa; ho ke ke ha e-ba letho le tla salla ho khoahlapisoa. Lintho leha e le life tse bonahalang tseo Jehova a lumelletseng hore ba iphumanele tsona ‘li tla ba phonyoha’ ’me li oele matsohong a lira.—Jer. 8:12, 13.
19. (a) Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore ba etse joang ha timetso ea pele ea Jerusalema e bonahala? (b) Ba neng ba le lepala-paleng mehleng ea Jeremia ba ile ba etsa joang, masoabing a seo ba neng ba se lebelletse?
19 Morao koana selemong sa 33 C.E., ha Jesu a bolela pele ho nako ho timetsoa ho neng ho tlela Jerusalema ka 70 C.E., o ile a bolella Bajode hore ba etse joang? Hore ba tsoe Jerusalema le naheng eohle ea Judea ha ho bonahala bohaufi ba timetso. Motho ea masimong kapa libakeng tse ka thoko o ne a sa tl’o kena ka hare ho Jerusalema empa hang feela o ne a tlameha ho tsoa Judea, bakeng sa ho sireletseha le ho pholoha. (Matt. 24:15-18; Luka 21:20, 21) Empa mehleng ea Jeremia, ha ho atamela basenyi ba Babylona batho ba bona ho le molemo ho tloha naheng e lepalapala ’me ba tšabele Jerusalema le metseng e meng ea liqhobosheane. Moo, libakeng tse neng li ke ke tsa hapuoa habonolo joalo nakong ea phutuho, ba ikhethela ho ithoballa lefung ka khutso, haeba ho hlokahala. Empa thuso e tsoang ho Jehova, Molimo oa tempele ea bona, ha e-ea ka ea tla. Ho e-na le hoo, a ba tlohella hore ba noe malila, “metsi a mahloko” a bolaeang. Ka baka la tiiso ea baprofeta ba bona ba bohata, ‘ba ’na ba lebella khotso,’ empa? “Molemo oa se ke oa bonahala; le letsatsi la pholiso, ’me hoa tšabeha!’ Melumo kapa litlaleho tsa makhotla a futuhileng a timetsang tsa utloahala litsebeng tsa bona.—Jer. 8:14-16.
20. Ho ea ka Jeremia 8:17, ke mang ea neng a ikarabella bakeng sa ho tlisa makhotla a bolaeang, ’me boprofeta bona bo phethahalitsoe joang?
20 Mehleng ea Jeremia Jehova ke eena ea neng a romela baemeli ba hae ba timetsang ho loantša Baiseraele ba koenehetseng selekane. Ba ne ba entse lintho tse nyonyehang mahlong a Hae, ba silafalitse tempele ea hae le naha ea hae. “Bonang, ke romela har’a lōna linoha le liqooane tse se nang ho upjoa, ’me li tla le loma, ho bolela Jehova.” (Jer. 8:17) Ka nako eo Moshe o ne a le sieo Iseraeleng; eena ea neng a ka emisa noha ea koporo sefateng hore Baiseraele ba phekolehe mahlokong a ho longoa ke linoha ka hore feela ba shebe noha ea koporo ka tumelo. (Num. 21:4-9; Joh. 3:14, 15) Basenyi ba Babylona le ba etsang lesupi ba ne ba e-na le sepheo; morao koo ka 609 B C.E. ha ho letho le neng le ka etsoa ke Baiseraele ba thibelletsoeng le neng le ka upa bana hore ba se phethe mosebetsi oa bona oo ba o neiloeng ke Molimo. ‘Metse ea liqhobosheane’ eo Baiseraele ba neng ba tšabetse ho eona, e ne e ke ke ea ba sireletsa kahlolong ea Jehova.
21. Ke joang, ho Jeremia 8:18, 19 Jehova a bontšitseng hore o ne a sa khahloe ho tloha botebong ba pelo ho tlisa koluoa ea bosechaba?
