Na u Moetsi-khotso ea Hlometseng Hantle?
“HO LEHLOHONOLO ba bōpang khotso,” kamoo ho boletseng Jesu Kreste Thutong ea hae ea Thabeng. (Matt. 5:9, phet. e ncha) Ba bopang khotso joalo ba sebetsa ka thata ho boloka likamano tse ntle le ba bang. Ba khutlisa bobe ka mosa, ’me ba qoba likomang. (Ba-Roma 12:17, 18) Ka boikutlo, polelo le ketso, ba bōpa khotso. Kahoo, kannete ke “baetsi-khotso,” ba etsang ka matla ho thusa ba bang ho thabela khotso le Molimo le batho ba bang.
Ke hobane’ng, he, ha ho ka thoe baetsi-khotso ba joalo ba tlameha ho hlomela hantle? Hobane lira tse matla li sekametse ho ba timetseng e le batho ba moea. Ka lira tsena le ntoa ea Mokreste khahlanong le tsona, moapostola Pauluse o ngolile: “Hobane ntoa ea rōna ha e loane le nama le mali, empa e loana le baholo, le mebuso, le marena a lefifi la lefatše lena, le meea e bolotsana e sebakeng sa leholimo.” (Ba-Ef. 6:12) Ka hona ea rōna ntoa e khahlanong le mebuso ea lefifi ea bosatane, Diabolose le bademona ba hae. Lihlomo tse bonahalang le libetsa e ke ke ea e-ba tsa molemo oa letho ntoeng e loantšang meea ena e phahametseng motho.
LIHLOMO TSA MOEA
Kahoo, re hloka thepa ea moea e boletsoeng ke moapostola Pauluse. O khothalitse balumeli hammoho le eena hore: “Nkang lihlomo tsohle tsa Molimo, le tle le tsebe ho tiea ka tsatsi le lebe, le ho ema le setse le hlōtse tsohle. Tieang ke hona, le ntse le itlamile matheka ka senyepa sa ’nete, ’me le apere tšireletso ea sefuba, e leng ho loka. Maotong a lōna, le roale mafolo-folo a Evangeli ea khotso. Ka holim’a tseo tsohle le tšoare thebe ea tumelo eo ka eona le ka tsebang ho tima metsu eohle e tukang ea molotsana. Roalang heleme ea poloko, ’me le tšoare lerumo la Moea, e leng lentsoe la Molimo.”—Ba-Ef. 6:13-17.
Le hoja mohlomong ho tla fihlela joale e ka ’na eaba re ‘entse lintho tsohle hantle’ joaloka bahlanka ba Molimo, ha rea lokela ho khoehlisa ho itebela ha rōna. Ke habohlokoa hore re shebe ho Moetsi oa rōna le moea oa hae ho re thusa ‘ho ema re tiile.’ Hona ho biletsa ho sebelisana ka tieo eohle le tatiso ea moea o halalelang. Moapostola Pauluse o hlokometse bohlokoa ba sena tabeng ea hae. A ngolla Ba-Korinthe hore: “Ke mpa ke laea ’mele oa ka, ke ithapisetsa oona; e se re mohlomong ha ke boleletse ba bang Evangeli, ’na ka fumanoa ke sa lokeloa ke ho amoheloa.” (1 Ba-Kor. 9:27) Haeba rōna, joaloka Pauluse, re lakatsa ho lula re amoheleha, re hloka thepa ea moea eo a e thathamisitseng lengolong la hae le eang ho Baefese.
Ke tšebeletso efe eo senyepa sa ’nete se e phethang ‘lihlomong tsohle tsa moea tse tsoang ho Molimo’? Mehleng ea Pauluse senyepa sa ntoa e ne e le lebanta la letlalo le neng le itlama letheka. A ne a fapana ka botenya ho tloha ho lisenthimithara tse 5 ho isa ho tse 15 ’me hangata le ne le e-na le lilika-likoe tsa tšepe, silevera kapa gauda. Lerumo la mohlabani le ne le leketla ho lona ’me ka linako tse ling lebanta le ne le tšoaroa ka lerapo le lehetleng. Le eona tšireletso ea sefuba ka mokhoa o joalo e ka tiisoa thekeng. (Baahl. 3:15-17; Pes. 45:3, 4) Senyepa se joalo se ne se tšehetsa le ho sireletsa letheka. Ka mokhoa o tšoanang, ’nete e ka tiisa Mokreste ea hlomelletseng ntoa boikemisetsong ba hae ba ho lula a tiile ha a beoa tlas’a maemo a lekang.
Ho hlokahalang hape ke “tšireletso ea sefuba, e leng ho loka.” Bohlokoa ba ho loka e le tšireletso ea sefuba bo ka ananeloa habonolo ha re nahana ka tšekamelo ea boetsalibe ea pelo. Mangolo a re bolella ho re: ‘Tšekamelo ea pelo ea motho e mpe le ho tloha bocheng ba hae ho ea pele.’ (Gen. 8:21) “Pelo e mano ho fetisa tsohle, e bolile hampe; e ka tsejoa ke mang?” (Jer. 17:9) Ke feela ho loka ho theiloeng tumelong tokisetsong ea Molimo bakeng sa bophelo bo sa feleng le ho susumetsoang ke moea oa hae ho ka thibelang pelo hore e ineele litšekamelong tsa boetsalibe.—Ba-Roma 6:15-20.
Le ona maoto a rōna a hloka ntho e a sireletsang, e leng, “Evangeli ea khotso.” Na maoto a hao a e roetse? Haeba ho le joalo, u tla be u itšoere tumellanong le ‘litaba tse molemo,’ sohle se boleloang ke thuto ea Bokreste. (Bapisa Ba-Roma 6:17.) Kaha maoto a sebelisetsoa ho tsamaela ntoeng, hore mohlabani a be le “evangeli ea khotso” ho ama ho fetang ho ba le boitšoaro bo hloekileng ba botho. Hape re lokela ho chesehela ho jala ‘litaba tse molemo.’ Ka baka leo, le haeba re le tlas’a mathata, ho kopanela ha rōna ka mafolo-folo ho tsebahatseng ‘litaba tse molemo’ ho ba bang ho ka re thusa hore re mamelle ka botšepehi.
Karolo ea bohlokoa haholo ea lihlomo tsa rōna ke tumelo. Moapostola Pauluse o buile ka eona e le “thebe [e khōlō] ea tumelo.” Mohlomong o ne a hopotse ka thebe e khōlō ea Baroma eo bolelele le bophara ba eona e neng e le 1,2 ka 0,8, ho e-na le thebe e neng e tloaelehile e pilikoechana e neng e sebelisoa ke ba nkang liqha. Thebe e khōlō joalo e ne e sireletsa hoo e ka batlang e e-ba ’mele kaofela ka mokhoa o motle haholo. Ka ho tšoanang, tumelo ea rōna ho Jehova Molimo, ho itšetleha ha rōna ka ho feletseng ka eena, ho re nolofaletsa ho mamella tlas’a mahloriso a mefuta eohle. Tumelo ena hase ho lumela feela hore ’Mōpi o teng. (Ba-Heb. 11:6) E akarelletsa tšepo e sa senyeheng ea hore Ntate oa rōna oa leholimo a ka etsolla ’me o fela a tla etsolla ho hang kotsi leha e le efe eo re ka e fumanang. Le lona lefu le ke ke la thibela hore re amohele mahlohonolo a maholo ao Molimo o a tšepisitseng bahlanka ba oona.—Matt. 10:28.
‘Thebe ena e khōlō ea tumelo’ e tla etsolla kotsi leha e le efe ea metsu e tukang eo Satane, ka baemeli ba hae, a ka ’nang a e betsetsa ho rōna. Tumelo e tla re thusa ho hanela litlhaselo tsa “meea e mebe,” hape le lithetso tsa hore re etse bobe, ho ikenya tseleng ea bophelo ea lintho tse bonahalang, hape le ho se ineele tšabong, pelaelong, boithating, masoabing a fetisisang kapa ho tšoenyeha. Ka tumelo e re sireletsa joaloka thebe e khōlō, re tla tseba ho itlhalosa tumellanong le mantsoe a latelang a bululetsoeng: “Morena ke mothusi oa ka, nke ke ka tšoha letho; motho a ka nketsa’ng?”—Ba-Heb. 13:6.
