Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 6/15 maq. 21-28
  • Ho Fumana Molemo ka ‘’Muelli a le Mong Pakeng Tsa Molimo le Batho’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Fumana Molemo ka ‘’Muelli a le Mong Pakeng Tsa Molimo le Batho’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “’MUELLI” OA BA BAKAE?
  • “BONGATA BO BOHOLO” BA MAJALEFA A LEFATŠENG
  • “Le Tla Fetoha ’Muso oa Baprista”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • U ka Rua Molemo Selekaneng se Secha
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 6/15 maq. 21-28

Ho Fumana Molemo ka ‘’Muelli a le Mong Pakeng Tsa Molimo le Batho’

1. Ke hobane’ng ha Bajode ba kajeno ba sa thahaselle selekane se secha? (b) Ke mang feela ea neng a ka thea selekane se secha le ’muelli oa sona.

KAJENO ha ho sechaba le se seng sa tse 152 tse etsang Machaba a Kopaneng se thahasellang ho etsa selekane le Jehova, Molimo oa Abrahama, Isaaka le Jakobo. Che, e seng le bona Bajode ba 15 000 000 ba tletseng lefatšeng lohle. Ho sa tsotellehe boprofeta ba Jeremia 31:31-34, ba ikhethela ho lumela hore ba sa ntsane ba le tlas’a selekane sa khale sa Molao se buelletsoeng ke Moshe. “Ka baka la ho hloma ho loka hoo e leng ha bona [ka ho tsekella ho boloka selekane sa Molao], ha ba ka ba ipea tlas’a ho loka ha Molimo,” hoo ba ka ho fumanang ka selekane se secha. (Ba-Roma 10:1-3) Jehova, Molimo oa ho loka ha ’nete, o qapile selekane se secha. Ke eena feela ea neng a ka se thea le ho khetha ’muelli ea se tšoanelehelang.

2. Jehova o ne a itse o tla thea selekane se secha le mang, ’me ka sona o ne a tla etsa joang ka bokhopo ba bona le sebe le ho mo tseba ha bona?

2 “Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka ’ona ke tlang ho etsa selekane se secha le ntlo ea Iseraele le ntlo ea Juda; . . . Empa ke sena selekane seo ke tla se hlaba le ntlo ea Iseraele ka mor’a litšiu tseo, ho bolela Jehova: Ke tla ngola molao oa ka ka hare ho bona, ke o ngole lipelong tsa bona; ke tla ba Molimo oa bona, bona e be sechaba sa ka. Ha ba sa tla ruta e mong le e mong molekane oa hae, ha ho motho ea tla ruta oa habo ho re: Tseba Jehova! hobane ba tla ntseba kaofela, ho qala ka e monyenyane ho bona ho isa ho e moholo, ho bolela Jehova; hobane ke tla ba lesella bokhopo ba bona, ’me ha ke sa tla hopola libe tsa bona.”—Jer 31:31-34.

3. Selekane se secha se ne se itšetlehile ka ho bonahala ha mang tabeng ea nako, ’me na hona ho ne ho ama Moshe?

3 Ke neng Jehova a ileng a hlaba selekane seo se secha le “ntlo ea Iseraele le ntlo ea Juda”? Ho beeloa nako ha sena ho ne ho itšetlehile ka ’muelli eo Jehova a mo khethetseng selekane. Moshe o ne a ke ke a tsosoa bafung ho tla buella selekane se secha. E ne e ke ke ea e-ba thuso ho ba selekaneng se secha joalokaha ho bile ho Iseraele.

4. Ho ea ka seithuti sa Moheberu sa moruti oa Mofarisi Gamaliele, ’muelli oa Molimo bakeng sa selekane se secha ke mang?

4 Ha rea sala lipelaelong ka hore na ’muelli ea hlokahalang o ipakile e le mang. Mona re leba lengolong le bululetsoeng le ngoletsoeng Baheberu ke Moheberu, ke seithuti sela se neng se tloaetse ho lula maotong a moruti ea tsebisahalang oa Mofarisi oa lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna, e leng, Gamaliele. A bontša phapang pakeng tsa Moshe le ’muelli e mocha, o tsoela pele ho re: “Lemoha hantle, u etse ntho tsohle ka tekanyetso ea tseo u li bontšitsoeng [thabeng ea Sinai]. Empa moprista e moholo oa rōna o filoe tšebeletso e fetisang, kahobane e le ’muelli oa selekane se fetisang, se hlabiloeng ka lipallo tse fetisang le tsona.” (Ba-Heb. 8:5, 6) “Jesu, ’muelli oa selekane se secha, le maling ao re fokiloeng ka ’ona, a bolelang litaba tse fetisang tsa mali a Abele ka molemo.”—Ba-Heb. 12:24.

5. Jesu, pele ho lefu la hae, o bontšitse joang hore o hlokomela hore nako e fihlile hore selekane sa khale sa Molao se nkeloe sebaka ka selekane se secha?

5 Jesu a hlokomela hore nako e fihlile ea hore Jehova a nkele selekane sa khale sa Molao oa Moshe sebaka ka selekane se secha. Kahoo, bosiung ba Paseka pele ho lefu la hae ka Labohlano, Nisane 14, 33 C.E., a qalisa boikhopotso ba lefu la hae la sehlabelo. Eare ha a nka senoelo sa Sehopotso, sa veine, a re ho baapostola ba hae ba tšepahalang ba leshome le motso o le mong: “Noelang ho sona bohle; hobane hona ke mali a ka a selekane se secha, a tšolleloang ba bangata tšoarelong ea libe.” (Matt. 26:27, 28) Kapa, kamoo moapostola Pauluse a ngolang kateng mantsoe a Jesu: “Senoelo sena ke selekane se secha maling a ka; etsang hoo, ka mehla eohle ha le e-noa, le tle le nkhopole ka hona.” (1 Ba-Kor. 11:25) Ka likarolo tsa matsatsi a mararo o ne a shoele ka lebitleng la khopotso ’me a ke ke a qalisa ho sebetsa joaloka ’muelli oa selekane seo se secha.

6. Ho ntšetsa pele mantsoe a Molimo selekaneng se secha ka ho tšoarela bokhopo le ho se hlole o hopola libe, ho ne ho hlokahala eng?

6 Le hoja Jeremia 31:31-34 e sa ka ea ho bolela, leha ho le joalo ho ne ho hlokahala sehlabelo hore selekane se secha se sebetse. Sehlabelo se ne se hlokahala hobane, polelong ea selekane se secha, Molimo o itse: “Ke tla ba lesella bokhopo ba bona, ’me ha ke sa tla hopola libe tsa bona. (Jer. 31:34) Mali a liphoofolo tse neng li bolaoa a ile a sebelisoa ho etsoeng ha selekane sa Molao oa Moshe, le bakeng sa merero ea ho hloekisa. Tumellanong le sena, ’muelli Moshe a “ntoo foka le eona tabernakele le lipitsa tsohle tsa tšebeletso ka mali. ’Me ka molao, lintho tse hlatsuoang ka mali e batla e e-ba tsohle, ’me ha mali a sa tšolohe, ha ho teselo ea libe.” (Ba-Heb. 9:21, 22) Molemo oa mali a bophelo ba Jesu a ne a ntse a ruiloe ke eena ha a tsosoa bafung ka Sontaha, la 16 Nisane, 33 C.E. Ke sona se bontšoang ke Baheberu 13:20 ha e re: ‘Molimo oa khotso, o khutlisitse bafung Morena oa rōna Jesu, molisa e moholo oa linku, ka mali a selekane se sa feleng.’—Joh. 10:11.

7. Kaha Kreste o neetse sehlabelo se molemo bakeng sa selekane se secha, mali a hae a etsa joang mabapi le letsoalo hape le lebitsong la ‘ba bitsitsoeng’ ba Molimo?

7 Kaha selekane se secha se entsoe hore se sebetse ka sehlabelo se molemo haholo, Baheberu ba entsoeng Bakreste ba ile ba botsoa: “Ana ha e le mali a Kreste, ea itlhahisitseng ho Molimo ka Moea oa ka mehla eohle, e le pheko e se nang letheba, mali ao a tla hlatsoa matsoalo a lōna hakakang mesebetsing e shoeleng, hore le tle le sebeletse Molimo o phelang.” Kaha mali a Kreste a fela a e-na le matla a joalo a ho re hloekisa sebeng se re tsoang, joale rea bala: “Ke ka baka leo, Kreste e leng ’muelli oa selekane se secha, hore lefu la hae ha le kenetse ho hlatsoa litlolo tse entsoeng mehleng ea selekane sa pele, ba bitsitsoeng [ke Molimo] ba fuoe lefa le sa feleng leo ba le baletsoeng.” (Ba-Heb. 9:14, 15) Empa mali a Kreste a qalile neng ho hlatsoa matsoalo a Bakreste bao ba Baheberu ba neng ba le tlas’a “selekane sa pele,” selekane sa Molao se neng se buelletsoe ke Moshe Thabeng ea Sinai?

8. Mali a Kreste a qalisitse ho hloekisa matsoalo a Bakreste ba entsoeng ka Baheberu neng ba neng ba le tlas’a selekane sa pele sa Molao?

8 E seng ho tsoheng ha Kreste bafung, empa letsatsing la bo50 ho tloha mohlang oo. Ke hore, mohla letsatsi la Pentekonta hoba a nyolohele leholimong ’me a kene moo Molimo o leng teng “leholimong la sebele . . . pel’a sefahleho sa Molimo.”—Ba-Heb. 9:24.

9. Ka letsatsi la Pentekonta ha Petrose a bolella Bajode ba tšohileng hore ho tšoareloa ha libe tsa bona ho ka hlaha haeba ba kolobetsoa ka lebitso la Jesu Kreste, hona ho ile ha paka eng ka lilekane?

9 Ka letsatsi leo la Pentekonta moapostola Petrose o fane ka puo ho Bajode le basokolohi ba Sejode e ileng ea hlaba motsoalo a bona. Ba botsa: “Re tla etsa joang?” Petrose a arabela hore: “Bakang, ’me e mong le e mong oa lōna a kolobeletsoe ka lebitso la Jesu Kreste tšoarelong ea libe, ’me le tla nka neo ea Moea o Halalelang.” (Lik. 2:37, 38) Tšepiso ena ea ho tšoareloa libe tsa bona tseo ba neng ba li baketse ea paka ho hong. Hofe? Hore selekane se secha sa Molimo ka tokisetso ea sona ea tšoarelo ea libe se kene tšebetsong hona letsatsing leo, joalokaha selekane sa khale sa Molao oa Moshe se ile sa khokhotheloa sefateng sa lefu sa Jesu Kreste!—Ba-Ef. 2:15, 16; Ba-Kol. 2:14; Ba-Heb. 8:8-13; Jer. 31:34.

10. Petrose o buile joang ka khatiso ea ’nete ena ka lilekane matsatsi a seng makae hamorao ha a bua le Bajode ba molato oa mali tempeleng ea Jerusalema?

10 ’Nete eona ena ea hatisoa matsatsi a se makae hamorao. Eaba Petrose o re ho ’moka oa Bajode ba molato oa mali ba tempeleng: “Bakang ke hona, ’me le sokolohe, libe tsa lōna li tle li hlakoloe, hore ho tle ho be ho fihle mehla ea khatholoho ka ponahalo ea Morena, ’me a rome Jesu Kreste, ea boletsoeng pele ho lōna, eo leholimo le tšoanetseng ho ba le eena ho be ho fihle mehla ea tokiso ea lintho tsohle, eo Molimo o e boletseng ka melomo ea baprofeta ba halalelang ba oona bohle.” Qetellong Petrose a phetha puo ea hae ka hore: “Ke lōna bao Molimo o qalileng ka lōna ho le hlahisetsa mohlanka oa oona Jesu, oa mo roma ho tla le hlohonolofatsa, ka ho sokolla e mong le e mong oa lōna bobeng ba hae.”—Lik. 3:19-21, 26.

“’MUELLI” OA BA BAKAE?

11. Linnete li bontša eng ka hore na ebe Molimo o ile ea etsa selekane se secha le matlo a tlhaho a Iseraele le Juda?

11 Leha ho le joalo, na Molimo o ne a etsa selekane se secha le “ntlo ea Iseraele” ea tlhaho le ea nama le “ntlo ea Juda” ea tlhaho le ea nama? Hoo ho ne ho ka ba bonolo joang, joalokaha Bajode ba tlhaho ba matlo ao a mabeli ba ne ba hanne ka mabifi ’Muelli oa kamoso oa selekane seo se secha ’me, joaloka sechaba, ba keteka mokete oa Pentekonta ka letsatsi le khethiloeng tempeleng e Jerusalema? Molimo o ne o ke ke oa etsa joalo. O ne o hopotse ho hlaba selekane se secha le Iseraele e ncha ka tsoalo ea Bokreste, Iseraele ea moea, e tsoetsoeng ka lona letsatsi leo la Pentekonta ha “moea o halalelang o theohela” holim’a barutuoa ba kolobelitsoeng ba Jesu Kreste, e le ba ka bang 120 ho bona. (Lik. 11:15) Bana ba ne ba eme, ntlong e ka holimo Jerusalema e seng tempeleng. Moo barutuoa bao ba neng ba se ba kene metsing, ba tsoaloa ka moea oa Molimo hore e be bana ba hae ba moea, “Iseraele oa Molimo.” Ba le joalo ba ile ba kenngoa selekaneng se secha ka ’Muelli oa leholimo, Jesu Kreste, Moprofeta e moholo ho Moshe.—Lik. 2:1-36; Joele 2:28, 29; Joh. 3:3, 5; Ba-Gal. 6:16.

12. Tumellanong le taelo ea Molimo ea mokhoa oa tšebetso, bobuelli ba Jesu Kreste bo ile ba atoloha joang selemong se latelang Pentekonta eo?

12 Kahoo Jesu Kreste leholimong ke ’Muelli pakeng tsa Molimo le Baiseraele ba moea, ha bana ba sa le nameng e le banna le basali. Le hona ka meeling ea litho tsa “sechaba se halalelang” sena se senyenyane bobuelli ba Jesu Kreste bo atolohile, hobane Molimo o latetse taolo eitseng ka ho lumella lihlopha tsa batho ho kena ka selekaneng se secha. Kahoo, ka nako e ka etsang selemo ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E. Jesu e ne e le ’Muelli feela oa Baiseraele bao ba moea bao pele e neng e le Bajode ka nama kapa ba sokolohetseng Bojodeng ka lebollo. Ba ka bang 3 000 ho bana ba ile ba ekelletsoa ho Iseraele oa moea mohla letsatsi leo la Pentekonta, 33 C.E. (Lik. 2:10, 37-41) Joale, mohlomong ka selemo se latelang (34 C.E.) ka baka la mahloriso a neng a etsoa ke Saule oa Tarese, “Evangeli” e buang ka Kreste e ile ea boleloa Samaria ’me moea o halalelang oa “theohela” ho balumeli ba kolobelitsoeng ba moo. (Lik. 8:15-17) Ho tloha ka nako eo ho ea pele bobuelli ba Jesu ba atolosoa hore a fumantše molemo Baiseraele ba moea bao e neng e le banna le basali ba Samaria, Basamaria.

13. Lilemo tse peli kamor’a hore Basamaria ba amoheloe, Jesu e bile ’muelli oa sehlopha sa boraro sa Baiseraele ba moea joang, ’me Bajode ba entsoeng Bakreste ba Jerusalema ba lumela see joang?

13 Joale ho feta lilemo tse peli. Qetellong, hoetla ka 36 C.E., kapa lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng hoba Jesu a shoe a be a tsohe, o qala ho ba ’muelli ho sehlopha sa boraro sa Baiseraele ba moea, ba nkiloeng har’a Balichaba ba sa bollang, ho tloha ka molaoli oa lekholo oa Motaliana, Kornele. Hoba moapostola Petrose a tlalehe ka phetoho ena e makatsang ea liketsahalo ho Bajode ba entsoeng Bakreste ba Jerusalema, ba re: “Efela Molimo o neile le ba-lichaba [ba sa bollang] pako, hore ba bone bophelo.”—Lik. 8:1 ho ea ho 11:18.

14. Pauluse o boleletse baholo ba Efese eng ka ho bolela ha hae pako ho Molimo, ’me e le lithahasellong tsa selekane sefe a neng a sebeletsa e le mohlanka joale?

14 Lilemo tse ka bang 20 kamor’a moo, Pauluse o ne a ntse a sebetsa joaloka moapostola oa lichaba ’me o ne a qetela leeto la hae la boraro la boromuoa. Ha a le tseleng a khutlela Jerusalema a emisa Mileta ’me a buisana le baholo ba phutheho ea Efese, Asia Minor. A ba bolella kamoo a sebelitseng, a re: “ke ntse ke khothaletsa ba-Jode le ba-Gerike ho sokolohela ho Molimo, le ho lumela ho Jesu Kreste, Morena oa rōna. ’Me bonang, joale, ke ea Jerusalema, ke tlamiloe ke Moea.” (Lik. 20:21, 22) O ne a se a sa sebeletse e le Mofarisi likhahlehong tsa selekane sa khale sa Molao oa Moshe. Ho e-na le hoo, joalokaha a ngola ho 2 Ba-Korinthe 3:5, 6, “matla a rōna a mpa a tsoa ho Molimo; e leng oona hape o re fileng matla a ho ba basebeletsi ba selekane se secha, e seng sa letere, empa e leng sa Moea; hobane letere eona ea bolaea, empa Moea oa phelisa.”

15. Ha a bua ka “basebeletsi ba selekane se secha,” Pauluse o ne a akarelletsa mang ka leemeli “rōna,” ’me na bana e ne e le Lekhotlana la Boemeli pakeng tsa Molimo le batho?

15 Ke mang eo moapostola a neng a bolela ka eena e le “rōna”? Kenyelletsong ea lengolo la hae o re khethollela hore na ke mang ea kenyelletsoang ho “rōna,” ka hore a re: “Ke le Pauluse, moapostola oa Jesu Kreste ka thato ea Molimo, ke e-na le Timothea, ngoan’eso, ke ngolla kereke ea Molimo e Korinthe.” (2 Ba-Kor. 1:1) Kahoo, Pauluse le Timothea ka bobeli e ne e le ‘bahlanka ba selekane se secha sa moea.’ Ka polelo ena Pauluse o ne a sa bolele hore eena le Timothea ke Lekhotlana la Puello, ba kopanetse bobuelli le Jesu. Che, hobane ka bobona e ne e le Baiseraele ba moea bao lebitsong la bona Jesu a sebelelitseng e le ’Muelli oa Molimo. Ke Jesu feela eo e leng “’muelli oa selekane se secha.”—Ba-Heb. 12:24.

16, 17. Ho 1 Timothea 1:20 ho ea ho 2:7, ke ka monahano oa mofuta ofe Pauluse a isang ho boleleng Kreste Jesu e le ’muelli?

16 Ka ho ngolla Timothea ka ho toba, Pauluse o re isa moo a bolela ka bobuelli ba Jesu ha a tsoela pele hore a re: “Har’a bona ho na le Hymenea le Alexandere, bao ke ba neetseng Satane, ba tle ba rutoe ho lesa ho nyefola. Joale, khothatso ea ka ea sehloho, ke re: Liqelo, le merapelo, le lithapello, le liteboho, li etsetsoe batho bohle [empa e seng ho kenyelletsoe Hymenea le Alexandere ba banyefoli], le marena, le bohle ba boholong, hore re tle re iphelele khotsong le boiketlong ka borapeli bohle le ka bokhabane.

17 “Hobane hoo ke ho molemo, ho khahlehang ho Molimo, ’Moloki oa rōna, o ratang hoba batho bohle ba bolokehe, ’me ba fihle tsebong ea ’nete. Hobane Molimo o mong feela, le ’Muelli mahareng a Molimo le batho o mong, e leng Jesu Kreste motho, ea ineetseng ho ba topollo ea bohle. Ke boo bopaki bo beiloeng mehleng ea teng, boo ke beiloeng ’moleli le moapostola ka baka la jona, ke bolela ’nete ka Kreste, ha ke etse leshano . . . le moruti oa balichaba [ba sa bollang] ho ba isa tumelong le ’neteng.”—1 Tim. 1:20 ho ea ho 2:7.

18. (a) Na Pauluse kahoo o ne a khothalletsa Timothea hore a sebeletse e le ’muelli pakeng tsa Molimo le bao ba boholong? (b) Ke bo-mang ba neng ba tla fumana molemo likopong tseo ho Molimo ka ba boholong?

18 Kahoo Pauluse a khothalletsa hore “liqelo, le merapelo, le lithapello” li etsetsoe “marena, le bohle ba boholong.” Empa o ne a sa khothalletse Timothea hore a sebetse e le ’muelli pakeng tsa Molimo le bao ba boholong. Ho sokollela bao ba boholong Bokresteng e ne e sa lokela ho ba sona sepheo sa “liqelo, le merapelo, le lithapello” tseo. Ke bo-mang, ha e le hantle ba neng ba tla fumana molemo ka likopo tse joalo tse tobisitsoeng ho Molimo? Sepheo sa ho qela joalo ho Molimo e ne e le sefe? “Hore [rōna Bakreste ba kang Pauluse le Timothea) re tle re iphelele khotsong le boiketlong ka borapeli le ka bokhabane.”—1 Tim. 2:2.

19. Ho phela bophelo ba borapeli joalo ho ne ho tla sebeletsa ho phetha eng, ’me hona ho ne ho le ‘molemo, ho amoheleha’ ho mang?

19 Ho phela bophelo bo khutsitseng, ba borapeli, le bo tebileng joalo ho ne ho tla sebeletsa ho bolokeha ha Bakreste ba etsang likōpo tse joalo mabapi le babusi ba lipolotiki. Poloko ea Bakreste ba joalo ba sa nkeng lehlakore e ne e le ‘e molemo le e khahlehang mahlong a Molimo, ’Moloki oa rona.’ Hobane’ng? Hobane ke thato ea Molimo hore “batho bohle ba bolokehe, ’me ba fihle tsebong ea ’nete.” Tumellanong le sena ea bitsoang “’Moloki oa rōna” mona, hase Jesu Kreste, empa “Molimo.”

20. Ho ea ka 1 Timothea 2:5, 6, karolo ea Kreste Jesu ke efe lenaneong la Molimo la poloko?

20 Ebe joale karolo ea Kreste ke efe lenaneong lee la poloko? Pauluse o tsoela pele hore a re: “Hobane Molimo o mong feela, le ’Muelli mahareng a Molimo le batho [e seng batho bohle] o mong, e leng Jesu Kreste motho, ea ineetseng ho ba topollo ea bohle.”—1 Tim. 2:5, 6.

21. (a) Lengolo la Pauluse le eang ho Timothea e ne e le taba ea mohlanka ea joang a ngolla mohlanka ea joang? (b) Selekane seo se tšoarella hakae, ’me ke karolo efe e phethoang ke ‘topollo e entsoeng bakeng sa bohle’ nthleng ee?

21 Pauluse o ne a ngola ho latela linnete tsa Bokreste ba lekholong la pele la lilemo, leo ka lona selekane se secha se neng se kentsoe tšebetsong. Ka ho sona ho ne ho sentse ho kentsoe “batho” ba mefuta eohle, Bajode, Basamaria, Balichaba ba sa bollang kamor’a hore ba etsoe karolo ea Iseraele ea moea. Kreste Jesu e ne e le ’muelli oa selekane seo se secha. Lengolo la Pauluse le eang ho Timothea mabapi le sena e ne e le taba ea ‘mohlanka oa selekane se secha’ a ngolla ‘mohlanka e mong oa selekane se secha.’ Selekane seo se secha pakeng tsa “Molimo, ’Moloki oa rōna,” le Iseraele oa moea se tsoela pele ha feela ho ntse ho le teng Baiseraele ba moea ba ntseng ba le nameng e le “batho” mona lefatšeng. Kahoo selekane sea sebetsa kajeno. ‘Jesu ea ineetseng ho ba topollo ea bohle’ o fane ka motheo bakeng sa banna le basali ba mefuta eohle ho ba Baiseraele ba moea le ho kenngoa selekaneng se secha seo Kreste Jesu e leng ‘’Muelli a le mong.’

22. (a) Ho totobetse joang hore selekane se secha se haufi le ho fela, ’me bobuelli ba Kreste bo tla fela neng? (b) Ke hobane’ng ha Baiseraele ba tlotlisitsoeng ba moea ba ke ke ba hloka ’muelli, ’me ba tla sebetsa boemong bofe ka nako eo?

22 Ho sa ntsane ho le teng ba ipolelang hore ke Baiseraele ba moea selekaneng se secha ba fetang 9 000. Ho tšoana le Timothea le Pauluse, bana ke “basebeletsi ba selekane se secha.” (2 Ba-Kor. 3:6; 1:1) Ka ho totobetseng selekane se secha se haufi le ho fela tšebetsong ea sona bakeng sa morero oa ho hlahisa Baiseraele ba moea ba 144 000 ba honyellang kamohelo ea Molimo hore ba ka kopanela le Jesu Kreste ’musong oa leholimo, ’muso oa sebele ka bohlokoa bakeng sa batho. Ha ba ho qetela ba Baiseraele bana ba amohelehang ba moea ba khaotsa ho ba “batho” ka baka la lefu la lefatšeng le tsoho ho ea ’musong oa leholimo, ke hona bobuelli ba Jesu Kreste bo tlang ho khaotsa le bona. Boemo ba bona ba bojalefa ba boetsalibe nameng, bo neng bo hloka ’muelli hore a sebetse pakeng tsa bona le Molimo o halalelang, ba tla bo sia. Ho tšoana le mangeloi a halalelang a leholimo, Baiseraele bana ba halalelitsoeng ba moea ba ke ke ba hloka ’muelli pakeng tsa bona le Jehova Molimo. (Tšen. 22:3, 4) Tlas’a Jesu Kreste ba tla sebeletsa e le marena, baprista le baahloli hammoho holim’a lefatše lohle la batho.—Tšen. 7:4-8; 14:1-3; 20:4, 6; Luka 22:28-30.

“BONGATA BO BOHOLO” BA MAJALEFA A LEFATŠENG

23, 24. (a) Ke bo-mang bao hona joale ka mafolo-folo ba lumellanang le masala a Baiseraele ba moea, ’me ke memo efe e fetisetsoang ho bona mabapi le Sejo sa Morena sa Mantsiboea? (b) Ba itlhokomela hore hase eng, ’me ba fumana molemo joang hona joale ho sebetseng ha selekane se secha?

23 Kajeno, ho ea ka litlaleho tse nang le bonnete, ho teng “bongata bo boholo” ba Bakreste ba ineetseng le ho kolobetsoa bao ka mafolo-folo ba sebetsang ka tumellano le sehlopha se senyenyane sa masala a Baiseraele ba moea. Ho tloha selemo ka 1938 ba ile ba mengoa ho ba teng moketeng oa sehopotso oa selemo le selemo oa lefu la Kreste, e seng ho tla ja litšoantšiso tsa sehopotso, bohobe bo sa lomosoang le veine e khubelu, empa e le bashebelli ba nang le hlompho.a Ba hlokomela Jesu Kreste e le Morena oa bona oa leholimo ho tloha bofelong ba mehla ea Balichaba ka 1914. Ka cheseho ba kopanela le masala a Baiseraele ba moea ho boleleng “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona e le “bopaki ho lichaba tsohle” pele tsamaiso ena ea lintho e fela ‘mahlomoleng a moholo’ a tlang. (Matt. 24:14, 21) Ba hlokomela hore hase Baiseraele ba moea ba selekaneng se secha se buelletsoeng ka Jesu Kreste, leha e le hona ho ba karolo ea ‘moloko o khethiloeng, marena le baprista le sechaba se halalelang.’—1 Pet. 2:9.

24 Leha ho le joalo ba fumana molemo ka ho sebetsa ha selekane se secha. Ba fumana molemo ho sena joalokaha, Iseraeleng oa boholo-holo, “basele” ba ne ba fumana molemo ka ho haha har’a Baiseraele ba neng ba le tlas’a selekane sa Molao.—Ex. 20:10; Lev. 19:10, 33, 34; Tšen. 7:9-15.

25. Ho lula kamanong le Jehova Molimo, “bongata bo boholo” bo tlameha ho lula bo kopane le mang, hona hobane’ng ha ho le joalo?

25 Ho lula kamanong le “Molimo, ’Moloki oa rōna,” “bongata bo boholo” ho hlokahala hore bo lule bo kopane le masala a Baiseraele ba moea. Hobane’ng? Hobane Baiseraele bana ba moea ke bona “sechaba se halalelang” seo re balang ka sona ho Jeremia 31:35, 36, hang kamor’a tšepiso ea Molimo ea selekane se secha: “Hobane ho itsoe ke Jehova, ea beileng letsatsi hore e be leseli la motšehare, ea beileng khoeli le linaleli hore e be leseli la bosiu, ea fuluoang leoatle, maqhubu a lona a be a lume [a lumele Baegepeta ba lelekisang Baiseraele], Jehova oa makhotla ke lona lebitso la hae. Ha melao eo e ka fetoha pel’a ka, le hona leloko la Iseraele le tla phetsa ho ba sechaba pel’a ka ka ho sa feleng.”

26. Kahoo Iseraele oa moea e lokela ho tiea ka mehla joaloka phutheho ea Molimo ea bokahohleng e le eng, ’me Jesu Kreste o tla busa hokae ho ba lefatšeng la paradeise?

26 Jehova o ne a ke ke a hlola a lumella Iseraele ea moea hore e fele phuthehong ea hae ea bokahohle e bonahalang joalokaha a ne a ke ke a tlohella maseli a leholimo a laolang lefatše la rōna hore a fele. Maholimong Iserele ea moea e tla ba Jerusalema e Mocha eo Jesu Kreste a tla busa e le Morena holim’a “bongata bo boholo” bo phonyohileng le bafu bohle ba batho ba tla tsosetsoa bophelong lefatšeng la paradeise.—Tšen. 21:2-24.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona tsebiso “Memorial” leq. 50, tokollo ea Watchtower ea February 15, 1938; hape leq. 75, serapa 51, 52, tokollo ea Watchtower ea March 1, 1938. Hlokomela tsebiso “Memorial” ho Watchtower, February 15, 1937, leq. 50.

[Litšoantšo tse leqepheng la 24]

Selekane sa khale sa Molao se khokhothetsoe sefateng sa tlhokofatso

Selekane se secha sa sebetsa ka Pentekonta

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela