Ho Batla ha ka Tokoloho ha Putsoa
Kamoo ho boletseng Edwina Apason
“JOALE nako e fihlile,” ha hoeshetsa lekhoba le leng le seng le tsofetse. Tlas’a tšireletso ea lefifi, sehlotšoana sa makhoba a matšo sa baleha masimong a kofi karolong e ka leboea ea Suriname. Mokhathala, ho imeloa maikutlong, tsieleho empa leha ho le joalo tšepo ea khanya lifahlehong tsa bona. Bana ba itšoarella ka bo-’m’a bona, ba seng ba ntse ba imetsoe ke lisebelisoa tse utsoitsoeng masimong. Lilepe le lithipa tse khōlō li nkiloe ke banna.
“Potlakang, potlakang! Le se ke la ema!” E bile eona puo. Ho tšoaroa ho ne ho tla bolela ho khutlisetsoa morao masimong ho ea hlorisoa kapa ho bolaoa. Moru o moholo oa bonahala ho se motho ea ka kenang ka har’a oona; leha ho le joalo ho se boikhethelo ha e se feela ho kenella hare. Ha tsokotsoa lithipa tse khōlō, ho kenelloa hare ho elella ka boroa morung. Motšehare le bosiu babalehi ba leka hore bonyane ba ’ne ba nke bohato bo ka pele ho baphalleli ba bona ba hlometseng hantle, ba rōmetsoeng ke mong a masimo. Moroalo leha e le ofe o neng o ba sitisa ho potlaka o ne o tloheloa tseleng. Ka masoabi, ho bokolla ha bana ba tloheloang morao ha luma har’a moru. Qetellong, kamor’a likhoeli tse ngata tsa mathata, babalehi ba fihla Nōkeng ea Tapanahony, hole ka lik’hilomithara tse 200.
Ka ho latellana, maroons a mangata, kapa makhoba a babalehi, a latela mohlala ona. Ba Jaleha pel’a nōka ho ea ka los, kapa malapa, ba bōpa metse e nang le melao e phahameng haholo e etelloang pele ke Gran Man, morena oa sehlooho. Babalehi bao ba lilemong tse fetileng tse 250 ke baholo-holo ba ka, ’me ba thea leloko la Aucaner. Har’a mathata le ho bea bophelo ba bona kotsing, ba qetella ba fumane ntho e neng e le khale ba e laba-labela—tokoloho! Ea e-ba batho ba lokolohileng, kapa ba nahana joalo.
BA LOKOLOHILE, EMPA E SA LE MAKHOBA
Leha ho le joalo, ho ne ho le teng bokhoba ba mofuta o mong bo neng bo robetse. Nakong ea bokhoba bo ne bo ke ke ba sebelisoa ka botlalo. E ne e le mokhoa oa rōna oa bolumeli—borapeli ba bademona.—1 Ba-Kor. 10:20.
Batsoali ba ka ba bolela hore moea oa bonohe o ile oa thusa baholo-holo ba ka hore ba balehe ka katleho. O fana ka pontšo ea ho baleha, leha e le motšehare kapa bosiu. Hape, ha babalehi ba bang ba ne ba sitisoa ke thaba, moea o ne o ba laela hore ba e nyolohe—empa ba furaletse. Morero e le hore ba ba phalletseng ba lahlehisoe hore ba nahane hore makhoba a balehile a theohela tlase. Moea ona oa phakisa oa bitsoa Gran Gado, kapa molimo o moholo, o feletse ka moprista le bathusi.
Mabakeng a ho kula kapa lefu, ho ne ho buisanoa le molimo ona. Ka mohlala, ha motho a shoa, ntho e ’ngoe ea hae—mohlomong re re moriri—o tlamelloa leseleng, joale lepolankeng leo banna ba babeli ba le phahamisetsang kaholim’a lihlooho tsa bona. Ho nahanoa hore moea oa mofu o lula lepolankeng, ’me beng ka mofu ba botsa: “Na u shoele ka baka la ho kula?” Haeba lepolanka le ka sekamela morao, karabelo e ne e le Che. Potso e ’ngoe: “Ho na le motho ea u bolaileng ka malepa?” Haeba lepolanka le ka ea pele, hoo e ne e le E. “Ke mag ea u bolaileng?” Ka ho rialo, banna ba tsamaisoang ke matla a moea ba ne ba mathela ntlong eitseng, kahoo ho bontšoa ’molai. Joale Gran Gado e bonoa ho hlakisa kahlolo.
Gran Gado, leha ho le joalo, hase oona molimo feela oa moloko oa Aucaner. Hape ba rapela lifate, liphoofolo le majoe. Ho feta moo, ho khutsisa baholo-holo ba shoeleng, linyehelo tsa lijo le joala li pota-potisoa palo ea thapelo e emisitsoeng bohareng ba motse. Hape batho ba utloa koenoe, kapa motšoenyi, ea sebetsang ka mokena-lipakeng oa motho. Batšoenyi bana ho lumeloa hore ke batho ba bolailoeng ke litho tsa malapa. Ho boleloa hore ba khutla ho tla iphetetsa, ’me ho nahanoa hore ba hlokofatsa batho ka ho kula ho boima. Ha ho le joalo, motho ea kulang o ea ho senohe. Ha se hapiloe ke moea, senohe sea bua, se bolela hore na ho ka sebelisoa litlhare life, le hore na ho nyeheloe mahlabelo afe le melao e tla hlomphuoa. Bademona ba bang ba bapala le motho ea kulang, ba mo etsa hore a ee ho ngakana-ntšonyana enoa le eane. Lenyora lena la ho phekoloa le tsoela pele ho fihlela mokuli a feletsoe ke chelete eohle ea hae le lijo tse reretsoeng mahlabelo. Empa o sala a ntse a kula e le mofutsana.
Batho ba bang ba sebelisa wisi, kapa maselamose ho tlisetsa batho ba bang bomalimabe. Borapeli bona ruri bo mema meea e khopo hore e kene motseng. Ka mehla batho ba hlokomela boteng ba eona, ’me ba roala tapoes, kapa lerapo le potang sephaka le entsoeng ka likhole, likhaketlana kapa meno a liphoofolo. Tsena li roala ho pota sephaka, molala, letheka kapa litlhafung bakeng sa hoo ho thoeng ke ho itšireletsa tlokotsing. Batho ba Aucaner ba bile ba leketlisa libotlolo tsa joala matlung a bona, kapa ba li tlamella lithupeng tse fatše, ka tšepo ea ho thibela tšenyeho ea lijalo. Tsatsi le leng le le leng batho bana baa phela, baa ja, baa sebetsa le ho robala ba tšohile. ’Me phetoho leha e le efe e etsoang ke motho tseleng ena ea bophelo ruri e baka mofere-fere oa kelello motseng.
TSELA EO RE PHELANG KA EONA
Ke phetse moo ho leng tjena ka lilemo tse ka bang 48. Kaha motseng oa heso ho ne ho se sekolo, Godo-olo, e mong le e mong o ne a sa tsebe ho bala le ho ngola. Leha ho le joalo, batsoali ba rōna ba ne ba re ruta mahlale a itseng re sa le banyenyane haholo. Rōna banana re ne re ithuta mesebetsi ea lelapa ea ho baka, ho pheha le ho hlatsoa. Joale re qala ho ‘thapolla mesifa ea rōna’ ho lema mobu, re roalla patsi le ho e ratha ka selepe. Re ithuta ho tsamaisa kroejara, seketsoana, metsing a khutsitseng le metsing a mathang ka potlako. Kamor’a nako, boemo ba ’mele ea rōna ka potlako bo ne bo itšoanela le ba monna ofe kapa ofe! Ka lehlakoreng le leng, bashemane ba tseba ho etsa liketsoana, ho tsoma, ho rema lifate, ho tšoasa lihlapi le ho betla mapolanka.
Ho ea ka meetlo ea rōna, banana ba ka bang lilemo tse 14 kapa 15 ba tšepisoa monna, ’me hamorao ba phela hammoho. Batsoali ba ka ba nkhethela monna, empa ke ne ke sa mo rate. Kamoo ho qetelletseng ho bile kateng, monna eo ke nyalaneng le eena hona joale ke ntate oa bana ba robong ho bana ba ka ba 11. Ka baka lena, o moholo haholo ho ’na hoo e ka bang ntate.
Ke le motho ea ratang ho sebetsa, hangata ke ne ke etella pele mesebetsing e mengata e neng e etsoa ke basali. Hona ho akarelletsa ho boloka motse le ho hlokomela ba kulang le ba hōlileng. Ka baka leo, kapiten, kapa ramotse, a nkōpa hore ke be basja, kapa motlatsi oa hae oa mosali. Hoo ha eketsa boikarabelo. Bo bong bo amana le ho epeloa ha bafu, hoo e leng tšebeletso e telele kaha setopo ha se epeloe hang-hang.
Ka tumela-khoela, banna ba sebeletsang e le ba chekang lebitla ba tšaba hore haeba marotholi a mofufutso oa bona a ka rothela ka lebitleng hona ho tla bolela hore le bona ba tla shoa. Koana, tlas’a letsatsi le chesang ha ho hloke ho sebetsa haholo hore motho a fufuleloe. Ntle ho moo, lebitla ha le motseng empa le sebakeng se hōlenyana se hlokang leeto la seketsoana. Kahoo tsatsi le leng le le leng ba soka liketsoana ho ea moo lebitla le leng teng ’me ba cheke ho se hokae. Kaha setopo ha sea omeletsoa, se nkha ho se nang mamello. Ka baka leo, lekese le hahuoa ka tsela e tlang ho khakeletsa lero le lutlang setopong. Joale lero lena le tšeloa mokoting o ka thōko ho motse. Bakeng sa batho feela, kepelo e nka matsatsi a mahlano kapa ho feta; tabeng ea ramotse, a 10 kapa ho feta. Empa bakeng sa Gran Man, tšebeletso ea kepelo e hloka likhoeli tse tharo. Ka matsatsi ao ’ohle, basali ba tlameha ho pheha lijo bakeng sa batho ba 30 kapa ho feta ba chekang lebitla, ho ekelletsa le ba letsang meropa, ba hobelang le balli, hammoho le bakeng sa mofu.
KAMOO PHETOHO E TLILENG
Ka 1959, ’na le monna oa ka ra tsamaea ka seketsoana, re tsamaea har’a liphororo le metsi a phallang ka potlako. Kamor’a matsatsi a mahlano, ra fihla Albina, moeling o ka bochabela oa Suriname. Moo, ra etela motsoalle e motle oa rōna, eo e leng obia-man. Mohlang oo, leha ho le joalo, o ne a mametse mohlankana ea lilemo li 20 ea hlalosang litšoantšo tse bukeng. Mohlankana eo a ’mema hore ke mamele. ’me ke sa hopola mantsoe a hae ka ho hlakileng. Ka litšoantšo tse bukeng ea Watch Tower Ho Tloha Paradeising e Lahlehileng ho ea Paradeising e Fumanehileng Hape, ka ithuta hore tšimolohong Molimo o ne o beile monna le mosali paradeising. Ka ho se utloe ha bona, paradeise eo ea lahleha. Empa ho tiile hore e tla tsosolosoa, hobane ha a le sefateng, Jesu Kreste o ile a tšepisa sesinyi hore: “Ka ’nete ke re ho uena: U tla ba le ’na kajeno Paradeiseng.” (Luka 23:43) Hoo le ’na ka ho lumela. Jesu, Mora oa Molimo o ne a ke ke a thetsa. Pelong ea ka ho ne ho tuka takatso e khōlō ea ho ba paradeiseng eo.
Ka likhoeli tse latelang tse supileng, mohlankana ka sebete a hlalosa litšobotsi tsohle tsa setšoantšo se seng le se seng sa buka ea Paradeise, ka linako tse ling a etsa joalo ka lihora tse peli kapa ho feta ka makhetlo a mabeli ka beke. Ka ho tsoetseng pele, bolumeli ba ’nete ba hlaka le ho totobala hore ke ne ke le mohlanka oa borapeli ba bohata. Na ho ne ho tla ba teng sebete le matla tse lekaneng ho itokolla borapeling boo? Ho kopanela ka mehla le ho ithuta le sehlotšoana sa batho ba khahlehang ha qala ho haha tumelo ea ka eo ke e fumaneng bocha ho ’Mōpi e Moholo, Jehova.
Motho oa pele ho ’nyahamisa e bile monna oa ka, ea sa kang a bontša thahasello ea letho ho seo ke neng ke ithuta sona. A utloisisa hore bolumeli bona bo bocha bo hloka molao o phahameng lenyalong. Eaba o etsa qeto ea hore re khutlele hae, moo ke ileng ka arohana ho hang le Lipaki tsa Jehova ka lilemo tse latelang tse supileng. Empa tšepo e theiloeng Bibeleng e ne e phela haholo pelong ea ka. Ha ke fihla hae, ka potlakela ho ruta ’mè, ntate le beng ka ’na ba bang seo ke ithutileng sona. Batsoali ba ka ba ntšehetsa. Lilemo tse peli kamorao ho moo, ntate a shoa ka tšepo ea paradeise, ’me kamorao ’mè ea e-ba paki ea Jehova.
HO TALIMANA LE LITEKO TSE MATLA
Joale ha tla teko e sa lebelloang. Bana ba ka ba bararo ba kula haholo, ho fihlela moo ba sa ikutloeng. Eaba ho bonanoa le ngakana-ntšonyana. Ea bolela hore re beetsoe moriana tšimong ea rōna, ke oona o kulisang. Ngaka ea ipolela hore e tlositse moriana oo, empa eare ha re khutlela hae, bohloko ba ipha matla. Ka beke feela, bana ba ka ba babeli ea lilemo li tharo le ea lilemo li robeli ba shoa. Oa boraro le eena a nkile eona tsela eo.
Ha a tsebisoa ka lefu, Gran Man a re bitsa, ha boleloa hore motšoenyi ke eena ea molato hoba ho bonanoe le Gran Gado. Ka eletsoa hore ke rapele motšoenyi ka ho ea ho senohe sa mosali ke se nee joala le lijo le ho mo tlamella ka pangi, kapa masela a letheka. Ha boleloa hore ha ke hana ho etsa joalo ngoana oa ka ea ka maleng o tla shoa ha a hlaha. Leha ho le joalo, ka hana, ke lumela hore bademona ba bolaile bana ba ka ba babeli.
Hoba ngoana oa ka a hlahe, le leng la matsoho a hae le ne le tsoile komiking ea lehetla. Letsoho lena le tsoileng komiking ho bonahala le entsoe ke ’na ha ke itahlela fatše ka baka la masoabi a maholo ka ho shoa ha bana ba ka. Ka sefofane, ra ea motseng o moholo moo kholofalo e ileng ea lokisoa. Tšepo ea ka ho Jehova e ne e anafala ’me ke ne ke mo khahlisitse ka ho se ineele borapeling ba bohata.
Ka ngoana ea hlahlamang eo ka senyeheloa. Hangata mabakeng a joalo, ho batloa tšireletso ea obia-man. Empa bakeng sa ho etsa joalo, ka ea motse moholo ho ea hlaphoheloa. Hoba ke fole, ka qalisa ho batla Lipaki, empa ka se ke ka atleha.
Ha ke khutlela hae, ka ’na ka paka ka buka ea ka e tabohileng ea Paradeisi. Ke fihletse qeto ea ho kolobetsoa, ka tsebisa bo-ramotse hore ha ke sa tla kopanela meketeng ea borapeli ba litšoantšo. Batho ba motse ba eletsa monna oa ka hore a ee le ’na motse moholo bakeng sa ha ke kolobetsoa, kaha ba ne ba nahana hore nka ’na ka ela ruri. Ka baka leo, a ea le ’na.
Ha ke qala ho ea libokeng tsa Bokreste, monna oa ka a hanyetsa. Eaba ke re’ng ho eena? “Ha u sa ee le ’na, ka tsatsi le leng ke tla tlameha ho u tlohela ho ea phethahatsa takatso ea pelo ea ka ea ho sebeletsa Jehova.” Ho makaleng ha ka, a ea le ’na sebokeng. Joale a qala ho ithuta Bibele. E bile ho tsotehang hakaakang ha hamorao re tlisa bophelo ba rōna tumellanong le melao ea Jehova ka ho nyalana ka molao! Joale ha tla kolo betso ea ka, ’me kamor’a moo ea monna oa ka.
Ho lula ha rōna motse moholo ha re thusa ho fumana tsebo e eketsehileng ho tiisa tumelo ea rōna. Leha ho le joalo, ka baka la khatello ea tsa lichelete ra fallela lik’hilomithara tse fetang 60 ho tloha motseng, ho ea lema tšimo e neng e bea haholo. Empa ea e-ba tahlehelo e kaakang bakeng sa rōna le ba bang ha khofu e fihla ho tla senya masimo a rōna bakeng sa mosebetsi o moholo o neng o tla etsoa! Ra khutlela motseng o moholo moo ke ileng ka qala ho sebetsa joaloka pula-maliboho ea tloaelehileng (’moleli oa kamehla oa ’Muso). Ka nako eo, Lipaki tse ling tsa nthuta ho bala le ho ngola. Joale, ke bala Bibeleng ea ka ka puo ea Suriname, ka fihlela batho ba meloko e sa tšoaneng ha ba tlile motseng o moholo ho tla batla mosebetsi. Kamor’a lilemo tse tharo, ke sebelisana le monna oa ka, ka fuoa tokelo ea ho ba pula-maliboho ea khethehileng. Re ile ra thabela mahlohonolo a makaakang joaloka lelapa! Ho barali ba bane le mora ba ileng ba kolobetsoa, e mong ea e-ba pula-maliboho ea ka mehla, ’me ba bang ba babeli, bo-pula-maliboho ba khethehileng.
HO TALIMANA LE TEKO E ’NGOE
Ka lekhetlo le leng, ha ke tšoere thuto ea Bibele, ka fumana molaetsa o sisimosang. Ha a ntse a kopanetse mokolokong oa boipelaetso, mora oa ka e moholo, eo e seng Paki, o ne thuntsoe a ba a shoa. Tahlehelo ena e bohloko ea tsosa boima bo eketsehileng, hobane beng ka ’na ba ile ba re: “Ha u sa latele mekhoa ea ho lla, ha u na lerato la ’mè ho mora oa hao.” Ke le ’mè, moetlo o hloka hore ke beole moriri, ke roale tuku e tšoeu, ke apare thapo ka likhoeli, ke tsamaee butle ka boomo ’me ke bue ka lentsoe le buelang tlase selemo kaofela—hona hohle e le ho bontša hoo ho thoeng ke ‘moea oa mofu’ le batho hore ke hlile ke saretsoe. Leha ho le joalo, ha ke ne nka etsa lintho tsena, ruri ho bolela ha ka e ne e tla ba ha lefeela ’me ke ne ke tla lahleheloa ke letsoalo le hloekileng pel’a Molimo. Leha ho le joalo, Jehova a nthusa ka tlhokomelo ea ka mehla ea balumeli hammoho le ’na.
Ho khutsisa Maaucaner hore a se ke a loana, ’muso oa fana ka joala le lijo tse hlokahalang bakeng sa phupu ea mora oa ka ’me oa tlisa setopo motseng oa habo rōna ho tla epeloa teng ho latela meetlo ea rōna. Ho hlompha mora oa ka, mokhatlo oa basebetsi oa ba oa emisa lejoe la khopotso setsing sa motse moholo. Empa tšepo ea ka ke hore eke Jehova a ka mo hopola tsohong.—Lik. 24:15.
Kamor’a likhoelinyana, e ne e le nako ea hore nako ea ho lla e fete ka mokete, mohobelo le lijo le lino tse nyeheloang ka tloaelo. Qetellong, ba llang kaofela ba hlapa ka moriana oa setlama-tlama se lokisitsoeng ke ngakana-ntšonyana. Ke le ’mè, ke ne ke tlameha ho khutlela motseng oa heso hape, empa ka etsa joalo khoeli pele e le hore nka hlalosa hore nke ke ka kopanela. Ba bang ba leka ho ntšosa, ba re: “Moea oa mora oa hao o tla u ntša kotsi.” Empa ka tieo ka supa hore ho hlapa ka litlama-tlama ho ke ke ha hlatsoa masoabi. Hape, e bile thabo ho bolella batho ba elang hloko ka tsamaiso e ncha ea lintho.
JEHOVA O ARABELA PHEPHETSO
Nakoana kamor’a moo, ka fumana kabelo e ncha ea bopula-maliboho bo khethehileng—ho ea Godo-olo, moo ke hlahetseng teng. Ka khutlela ho ramotse ho ea mo hopotsa ka tšepiso ea ka ea pelenyana hore ke tla khutla kamor’a hore ke kolobetsoe. Ho ne ho nkile lilemo tse tšeletseng hore ke phethahatse tšepiso eo, empa o ne a thabile haholo ha ke khutlile. Motse oa heso e ne e le tšimo e loketseng ho lengoa. Ha qalisoa lithuto tsa Bibele tse fetang 20 le banna, basali ’me ka linako tse ling le lelapa kaofela, ho akarelletsa le beng ka ’na. Lithutong tsena, batho ba 11 ea e-ba Bakreste ba ineetseng le ba kolobelitsoeng. Har’a bona e ne e le mosali eo e neng e le senohe sa motšoenyi eo ke neng ke lebelletsoe ho mo rapela kamor’a lefu la bana ba ka ba babeli.
Ntumelleng hore ke phete phihlelo e le ’ngoe hape. Ka 1972 monna e mong a kenoa ke modemona, moea oo ho neng ho bonahala o le matla ho feta oa Gran Gado. Ka matla a maselamose, monna enoa o ne a bolaea e mong le e mong ea mo hanyetsang, a sebelisa thupa ea hae ea boselamose joaloka sethunya. Kapele botšepehi ba batho ba tloha ho Gran Gado ea “theohileng” ho ea ho molimo o mocha oa monna enoa. Batho ba metse e mengata ba ne ba mo bitsa ho tla tla bea palo ea thupa motseng oa bona, ho boleloa hore ke tiiso ea hore ha ho motho ea tla shoa moo ka lilemo tse hlano. Empa motse oa Godo-olo oa mo memela morero o mong hape. Le hoja batho ba motse ba hanyetsang ba ne ba lekile ho re khutsisa (sehlotšoana sa Lipaki) ka ho heletsa matlo a rōna le ho re shapa, ra ’na ra bua ka Jehova. Ka ho tšosa ba re bolella hore: “Kajeno moprista ea matla o tla fihla ’me le tla shoa kaofela ha lōna!” Empa ka tšepo ra arabela: “Ha rea tšoha. Re ke ke ra baleha, hobane le tla bona hore Jehova, Molimo oa rōna, o matla haholo!”
Kapele ngaka ea fihla le batlatsi ba eona ba hobelang le ba letsang meropa. Rōna Bakreste ra bōkana hammoho ’me ra ema re khobile matšoafo, re tšepile tšireletso ea Jehova. (Pes. 34:7) Molumo oa meropa oa ’na oa phahama oa hlahafala. Ea tla ngakana ntšonyana, e susumelitsoe ke modemona. Monna eo a ema, a re shebile. A bua puo ea hae ea boselamose, a otlollela thupa ea hae ho rōna. “Joale ba tla shoa!” kamoo ho ileng ha hoeletsa bashebelli. Empa ra ema re tiile, ’me ngaka ea oa. E ilibane!
Bahanyetsi ba ferekana haholo. Ba soabile haholo, bongata ba kakasa ngaka ’me ba leka ho etsa hore e hlaphoheloe. Ruri, lebitso la Jehova la ipaka ho ba “qhobosheane e thata.” (Liprov. 18:10) Ho tloha ka nako eo ho ea pele ra tseba ho qalisa lithuto tsa Bibele tse ngatanyana. Hamorao, ka kopana le ngaka eo ha ke paka ka ntlo le ntlo. Ra buisana ka lihora tse peli ’me ea lumela hore: “Jehova o matla haholo.”
Godo-olo hona joale ho teng phutheho e mafolo-folo ea bahoeletsi ba 27 le bo-pulamaliboho ba bararo ba khethehileng. ’Me ka la 15 ’Mesa, 1979, Holo ea ’Muso e hahiloeng ka matsoho a baena le likhaitseli—e, le matsohonyana a manyenyane a bana—e ile ea neheloa ho Jehova. Re leboha hakaakang hore moea oa hae o holim’a rōna le hore ho bonahala ho setse menyetla e eketsehileng ea ho etsa barutuoa sebakeng sena!
Baholo-holo ba ka ba ile ba loanela tokoloho. Empa ke fumane bolokolohi ba moea. Ke tokoloho borapeling ba bohata. Ke thabo le mahlohonolo a makaakang tse tlisoang ke ho sebelisa bolumeli ba ’nete! Hona nahana! Ba ratang Jehova ba tla tseba ho mo rapela ka bolokolohi ba sebele ka ho sa feleng.