Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 12/1 maq. 5-7
  • ‘Leseli la Lōna le ke le Khanye’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Leseli la Lōna le ke le Khanye’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO SA TSOTELLEHE KHANYETSO
  • U AMEHA HOBANE’NG?
  • “Leseli la Lōna le ke le Khanye”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • “Leseli la Lōna a le Khanye”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • “Leseli la Lōna le ke le Khanye” e le Hore le Tlotlise Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Ho Khantša Leseli la Rōna ka ho Tsoelang Pele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 12/1 maq. 5-7

‘Leseli la Lōna le ke le Khanye’

BARUTUOA BA JESU Kreste ba lokela ho khanya joaloka maseli a phatšimang lefatšeng lena, ba supisa batho ba bang tsela e isang nakong e sa feleng ea bophelo bo thabileng. Thutong ea hae ea thabeng, Mora oa Molimo o itse: “Le leseli la lefatše. Motse o beiloeng holim’a thaba, ha o na ho patoa. Lebone le lona ha le hoteletsoe ho kenngoa ka tlas’a morula, empa e le ho hlongoa kandelareng, le tle le bonesetse bohle ba leng tlung. Leseli la lōna le ke le khanyetse batho joalo, ba tle ba bone mesebetsi ea lōna e molemo, ’me ba rorise Ntat’a lōna ea maholimong.”—Matt. 5:14-16.

Boitšoaro bo beang mohlala ba barutuoa ba Kreste bo lokela ho ba etsa hore ba eme ba hlokomeleha har’a batho ba bang ba sa tloaelanang le molaetsa oa Bibele. Mosa oa bona, sebete, mamello, lerato le litšoaneleho tse ling tse ntle li lokela ho ba etsa hore ba hlahe e le maseli lefatšeng le sehlōhō le le se nang lerato. Leha ho le joalo, hore ba bang ba tsebe lebaka la boitšoaro ba bona bo totobetseng, Bakreste ba lokela hore e be baboleli ba seo ba se lumelang. Ke ka baka leo lipaki tse ngata tsa Jehova li beelang nako ka thōko beke e ’ngoe le e ’ngoe ho etela batho bao ba ahisaneng le bona ka molaetsa o tšelisang oa Lentsoe la Molimo. Ho phaella moo, ba sebelisa hamolemo menyetla ea bona ea ho abelana le ba bang tsebo ea bona ea Mangolo kae kapa kae moo ba kopanang le bona ha ba ntse ba phetha mesebetsi ea bona ea bophelo ba tsatsi le leng le le leng.

HO SA TSOTELLEHE KHANYETSO

Ha ho bonolo kamehla bakeng sa bahlanka ba Molimo ho khanya joaloka maseli. Hangata ba fetoha sesomo ba bile ba hlouoa. Molaetsa oo ba o bolelang—hore ’muso oa Molimo o tloha o robaka tsamaiso e khopo ho lokisetsa ho kenngoa ha Taolo e Ncha—ha o ratehe lefatšeng. Ba ikhethelang ho phela bophelo bo se nang ho lumela ho Jehova Molimo le Mora oa hae ha ba batle ho utloa molaetsa oa Bibele. Baa o hanyetsa ’me ba ka ba ba tsoella ho fumana hore mosebetsi oa batho ba Molimo o thibeloe. Hape, ho fetoha ho molemo hoo mohlomong Mokreste a ho entseng bophelong ba hae ho ka fella ka ho songoa. Moapostola Petrose o hlakisitse hona, a re: “Ke moo ba makalang ha le sa mathele hammoho le bona [balefatše] khaphatsehong eo ea bohlola, ’me ba le nyefola ke hona.”—1 Pet. 4:4.

Tlhahlobo e entsoeng ka pale ea morao tjena e senola hore ho bile joalo ka Lipaki tsa Jehova. Ka thabo, hona ha hoa li khutsisa, e le sehlopha, hore li ka ’na tsa nka bohato ka mantsoe a Jesu ‘hore leseli la tsona le khanye.’ Li hlokomela hore ho hang ha se nako ea hore Bakreste ka tšabo ba pate leseli la bona, joalokaha eka ba le kenya ‘tlas’a morula.’ Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, ho hlokahala hore ’nete e khanye lipolelong le liketsong tsa bahlanka ba ineetseng ba Jehova.

Bonneteng, hona ha ho bolele hore motho a hlokomolohe ka booatla maemo a seng matle ao a tlamehang ho phethahatsa liketso tsa hae tsa Bokreste tlas’a oona. Jesu Kreste o elelitse hore balateli ba hae ba itšoare ka bohlale lefatšeng la sera. A re ho baapostola ba hae: “Bonang, ke le roma le le joale ka linku har’a liphiri; ka baka leo, le be bohlale joale ka linoha, ’me le be ba se nang mano joale ka maeba-khoroana. ’Me le tsohele batho masene.” (Matt. 10:16, 17) Kahoo, linakong tse thata, ho loketse hore re be seli ha re batla ba batlang Molimo kannete.

U AMEHA HOBANE’NG?

Empa ke hobane’ng ha re lokela ho ameha hakana ka ho lumella leseli la rōna hore le khanye? Bibele e bontša hore ’Mōpi o beile letsatsi la ho ikarabella, kapa la kahlolo, bakeng sa batho bohle. (Lik. 17:31) Hore letsatsi leo la kahlolo le felle ka mahlohonolo ho rōna, ho hlokahala hore re be boemong bo amohelehang ho eena. Boemo bo amohelehang joalo bo ka fumanoa joang? Re hloka tumelo e re susumetsang hore re etse ho matleng a rōna ho thusa ba bang hore ebe barutuoa ba ’nete ba Kreste ’me ba tsoelepele e le bona.

Hlokomela kamoo moapostola Pauluse a tlamahantseng taba ena ea kahlolo le bohlokoa ba ho bolela ho theiloeng boitšoarong bo babatsehang. A ngola: “Hobane e ka khona re hlahe bohle pel’a setulo sa kahlolo sa Kreste, hore e mong le e mong a tle a nke ho lekanang seo a se entseng ha a sa le ’meleng, leha e le se setle, leha e le se sebe. Joale, ka baka la ho tseba botšabeho ba Morena, re qopheletse batho.”—2 Ba-Kor. 5:10, 11.

Pauluse o ne a hlokomela matla ao ho seng a lekanang le oona ao Jehova Molimo a a neileng Mora oa hae. Hona joale Jesu Kreste o na le ‘matla ’ohle a borena leholimong le lefatšeng.’ (Matt. 28:18) Ka matla a hae a boahloli, Mora oa Molimo o boletse: “Ntate ha a ahlole motho le a mong, empa o neile Mora kahlolo eohle.” (Joh. 5:22) Kahlolo ea Jesu Kreste e tla ba e se nang sekoli e bile e le ea ho qetela. A ke ke a thetsoa ke ponahalo ea ka ntle kapa lipolelo tse bohlale. Ho ile ha boleloa tjena ka eena ka boprofeta: “A ke se ke a ahlola ka chalimo ea mahlo, leha e le ho tsoa ka ho utloa taba ea ba re. Empa o tla ahlola mafutsana ka ho loka, a bue taba tsa ba banyenyane ba lefatše ka ’nete.” (Esa. 11:3, 4) Kannete, ho na le lebaka le utloahalang bakeng sa ho tšaba moahloli eo eo ho totobetseng hore oa tšoaneleha ea nang le matla a feletseng a ho liha kahlolo ea ho qetela. Ha se feela hore re ka lakatsa ho etsa ka tsela e tlang ho bonahatsa hore re lumela ho eena e le moahloli, empa hape re qophelle ba bang hore ba nke mehato e hlokahalang hore ba fumane bopaki ba ho ahloleloa hantle ke eena.

Ka ho hlakileng, batho ba mefuta eohle, lichaba le merabe ho hlokahala hore ba tsebe hore na ba lokela ho etsa joang e le hore letsatsi le atamelang ka potlako la ho ikarabella le ka ba tsoela molemo. Hona ho hatisoa hantle ke moapostola Pauluse ka mantsoe ana: “Mang le mang ea rapelang lebitso la Morena, o tla bolokeha. Empa ba tla rapela joang eo ba sa kang ba lumela ho eena? ’Me ba tla lumela joang ho eo be sa kang ba utloa litaba tsa hae? ’Me ba tla utloa joang, ha ‘moleli a le sieo?”—Ba-Roma 10:13, 14.

Ka baka la ho ananela bohlokoa ba ho bolela ‘litaba tse molemo,’ lipaki tse ngata tsa Jehova li kopanela tšebeletsong ea bopula-maliboho bo thusang, bonyane ba neela lihora tse 60 ka khoeli eitseng bakeng sa ho jala ’nete ea Bibele. Hona ho isitse mahlohonolong a mangata. Ka mohlala, hoo e ka bang lilemong tse tharo tse fetileng, ho ne ho le teng Paki e lulang e le ’ngoe Dacca, Bangladesh. Joale Paki e ’ngoe, e na le mosali oa eona, ea fihla motseng oo ka mosebetsi. Banyalani bana ba qala ho kopanela ka cheseho molaetsa oa Bibele le ba bang, ’me ka pele lenane la baboleli ba ’Muso la eketseha hore ba be robeli. Palong ena, ba babeli ka mehla ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang. Mosebetsi ona oa fella ka keketseho e kholo hakaakang? Hoo e ka bang nako e nkang selemo e fetileng ho ne ho tsamaisoa lithuto tsa Bibele tse fetang 20 le batho ba thahasellang, ’me bongata ba bona bo ba teng libokeng tse neng li lokiselitsoe.

Haeba kannete re lumela hore letsatsi la kahlolo le ntse le atamela, na hona ho ke ke ha iponahatsa ka takatso e tiileng ea ho tsebisa batho ka bonnete ba ketsahalo ee? Ho tseba hore u tla ema ka pel’a Moahloli ea khethiloeng ke Molimo ho u susumetsa joang? Na u ikemiselitse ho nahana, ho bua le ho etsa ka mokhoa o tla ipiletsa matsoalong a matle a batho ba bang? Na motheong oa ka mehla u beile nako eo ka eona u kopanelang le ba bang linnete tsa Lentsoe la Molimo? Na pelo ea hao e u susumelletsa hore u bue le ka linako tse ling hape? Haeba ka masene u tsekella ho tšoana le Mora oa Molimo monahanong, polelong le ketsong, ruri u tla phela tumellanong le keletso ea hae: ‘Leseli la lōna le ke le khanye.’

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela