Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 2/1 leq. 8
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moputso oa ’Nete oa Botšepehi
  • Litebello Tsa Kamoso bakeng sa Boprotestante—Le Uena!
    Tsoha!—1987
  • Na u Tšepile Molimo . . . Kapa Motho?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 2/1 leq. 8

Ho Nyarela ka Litabeng

Moputso oa ’Nete oa Botšepehi

● Monna oa New Jersey o tsoa fumana mekotlana e ’meli ea liseile e neng e oele koloing ea lihlomo. E ne e e-na le $415 000, eo a ileng a e khutlisetsa mokhatlong oa lihlomo. Monghali oa mokhatlo ea tletseng teboho a nea monna enoa moputso oa $1 000 ’me a mo nea mosebetsi. Empa ho tlalehoa hore monna eo ha a ka a thaba.

“Ha hoa loka,” kamoo a ileng a belaela. Lidolara tse sekete li ne li sa lekane le mafura a ka a ho theoha le ho nka mokotlana.” Ho latela New York “Daily News,” monna le mosali oa hae “ba lora ka ho lefa melato ea bona ba bile ba e-ba le chelete e lekaneng ho reka koloi e nyenyane ‘ba sa e kolote, ho utloa feela hore na ba ka ikutloa joang.’” Ho e-na le hoo, a re, “Hoja ebe ho ka etsahala hape, ke ne ke tla inahana habeli ka ho khutlisa chelete. Ho tšoana le ho thola lidolara tse millione ’me joale u fumana dolara ka hona.”

Leha ho le joalo, na botšepehi ba motho bo lokela ho lekanngoa feela ka moputso oo bo o hlahisang? Na ho khotsofala ka hare le boitlhonepho tse tlisoang ke ho phela bophelo ba melao ea bomolimo le ho thusa batho bahabo rōna ha boa lokela moputso leha e le ofe o bonahalang? “Na kannete u batla ho rua?” Bibele e-ea botsa. “U se u ntse u ruile haeba u thabile ’me u molemo . . . Empa batho ba laba-labelang ho rua ba phakisa ba etse lintho tsa mefuta eohle tse fosahetseng hore ba fumane chelete, lintho tse ba ntšang kotsi le tse ba etsang hore ba be mehopolo e khopo.”—1 Tim. 6:6-9, “The Living Bible.”

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela