Na ’Muso oa Motho o ka Thulana le Phephetso
HO KILE HA RUTOA hore “kereke lefatšeng e ne e le ’Muso oa Molimo.”a Thuto ena e tlile kahobane Kereke ea Roma e K’hatholike ka nako eo e ne e le ’muso o laolang oa lefatše. Ho isa qetellong ea Mehla e Bohareng bo-papa ba qabana le marena a matleng a bopolotiki. Ba laola mabotho a matla. Ho History of the Christian Church ea hae, John F. Hurst o-oa hlalosa: “Bo-papa ba itekanya le marena, ’me ba inganga methapo ho ahlola litabeng tsa lefatše.”
Baeta-pele ba Kereke ba ipolela hore ba busa ka matla ao ba a fumaneng ho Molimo. Hamorao, marena a lichaba tse sa tšoaneng le oona a ipolela hore a na le tokelo ea bomolimo ea ho busa. New Catholic Encyclopedia e-ea hlokomela: “Maikutlo a tokelo ea bomolimo a bea marena a linaha boemong ba ho lokafatsa matla a bona e le a lekanang le a bo-papa.”
Empa na bo-papa le babusi ba bang ba ileng ba ipolela hore ba busa ka tokelo ea bomolimo ba ile ba thulana le phephetso ea ho fana ka ’muso o molemo? Na bafo ba bona ba ile ba thabela bophelo, tokoloho le thabo?
Che, ha hoa bajoalo! Ho e-na le hoo, mebuso ena e ile ea tšoauoa ka ho hloka toka le khatello tse sisimosang. Batho ba bokelloa ho loana lintoa tse se nang kelello le ho kena lintoeng tsa bolumeli tse tšollang mali tse ileng tsa senya bophelo le thabo tsa ba limillione. Hape, makhotla a sehlōhō a kenngoa tšebetsong, ka babolauoa ba likete ba hlorisoa ho isa lefung ka litsela tse khopo ka ho fetisisa. Ka sebele, e bile ho tlontlolla Molimo hakaakang ho khetholla ’muso oa hae le puso ea kereke, kapa ho busa ha marena a neng a ipolela hore a na le tokelo ea bomolimo!
BOITEKO BA BATHO BO TSOELA PELE
Linakong tsa morao haholo, maikutlo a bolumeli a ile a lokisoa. “Maikutlo a bangoli ba bang ba kajeno ba thuto ea tsebo ka Molimo,” kamoo ho hlalosang The Dictionary of the Apostolic Church e hatisitsoeng ka 1916, ke “hore lefatše lena kamoo re le tsebang le tla ntlafala tlas’a tšusumetso ea Bokreste ho fihlela le fetoha ’Muso.” Empa na ho etsahetse?
Bophelong ba ba limillione ba sa ntsaneng ba phela, lichaba tseo ho thoeng ke tsa Bokreste e bile tse ikarabellang bakeng sa libate tsa mali a mangata haholo paleng ea motho. Mongoli oa lipale tsa kereke Roland H. Bainton o hlokometse: “Likereke tsa Linaha tse Kopaneng tsa Amerika li hlile tsa nka boikutlo ba ntoa ea Bokreste mabapi le Ntoa ea Pele ea Lefatše.”
Ho ea ka batho ba kereke ba Maamerika, Bainton o-oa hlalosa, “ena e ne e le ntoa e halalelang. . . . Majeremane e ne e le lisinyi. Ho a bolaea e ne e le ho hloekisa libatana lefatšeng.” Ka ho tšoanang, mobishopo oa London, A. F. Winnington-Ingram, a phehella batho ba Manyesemane: “Bolaeang Majeremane—le a bolaee kannete . . . Joalokaha ke ho boletse ka makhetlo a sekete, ke e talima e le ntoa ea ho hloeka.”
Leha ho le joalo Majeremane le oona a ne a ipolela hore ke Bakreste! Kahoo, ka nako eona eo, moarekabishopo oa K’hatholike oa Cologne, Jeremane, o ne a bolella masole a Majeremane hore: “Molimo o na le rōna ntoeng ena ea ho loka eo re huletsoeng ho eona re sa rate. Re le laela ka lebitso la Molimo, ho loana ho fihlela ha ho tšoloha lerotholi la ho qetela la mali a lōna tlotlisong le khanyeng ea naha.”
Lilemo tse feta-fetang 20 hamorao, ka 1939, lichaba tsa kena ntoeng ea bobeli ea lefatše. Hape boholo ba lichaba tse neng li ameha li ne li ipolela hore ke tsa Bokreste. Ka ho hlakileng lefatše kamoo re le tsebang ha lea ka la ntlafala tlas’a tšusumetso ea Bokreste ho fetoha ’muso oa Molimo.
Leha ho le joalo, ho joang ka lilemo tse 35 ho tloha bofelong ba Ntoa ea II ea Lefatše ka 1945? Na ho bonahala eka qetellong mebuso ea batho e phethahatsa se hlokoang ke batho?
NA BOITEKO BA KAJENO BOA ATLEHA?
Ho e-na le ho bona tšepo ea bona ea ho lopoloha, batho kajeno ba bona mathata a ntseng a ata lefatšeng lohle. Ha e le hantle, ho hlōleha ha motho ho nkile bohato bo bocha bo tebileng, ho hlile ho sokela tsoelopele ka boeona. Nahana ka boiteko ba motho ho felisa ntoa. Na bo atlehile?
Bo hole le moo! Ho tloha ka 1945 batho ba limillione tse fetang 25 ba bolailoe ho tse ling tsa lintoa tse ka bang 150 tse loannoeng lefatšeng lohle. Ka letsatsi leha e le lefe le boletsoeng ka karolelano, ho bile le lintoa tse 12 tse loanang kae-kae lefatšeng. Mebuso ea batho e sebelisa ho fetang hantle $1 000 000 000 (U.S.) ka letsatsi ho itokisetseng ntoa, e sebelisa lichelete tseo ntle ho moo li ka beng li sebelisoa hamolemo ho haha, ho ntlafatsa naha, thuto, lipatlisiso, le tse joalo. Ke tlhōleho e kaakang ho thulana le se hlokoang ke batho!
Ho nahana ho molemo ho ka laela hore mebuso e kopane hammoho ’me e lumellane ho hlobola libetsa. Empa na e-ea ho etsa? E sitoa ho lumellana. Kahoo e tsoela pele lebelong la eona la lihlomo ‘ho tsitsa ho tšoseng.’ Lehlabuleng la selemo se fetileng mongoli oa naha oa Linaha tse Kopaneng tsa Amerika, Cyrus Vance, o fane ka maikutlo a mang ka matla a tšenyo ao naha ea habo e nang le oona, a re:
“Tse ling tsa libetsa tsa kajeno li na le matla a ho qhoma a matla ka makhetlo a mahlano sehlomong se le seng a lekanang le a liqhomane tsohle tsa rōna tse ileng tsa qhomisoa mabaleng ’ohle, ntoeng ea Bobeli ea Lefatše kaofela ha eona. Lihlomo tse ngata tsa rōna li nyenyane ho tseo boholo ba tsona. Empa kaofela re na le lihlooho tsa ntoa tsa lihlomo tsa ‘nuclear’ tse 9 000 le liqhomane tse tsamaisoang har’a libetsa tsa rōna le liqhomane tse nkang sebaka se seholo. Soviet Union e na le tse ka bang 5 000 tse tobisitsoeng ho rōna—le matla a ho eketsa palo eo haholo. Se le seng kapa tse peli ho lihlomo tseo se ka hlakola motse o lekanang le Milwaukee.”
Ke matla a makaakang a ho senya lefatše ka ho feletseng le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang ho lona! Na matla a makaalo a libetsa tse chefu a ho senya a etsa hore u ikutloe u sireletsehile u bolokehile? Na a tlatsetsa ‘bophelong, tokolohong le thabong’ ho uena le baratuoa ba hao? Ha ho bonahale joalo.
Empa u ka ’na ua ameha haholo ka ho sitoa ha mebuso ea motho ho laola bonokoane. Joalokaha mohapi oa moputso oa tlotla ea tlotlisoang mahlaleng Albert Szent-Gyorgyi, M.D., oa Linaha tse kopaneng tsa Amerika a hlokometse: “Re ke ke ra tsoela ntle ho matlo a rōna ha ho le lefifi ka baka la ho tšaba ho utsoetsoa ka likhoka kapa ho bolaoa ’me re ikutloa re sa sireletseha ka matlung.” Ka masoabi, bonokoane bo entse batho ba limillione batlamuoa ka matlung a bona! ’Me mebuso e ipakile e sa thuse letho ho otlolla boemo.
Ho feta moo, batho ba limillione ba lapa lefatšeng lohle. Leha ho le joalo meliko e libakeng tse ling e pepeteha ke lijo. Empa le hona linaheng tse nang le lijo tse ngata, theko e phahame haholo ka potlako hoo ba bangata ba sitoang ho reka lijo tse lekaneng hore ba lule ba phela hantle ’meleng. Ho hlōleha ha mebuso ea batho ho rarolla bothata bona ruri ke ho kulisang pelo.
Joale ho teng bothata ba matla a sebelisoang. Phepelo e khōlō ea matla a sa nchafatsoeng, a sa silafatseng e fumaneha letsatsing, moeeng, linōkeng, matšeng le maoatleng. Empa mebuso ea batho e entse’ng? Ka ho se bonele pele ho otlang pelo, e sebelisitse hampe oli ea lefatše e sa nchafatsoeng le mehloli ea mafura, ’me ka ho etsa joalo e boetse e sentse moea oo re o phefumolohang ho isa tekanyong e itseng.
Ho hlahlojoa ha boiteko ba motho ho laoleng litaba tsa lefatše ho isa qetong efe?
SEO BATHO BA KE KENG BA SE ETSA
Ke sena: Batho ba sitiloe ho emisa ’muso o atlehileng o khotsofatsang se hlokoang ke batho. “Tsoelopele e ’ngoe le e ’ngoe e kileng ea e-ba teng e qetelletse e hlaname,” kamoo ho hlokometseng eo e neng e le mongoli oa Naha oa Linaha tse Kopaneng tsa Amerika Henry Kissinger: “Histori ke letoto la boiteko bo hlōlehileng, likhopolo tse sa ka bang tsa phethahala . . . Kahoo, joaloka mongoli oa lipale, motho o tlameha ho phela ka kelello ea hore tlokotsi e ke ke ea qojoa.”
Ka sebele, ha u nahana ka hona, na ho na le lebaka la ho lebella hore bo-ramolao ba kajeno ba ka tseba ho rarolla mathata a lefatše a rarahaneng haholo ho feta ao baeta-pele ba fetileng ba sitiloeng ho a rarolla? James M. Fallows, ea neng a sebeletsa e le mongoli e moholo oa lipuo tsa Mopresidente Carter ka lilemo tse peli le likhoeli tse tšeletseng, o sa tsoa hlokomela hore: “Ke thutsoe ke bothata bo totobetseng ba hore ho ke ke ha fetoloa ho hokaalo ’musong . . . , Joale ke sekametse ho belaeleng hore ’Muso ona o ka fetoloa, ke Carter kapa Mopresidente leha e le ofe e mong.”
Leha ho le joalo, na ho hlōleha ha motho ho ipheta-phetang hore a ipuse ho lokela ho re makatsa? E seng ha re le liithuti tsa Bibele. Ho hlahloba boiteko ba motho ho ipuseng ho mpa ho hatisa ka matla bonnete ba polelo ea bomolimo: “Tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.”—Jer. 10:23.
Leha ho le joalo, ha e sa le hoba batho ba babeli ba pele ba fetohele matla a Hae, Molimo o Matla ’ohle o lumelletse batho hore ba ithute ka ho ipusa. Hobane’ng? Ho fana ka thuto e ke keng ea hanyetsoa ho batho le mangeloi. ’Me ke eng e ka beng e ithutiloe thutong ee? Ke feela seo re se hlokometseng: Hore batho ba sitoa ho ipusa ka katleho. Kahoo re ka be re boetse re ithutile sena: Hore, le hoja mebuso ea batho e sebelitse ka tumello ea Molimo, batho ba hloka ’muso oa Molimo hore ba thabele mofuta oa lefatše leo bohle re lakatsang ho phela ho lona.
KAMOO ’MUSO OA MOLIMO O TLA TLA
Leha ho le joalo, motho e mong a ka ’na a ipelaetsa: “Na batho ha baa lokela ho leka ho thulana le phephetso ea ’muso? Na Molimo ha o-oa ho lebella? Ke joang hape lefatše le ka etsoang le molemo haeba re sa sebeletse ho leka ’muso o molemo?”
Ha ho talingoa thuto ea likereke hore Molimo o tla sebelisa batho ho thea ’muso oa hae, boipelaetso bo joalo boa utloahala. Empa Bibele ha e rute hore ’Muso o tla tla ka boiteko ba motho. Jesu Kreste o hanne ho amohela memo ea hore e be morena oa motho. A re: “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena.” (Joh. 6:15; 18:36) The Zondervan Pictorial Encyclopedia of the Bible ka nepo e re:
“’Muso oa Molimo ha ho mohla o bolelang bohato bo nkoang ke batho kapa sebaka se beoang ke bona. Ho sa tsotellehe hore na maikutlo a ho sebeletsa ho thea ’muso oa Molimo ke a khabane hakae, mokhoa oa puo oa Bibele ho hang ha o lumellane le puo ea ba thuto ea ba tsebo ka Molimo ba kajeno ba lokolohileng. ’Muso ke ketso ea bomolimo, e seng se finyelloang ke motho kapa sona se finyelloang ke Bakreste ba ineetseng.”
Kahoo, he, ’muso oa Molimo o tla tla joang karabelong ea lithapelo tsa Bakreste? Ela hloko karabelo ea Bibele. Kamor’a ho hlalosa mebuso ea batho le ho hlōleha ha eona, e re: “Mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae . . . o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—Dan. 2:44.
Na hona ho bonahala e le sehlōhō kapa ho sa loka bakeng sa Molimo—ho senya mebuso ea batho, o hleka tsela bakeng sa oa hae? Ho ka ’na ha bonahala ka tsela eo ho batho ba batlang ho lelefatsa mebuso ea hona joale e sa khotsofatseng. Empa ho letšoele le lebelletseng ’muso o phethahetseng oa Molimo, le le tla pholoha, e tla ba lebaka la thabo. A supa pusong eo ea “maholimo a macha” ha e tšollela mahlohonolo tsamaisong ea batho e lefatšeng, Jehovah o re: “Le tla ba le thabo le nyakallo e sa feleng ka seo ke eang ho se bōpa.”—Esa. 65:17-19.
Ka sebele, he, ha ho talingoa ho hlōleha ha batho ho fana ka ’muso o khotsofatsang se hlokoang ke batho, na re ke ke ra lumela bohle hore ho nakong ho bile ho loketse hore Molimo o hlome oa oona? Re lokela ho rata ho ithuta sohle seo re ka se khonang ka ’muso oa Molimo, le kamoo re ka o tšehetsang, molemong oa ka ho sa feleng oa rōna. Ntlheng ena re u mema ho nahana ka lihlooho tse latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a The Dictionary of the Apostolic Church, kamoo e hlophisitsoeng ke James Hastings, Moq. 1, leq. 678, 1916.