Na Moshe o Ile a Koenehela Polelo ea Hae?
QETELLONG ea kotlo ea borobong—matsatsi a mararo a lefifi le letšo—Faro a sokela Moshe ka hore: “Tloha ho ’na, u itemohele, u se ke ua hlola u bona sefahleho sa ka, hobane ka tsatsi leo u bonang sefahleho sa ka ka lona, u tla shoa.” (Ex. 10:28) Ho ea ka Exoda 10:29, Moshe a arabela: “Ua bolela, ha ke sa tla hlola ke bona sefahleho sa hao.”
Khaolong e latelang ea Exoda, litemana 4 ho ea ho 8, leha ho le joalo, re bala ha Moshe a bolela kotlo ea 10 ho Faro. Na Moshe o ne a koenehetse polelo ea hae? Che, ha ho bonahale joalo. Ka ho totobetseng Exoda 11:1-3 e lokela ho talingoa e le lirapa tse hlalosang. Joale, kamor’a hore Moshe a re: “Ha ke sa tla hlola ke bona sefahleho sa hao,” ha a ka a tlohela ho bua empa a latellisa sena ka ho bolela kotlo ea 10. Joale, joalokaha tlaleho e bolela, Moshe a “tloha ho Faro, a tletse bohale.”—Ex. 11:8.
Ke feela kamor’a ho tseba hore kotlo ea 10 e tla ba ea ho qetela Moshe a neng a ka bolella Faro hore a ke ke a hlola a bona sefahleho sa hae hape. Ho seng joaIo, e ne e tla ba ho iphahamisa ho eena ho lumellana le ntho e ’ngoe e neng e se tumellanong le thato ea Jehova. Mantsoe a Exoda 11:1-3 a senola hore Moshe o ne a hlokomela hore kotlo ea 10 e tla ba ea ho qetela, ’me mantsoe ana a fana ka boitsebiso ba hore na Baiseraele ba ne ba tla etsa joang kamor’a hore kotlo eo e oele Baegepeta.—Bapisa Exoda 11:2, 3 le Exoda 12:35, 36.
Kamoo lintho li ileng tsa tsamaea, Faro a tlameha ho rōmela Moshe le Aarone. A kokobelitsoe ke kotlo ea 10, Faro a re ho bona: “Tlohang, le tsoe sechabeng sa ka, lōna le bana ba Iseraele, le ee, le sebeletse Jehova, joale ka ha le boletse. Le nke le manku a lōna, le makhomo a lōna, kamoo le boletseng kateng, le tsamaee, le be le ntlhohonolofatse.” (Ex. 12:31, 32) Ke phapang e kaakang! Faro ea ileng a sokela Moshe ka lefu joale o kōpa tlhohonolofatso. O ne a sa rate ha Moshe le Baiseraele ba bang ba tloha Egepeta ba ntse ba mo rohakile ’me ba rata ha a ka oeloa ke tlokotsi e tsoetseng pele.