21 Jehova o ne a sa thaba pelong ka ho tlisa koluoa ena ea bosechaba. Eaba o fana ka temoso e loketseng, a bolela e sa le pele ho hlokisoa ha naha ea Juda baahi le ho isoa ha baphonyohi ba bangata Babylona e hole. Moo, ba mahlomoleng a botlamuoa ba makalitsoe ke ‘mosebetsi o makatsang’ oa Jehova ba ne ba tla mo llela hore a ba thuse. Eaba o re: “Tšeliso ea ka bohlokong ba ka ke efe? Pelo ea ka e fela ka ho ’na. Utloang lentsoe la pokollo ea morali oa sechaba sa ka le tsoang lefatšeng le hole [la Babylona]: Na Jehova ha a sa le Sione? Na Morena oa hae ha a sa le ho eena na?”—Jer. 8:18, 19.
22. Ke hobane’ng ha mosebetsi oo oa Molimo o bonahetse o sa tloaeleha, ’me Jehova o itse lebaka la oona ke lefe?
22 Batlamuoa ba Bajode ba ne ba sitoa ho utloisisa hore Jehova o tla sia Jerusalema (Sione) e theohile joalo e se na tempele e le ntlo ea Molimo oa bona ’me e se na terone ea borena eo ho eona ho lulang ngoana oa Morena Davida e le morena ea tlotsitsoeng oa Jehova. E bile thohako e kaakang ea lebitso la hae, ka nakoana! Le hoja hoo e ne e le ho makatsang hakaalo morao koo, timetso e haufi ea Bojakane e tla bonahala e makatsa haholoanyane. Hore na e tla ka baka lefe, Jehova o bontša karabelong ea hae sebokong sa batlamuoa ba Bajode ha ba bokollela ho thusoa, a re: “Ba nkhalefisitse ke’ng ka litšoantšo tsa bona tse betliloeng, ka masaoana a lichaba.”—Jer. 8:19b; Esa. 28:21.
23. Ho ea ka Jeremia 8:20, ho tla etsahala joang ka tšepo ea bakhomareli ba Bojakane bakeng sa poloko ka mesebetsi ea bona?
23 Tšepo ea Bojakane bakeng sa poloko ha se ea Mangolo; ba tlameha ho timela! Nako e loketse ea ha bakhomareli ba Bojakane ba tlameha ho re: “Kotulo e se e felile, ho fetile lehoetla [bakeng sa ho hlahisa mokhoa oa poloko], ’me rona ha rea namoleloa.” (Jer. 8:20) A re se be har’a ba bolelang joalo!
24. Mahlomola ka molaetsa o joalo oa koluoa o kang oa rōna a bontšitsoe ka polelo efe ho Jeremia 8:21, 22?
24 Batho ba itšoarelletseng ka Bojakane kajeno ba ka ’na ba ikutloa ba hlomolisoa ke molaetsa o kang oa rona. Khale-khale Jeremia o ile a ikutloa a hlomohile ke ho lebella ho timetsoa ha tempele eo a neng a sebeletsa ho eona joaloka moprista le kahobane sechaba seo e neng e le setho sa sona se ne se tla utloa bohloko ke polao le ho qhalanngoa. Ke ho tsieleha ke ho hlaphoheloa moeeng ha batho bahabo ’me e le ka tieo eohle ’me e se ka boikutlo leha e le bofe ba boiphahamiso, o ne a ka re: “Ke leqeba [shéber, kapa tšenyeho] la morali oa sechaba sa ka, ke na le bofifi [shabár], ke tšoeroe ke bolokoana. Na ha ho sehlare Gileade, ha ho ngaka teng na? Ke ka baka la’ng ha leqeba la morali oa sechaba sa ka le sa tlamelloe?—Jer. 8:21, 22.
25. Na ho teng sehlare leha e le sefe bakeng sa Bojakane kajeno, ’me barati ba khotso e sa feleng ba lokela ho etsa joang hona joale?
25 Boemo ba tšenyeho ea moea ba Jerusalema ea boholo-holo le naha ea Juda bo ne bo sa phekolehe. Ka baka leo ba fela ba qhalanngoa ke Bababylona ka 607 B.C.E. Kajeno, ha nako e se e ile hakana, ha ho “sehlare Gileade,” se ka tsebang ho phekola Bojakane. Kahoo joale pele timetso e bo otla ka “tšohanyetso” bohle ba ratang ’nete le khotso e sa feleng le Jehova Molimo ba bo balehele.
(Letoto lena le lihlooho tsa boprofeta ba Jeremia le tla tsoela pele.)
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hlokomela Baruke 2:24, 25, Douay Version.