Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 2/1 maq. 5-8
  • “Emisang Lihlooho”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Emisang Lihlooho”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HALELELE HAKAALO HOBANE’NG?
  • HO TIMETSA TSAMAISO ENA
  • BAPHONYOHI
  • Haufinyane ’Muso oa Molimo o Tla re Lopolla!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Haufinyane Morero oa Molimo o Tla Phethahala
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
  • ‘Le Falimehe, ’Me le be le Kutloisiso’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • ’Muso oa Molimo—Puso e Ncha ea Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 2/1 maq. 5-8

“Emisang Lihlooho”

HA HO moloko le o mong o tlileng pele paleng ea motho o boneng liketsahalo tse nyahamisang tse bonoeng ke moloko oa rōna. Ke hobane’ng, he, ha a ne a bua ka nako eona ena, Jesu a neng a ka re: “Etlare ha tseo li qala ho hlaha, emisang lihlooho, ’me le lelale holimo, hobane topollo ea lōna e tla be e atametse”?—Luka 21:28.

Ka ho hlakileng, Jesu o ne a bolela hore ho teng pheko ea ka mehla le e khotsofatsang mathateng ana ’ohle a tšoenyang. ’Me ke efe? Ka mohlala, na boprofeta bo kang bo ileng ba fanoa ke Jesu, le ba bang ba bangata ka Bibeleng, bo bontša hore topollo ee e tla tla ka boiteko ba motho? Che, le hanyenyane.

Thuto e bohloko paleng ke hore batho le lichaba, ho sa tsotellehe hore na ba tiile hakae, ho hang ba sitoa ho tlisa khotso ea ’nete, tšireletseho le thabo e sa feleng bakeng sa motho. Boiteko ba bona bo molemo haholo bo felletse ka ho hlōleha, neng-neng ha nako e ntse e tsoela pele. Kahoo, ha ho kae kapa kae ka boprofeteng ba Bibele moo re bolelloang hore butle-butle batho ba tla phethahatsa tsamaiso ka boiteko boo e leng ba bona.

Ho e-na le hoo, Jesu o hlile a bona hore maemo a lefatše a ne a tla senyeha ka ho eketsehileng ho fihlela ha tsamaiso eohle ea lintho e pitloa ho seo a ileng a se bitsa “mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng le ka mohla o le mong.” (Matt. 24:21) Hona joale, liketsahalo lefatšeng lohle li khobokellana ho ea boemong bona boo.

Kaha ho joalo, ke hobane’ng ha Jesu a ne a ka ba le tšepo hakaalo? Kaha o tsebile hore ho tsukutleha ho tlang hoo ho seng ho kileng ha tšoana le hona litabeng tsa batho e ne e tla ba ho qetellang. Ho ne ho tla hleka tsela bakeng sa tsamaiso e ncha ea lintho, eo Bibele ka boprofeta e e bitsang “maholimo a macha le lefatše le lecha” tseo ho tsona ‘ho tla ikahela ho loka.’—2 Petrose 3:13.

HALELELE HAKAALO HOBANE’NG?

Leha ho le joalo, haeba ke morero oa Molimo ho hloma taolo e ncha ea ho loka mona lefatšeng, ke hobane’ng ha o lumelletse likete tse ngata hakana tsa lilemo tsa mahlomola le khathatso? Lebaka le leng la bohlokoa le ama khang e hlahileng ha monna oa pele le mosali ba etsa qeto ea ho fetohela molao oa Molimo.

Batsoali ba rōna ba pele ba thulana le tlhahiso ea hore ka ho itokolla ho Molimo ba ka ‘tšoana le Molimo, ba tseba botle le bobe.’ (Gen. 3:5) Kaha ba ne ba e-na le molao oa Molimo ka hore na se setle kapa se sebe ke sefe, polelo ena e ho Genese 3:5 mohlomong e supa hore seo batho ba neng ba se batla e ne e le ho itherela ka bobona hore na se setle le se sebe ke sefe. Se ileng sa khethoa ke baholo-holo ba rōna ho se bolela, ha e le hantle, e ne e le hore ha ba hloke hore Molimo o tsamaise bophelo ba bona, hore ba ne ba ka itsamaisetsa litaba tsa bona ka katleho.—Deut. 32:4, 5.

Molimo o ne o ka lumella see hobane’ng? Hobane Molimo o bōpile batho e le ba lokolohileng ho ikhethela, e seng e le lirobote. Kahoo o ne o tla lumella ho itsamaela ha bona thōko le melao ea hae hore ho bontše, ho isa ka ho sa feleng, hore na ebe batho ba ka laola litaba tsa bona ka katleho ntle ho Molimo.

Molimo o bile sebete le ho mamella ka ho fetisisang. O neile babusi ba batho, le batho, monyetla o mong le o mong ho paka ho hlōleha ha bona ho busa. Lilemong tse likete tse fetileng, mofuta o mong le o mong o ka nahanoang oa puso ea motho le tsamaiso ea tulisano o lekiloe. Empa pale, haholo pale ea moloko oa rōna, e tiisa ’nete ea hore ha ho le o mong o tliselitseng batho bohle mahlohonolo a ka ho sa feleng. Ho hlōleha ha lichaba ho fana ka khotso ea ’nete kapa tšireletseho ea nako e telele le libakeng ka bomong tsa lefatše lena ka ho hlakileng ho bontša hore batho ba sitoa ho ipusa ka katleho, ntle ho ’Mōpi oa bona.

Hobane’ng? Hobane batho ha baa ka ba bōptjoa ka matla ao kapa bohlale. Ho e-na le hoo, Molimo o ba bōpetse hore ba itšetlehe ka eena le melao ea hae. (Gen. 2:16, 17) O ba bōpile e le ba hlokang tsamaiso ea hae kannete. Ho arohana le litokisetso tsa oona ho ka fella ka kotsi feela, joalokaha ho bontšitsoe ho theosa le makholo a lilemo. Ho tšoana le motho ea hlokomolohang melao ea bohlanya empa a lebella ho phela hantle kelellong, kapa ho hlokomoloha molemo oa lijo tse matlafatsang empa ho lebelloa bophelo bo monate ’meleng, kapa ho hlokomoloha molao oa ho tsitsisa lintho fatše ka ho tlōla mohahong o molelele empa ho lebelloa hore kotsi e se be teng, kapa ho hlokomoloha melao ea sephethe-phethe ka linako tsohle empa motho a sa lebella ho lefisoa.

Kahoo, ho pakiloe ka mokhoa o hlakileng hore se boleloang ke Lentsoe la Molimo ke ’nete: “Oho! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae Jehova, u nkhalemele.” (Jer. 10:23, 24) Phello ea ho hlokomoloha ha motho Molimo le litsela tsa oona e joalokaha Bibele e bolela: “Ho motho tsela e ’ngoe e bonahala e ntse e ka e lokile, athe bofello ba eona bo isa lefung.”—Liprov. 14:12.

Tlaleho eo batho le lichaba ba e entseng ho theosa le makholo a lilemo ka ho hlakileng e bontša hore ha ba lokele ho busa lefatše lena le letle. Joalokaha moahloli e moholo oa Lekhotla le Phahameng la California a itse: “Hoja re ne re le mona motheong oa khoeli le khoeli, e ka be e le khale re lelekiloe.”

Le hoja re se “motheong oa khoeli le khoeli,” puso ea motho lefatšeng lena ntle ho Molimo ho hang ha se e tiileng. Ke ea nakoana feela, ka nakoana e lekanyelitsoeng. ’Me boprofeta ba Bibele bo bontša hore nako ena e lekanyelitsoeng e tloha e fela. Ha joale e le mona likhang tse sa tšoaneng tse amanang le puso ea motho li bontšitsoe haholo, nako ea Molimo e atametse hore a timetse tsamaiso ena e sa khotsofatseng. Hoba o e tlose tseleng, o tla kenya taolo e ncha e entsoeng ke oona, e tlang ho tlisa khotso ea ’nete le ea ka mehla, ka tšireletseho ea sebele le thabo ea ’nete lefatšeng lena.

HO TIMETSA TSAMAISO ENA

Ho timetsoa ha tsamaiso ena ho hlalosoa bukeng ea Tšenolo (Apocalypse) ka puo ena e tšoantšetsang: “Ka bona le lengeloi le leng le eme letsatsing, le hoa ka lentsoe le phahamileng, le hoeletsa linonyana tsohle tse fofang sebakeng sa leholimo, le re: Tlong, le phuthehele mokete o moholo oa Molimo, le tle le je linama tsa marena, le linama tsa balaoli ba likete, le linama tsa linatla, le linama tsa lipere, le tsa ba li kaletseng, le linama tsa bohle ba sa ruoang le ba ruiloeng, tsa ba banyenyane le tsa ba baholo.”—Tšen. 19:17, 18.

Hoo e tla ba tlhoro ea seo Jesu a se bitsitseng “mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng hape.” (Mattheu 24:21) Kahoo puso ea Molimo ea leholimo ka Jesu Kreste ‘e tla robaka e felise mebuso ena kaofela e teng hona joale’ ’me e fane ka ’muso holim’a lefatše lohle ‘o ke keng oa fela le ka mohla.’—Dan. 2:44.

BAPHONYOHI

Ba teng ba tla phonyoha koluoa e tlang ea lefatše, joalokaha ho bile joalo ha moroallo oa lefatše lohle oa mehleng ea Noe o senya lefatše le silafetseng la mehleng eo. (2 Pet. 2:5) Lentsoe la Molimo le re: “Batlang Jehova, baikokobetsi bohle ba lefatše, ba etsang ka taelo ea hae; batlang ho lōka, le batle boikokobetso; ekaba le ka tšoha le patoa tsatsing la bohale ba Jehova.” “Ho tla bolokeha e mong le e mong ea rapelang lebitso la Jehova.”—Sof. 2:3; Joele 2:32.

Buka e qetellang ea Bibele, le eona, e re tiisetsa hore ho teng ba tla phonyoha. Ba boleloa e le “bongata bo boholo” bo tsoang ‘mahlomoleng a maholo.’ Ba pholosoa hobane’ng? Hobane, joalokaha boprofeta bo bolela, ‘ba sebeletsa Molimo motšehare le bosiu.’—Tšen. 7:9, 14, 15.

Ho bokelloa ha bana ba tla phonyoha lichabeng tsohle ho tsoela pele hona joale. Lefatšeng lohle ba batlang ho ithuta ka merero ea Molimo le ba batlang ho etsa thato ea oona ba bokelloa hammoho tsamaisong e le ’ngoe ea lichaba tsohle ea batho, eo e tlang ho ba motheo oa “lefatše le lecha” le tlang la Molimo. (2 Pet. 3:13) Ho fapana le lichaba tsa lefatše lena, ba se ba ithutile ho ‘tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tea lisekele.” Ka ho etsa joalo, e sa le joale ba phethahalitse boprofeta bona: “Sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”—Esa. 2:2-4.

Kahoo ha lichaba tse itokolotseng ho Molimo li oela tsielehong e khōloanyane, morero oa Molimo oa ho bokella batho ho ja lefa la sebaka sa lefatšeng tlas’a ’muso oa Molimo o tsoela pele ka bokhabane bo boholo. (Matt. 25:34) Ka baka la seo bana ba ithutang sona hona joale mabapi le tsamaiso ena e khopo hore e tla fela haufi, le tsamaiso e ncha ea ho loka e haufi hakana, ha ba sa talima nako e tlang ntle ho tšepo. Ho e-na le hoo, ‘ba emisa lihlooho tsa bona kaha topollo ea bona e haufi.’ (Luka 21:28) Ba na le tšepo e khōlō nakong e tlang hobane kannete ba tseba hore, joalokaha Bibele e bolela, “Batho ba ka rera lintho tsa mefuta-futa, empa thato ea Morena eona e tla etsoa.”—Liprov. 19:21, TEV.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

“Ka bona le lengeloi le leng le eme letsatsing, le hoa ka lentsoe le phahamileng, le hoeletsa linonyana tsohle tse fofang sebakeng sa leholimo, le re: Tlong, le phuthehele mokete o moholo oa Molimo.”—Tšen. 19:17.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela