Lipotso Tse Tsoang ho Babali
● Bibele e tlaleha liphoso tse tharo tse tebileng tse entsoeng ke Davida pusong ea hae. Ke eng se bontšang hore Molimo o ne o sa hlōleha ho phetha karolo ea oona ho thibela Davida ho etsa sebe, joalokaha o entse ka ho sebelisa Abigaile?—1 Sam. 25:32-34.
Liphoso tsena li ama (1) ho tlosa ha Davida areka e beiloe koloing bakeng sa hore e jaroe mahetleng a baprista, ho ileng ha fella ka lefu la Uzza; (2) sebe sa hae le Bathe-sheba, ho fella ka lefu la Uria le la ngoana oa bofebe ba bona: le (3) ho bala ha hae makhotla a Iseraele a hlometseng, ho ileng ha fella ka lefu la ba 70 000.
Ka lefu la Uzza: Molao oa Molimo o ne o laela hore Davida e le morena a ingolle Molao ’me a o bale tsatsi le leng le le leng. (Deut. 17:18) Ho sitoa ha hae ho hlokomela se boleloang ke Molao ntlheng ena ea ho nka Areka ha fella ka lefu la Uzza. (Num. 4:15; 7:6-9) Ho ke ho hlokomeloe hore Davida ka boikokobetso o ile a itjarisa molato oa se etsahetseng ka boiteko ba hae ba ho nyolla Areka.—2 Sam. 6:2-10; 1 Likron. 15:12, 13.
Ka taba ea hae le Bathe-Sheba, Davida o ne a e-na le molao oa Molimo o ngotsoeng ka ho hlakileng bakeng sa taba ea bofebe, empa a ikhethela ho e hlokomoloha.—Ex. 20:14.
Ka ho bala ha hae makhotla a hlometseng a Iseraele: Ruri ho entsoe ka boomo ntlheng ena. Jehova o ile a sebelisa Joabe ho khelosa Davida, e le hore a se ke a khoptjoa, empa Davida a tsitlella ho ikela ka tsela eo e leng ea hae.—2 Sam. 24:1-17.
Ho e ’ngoe le e ’ngoe ea litaba tsena, ka baka leo, Jehova o ne a ke ke a qosoa ka ho sitoa ho thibela Davida ho khoptjoa.
● Ho Habakuke 2:5, ke mang ea “ahlamisitseng moea oa hae joale ka lebitla,” hona ho bolela eng?
Temana e baloa tjena: “Hape, veine ea thetsa; monna ea ikakasang a ke ke a tiea. Eo ea ahlamisitseng moea oa hae joale ka lebitla, ea tšoanang le lefu, ea se nang ho kholoa, ea ipokellelang lichaba tsohle, ea ipokanyetsang merabe eohle.”
“Ea ahlamisitseng moea oa hae” ke eo ka likhapo tsa sesole a “ipokanyetsang merabe eohle.” Habakuke khaolo ea 1 e bontša hore enoa ha se motho a le mong empa ke motho ea entsoeng ke batho ba bangata, Bababylona kapa Bakalde ba bokellane. Ka mochine oa hae oa ntoa, Mokalde o ‘ne a bolaea lichaba.’ (Tem. 17) “Moea” oa hae, kapa mokhoa oa bophelo o phehellang khapo, o ne o sa kholoe. Joalokaha ho noa ntle ho khaotso veine ho ka ’na ha thetsa monoi ’me ha mo etsa motho ea “ikakasang” kapa ea etsang ka boikhohomoso, ho ne ho le joalo le ka Mokalde eo katleho ea hae sesoleng e neng e mo mathetse hloohong. Ho tšoana le Sheol le joale ka lefu tse lutseng li lokile ho amohela ba tlang ho tsona, o ne a cheseha ho tlōla ho hapa sechaba se seng kamor’a se seng. (Bapisa Liproverbia 30:15, 16.) Leha ho le joalo, Mokalde o ne a ke ke a atleha ho finyella sepheo sa hae, ho bontša hore eena le lintoa tsa hae tsa khapo o ne a tla fela.
Phethahatsong ea boprofeta ba Bibele, Babylona ea oa ka bosiu bo le bong ka selemo sa 539 B.C.E. Boholo ba ’muso oa Bakalde ka nako eo ba oela tlas’a taolo ea Cyruse Mopersia le Dariuse Momede.—Dan. 5:28.