Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 12/1 maq. 8-13
  • Ho Rapela Jehova Hore A re Utloe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Rapela Jehova Hore A re Utloe
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • LEBAKA LEO U LOKELANG HO NAHANA KA LITHAPELO TSA HAO
  • LEBAKA LEO KA LONA RE KA TLANG HO JEHOVA KA TŠEPO
  • RAPELA KA JESU, E SENG EENA
  • KA HLOMPHO E LOKETSENG EA BORAPELI
  • KA TUMELO LE KA TIISETSO
  • LINAKO TSA HO RAPELA
  • Atamela ho Molimo ka Thapelo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Rapela re sa Phetse?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Kamoo U ka Atamelang Haufi le Molimo
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Lulang Haufi le Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 12/1 maq. 8-13

Ho Rapela Jehova Hore A re Utloe

“Ea atamelang Molimo e ka khona a lumele hobane o teng, le hoba ke oona moputsi oa ba o batlang.”—Ba-Heb. 11:6.

1-3. (a) Phihlelo ea ngoanana e monyenyane e re bolella eng? (b) Batsoali bohle ba ka ithuta eng ho see?

HO ETSAHETSE Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova. Ho sa tsotellehe ho shejoa hampe le ho hoesheletsoa khalemelo ke ’mè oa hae ka makhetlo a mangata, ngoanana e monyenyane a ’na a itšoara hampe. ’Mè joale a hoehla ntate hore a mo thuse, ’me a fela a ho etsa. A e-na le morali oa hae, a tsamaea ka potlako ho ea kamoreng e ka morao holong. Ha a hlokomela hore na se mo tlelang ke sefe, ngoanana a bokolla: “Oho Jehova, nthuse hle!”

2 Neng le neng ha ketsahalo ena e phetoa, e qabola batho, ’me ke hantle ho ka bang joalo. Empa na e tšehisa feela, kapa na e re bolella ho hong? Ruri e re bolella ho hong. Ngoananyana o ne a tseba lebitso la Molimo ’Mōpi, hore ke Jehova, ntho e sa tsejoeng ke bana ba bangata. O ne a rutiloe bohlokoa ba thapelo le hore ho ka ipiletsoa ho Jehova bakeng sa thuso linakong tsa likhathatso. Ke ’nete, ke ho tšehisang hore o ne a ka ipiletsa ho Molimo hore o mo sireletse ha ho hlokahala hore a khalemeloe. Empa, ka sebele, na kōpo e joalo e fella feela ho bana ba banana ba sa tsebeng letho? Le hanyenyane. Sechaba sa Iseraele nako le nako se ne se etsa ntho e joalo, haholo mehleng ea baahloli. Nako le nako, ha ba otloa hobane ba ho lokela, ba ne ba rapela Molimo hore o ba lopolle.—Baahl 2:11-18; 4:1-3, 23, 24; 10:6-16; 11:32, 33.

3 Ho sena ho teng seo batsoali bohle ba Bakreste ba ka ithutang sona. Qala qalehong ea bophelo ho hloma ka ho bana ba hao tumelo ho Jehova Molimo. Ba thuse ho ananela le ho utloisisa hore Jehova ke motho oa sebele ea utloang le ho arabela lithapelo. Ho ruta bana ka thapelo ho tloha bonyenyaneng ho tla kolekela ho hongata hore e be ba tšabang Molimo ha ba fihla lilemong tsa ho ikarabella.—Bapisa Pesaleme ea 22:9, 10; Liproverbia 22:6; 2 Timothea 3:14, 15.

LEBAKA LEO U LOKELANG HO NAHANA KA LITHAPELO TSA HAO

4, 5. (a) Ke lipotso life tse mabapi le thapelo tseo e leng hantle ha re ipotsa tsona? (b) Ke hobane’ng ha lipotso tse joalo li le nakong hantle?

4 Empa thapelo e nka karolo efe bophelong ba hao? U rapela haholo hakae? Na u atisa ho iphumana u tšoarehile haholo hore u ka rapela? Kapa, na mohlomong u potlakela ho qeta lithapelo tse etsoang ka tloaelo, joalokaha eka ke mosebetsi oa ka mehla, tšoanelo e lokelang ho phethahatsoa? Lithapelo tsa hao li tšoaneleha hakae?

5 Lipotso tsena tse tebisang monahano li nakong. Le har’a ba ikhethollang e le bahlanka ba Jehova ho teng batho ba sa rapeleng ka mehla. Ba bang ba ikutloa hore lithapelo tsa bona li haelloa ke litaba tsa bohlokoa le moko. Ntho ena ke eo Mokreste a ke keng a e nka habobebe, hobane ho tšoaneleha ha lithapelo tsa hae ho bontša boemo ba hae ba moea. Ho phela hantle moeeng ha motho, le hona ho itšetlehile haholo ka hore a falimehele seo a se hlokang moeeng le ho etsa ho hong ka hona. (Matt. 5:3) Ka nako eona eo, ka ho nahana ka hore na lithapelo tsa hae lia tšoaneleha, motho a ka ntlafatsa boemo ba hae ba moea.

LEBAKA LEO KA LONA RE KA TLANG HO JEHOVA KA TŠEPO

6. Ka baka la seo Bibele e se bolelang ho Pesaleme ea 65:2, Ba-Filippi 4:6 le 1 Ba-Thessalonika 5:17, ke hobane’ng ha re ka rapela Molimo ka tšepo?

6 Ke hobane’ng ha re ka tla ho Jehova ka tšepo, re lebelletse hore a mamele lithapelo tsa rōna? Pele ho tsohle, kaha o ikhetholla e le “ea utloang merapelo” ’me a re qophella hore re rapele. (Pes. 65:2) Lentsoe la hae le na le litaelo tse kang: “Le rapele, hore le se kene molekong.” (Matt. 26:41) “Le rapellane.” (Jak. 5:16) “Le tiee thapelong.” (Ba-Roma 12:12) “Se phetseng ho rapela.” (1 Ba-Thess 5:17) “Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Molimo ka thapelo le ka kōpo e nang le teboho.”—Ba-Fil. 4:6.

7. Banna ba bang ba beileng mohlala thapelong ke bafe?

7 Bibele e boetse e fana ka mehlala, ha e le hantle, litaelo tse sa tobang hore re rapele. Ho tloha ho Genese ho ea ho Tšenolo, tlaleho e bululetsoeng e tletse mehlala ea batho ba thapelo. Re bala ka Abrahama a rapela Jehova. (Gen. 12:8) Ho tloha nakong eo a kolobelitsoeng ka eona Jordane ho fihlela ha a leketla sefateng sa kahlolo, Jesu Kreste o ne a rapela Ntate oa hae nako le nako. (Luka 3:21; 23:46) Moapostola Pauluse o hlile o bolela taba ea thapelo ka makhetlo a mashome mangolong a hae. Ka ho ipheta-pheta o bolela ka ho rapella ba bang, a fana ka likhothatso tsa ho rapela, kapa a kōpa ba bang hore ba mo rapelle. (Ba-Fil. 1:9-11; Ba-Ef. 6:18, 19) Buka ea Tšenolo, e ngotsoeng ke moapostola Johanne, e koaloa ka lithapelo tse peli.—Tšen. 22:20, 21.

8. Ke ka baka la khang efe re ka atamelang Molimo ka tšepo?

8 Lebaka la bobeli la hore re atamele Molimo ka tšepo ka thapelo ke hore lebitso la oona lea ameha. Hona ho akarelletsa lebitso la oona kapa botumo e le “Ea utloang merapelo.” Hape, kaha lebitso la oona le tlamahane le batho ba oona, bopaki bo bonahalang eka ke ho ba furalla bo ka hlalosoa hampe ke bashebelli e le bo senolang ho hlōleha ha Jehova ho thusa bahlanka ba hae ba baikhantši. Hona ho ne ho tla tlisetsa lebitso la hae thohako. Kahoo, ho Pesaleme ea 79:9, rea bala: “Oho Molimo oa poloko ea rōna, ka baka la khanya ea lebitso la hao, u re thuse, u re namolele, u re tšoarele libe tsa rōna, ka baka la lebitso la hao.” Moshe, Joshua, Davida le Ezekiase kaofela ba ile ba rapella ntho e tšoanang. (Ex. 32:11, 12; Josh. 7:8, 9; 2 Mar. 19:15-19; Pes. 25:11) ’Me moprofeta Daniele a bea boipiletso ba hae ka mantsoe ana: “Morena, u ele hloko, u etse! Se liehe, ka baka la hao [lebitso la hao], Molimo oa ka, etsoe motse oa hao le sechaba sa hao li bitsitsoe ka lebitso la hao.” (Dan. 9:19, bapisa NW) E, haeba kannete re jere lebitso la Jehova, re ka ithapella ho eena motheong oo.

9. Ke hobane’ng ha re ka ithapella ho Molimo bakeng sa mohau le tšoarelo?

9 Lebaka la boraro la ho lebella hore Jehova a utloe lithapelo tsa rōna ke hore o tseba mefokolo ea rōna ’me o batla ho re thusa. Mopesaleme Davida o boletse hona ka mokhoa o latelang: “Joale ka ha Bochabela bo le hole le Bophirimela; o lahlela makhopo a rōna joalo hole le rōna. Joale ka ha ntat’a motho a hauhela bana ba hae, Jehova o hauhela joalo ba mo tšabang. Hobane o tsebisisa ho bōpjoa ha rōna, o elelloa hoba re lerōle feela.” (Pes. 103:12-14; hape bona Pesaleme ea 51:5.) Kahoo, ha re hlotsoe ke phoso, ha re luba lintho kapa re etsa phoso e tebileng, re ka ithapella ho Jehova Molimo motheong oa mefokolo ea rōna le ho se phethahale.

10. Joalokaha ho bontšitsoe tabeng ea Jobo le Pauluse le ba bang, ke hobane’ng ha re ka atamela Molimo ka tšepo?

10 Lebaka le leng le matla la hore re tsebe ho tla ho Jehova ka tšepo ke hore o tla utloa lithapelo tsa rōna motheong oa hore re ba tšepahalang. Jobo o entse thapeli e matla ntlheng eona ena, a re: “Molimo o ke o ntekanye ka sekala sa ho loka, ’me o tla fihlela hoba ha ke na molato.” (Jobo 31:6) Ka ho tšoanang, Pauluse a kōpa balumeli bahabo: “Re rapelleng; re fela re kholoa hoba re na le letsoalo le letle, re ntse re rata ho etsa hantle nthong tsohle.” (Ba-Heb. 13:18) Hore re lokela ho ba khabane ponong ea Molimo ho boetse ho totobala ho se ngotsoeng ke moapostola Johanne: “Baratuoa, ha lipelo tsa rōna li sa re nyatse, re na le tšepo e tiileng ho Molimo. ’Me seo re se kōpang, leha e le sefe le sefe, re se neoa ke oona; hobane re boloka litaelo tsa oona, ’me re etsa tse leng ntle pel’a oona.”—1 Joh. 3:21, 22.

RAPELA KA JESU, E SENG EENA

11. Ke ka mang feela re ka atamelang Molimo ka thapelo?

11 Re ka kena joang ho “Ea utloang merapelo” ea moholo? O khethile hore hona ho etsoe ka Jesu Kreste feela. Ho teng ’Muelli a le mong feela pakeng tsa Molimo le batho, le Moprista e Moholo a le mong, Jesu Kreste. (1 Tim. 2:5; Ba-Heb. 7:25, 26) Jesu ka boeena o ho totobalitse hantle, ha a re: “Ha ho motho ea ka tlang ho Ntate, ha e se ka ’na.” (Joh. 14:6) “Ka ’nete-nete ke re ho lōna: Ntho tsohle tsee le tla li qela ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le fa tsona. . . . kōpang, ’me le tla fuoa, thabo ea lōna e tle e tlale.”—Joh. 16:23, 24.

12, 13. (a) Ka baka la se entsoeng ke moapostola Johanne le Setefane, ho ka botsoa lipotso life? (b) Empa ke hobane’ng ha mehlala ea Setefane le moapostola Johanne e ke ke ea nkuoa e le lebaka la ho rapela Jesu ka ho toba?

12 Leha ho le joalo, batho ba bang baa ipotsa: ‘Na re ke ke ra ’na ra kōpa lintho hape ka ho toba ho Jesu? Na morutuoa Setefane ka ho toba ha a ka a tobisa litaba ho Jesu thapelong, ’me na moapostola Johanne ha a ka a etsa joalo?’ Ke ’nete, Setefane, pele a shoa, o itse: “Morena Jesu, amohela moea oa ka.” (Lik. 7:59) ’Me moapostola Johanne a rapela: “Amen! Tlo, Morena Jesu!”—Tšen. 22:20.

13 Leha ho le joalo, ke hantle ha re nahana ka maemo. Setefane, ka mohlala, o bile le pono, hobane o itse: “Bonang! ke bona maholimo a phetliloe, le Mor’a motho a eme ka letsohong le letona la Molimo.” Ka baka leo, ka baka la ho bona Jesu ponong, Setefane o ne a ka ’na a bua ka ho toba le Mora oa Molimo. (Lik. 7:56) Moapostola Johanne ka ho tšoanang le eena o bile le pono ea lintho tsa leholimo. (Tšen. 1:1, 10;4:1, 2) Ha a ntse a le ponong ena, moapostola a bona Jesu ’me a mo utloa a re: “Ea pakang litaba tseo o re: E, ke tla kapele.” (Tšen. 22:20) Ka ho loketseng, Johanne o ne a arabela seo a utloileng Jesu a se bua. Liketsahalo tse joalo li tšoana le se etsahetseng ha mohlorisi Saule oa Tarese a le tseleng e eang Damaseka. Jesu Kreste a iponahatsa ho Saule, a re: “Saule, Saule, u ntlhorisetsa’ng na?” Joalokaha e le ’nete ka moapostola Johanne le Setefane, Saule o arabetse Jesu ka ho toba: “U mang, Morena?”—Lik. 9:4, 5.

KA HLOMPHO E LOKETSENG EA BORAPELI

14, 15. Ha re rapela, boikutlo ba rōna, lipolelo le molumo oa lentsoe li lokela ho bontša eng, hobane’ng?

14 Ha re atamela ’Musi e moholo oa bokahohle ka thapelo, re tlameha ho etsa joalo ka mokhoa o loketseng. Re ka mo atamela feela ka hlompho e fetisisang, ho itiha le boikokobetso bo tebileng. ’Nete ea hore Lentsoe la Molimo le re bolella hore re ka tla ho Molimo ‘ka puo e lokolohileng’ ha e bolele hore re ka tloaelana kapa ra se khetholle ho ’Mōpi e moholo. (Ba-Heb. 4:16; 1 Joh. 3:21, 22) Ekaba ho se nahanele ho hokaakang ho qala thapelo ka polelo e kang, “Lumela, Jehova!” Re ka tla ka puo e lokolohileng ka baka la tumelo ea rōna le tšepo ka baka la boithaopo ba Hae ho utloa le kahobane re tšepahala. Empa re lokela ho etsa joalo ka hlompho e tebileng, ka mokhoa oa borapeli.—Bapisa Moeklesia 5:1, 2.

15 Le ka mohla re se lebale hore Jehova Molimo o phahame ka holim’a rōna. Kaha re phela re le ba lefatše re tlase ho mangeloi ka matla le khanya. (Ba-Heb. 2:7) Ho feta moo, ha rea phethahala, re batho ba baetsalibe. Ka ho loketseng, lithapelong tsa rōna re lokela ho sebelisa mantsoe le molumo oa lentsoe o bontšang hore re utloisisa re bile re ananela kamano ea rōna le Jehova Molimo, hobane o mamela ba ikokobelitseng feela ‘ba thothometsoang ke lentsoe la hae.’ (Esa. 66:2) Jesu o ile a tiisa motheo ona ka matla hakaakang setšoantšong sa hae ka banna ba ba babeli ba ileng ba ea tempeleng Jerusalema ho ea rapela! Jehova Molimo a se ke a ela hloko Mofarisi ea ikhohomosang le ea itokafatsang, empa a mamela le ho arabela thapelo ea molekhetho ea ikokobelitseng le ea khabane.—Luka 18:9-14.

KA TUMELO LE KA TIISETSO

16. Ke mangolo afe a bontšhang bohlokoa ba ho kholloa thapelong?

16 Tlhokahalo e ’ngoe ea bohlokoa ea ho utluoa ke Jehova ke ho tla ho eena ka tumelo. Nako le nako, re hlokomelisoa ka boemo bona ba thapelo ka Lentsoeng la Molimo. Jesu o itse: “Hoja le na le tumelo e ka ka hlaku ea mosetareda, . . . ho ka be ho se letho le le sitang.” (Matt. 17:20) Ho Ba-Heberu 11:6 re bolelloa hore ho khahlisa Molimo hantle re tlameha hore re se ke ra lumela feela hore o teng empa hape le hore o putsa ‘ba mo batlang ba tiile.’ Morutuoa Jakobo o ngolile: “A kōpe ka tumelo, a se ke a lika-lika; hobane motho ea likalikang” a ke ke “a neoa letho ke Morena.”—Jak. 1:6, 7.

17. Ke keletso efe eo Mangolo a fanang ka eona ka ho tiisetsa thapelong?

17 Hore kōpo ea rōna e arabeloe, re tlameha hore hape re tiisetse thapelong. Re rate ho fetola thapelo tloaelo. Bibele ea re eletsa: “Le tiee thapelong.” (Ba-Roma 12:12) Jesu khafetsa o ne a hatisa tšobotsi ena ea thapelo. Thutong ea Thabeng ea hae, o itse: ‘Le ’ne le kōpe, ’me le tla fuoa; le ’ne le batle, ’me le tla fumana; le ’ne le kokote, ’me le tla buleloa.’ (Matt. 7:7, NW) Setšoantšong sa hae sa mohlolohali ea ileng a ahloleloa ka toka ke moahloli ea neng a sa tšabe Molimo, a sa hlomphe le batho, ka ho tšoanang Jesu a hatisa bohlokoa ba ho tiisetsa thapelong. (Luka 18:1-8) Haeba kannete re tiile ka lintho tseo re li kōpang ho Jehova Molimo, re tla ‘tiisetsa thapelong’ ’me ‘re se phetse ho rapela.’—Ba-Roma 12:12; 1 Ba-Thess. 5:17.

18. Ke lintho life tseo re sa lokelang ho li lumella ho kenakenana le hore re be le nako ea ho rapela?

18 Ho amanang haufi le ho mamella thapelong ke ho ipha sebaka sa ho rapela. Le ka mohla re se tšoarehe hoo re sitoang ho rapela. Ke ’nete, ho na le lintho tse hlokahalang bophelong—mosebetsi oa rōna oa tsatsi le leng le le leng, ho ja, ho itlhopha, ho robala—tse nkang boholo ba lihora tse 24 tsa letsatsi le letsatsi tsa rōna. Empa na ho ke ke ha ’na ha e-ba le lintho tse ling tse ngata tse ka ’nang tsa re khukhunela ka nako ea rōna ho feta kamoo ho tšoanelang? Lintho tsena li ka ’na tsa akarelletsa ho bala koranta, ho shebella thelevishene, ho tšoareha lipapaling le mekhoa e meng ea boikhathollo kapa ho ithapolla. Ntle le haeba kannete re ananela tokelo ea bohlokoa ea thapelo, re ka ’na ra iphumana re e hlokomolohile ka baka la lintho tse joalo tse nkang nako ea rōna bakeng sa eona.

LINAKO TSA HO RAPELA

19. Tse ling tsa linako tse ngata tseo re nang le tsona bakeng sa ho rapela ke life?

19 Li ngata ruri linako kapa menyetla eo re nang le eona ea ho rapela. Hore re ‘rapele re sa phetse’ ho ama ho rapela ka linako tsohle—ha ho tsohuoa hoseng, ha ho robaloa mantsiboea, pele ho lijo le nakong ea phalimeho bosiu. (Bona Pesaleme ea 5:3; 92:1, 2; 119:147-149, 164; 1 Tim. 4:4, 5.) Re ka ’na ra talimana le mathata a tebileng kapa linako tsa ho tepella, ra tlameha ho jara boikarabelo bo boima; re ka ’na ra biletsoa ho tla bua ka pel’a bamameli ba Bakreste kapa ho sireletsa tumelo ea rōna pel’a babusisi. Kannete, tsena ke linako tsa ho ineela ho Jehova ka se re amang. E, “U . . . kenye [Molimo] mererong ea hao eohle, ’me o tla u tsamaisa litseleng tsohle tsa hao.” (Liprov. 3:6) Ho feta moo, neng le neng ha re fumana tlhohonolofatso e khethehileng, haholo haeba e sa lebelloa kapa e lakatsoa haholo, lipelo tsa rōna li lokela ho tlala teboho ho Jehova. Empa, bonneteng, ha ho hlokahale hore re be re be le mabaka a khethehileng. Lipelo tsa rōna le mehopolo li lokela ho re khanna ho bolela teboho ka nako leha e le efe.

20. Ho ka thoe’ng ka boemo ba ’mele ea rōna thapelong?

20 Kaha nako leha e le efe le ka linako tsohle e ka ba ho loketseng bakeng sa thapelo, na hona ho bolela hore ka rea lokela ho nahana hore na re boemong bofe ’meleng ha re rapela? Ke ’nete, Bibele ha e hlalose hore ho nkoe boemo bo itseng, bo kang ho khumama le ho phutha matsoho, ha ho rapeloa. Empa re bala ka batho ba neng ba rapela ba eme, ba khumame, kapa ba oele ka lifahleho, le ka matsoho a phahameng. (Bona Genese 24:26, 48; 1 Marena 8:22, 42, 44, 54; Nehemia 2:1-4; Mareka 11:25.) Hona ho bontša hore ke ho loketseng, ha ho ka etsahala, ho ba boemong bo hlomphehang ba ’mele ha ho rapeloa. Ka mohlala, sebokeng sa phutheho re ka ema ’me ra inamisa lihlooho. Boemo bo joalo ba ’mele bo fetohileng bo ka ba ba re thusa hape ho tebisa maikutlo thapelong e etsoang lebitsong la rōna. Ho bonahala eka ho khumama e hlile ke boemo bo loketseng haholo bakeng sa thapelo ea lekunutung. (Bapisa Daniele 6:10; Ba-Filippi 2:9, 10.) Le haeba re le liphateng re khatholohile pele re robala ha re rapela re lokela ho ela hloko keletso ea moapostola “Falimehang,” re le seli, re phaphame ha re rapela.—Ba-Ef. 6:18.

21. Ho tla ho Molimo hore o re utloe, re tlameha ho rapela joang?

21 Kannete, ho rapela Jehova Molimo ke ntho eo re lokelang ho e nka ka botebo. Re lokela ho leboha hakaakang hore re ka atamela Ntate oa rōna oa leholimo, re kholisehile hore o tla re utloa ka nako leha e le efe kapa efe! Bonneteng, hona ho itšetlehile ka hore re ee ho eena ka tumelo, ka mocha o nepahetseng, ka maikutlo a nepahetseng, ebe joale re tiisetsa thapelong, ho se mohla re tšoarehileng haholo hore re ka rapela. ’Me, haeba u na le bana, ka mamello u ba rute bohlokoa ba thapelo ka molao le ka mohlala o motle.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela