Ho se Mamelle ho ka u Bolaea
“HO se Mamelle ho Lefuoang ka Bophelo.” Ao e bile mantsoe a hapang mahlo a sehlohoana se senyenyane ho Süddeutsche Zeitung ea Sejeremane ea la 16 Mphalane, 1978. Lenaka le neng le lla le sa khaotse la koloi e emeng ka pel’a mokoallo o tšelang seporo la khannela moroetsana ea hlokometseng mokoallo hore a o bule pele ho nako. Hona ha lumella “moqhobi ea se nang mamello” oa koloi hore a fete. Eare ha a le bohareng ba seporo feela, terene e lebelo ea otla koloi lephakong, e e hulanya limithara tse 180 ho theosa le seporo. Taba ea qetella ka hore: “Moqhobi ea lilemo li 44 a lefa ho hloka mamello ha hae ka bophelo ba hae.”
Ke mohlala o bohloko ka sebele, empa o bontšang kamoo ho hloka mamello ho ka bang kotsi kateng. Ntle ho pelaelo u ’nile ua utloa ka batho ba ileng ba kula hape feela hobane ba ile ba hloka mamello ’me ba tsoha liphateng kapa ba khutlela mosebetsing kapele kamor’a ho kula ho matla. ’Me ho boelloa ke boloetse ho ka ba kotsi haholo, le hona ho bolaea. E, batho ba se nang mamello ba ka ipea kotsing, le kotsing e khōlō ea ho lahleheloa ke bophelo ka bobona.
Mantsoe “mamello,” “sebete” le “tiisetso,” haesita le a mang a amanang le lentsoe “pelo-telele” a hlaha ka makhetlo a fetang 30 ka Mangolong a Halalelang. Mohlala o khahlisang o fumanoa ho 1 Ba-Thessalonika 5:14, moo Bakreste ba eletsoang “le be le mamello ho bohle.” Na ke polelo e bonolo ho feta ketso? Ho joalo. Empa hobane’ng? Ke eng se re etsang hore re hloke mamello?
MABAKA A HO HLOKA MAMELLO
Ho hloka tsebo ka linako tse ling ho baka ho hloka mamello. Motho ea nang le tsebo e fokolang a ka ’na a sitoa ho bona hore hoa hlokahala hore a mamelle. Leha ho le joalo, ka tsebo e nepahetseng ea linnete tsohle, motho a ka ’na a ikutloa kahosele. Hoja “moqhobi ea se nang mamello” oa koloi o ne a ile a tseba bohaufi le lebelo tsa terene e ileng ea mo thula hamorao, ntle ho pelaelo a ka be a ile a mamella.
Lebaka le leng la ho hloka mamello mohlomong ke hore motho o inahana boeena haholo kapa ke moikhohomosi. Ka ho loketseng, Bibele e re: “Pelo e telele e molemo ho e-na le pelo e ikakasang.” (Moek. 7:8) Motho ea “pelo e ikakasang” ha a mamelle batho ba ka mo liehisang kapa ba liehisa ntho eo a batlang ho e etsa. Empa na nako ea hae ke ea bohlokoa ho feta ea bona? Ho bonahala a nahana joalo. Motho ea sa mamelleng ha a nahanele, ha a na matla a ho ipea sebakeng sa motho e mong. O potlakela ho tšoaea mefokolo le likhaello tsa ba bang phoso. Hase feela hore o na le “pelo e ikakasang” empa hape o haelloa ke lerato.
Le haeba lebaka ke lefe, leha ho le joalo, batho ba se nang mamello ba ka ’na ba phosumela lintho, ba etsa ka booatla. E, Liproverbia 14:29 e re: “Ea liehang ho halefa o na le kelello e kholo, empa ea pelo e befang kapele o hlahatsa bothoto.” Mohlala o boletsoeng qalehong ruri o bontša kamoo ho hloka mamello ho leng bothoto kateng. Na moqhobi enoa ea se nang mamello o ne a e-na le ntho e potlakileng hakaalo ho e etsa hoo a neng a ke ke a ema ka metsotso e meng e ’meli kapa e meraro? Koana, ho ema nakoana ho ne ho ka ’na ha etsa hore a liehe bakeng sa taetsano. Empa, kamoo ho bileng kateng, ka baka la ho se mamelle a hlōleha ho boloka taetsano leha e le efe ho hang! Haeba u sa batle ho etsa ka bothoto, ithute ho mamella.
‘HO MAMELLA BOHLE’
Ke hangata hakaakang batho ba sa mamelleng basele! Ba ka ’na ba nyatsa mokhoa oo ba bang ba khannang ka oona, kapa ba belaela ka mokhoa oo basebeletsi ba ba sebeletsang ka oona mabenkeleng kapa matlong a lijo. Empa ho mamella litho tsa lelapa le metsoalle hangata ho thata haholoanyane. Morekisi a ka ’na a mamella letšehare lohle, a leka ho khahlisa bareki, e le hore feela mantsiboea ha a fihla lapeng a etse ntho tsohle ha e se ho hloka mamello ho mosali oa hae le bana.
E, ka linako tse ling re sitoa le ho imamella rōna ka bōrōna. Empa le hona hona, ke habohlokoa e le hore re se nyahame ka baka la likhaello tsa rōna le ho se phethahale. Ho se imamelle ho ka re etsa hore re nahane hore re loana ntoa e re hlōlang ’me ha re etsa hore re tepelle peisong ea rōna ea bophelo. Hona ho ka ba kotsi haholo.
Tabeng ea ho apara botho ba Bokreste, Mangolo a tobile haholo. Le hoja e laela Bakreste hore ba fetole botho ba bona, ha ho kae kapa kae moo Bibele e bolelang hore liphetoho tsena tsa botho li ka etsoa ka letsatsi feela; leha e le ho bontša hore motho e mong le e mong o tla ho fumana ho le bonolo ho li etsa. (Ba-Kol. 3:5-10) Ka mohlala, nka mokhoa oa ho tsuba. Batho ba bang ba neng ba tsuba ba ile ba fumana hore ho tlohela ho tsuba sakarete ha hoa ba thata hakaalo. Empa ba bang ba loanne ntoa pele ba atleha ho hlōla mokhoa. Leha ho le joalo, ho phehella ha isa katlehong, ha ho hloka mamello ho ka be ho isitse tlhōlehong.
Koana, bophahamo ba bothoto ke ho se mamelle Molimo. Empa na ha u s’o utloe pelaelo e reng: “Haeba Molimo o tla ke o etse ho hong ka bokhopo, nako ke eona ena”? Empa, Bibele e-ea re tiisetsa: “Morena ha a liehise lipallo tsa hae, joale ka ha ba bang ba lekanya hobane tieho e teng; empa o sa mameletse ka baka la rōna; hobane ha a rate ha ba bang ba ka timela; empa o rata hore bohle ba finyelle pakong.” (2 Pet. 3:9) Ho makatsang, ke eona mamello ena ka lehlakoreng la Molimo eo ka linako tse ling e re etsang hore re hloke mamello.
Ho ka thoe’ng haeba tsamaiso ena ea lintho e tšoarelletse ho feta kamoo re neng re hopotse kateng kapa re neng re nahanne? Hona ha hoa etsahala ntle ho lebaka. Moapostola Petrose o ile a boela a ngola hore: “Mamello ea Morena oa rōna, ke poloko.” (2 Pet. 3:15) Tsebo e nepahetseng ea merero ea Molimo le ho itekanya ka boikokobetso hore ha re ba bohlokoa hakaalo e tla re nolofaletsa ho mamella ha feela Jehova a ntse a bona ho loketse ho mamella tsamaiso ena ea khale le batho ba eona.
Mongoli oa Bibele Jakobo o khothalletsa Bakreste hore ba mamelle, a re: “Ha e le lōna, banab’eso, le lebelle ka sebete, Morena a be a fihle. Bonang, molemi ha a ntse a lebeletse lijo tsa bohlokoa tsa lefatše, o li lebella ka sebete, a be a fuoe pula ea tšeola le ea hoetla. Le lōna, lebellang ka sebete ’me le tiise lipelo tsa lōna; hobane ho tla ha Morena ho haufi.”—Jak. 5:7, 8.
Le ka mohla re se etse phoso ea ho se mamelle Molimo. Hape, ho hlokahala hore re itebele ho hlokeng mamello ho baena le likhaitseli tsa rōna moeeng, beng ka rōna, metsoalle le basele. Joalokaha Mangolo a re: ‘a re mamelleng re beng sebete ho bohle.’ Hopola, ho se mamelle ho ka u bolaea!