‘E Ntle Hakaakang Polelo e Boletsoeng ka Nako e Tšoanelang’
“POLELO, ha e boletsoe ka ho tšoaneleha, e monate hakakang!” ho boletse joalo mongoli ea bohlale oa maele a Bibele. (Liprov. 15:23) ’Me hoo ke ’nete e kaakang!
Naheng e ’ngoe ea Europe e ka bochabela, Lipaki tsa Jehova tse peli li ne li tsamaea ka seratsoaneng ka letsatsi le leng ’me tsa qala moqoqo le monna ea neng a ntse a tsamaea le ngoana oa hae a monyenyane. Hona ha isa hore monna eo a memeloe kamoreng ea e mong oa Lipaki. Moo monna le mosali oa hae ba tsebisoa molaetsa oa Bibele. Qetellong, banyalani bana le ’mè oa monna ba nka ’nete ea Lentsoe la Molimo.
Ho khahlisang, ka letsatsi la pele leo a kopaneng le Lipaki ka lona, monna enoa o ne a ile a emisa ntlong ea thapelo e ka seratsoaneng ho rapela: ‘Molimo, haeba u teng, ke kōpa hore u etse hore ke u tsebe.’ Ka lilemo tse tharo, monna enoa o ne a ’nile a ithapolla ka ho tsamaea ka seratsoaneng seo. Empa hona mohla letsatsi leo a kopana le lipaki tse peli tsa Jehova. Ke ho hotle hakaakang hore e be ba ne ba chesehela ho jala ‘litaba tse molemo’! Monna enoa a nka hona e le karabelo ea Molimo thapelong ea hae.