Pono ea Hao ea Chelete e ka Ama Bophelo ba Hao
CHELETE ke ea bohlokoa hakae bophelong ba hao? Kapa, ho e-na le hoo, chelete e rateha hakae monahanong oa hao? Ho ba bangata, e tla pele bophelong ba bona le monahanong oa bona? Ba ka ’na ba ineela ka ho feletseng boitekong ba ho bokella chelete. Ba bang ba ipotlakisetsa lebitleng ka baka la eona. Ho fumana chelete, ba bang ba khothotsa, ba qhekella, ba qala leshano kapa mohlomong ba be ba bolaee.
Pono ea Bokreste ke efe? Bibele e bontša hore chelete e fela e e-na le molemo o itseng tsamaisong ena ea lintho, e sireletsa motho bofumeng le liphello tsa bona tse bohloko. Joalokaha Morena Salomone a boletse, ‘le eona chelete ke tširelo.’ (Moek. 7:12) Ho feta moo, melemo e bonahalang e ka sebelisetsoa ho thusa batho ba hlokang.—Lik. 4:34, 35; Ba-Ef. 4:28.
Mokreste, leha ho le joalo, ka bohlale o alosa hore chelete e se ke ea fetoha ea bohlokoa haholo ho eena hoo kelello ea hae ea hore na sa bohlokoa ke sefe e sothehang. Le ka mohla chelete e se lumelloe hore e be ntho e khōlō bophelong ba rōna. Ruri e ka ba booatla ho tela tebello ea bophelo bo sa feleng ka baka la matlotlo.
BOTHATA HO BARUI LE MAFUTSANA
Kotsi ea ho hokella bohlokoa bo sa lokelang cheleteng e bontšoa tabeng ea mohlankana oa morui lekholong la pele la lilemo C.E. Ha a botsa Jesu hore na o lokela ho etsa joang hore a fumane bophelo bo sa feleng, a bolelloa hore: “Rekisa ka lintho tsa hao tsohle, ’me u li abele bafumanehi, ’me u tla ba le letlotlo leholimong.” Mohlankana a itšoara joang? “A soaba haholo; hobane a na a ruile haholo.” E, mohlankana o ne a batla bophelo bo sa feleng, empa chelete ea hae e le ea bohlokoa haholoanyane ho eena. Jesu a tsoela pele ho bontša hore bona e ne e se boemo bo sa tloaelehang. A hlalosa hore, e le molao o akaretsang, “ho ka ba bonolo hore kamele e kene ka lesoba la lemao, ho e-na le hore morui a kene ’musong oa Molimo.”—Luka 18:18-25.
Koana, ba teng barui ba tla rua ’muso oa Molimo. Empa hona ho tla etsahala ka hore ba iphumantše mokhoa oa bomolimo oa poloko. (Luka 18:27) Hore ba etse joalo ho hloka hore ba se hlole ba tšepa maruo a bona le tšusumetso empa ba sebelise matlotlo a bona ka bohlale, tlotlisong ea Molimo. Ka tsela eo ‘ba bokella letlotlo leholimong,’ kaha Ea Holimo-limo o tla putsa liketso tsa bona tse molemo haholo.—Matt. 6:19-21; Luka 16:9.
Mofutsana le eena a ka ’na a iphumana a sitoa ho boloka pono e leka-lekaneng ka chelete. Haeba a e-na le monyetla oa ho ntlafatsa boemo ba hae ba lichelete ka ho lahla metheo ea hae ea Bokreste, hona e ka ba teko ea sebele ho eena. Ka mohlala, a ka ’na a neoa mosebetsi o lefang hantle o amang ho fosetsa letsoalo la hae. Kapa, mosebetsi o ka ’na oa mo boloka hangata e le ea sa kopaneleng le balumeli hammoho le eena. Qalehong, chelete e ka thoko e tla fumaneha e ka ’na ea bonahala e le karabelo ea lithapelo tsa hae. Qetellong, a nahane hore e meng ea meroalo ea bophelo e-ea bebofatsoa.
Empa hopola Akane. Ka khapo ea Jeriko, a nka seo e seng sa hae, a itlisetsa lefu eena le lelapa lohle la hae. (Josh, khaolo ea 7) Ka ho tšoanang, ho inkela menyetla ea ho fumana matlotlo a bonahalang ka ho rekisa letsoalo la Bokreste ho ka ’na ha fella ka kotsi e tebileng ea moea. (1 Tim. 6:9) Chelete feela tjee e ke ke ea re fumantša molemo ka tsela eo ho ka etsang tšebeletso e tšepahalang ho Molimo.
Ka baka leo, Bakreste ba linaheng tse tsoelang pele ba bohlale ha ba boloka pono e leka-lekaneng ka chelete. Ka mohlala, naheng e ’ngoe morali oa Lipaki tsa Jehova o ile a fuoa thuso ea ho ea ithuta Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika. Naheng ea habo, thuso e joalo e ne e talingoa e le mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa. Empa lelapa la fihlela qeto ea ho hana mpho. Ho amohela mpho ho ne ho tla tlosa ngoanana ho mo ise hole haholo le hae lilemong tsa hae tsa ho bopehela botho. Ho ne ho ka ’na ha mo phetlela mathata a mangata ao a neng a tla hloka tsebo ea ho a sebetsa. Ka mabaka ana lelapa la fihlela qeto ea hore ho sebeletsa ho boloka kamano e molemo le Molimo ke habohlokoa haholo ho feta melemo e bonahalang eo thuto mose e ka e tlisang.
Empa motho a ka ba le pono e nepahetseng joang ha bophelo bo le thata haholo? Ho teng likarolo tsa lefatše moo batho ba bangata ba phelang ka bofuma bo fetisisang. Hore ba phele, banna ba tlameha hore mohlomong ba sebetse lihora tse 12 ho isa ho tse 16 ka letsatsi, matsatsi a tšeletseng kapa a supileng ka beke. Tlas’a khatello e tjena, ho ka ’na ha bonahala hore chelete ke bophelo. Lentsoe la Molimo, leha ho le joalo, le ka thusa motho hore a qobe hore a fetohe ea sa leka-lekaneng tlas’a maemo ana. Ka ho latela tataiso ea Bibele, motho o kena tlas’a tlhokomelo e lerato ea Molimo ka tsela e tobileng haholoanyane. Hona hoa mo sireletsa.
Jesu Kreste o hlakisitse hona haholo. Ka lekhetlo le leng, a buisana le bongata bo boholo, bao ba bang ho bona ntle ho pelaelo ba neng ba tloaelane le bofuma. A ba khothalletsa hore ‘ba khaotse ho belaela ka meea ea bona ka hore na ba tla ja eng kapa ba noe eng, kapa ka ’mele ea bona ka hore na ba tla apara eng.’ Mofutsana a ka etsa hoo joang? Jesu a supa linonyana, a bontša hore ho teng ’Mopi ea lerato ea fanang ka lintho tsohle tse hlokahalang bakeng sa libopuoa tsena. E, ’Mōpi enoa o bile o apesa, kamoo re ka buang kateng, lipalesa ka botle. Ka linonyana, Mora oa Molimo a hlahisa potso: “Ha ke re, lōna le li fetisa haholo na?”—Matt. 6:25-32.
Koana, batho ke ba bohlokoa haholoanyane ho feta linonyana le lipalesa. Kahona Jehova Molimo o tla hlokomela batho, haholo haeba ba nka bohato ka mantsoe a latelang a Jesu: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.” E, motho a ka ikutloa a e-na le tšepo ka ho itšetleha ka Jehova bakeng sa thuso, ha feela a etelletsa pele lithahasello tsa ’Muso.—Matt. 6:33.
LEBAKA LEO BORAPELI BA ’NETE BO THUSANG
Ke ka baka leo molaetsa oa Bokreste ba ’nete e leng ntho eo bafumanehi ba e hlokang kannete. O fana ka thuso e sa hlōleheng ho sebelisaneng le bothata ba bona. Ruri matšeliso a sebele a teng ho tseba hore ’Mōpi o tla ba thusa hore ba hlokomele malapa a bona haeba ba tsoela pele ho mo sebeletsa.
Hona ha ho bolele hore ba ka lebella hore batho ba bang ba ba hlokomelle malapa a bona. Boo e sa le boikarabelo ba bona. (1 Tim. 5:8) Leha e le hore ho bolela hore e tla ba barui. Che, mohlomong ba sa ntsane ba tla tlameha ho sehla ka thata hore ba phele. Empa mantsiboea ba ka ea liphateng ka lipelo tse pholileng, ba tšepile hore ka le hlahlamang Jehova o tla boela a ba bulela tsela ea hore ba fepe malapa a bona.—Pes. 4:8.
Ba tla tšoana le Davida. Pele e e-ba morena, o ile a feta har’a mathata a mangata. Leha ho le joalo, ho isa qetellong ea bophelo ba hae, o ne a ka re: “Nkile ka ba mocha, ’me joale ke tsofetse; empa ha ke e-so ho bone ea lokileng a tloheloa, leha e le litloholo tsa hae li sikila bohobe.” (Pes. 37:25) Bakreste ba bangata ba ka paka ’nete ea hore Jehova o hlokometse bahlanka ba hae kajeno ka tsela e tšoanang e babatsehang. Ka mohlala, nka polelo ea mosali e mong ea futsanehileng oa Mokreste ea itlhalosang e le “mohloki, empa e le morui oa bana.” Ka nako e ’ngoe o ile a tlameha ho phela e le ’malehi ka baka la tšebetso ea likhukhuni naheng ea habo. Ho sa tsotellehe mathata, eena le bana ba hae ha ho mohla ba kileng ba furalla borapeli ba ’nete. O re: “Re khotso ke boemo ba rōna ka baka la ho rua ha rōna bophelong ba moea. E, borapeli ha bo e-na le ho khotsofala ke leruo le leholo.”—1 Tim. 6:6-8.
Kannete, bohle—ho akarelletsa le batho ba futsanehileng—ba ka fumana mahlohonolo a maholo ha ba batla ’muso oa Molimo pele. Ka ho sebelisa keletso ea Bibele, ba ka ntlafatsa bophelo ba malapa a bona, ba qoba lintho tse senyang chelete, papali ea chelete, ho tsuba, ho noa ka mokhoa o tlōtseng—’me ba ithute ho sebelisa cheletana eo ba nang le eona ka mokhoa o molemo haholo. Ba ka fumana bohlale bo hlokahalang hore ba sebetsane le mathata a bona ka katleho. Ho feta tsohle, ba ka lebella ka sebete nako ea ha bofuma, hammoho le maloetse ’ohle a batho, li tla felisoa.—Esa. 25:6-8.
Ka hona le haeba re e-na le ho honyenyane kapa ho hongata matlotlong, pono e nepahetseng ea chelete e ka tlatsetsa ho thabeleng bophelo. Ho sa tsotellehe hore na boemo ba rōna ke bofe, ntho ea bohlokoa ke ho etelletsa ’muso oa Molimo pele, le ho ’na re etsa se napahetseng mahlong a oona. Hona ho ka ’na ha re hloka mamello, empa ho tla tlisa mahlohonolo a maholo hona joale le nakong e tlang. Kahoo, joalokaha moapostola Pauluse a khothatsa Ba-Galata, a re: “Re se ke ra khathala ke ho etsa hantle, hobane re tla kotula nakong ea teng, ha re sa tepelle.”—Ba-Gal. 6:9.