Lipotso Tse Tsoang ho Babali
● Ke hobane’ng ha kutu ea sefate torong ea Morena Nebukadnezare e ne e tlanngoe ka mahlaahlela a mabeli?
Nebukadnezare o bile le toro ea boprofeta ea sefate se seholo se ileng sa rengoa ʼme sa tlangoa. Ka kutu, rea bala: “Le siee kutu ea metso ea sona mobung, e mpe e holehuoe ka mahlaahlela a tšepe le ka a koporo, . . . e aroleloe joang ba lefatše le liphoofolo, ʼme ngoaha o fete holim’a hae hasupa.”—Dan. 4:23, 15.
Moprofeta Daniele a hlalosa hore phethahatsong ea eona ea pele toro ena e ne e bolela hore Nebukadnezare o ne a tla tlosoa setulong sa hae sa borena ka linako tse supileng (kamoo a hlalosang ka mengoaha e supileng). Hape re utloisisa hore toro ena e sebetsa ‘mengoaheng e baloang hasupa’ ea puso ea Balichaba eo ho eona Jehova a neng a ke ke a sebelisa borena ba bokahohleng ka ʼmuso o nang le ’musi lesikeng la Davida. Bona Our Incoming World Government—God’s Kingdom (1977), maq. 71-89.
Ho tlangoa ha kutu ho ne ho tla bolela hore “sefate” se ne se tla ʼne se hlahlojoe ka lilemo tse supileng. Joalokaha Jobo 14:7-9 e bontša, tlas’a maemo a tloaelehileng kutu e ka ʼna ea hlomela ʼme ea qala ho hola hape; empa e seng ena. Ha Nebukadnezare a bontšoa toro ena, tšepe le koporo e ne e le tse ling tsa lintho tse matla ka bothata ka ho fetisisa tse neng li fumaneha. (Bapisa Pesaleme ea 107:10, 16; Jobo 40:18.) Kahoo ho tlangoa ha kutu ka mahlaahlela a tšepe le ka mahlaahlela a kopro ho ne ho tla tiisa habeli hore “sefate” ha se hole hape ho fihlela ha ho tlosoa litlamo tsa bomolimo.