Joalokaha heleme e sireletsa hlooho ea mohlabani, ka hona “heleme ea poloko” e sireletsa matla a kelello a Mokreste. Ka ho tsitsisa pono ea kelello ea rōna polokehong ea rōna ea ka ho sa feleng, moputso oa bophelo bo sa feleng, re thuseha ho loana ka matla khahlanong le eng kapa eng e ka re etsang hore re khelohe sepheo sa rōna. ‘Tšepo ea poloko’ e molemo eo Molimo o faneng ka eona e ka ba matla a lekaneng ho re nea tšireletso ea mofuta oo heleme e neng e fana ka eona ho bahlabani ba boholo-holo.—1 Ba-Thess. 5:8.
Hangata litlhaselo li tlela Bakreste ka sebopeho sa menahano e sothiloeng le likhang. Ha hona ho etsahala, re hloka “lerumo la moea,” Lentsoe la Molimo Bibele. Mangolo ke tholoana ea moea o halalelang ’me a lokiselitsoe ho ‘laea, le ho hōlisa ka kholo ea ho loka.’ (2 Tim. 3:16) Re hlomelletsoe ka tsebo e nepahetseng ea Bibele, re ka khetholla pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng. (Ba-Heb. 5:14) Hona ho re nolofaletsa ho ‘liha merero le liphahamo tsohle tse phahamelang ho loantša tsebo ea Molimo.’—2 Ba-Kor. 10:5.
TIEA THAPELONG
Koana, le ka mohla re se lahleheloe ke pono ea hore ea re neang lihlomo tsa moea ke Molimo. Ke Oona o tla re sirelelletsa bophelo bo sa feleng ha re leka ho ineela tšebetsong ea moea oa oona. Ke ka baka leo e leng hantle ha re mamella thapelong, kahoo re bontša hore re itšetlehile ho hang ka Jehova Molimo. Ha ho talingoa ’nete ea hore Bakreste bohle ba ineetseng ba kopanela ntoeng e le ’ngoe ea moea, ha rea lokela ho rata ho lekanyetsa lithapelo tsa rōna ho rōna feela empa re rate ho kopanyelletsa baena bohle. Hona ho tumellanong le khothatso e tsoelang pele ea moapostola Pauluse: “Le rapele ka Moea ka mehla, ka merapelo eohle, le falimehele teng ka tiisetso eohle, ’me le rapelle bahalaleli bohle.”—Ba-Ef. 6:18.
Kaha polokeho ea rōna ea ho qetela e kotsing, re na le lebaka le letle la ho lula re le baetsi-khotso ba hlometseng hantle. Ka baka leo, u ’ne u itlhahlobe ka linako tsohle. Tiisa hore u thabela tataiso le tšehetso ea ’nete ea Bokreste, hore ho loka ho sirelelitse pelo ea hao, hore tumelo ea hao e matla ka ho lekaneng ho emela litlhaselo tse tsoang ka ntle le tse tsoang ka hare, hore tšepo ea ho fumana bophelo bo sa feleng e sirelelitse matla a hao a kelello, le hore u tseba ho sebelisa Lentsoe la Molimo ka nepo ho loantšeng maikutlo a senyang tumelo le “meea e bolotsana e sebakeng sa leholimo.” Loanela ho lula u falimehile moeeng, u itumella hore u tsamaisoe ke moea oa Molimo ha u rapela ka litsela tse loketseng maemo kapa linako tse ngata tse biletsang ho leboha, thoko le likōpo tsa ho thusoa le ho tataisoa ho tsoang holimo. E, etsa ka matla hore u be moetsi-khotso ea hlometseng hantle.