Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 3/1 maq. 3-4
  • Lerato la Hao ke la ’Nete Hakae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lerato la Hao ke la ’Nete Hakae?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšoarelanang
    Binelang Jehova Lithoriso
  • Tšoarela ho Tloha Pelong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Tšoarelanang ka Bolokolohi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • ‘Tsoelang Pele ho Tšoarelana ka Bolokolohi’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 3/1 maq. 3-4

Lerato la Hao ke la ’Nete Hakae?

HO HLALOSA motho e le oa ’nete ke ho nea eo thoriso e phahameng. Bonnete ba motho, kapa ba ntho, hangata bo totobatsoa ka litlhahlobo. Ke kahoo Bibele e buang ka gauda e le e lekoang ka mollo, ’me e bua ka “gauda ea ’nete,” “silevera ea ’nete,” le “nareda ea sebele,” senoko se theko e thata. (Jer. 52:19, NW; Mar. 14:3; 1 Pet. 1:7) Lentsoe la Molimo le lona le bua ka batho e le ba ’nete, joalokaha moapostola Pauluse a bitsa Timothea ‘ngoana oa sebele tumelong.’—1 Tim. 1:2.

Taba ea hore na ba bang ba itseng ba ne ba e-na le lerato la ’nete e hlahile mabapi le Bakreste ba Bajode Jerusalema. Ba ne ba oetse bofumeng bo fetisisang, ’me balumeli hammoho le bona Macedonia, ‘ho sa tsotellehe ho hloka ha bona,’ ba ne ba sebelitse ka thata ho etsa moneelo o mosa ho baena ba bona ba hlokang. Hoba a bolelle Bakreste ba enneng ba Korinthe ka lintho tsena, moapostola Pauluse a boela a re: “Ha ke rialo ka molao, empa e le hore ke leke, ka mafolo-folo a ba bang, ’nete ea lerato la lōna.” Ka ho totobetseng ba ne ba ipoletse hore ba rata balumeli hammoho le bona ’me joale moapostola o ne a ba nea monyetla oa ho bontša bonnete ba lona. Joang? Ka liketso, ka meneelo ea bona.—2 Ba-Kor. 8:8.

Tlas’a pululelo moapostola Johanne, lengolong la hae la pele, o bua ka eona ntlha eo, a re: “Moo re tsebileng lerato, ke ha Jesu a re teletse bophelo ba hae; le rōna re tšoanetse ho tella banab’abo rōna bophelo ba rōna. Empa motho ha a na le lintho tsa bophelo ba lefatše, ’me a bona ngoan’abo a hloka, ’me a mo koalla pelo ea hae, lerato la Molimo le lutse joang ho eena? Bana ba ka, re se ke ra rata ka lipolelo le ka leleme, e mpe e be ka ketso le ka ’nete.”—1 Joh. 3:16-18.

E, lerato la ’nete, lerato la sebele, ha le bontšoe feela ka ho bua, ka mantsoe, empa ka ho etsa lintho, ho thusa ba hlokang. ’Mōpi, Jehova Molimo ka boeena, o re nea mohlala o motle haholo ho sena. Ka baka la ho se utloe ha batsoali ba rōna ba pele, batho ba fumaneha, eaba Molimo o rōmela Mora oa hae ea tsoetsoeng a le mong “hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” Jehova Molimo a fana ka Mora oa hae e le hore A ka ba le motheo oa ho tšoarela batho ba bakileng, joalokaha re bala hore: “Ha re ipolela libe tsa rōna, Molimo oa tšepeha, o lokile hore o re tšoarele libe ’me o re hlatsoe bokhopo bohle.”—Joh. 3:16; 1 Joh. 1:9.

Mohlala ona oa lerato la ’nete oa Jehova Molimo ho tšoareleng libe tsa rōna o beiloe e le mohlala oa hore re o etsise. Lentsoe la hae lea eletsa: “Le rekolohelane, le hauhelane, le tšoarelane, joale ka ha Molimo le oona o le tšoaretse ka Jesu Kreste.” (Ba-Ef. 4:32) Mohlomong ha ho tšobotsi e ’ngoe eo ho eona bonnete ba lerato la motho bo lekoang kapa bo bontšoang ho feta ho ithaopeleng ho tšoarela. Ho bonolo ka ho fetisisa ho fana ka limpho tsa lintho tse bonahalang, mohlomong e bile e le tse theko e thata, ho feta ho bontša boholo ba pelo, ho fana, ka ho ba ea tšoarelang.

Moapostola Petrose a ho fumana ho le thata haholo ho ’na a tšoarela ’me a botsa Morena oa hae, Jesu, hore na ebe o ne a lebelletsoe ho tšoarela ngoan’abo ho fihlela ka makhetlo a supileng. Jesu a arabela joang? ‘E seng ho fihlela ka makhetlo a supileng empa ho fihlela ka makhetlo a mashome a supileng a metso e supileng’; ka mantsoe a mang, ha ho moeli oa hore na motho a tšoarele e mong hakae. (Matt. 18:21, 22) Petrose ntle ho pelaelo o ne a hopotse mantsoe ana a Jesu, hobane lilemo hamorao o ngolile hore: “Haholo-holo, le ratane ka phehello, hobane lerato le apesa libe tse ngata.” (1 Pet. 4:8) Ntho e ngata, ke e khōlō, na ha ho joalo? Ha e le hantle, ho Liproverbia 10:12 re bala hore “lerato le apesa litšito tsohle.”

Hona ka lapeng, menyetla e mangata hakaakang, ea ho tšoarela tsatsi le leng le le leng! Monna hammoho le mosali, kamanong ea bona, kapa joaloka batsoali, haesita le bana, ba etsa liphoso, tse ling li sa re letho kapa li le nyenyane, tse seng kae tse khōlō e le tse nang le liphello tse tebileng. Litho tse ling tsa lelapa li lokela ho itšoara joang? Ka nyatso, ka boikutlo ba hore ‘Ke phoso e booatla hakaakang! Ke hobane’ng ha u entse ntho e joalo?’ Kapa, ka kutloelo bohloko, ka ho nahanela ea entseng phoso ’me ho theoloa liphello kapa ho bontšoa litsela tsa ho fokotsa liphello? Ke ka lebaka le utloahalang ho ileng ha hlokomeloa hore ‘lenyalo le thabileng ke kopano ea batšoarelani ba babeli ba molemo.’

Ho joalo ho sebetsa le lelapeng le leholoanyane la moea leo Bakreste bohle e leng karolo ea lona. Kaha ha ho lea mong ea phethahetseng, ba etellang pele phuthehong, kapa ba etellang pele naheng e ’ngoe, ho ka etsahala habonolo hore ba haelloe kapa ba fose kahlolong ka linako tse ling. Ho se phethahale ha bona ho fana ka teko ea sebele ho bao ba ba lebetseng.

Ho ka ba ’na ha boleloa hore joalokaha ‘lenyalo le thabileng e le kopano ea batšoarelani ba babeli ba molemo,’ le thabo ka phuthehong ea Bokreste e itšetlehile ka hore baena le likhaitseli moeeng ba lokele ho tšoarelana. Jesu o boletse hore balateli ba hae ba ne ba tla khetholloa ka ho ratana ha bona. (Joh. 13:34, 35) Hore lerato la bona e be la ’nete, le tlameha ho akarelletsa ho ithaopela ho tšoarela. Joalokaha “Pina ea ’Muso” e ho bolela:

“Ha re hlonama ka mehla Re ke ke ra tšoarela; Tšoarelo e bontša mosa O tsoang teng leholimong. . . . Ke ntho e ntle ho tšoarela, Bohle re’e hlaolele; E re thusa ho se bake Liphapano.”

Ha e le hantle, e seng lerato la ’nete feela, empa le bona bohlale le toka ho ka boleloa hore li re hloka hore re be ba tšoarelang. Ntle leha re tšoarela ba bang, Jehova Molimo a ke ke a re tšoarela. Ho tšoarela ho fella ka thabo ho bohle ba amehang. Na ho tšoarela ha se ho fana ha mofuta o fellang ka thabo e khōlō? (Matt. 18:35; Lik. 20:35) Toka le eona e re hloka hore re tšoarele. Joang? Hobane ho se tšoarele ke ho nahanela baena ba rōna hampe kapa ho ba ahlola e le ba hlokomolohang hoo ba ke keng ba tšoareloa. Leha ho le joalo na toka ha e re hloke hore re etse ba bang kamoo re ka ratang ha ba re etsa? Re ke ke ra lakatsa hore ba bang ba ahlole sepheo sa rōna ka phoso kapa hampe; ho e-na le hoo, re ka rata ha ba tšoarela. Le rōna ka baka leo re tšoanela ho tšoarela banab’abo rōna.—Luka 6:31.

Kahoo Bakreste ba na le mabaka ’ohle a ho tšoarelana. Ke ntho e bohlale e bile ke ntho e lokileng hore e etsoe. Empa, kaholim’a tsohle, ke ntho e se nang boithati, le e lerato hore e etsoe, e le bopaki ba bonnete ba lerato la rōna.

[Setšoantšo se leqepheng 3]

Lenyalo le thabileng ke kopano ea batšoarelani ba babeli ba molemo

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela