’Muso oa Molimo—Tšepo Feela ea Batho
1-3. (a) Mathata a talimaneng le batho a maholo hakae? (b) Nako e tlang e ka tsejoa joang?
LEHLABULENG le fetileng, sebokeng sa baeta-pele ba tsa mahlale le ba bolumeli “Massachussetts Institute of Technology,” mathata a talimaneng le lefatše a ile a hlalosoa e le a ‘isang timetsong e haufi haholo.’ Ha ho ‘bohato bo isang pholohong,’ kamoo ho lemositseng Jerome R. Ravetz, mosuoe oa thuto ea tšebetso ea kelello oa Univesithing ea Leeds England. “Boahlamo le ho rarahana ha mathata li khōlō hoo monahano oa motho ha e le oona feela o ke keng oa li hlōla.”
2 Ke eng, he, eo re ka e lebellang ka nako e tlang? Moruti oa Kereke e Kopaneng ea Canada a tiisa hore: “Ha ho ea ka bolelang ka tšepo hore letsatsi le molemo lea tla. Hore na ebe tsoelopele e tla nyamela kapa hore na ho tla qetella ho le teng tsamaiso e ncha e nang le bophelo bo bongatanyana bakeng sa bohle, ha ho ea nepisisang.”
3 Empa na hoo ke ’nete? Che! ’Nete ke hore, ho na le Ea tsebang hore na nako e tlang e tšoere eng hobane o na le matla le bohlale ho e bōpa ho latela thato ea hae. Enoa ke ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo. Ha ho talingoa ho hlōleha ha batho ho totobetseng hore ba tlise ’muso o molemo, na ha u lumele hore joale ke nako ea hore u qale ho mo mamela? Ha a ipolela, Molimo o re: “Ke ’na, ha e sa le ho hlaheng, ke bolelang tse tlang ho tla, le khale ke boletse tse e-song ho hlahe. Ke re: Morero oa ka o tla tiea, ke tla phetha thato ea ka kaofela.” (Esa. 46:10) ’Me ke thato ea Molimo ho lokisetsa batho ’muso o molemo.
SEHLOOHO SA BIBELE
4, 5. (a) Sehlooho se seholo sa Bibele ke sefe? (b) Se tsebahatsoa joang?
4 Ha e mong a ne a ka u botsa: “Sehlooho se seholo sa Bibele ke sefe?” u ka re’ng? Ka ho khahlisang, koranta ea bolumeli Modern Churchman e itse: “Tlatsetso ea bohlokoa ea ba thuto ea tsebo ka Molimo lekholong le fetileng la lilemo e bile ho sibolla hape ’Muso oa Molimo e le sona sehlooho se seholo sa Testamente e Ncha.” Empa na ba thuto ea tsebo ka Molimo le baruti ba ’nile ba tsebisa batho ka thuto ee ea bohlokoa ea Bibele? Hlokomela karabelo e fanoeng potsong eo ke motho e mong ea kenang Presbyterian ea tsebisahalang, ha a ngola ho Christianity and Crisis:
“Haeba ho kile ha e-ba le puisano e matla e phahamang haufinyane har’a ba thuto ea tsebo ka Molimo ka se boleloang ke ’Muso kapa ho bonahala ha oona lefatšeng la rōna ha kea s’o e utloe. ’Me ho ea kamoo lipolelo tsa thuto li amehang, ruri ke lilemo tse fetang mashome a mararo ha e sa le ke mamela moruti a leka ho hlalosetsa batho ba. Hae bonnete ba ’Muso ho bona. . . . Ke le motho feela ke etsa thapeli ho baruti ba rōna le basebeletsi ba rōna ba bolumeli: Re bolelleng ka ’Muso oa Molimo; re hlalosetseng hore na ke eng le hore na o amana joang le lefatše la mehleng ea rōna.”
5 Leha ho le joalo baeta-pele bana ba bolumeli ha baa etsa joalo! Ha ho entsoe lipatlisiso, ha ho motho lea mong ea kenang kereke ea tsebileng ho khetholla ’muso oa Molimo hore na ke eng, hore na o tla tla joang, kapa hore na o tla etsetsa batho eng. Ka lehlakoreng le leng, makasine e letsohong la hao e pheletse lebitso la eona Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova. Maqephe a eona ka mehla a ’nile a hatisa molaetsa oa ’Muso. Ha e le hantle ’muso oa Molimo ke sehlooho se seholo sa Bibele.
SEHLOOHO HO TLOHA QALONG HO ISA QETELLONG
6-9. (a) Ke liphetoho life tse ileng tsa etsa hore Jehova a lokisetse ’muso o mocha? (b) Genese 3:15 e profeta ka’ng, ’me Tšenolo 12 e re thusa ho utloisisa phethahatso joang?
6 Bibele e hlalosa qalong ea eona ka ho lokisa ha Molimo lefatše hore batho ba lule ho lona le ka ho bea ha oona batho ba babeli ba pele tšimong e ntle ea lehae e bitsoang Edene. Leha ho le joalo, pele banyalani ba eba le bana, le leng la mangeloi a Molimo la sebelisa noha hore e bue le mosali, Eva, ’me e mo eke hore a fetohele puso ea Molimo. Mosali, le eena, a bua le monna oa hae, Adama, ’me a mo fumana hore a kopanele le eena ho hana tsamaiso ea Molimo. (Gen. 3:1-6; Tšen. 12:9) Ka baka la seo, Jehova a bona e sa le pele se tlang ho hlokahala kamoso bakeng sa ’muso o mocha o lokiselitsoeng ka bomolimo holim’a batho. Kahoo, ha a buisana le moqapi oa bofetoheli, lengeloi le ileng la iketsa Satane Diabolose, Molimo oa re: “Ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peō ea hao le peō ea hae; peo eo e tla u khoba hloho, ’me u tla e lōma serethe.”—Gen. 3:15.
7 Empa u ka ’na ua botsa: “Ke hokae moo boprofeta bona bo bolelang ka ’muso o mocha?” Ha re bo lokoliseng, ’me re tla bona. Lengolo le bolela hore bora kapa lehloeo le ne le tla ba teng pakeng tsa Satane le “mosali,” le pakeng tsa “peō” ea Satane, kapa bana, le “peō” ea mosali, kapa bana. Pele ho tsohle, ho hlokahala re tsebe “mosali.”
8 Ha se mosali oa lefatšeng—Satane ha a ka a hloea ka ho khethehileng motho leha e le ofe e motšehali. Ho e-na le hoo, enoa ke mosali oa tšoantšetso. Ho boleloa ka eena bukeng e qetellang ea Bibele Tšenolo e le “ea apereng letsatsi, khoeli e le tlas’a maoto a hae, a roetse hlohong mofapahloho oa linaleli tse leshome le metso e ’meli.” Ho re thusa ho tseba mosali, hlokomela seo Tšenolo e se bolelang ho ea pele ka ngoana oa hae: “Mosali a belehela ngoana e motona lefatšeng, mora ea neng a tla busa lichaba tsohle ka lere la tšepe, ’me ngoana a nyolleloa ka ho toba ho Molimo le teroneng ea oona.”—Tšen. 12:1-5, The Jerusalem Bible.
9 “Ngoana” enoa ke mang—“mora” enoa oa ’muso—ea tla “busa lichaba tsohle” e le moemeli oa Molimo? Ke ’muso oa Molimo ka Kreste Jesu, joalokaha re tla hlakisa hamorao. ’Me mosali oa leholimo, ka baka leo, ke phutheho ea Molimo ea libopuoa tse tšepahalang tsa mangeloi, ’muso oa Messia o hlahisitsoeng ke phutheho eo. Kahoo, he, morao ha Adama le Eva ba fetohela borena ba Molimo, Jehovah a qalisa le ho bea puso ea ’Muso o neng o tla sebeletsa e le tšusumetso le tšepo ho barati ba ho loka.
LESELI MABAPI LE ’MUSO LEA HŌLA
10, 11. (a) Bahlanka ba Molimo ba boholo-holo ha baa ka ba tšepa mebuso efe, hona hobane’ng? (b) Ke “motse” ofe oo Molimo o ileng oa ba lokisetsa oona?
10 Jehova Molimo ka mokhoa o tsoelang pele o senotse boitsebiso ka ’muso ona ho bahlanka ba hae, a o supa e le eona tšepo feela eo batho ba ka itšetlehang ka eona ka kholiseho. Kaha matla a matla ’ohle a tiisa bonnete ba katleho ea oona, bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ha baa ka ba tšepa mebuso e entsoeng ke motho. Ba bolela pepenene hore ba lebeletse ’Muso oa leholimo oa Molimo. Moapostola Pauluse, ka mohlala, o-oa ngola ka sena:
“Bao bohle ba shoele ka tumelo [bahlanka bana ba Molimo ba tšepahalang ba pele ho Bokreste], ba e-so ho neoe tseo ba li baletsoeng, ba mpa ba li bonetse hole, ba li lumetse, ba li lumelisitse, ’me ba ipoletse hore ke basele le baeti lefatšeng. . . . Ba lakatsa lehae le fetisang ka molemo, e leng la leholimo; ke ka baka leo Molimo o se nang lihlong tsa ho ipitsa Molimo oa bona; hobane o ba lokiselitse motse.”—Ba-Heb. 11:13-16.
11 “Motse” ona ke eng oo Molimo o o lokiselitseng bahlanka baa ba oona ba boholo-holo? Ke ’muso oa leholimo oa Molimo, ’muso oa hae. A re ke re lateleng litokisetso tse entsoeng bakeng sa ho theoa ha puso eo ea ’Muso. Joalokaha ho hlokomelehile ka holimo lengolong la Pauluse le eang ho Baheberu, bahlanka ba Molimo ba boholo-holo ‘ha baa ka ba neoa seo ba se tšepisitsoeng’ mabapi le ’Muso. Tšepiso efe?
12-14. Ke litšepiso life ka ’muso oa Molimo tse ileng tsa etsetsoa Abrahama, Isaaka, Jakobo, Juda le Davida?
12 Ho Genese 22:18 Jehova o ne a tšepisitse Abrahama: “Lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa lelokong la hao.” Moapostola Pauluse, lengolong la hae le eang ho Ba-Galata, o tsebahatsa Jesu Kreste e le peō ea Abrahama, eo ka eona lichaba li tlang ho itlhohonolofatsa. (Ba-Gal. 3:16) Litšepiso tse joalo ka “peō” e tlang ea tlhohonolofatso li ile tsa etsetsoa mora oa Abrahama Isaaka le setloholo sa hae Jakobo. (Gen. 26:3-5; 28:13, 14) Kahoo, joalokaha ho bontšoa ke litšepiso tsena, “peō” ea mosali oa Molimo e ne e tla tla lesikeng la Isaaka le Jakobo.
13 Hlokomela tšepiso e tsoelang pele e etselitsoeng mora oa Jakobo Juda: “Molamu oa borena o ke ke oa tloha ho Juda, kapa lere la bolaoli pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le lichaba li be li mo utloe.” (Gen. 49:10) Jesu Kreste, ea ‘hlahileng ho Juda,’ o ipakile e le “Shilo” enoa eo ‘lichaba li tla mo utloa.’ ’Me hlokomela kamoo sena se hlakisoang ho ea pele ka Bibeleng.—Ba-Heb. 7:14.
14 Hoo e ka bang lilemo tse ka bang 700 kamor’a tšepiso e etselitsoeng Juda, Jehova a re ka Davida oa leloko la Juda: “Ke bone Davida, mohlanka oa ka, ke mo tlotsitse ka oli ea ka ea khalalelo. Seatla sa ka se tla mo ahisa, letsoho la ka le mo tiise. Ke tla etsa moloko oa hae hore e be o sa feleng, ’me terone ea hae e ea ’ne e tiee ha maholimo a ntse a le teng.” (Pes. 89:20, 21, 29) Ha Molimo o bua ka “leloko” kapa peō ea Davida e le e beoang ka ‘ho sa feleng,’ ’me ‘terone ea eona’ e ema “ha maholimo a ntse a le teng,” o supa ka ho tiea ka mehla ha puso ea ’Muso matsohong a ’musi eo a mo khethileng, Jesu Kreste. Re tseba joang?
HO HLAHA MORENA OA ’MUSO OA MOLIMO
15, 16. (a) Re tseba joang hore Jesu Kreste ke “peō” ea Davida? (b) Ke hobane’ng ha Johanne a ne a ka re. “’Muso oa maholimo o atametse”?
15 Ak’u nahane ka se etsahetseng lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna. Jehova a rōmela lengeloi la hae Gabriele ho bolella moroetsana Maria ka ngoana eo a tla mo beleha ka mohlolo. “U tla mo rea lebitso la Jesu,” kamoo Gabriele a boletseng. “O tla ba moholo, ’me o tla bitsoa Mora oa Ea holimo-limo; Morena Molimo o tla mo nea terone ea Davida ntat’ae. O tla busa ntlo ea Jakobo ka ho sa feleng, ’me borena ba hae ha bo ka ke ba e-ba le bofelo.” (Luka 1:31-33) Tsoalong ea Jesu ‘lengeloi la Jehova’ la bolella balisa hore enoa ke Messia ea tšepisitsoeng, ’Moloki le Morena.—Luka 2:8-12.
16 Ka hona ’muso oa Molimo oa qala ho ba le moko o tiileng lekholong la pele la lilemo. Kamor’a nako, Johanne Mokolobetsi a qala ho bolela: “Bakang, hobane ’muso oa maholimo o atametse.” (Matt. 3:1, 2) Johanne o ne a ka bua tjee joang? Hobane ea khethetsoeng borena ’musong oo o ne a le har’a bona. Hoba Johanne a kolobetse Jesu, Molimo oa theola moea oa Oona o halalelang ho tlotsa Jesu e le Ea tla fetoha morena oa ’muso oa leholimo. Joale, tšebeletsong ea lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng, Kreste a bonahatsa litšoaneleho tsa hae hore e be morena ka ho tšepahala ha hae ho Molimo ho isa lefung, ha noha e mo lōma serethe. (Gen. 3:15) Ha e sa le a tsosetsoa bophelong leholimong, Kreste o boemong ba ho phethahatsa thato ea Ntate oa hae ho ‘robaka le ho felisa mebuso eo kaofela’ ea batho ho hleka tsela bakeng sa ’muso o tlang oa lefatše oa Molimo.—Dan. 2:44; Matt. 6:9, 10.
17. Ke litšenolo life tse tsoelang pele tse bileng teng ka sebopeho sa ’muso oa Molimo?
17 Tšenolo e tsoelang pele ka ’Muso ona ke hore ba bang har’a batho ba tla ba le tokelo ea ho busa le Kreste e le marena. Ka moprofeta oa hae Daniele, Molimo o bontšitse hore batho ba bitsoang “bahalaleli” ba tla busa le Mora oa hae. (Dan. 7:13, 14, 27) Hape, Kreste o entse tšepiso e joalo ho baapostola ba hae ba tšepahalang. (Luka 22:28-30) Ho Bakreste ba tlotsitsoeng, moapostola Pauluse o hlalositse lengolong la hae le eang ho Ba-Galata: “Ha le le ba Kreste, ke moo le leng leloko [peō] la Abrahama.” Kahoo Pauluse a bontša hore, le hoja Kreste haholo e ne e le peō e tšepisitsoeng, Molimo o ne o tla khetha ba bang ho kopanela le eena e le ‘majalefa a ’muso.’ (Ba-Gal. 3:16, 29; Jak. 2:5) Tumellanong le seo, Pauluse a ngolla Timothea, a re: “Ha re mamella bohloko le eena, re tla busa le eena.” (2 Tim. 2:12) Hamorao moapostola Johanne a ngola ka ba tla ‘busa joaloka marena holim’a lefatše’ le Kreste Jesu, a fana ka palo ea bona e le 144 000.—Tšen. 5:10; 14:1-3.
TŠEPO E KHANYANG LEFIFING
18-20. (a) Setei sa motlakase se ile sa akaretsa hamonate joang sehlooho sa Bibele? (b) Ke bo-mang feela ba bolelang molaetsa oa ’Muso?
18 Na hase ho hlollang kamoo Molimo o phuthullotseng morero oa oona o moholo oa ho hloma ’muso oa ho loka bakeng sa molemo oa ka ho sa feleng oa ba mo ratang le ba mo tšepang? Leha ho le joalo ke ka ho hlomolang hakaakang baruti ba se nang tumelo ba Bojakane ba hlōlehileng ho tsebahatsa morero ona ho mehlape ea bona! Kahoo batho, ba le lefifing mohopolong ’me ba se na tsebo ka ’Muso, ba beile tšepo ea bona mebusong e sa tšoaneng ea batho, ho intša kotsi le ho itšoabisa. Na uena, leha ho le joalo, u ananela molaetsa oa Bibele? U ka arabela joang ha motho e mong a ka u botsa? “Sehlooho se seholo sa Bibele ke sefe?”
19 Lilemong tse fetileng e mong oa Lipaki tsa Jehova, e le setei sa motlakase lebenkeleng le leholo Dayton, Ohio, o bile le monyetla o motle oa ho fana ka karabo. A botsoa ke mohlophisi oa koranta ea lebenkele hore a ngole tlhahlobo ea buka e thabisang haholo eo a sa tsoa e bala. A ngola:
“Nke ke ka qeta ho bala buka ena bophelong ba ka. E qala ka lelapa le letle le senngoa ke bofetoheli. Joale ho latela tlokotsi, koluoa, masoabi, polao le lefu. Ha lelapa le ntse le ata, ho oela tsielehong le lefifing hoa phahama. Ho feta makholo a lilemo, lichaba lia phahama le ho oa, ho feta batšoantšisi ba fapaneng ba likete, boikutlo bo bong le bo bong ba botho ho tloha ka lehloeo le matla le le tala ho ise leratong la ho shoela tumelo, ke lintho tseo ho thulanoang le tsona. Tšepo, e hlaha joaloka tlhase e lerootho, e phahama ho fihlela moo e tiileng kannete. ’Muso o phethahetseng o tla hloma hape lehae le letle. ’Musi oa lona ke Morena, Kreste Jesu. ’Muso, ’Muso oa Molimo. Lelapa, leloko la motho. Buka ke Bible!”
20 Ke bopaki bo botle hakaakang boo setei sa motlakase se faneng ka bona ka ’muso oa Molimo le seo o tla se etsetsa batho! Kannete, ’muso oa Molimo ke oona tšepo feela bakeng sa ho thabela bophelo bo tletseng, ka thabo ea ’nete! Ona ke molaetsa oo Lipaki tsa Jehova li ’nileng tsa o bolela ho theosa le lefatše tumellanong le boprofeta ba Jesu: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Matt. 24:14) E, haufi mebuso eohle ea motho e tla felisoa—hobane e sitiloe ho khotsofatsa se hlokoang ke batho. Hona ho tla tšoaea qaleho ea tsamaiso e ncha ea ho loka tlas’a tsamaiso le taolo ea Morena oa leholimo, Jesu Kreste, le ba busang le eena. Oho, ke ho hoholo hakaakang ho ba mofo oa ’muso oo oa Molimo! Hlahloba ka motsotsoana mahlohonolo ao Bibele e reng o tla a tšollela batho.
PUSO E KHOTSOFATSANG SE HLOKOANG KE BATHO
21, 22. (a) Ha ho bapisoa le boiteko ba batho, ’Muso o tla ba le katleho efe ho sebetsaneng le ntoa, bonokoane le tšabo? (b) Phello ea puso ea Molimo e tla ba efe liphoofolong?
21 Ho Pesaleme ea 46:8, 9 re memeloa ho hlahloba mesebetsi ea Jehova: “Tlong, le bohe liketso tsa Jehova, kamoo a sentseng lefatše kateng.” ’Me tse ling tsa lintho tsee tseo a li sentseng ke life? “O felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše.” Mebuso ea batho e hlōlehile ka ho hlomolang ho felisa ntoa. Leha ho le joalo Molimo o ke ke oa hlōleha ho tlisa khotso e sa feleng, hobane mopesaleme o re: “Ba bolotsana ba tla felisoa, . . . molotsana o tla ba sieo.” (Pes. 37:9, 10) Tsamaiso ea batho e tla hloka lichankane, sepolesa, linotlolo menyakong, e, tšabo e be sieo. Kahoo, tšepiso ea Molimo ke hore tlas’a puso ea ’Muso oa hae ba phelang ba tla thabela bophelo, “ho se ea ba tšosang.”—Mik. 4:4.
22 Kajeno le bona batho ba nang le litšekamelo tsa bophoofolo, ka ho sebelisa Lentsoe la Molimo bophelong ba bona, ba ithuta ho phelisana ka khotso le ba bang. Lentsoe la Molimo le bontša hore, tlas’a puso ea ’Muso, le tsona liphoofolo li tla phela ka khotso. “Phiri e tla lula le konyana,” kamoo ho bolelang Bibele, “lengau le bothe le potsanyana; namane le taoana le khomo e nontšitsoeng li tla ba hammoho, li sotetsoe ke moshanyana.” Ka sebele ha ho ’muso oa motho o ka bang le tšepo ea ho finyella ntho e joalo!—Esa. 11:6.
23. Ke matla afe a morena e mocha oa lefatše a tla tiisa nala bakeng sa bafo bohle ba ’Muso?
23 Tlhokahalo e ’ngoe ea bohlokoa bakeng sa lefatše leo re ka ratang ho phela ho lona bohle ke hore lijo li be ngata bakeng sa bohle. Mebuso ea batho e hlōlehile ho felisa likhaello tsa lijo le tlala, empa puso ea ’Muso e tla atleha. Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o bontšitse hore, ka moea oa Molimo, o na le hona ho laola moea le leoatle, limela le lihlapi. (Mar. 4:39; Matt. 21:19; Joh. 21:6) Nahana hore na sena se tla bolela eng tlas’a ’Muso! Lefatšeng lohle boemo ba mohatsela le mofuthu li tla laoloa ka ho phethahetseng, e leng ho tla bolela katleho ea limela. Hona, le hona, ho tla tiisa hore lijo li ba ngata bakeng sa e mong le e mong. Bibele e re: “Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba, liqoapi tsa ’ona li hoase.”—Pes. 72:16.
24-26. ’Muso o tla etsetsa ba kulang eng, ba hlotsang, ba thibaneng litsebe, le bona ba tsofalang?
24 Mebuso ea batho e hlōlehile ho lokolla lelapa la motho ho kuleng le maloetseng, eona tlhokahalo e khōlō bakeng sa ho thabela bophelo kannete. Leha ho le joalo ha a le lefatšeng Jesu a phekola boloetse ba mofuta o mong le o mong le kholofalo ea mofuta o mong le o mong, a bontša seo a tla se etsa lefatšeng ka bophara ho fana ka bophelo bo botle ba ’mele le bophelo ho bafo bohle ba hae. Tlas’a puso ea ’Muso tšepiso ea Bibele e tla phethahatsoa ka sebele: “’Me ha ho motho ea . . . tla re: Ke bohloko!” (Esa. 33:24) E, ha ho sa tla ba teng melato ea lingaka! ha ho sa tla ba teng metebo ea litlhare, lipetlele le melato ea lipetlele!
25 Le bona botsofali e ka ba phihlelo e tepeletsang haholo kajeno. Joalokaha mosali e mong a ngolile: “Ha ke mofuta o tepellang, empa hoa nketsahalla hona joale ’me ke tseba lebaka, kea tsofala. . . . Bohloko le mahlaba tse tloaelehileng ha li ntšoenye haholo joaloka ponahalo ea ka. Ke ne ke le motle haholo ha ke sa le monyenyane empa hona joale ha ho sa le joalo. Ke na le mela le masoebe tseo ho seng ngaka e buoang e ka li lokisang ’me moriri oa ka o moputsoa. . . . Nka tlosa metouto joang?”—New York Post, March 23, 1979.
26 ’Nete ke hore, ’muso oa Molimo ke eona pheko feela ea sebele bakeng sa mathata a joalo. Tlas’a puso ea oona botsofali bo tla etsolloa ka matla a Molimo, e le hore ’mele le kelello li nchafatsoe hore li be nyenyane ka ho phethahetseng! Batho ba tla busetsoa bophelong bo phethahetseng e le hore ‘nama ea motho e tla nchafala ho fetisa bonyenyaneng ba hae.’ (Jobo 33:25) Maemo a tla tšoana le a hlalositsoeng ho Esaia 35:5, 6: “Ke moo mahlo a lifofu a tla tutubuloha, litsebe tsa ba thibaneng litsebe li bulehe. Sehlotsa se tla tlōla joale ka khama, leleme la semumu le tla bina.”
27. Ke bopaki bofe bo teng ba hore le lona lefu le tla hlōloa?
27 Empa motho e mong a ka ’na a re: “Haeba batho ba sa kule, kapa ba sa tsofale, joale ba ke ke ba shoa.” O nepile. Ke sona se tla hle se etsahale. Bao mosebetsi oa bona e leng ho pata bafu ba tla tlameha ho batla mosebetsi o mocha, hobane Molimo oa tšepisa: “Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko.” (Tšen. 21:4; Esa. 25:8) Mopesaleme o itse ho Jehova: “U fuparolla seatla sa hao, u kholisa tse utloang kaofela.” (Pes. 145:16) Nahana hore na seo se bolela eng! Litlhokahalo tse loketseng le litakatso tsa motho e mong le e mong li tla khotsofatsoa, ’me hona ho tla ba molemo haholo ho feta kamoo leha e le mang ho rōna batho ba sa phethahalang a ka nahanang.
28, 29. (a) Ke mahlohonolo afe ao e leng khale a lebelletsoe a tla phethahatsoa ke ’Muso? (b) Ke bopaki bofe bo teng hore bafu ba tla tsosoa? (Luka 7:11-15; 8:49-56)
28 Ke thabo e kaakang! Tlas’a maemo a lokileng a puso ea ’Muso bana ba tla neoa monyetla oa ho ithuta le ho holela phethehong, ntle ho ho se sireletsehe ha lefatše lena le ho tšosa ha literata tsa lona. Ho ke ke ha hlola ho e-ba le tšabo ea ho oela lithethefatsing tse etsang bokhoba kapa tšusumetso e silafatsang ea metsoalle e mebe! Motho e mong le e mong o tla ba le monyetla oa ho ntlafatsa matla a hae le lineo ka ho feletseng, ’me bohle ba tla ba le mosebetsi o thabisang le o putsang. Moprofeta Esaia o tšoantšisitse se ka etsoang ke puso ea ’Muso, a re: “Ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona; ba tla hloma merara, ba je litholoana tsa eona. . . . hobane matsatsi a sechaba sa ka a tla lekana le matsatsi a lifate, ’me bakhethoa ba ka ba tla bona mesebetsi ea matsoho a bona e tsofalla ho bona.”—Esa. 65:17-25.
29 Ke ena tšepiso ea hlompheho le morero bakeng sa monna, mosali le ngoana e mong le e mong. Bophelo ba khale bo tla tloha mohopolong. Motho o tla haha, a leme a be a kotule tse tla lula e le tsa hae. Bana ba tla hōlisetsoa tikolohong e khutsitseng le e molemo. Le bona bafu ba tla tsosoa! (Joh. 5:28, 29) Bontate le bo-mmè baena le likhaitseli, bo-malome le borakhali, metsoalle le baahelani ho tloha mehleng ea Abele ho tla fihlela ka hora eona ena, kaofela ha bona ba tla kopanngoa hape mona lefatšeng. Leo e tla ba letsatsi le lekaakang!
30. (a) Ke ka mokhoa ofe morero oa tšimolohong oa Molimo bakeng sa lefatše o tlang ho finyelloa? (b) Tšepo ea ’Muso e u susumelletsa ho etsa joang?
30 Ha ho ’muso le o mong oa motho o ka lorang o finyelletse lintho tse joalo lebitsong la bafo ba oona. Ke Molimo feela o ka tiisang ho phethahala ha litšepiso tse joalo. Ho feta moo, tlas’a puso ea ’Muso batho bohle ba tla kopanngoa borapeling ba Jehova. Tlas’a tsamaiso ea hae ea leholimo, lefatše butle-butle le tla fetoleloa paradeiseng ea phikoloho, tšimo ea Edene lefatšeng ka bophara. ’Me bohle ba phelang ba tla thabela bophelo bo phethahetseng le bophelo bo sa feleng tlas’a ’muso oa Molimo. Tšepo e babatsehang kannete! ’Me e theiloe mohloling o tšepahalang ka ho fetisisa, Jehova Molimo ka boeena.
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Abrahama a bonela ’muso oo “hole.”—Ba-Heb. 11:13-16.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Johanne, a tsebahatsa Jesu e le ea khethetsoeng borena, a bolela, ‘’Muso oa maholimo o haufi’
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Tlas’a ’muso oa Molimo, “O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le bokolla, kapa bohloko.”—Tšen. 21:4.