Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 2/1 maq. 8-11
  • Matla a Phelisang a Lentsoe la Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Matla a Phelisang a Lentsoe la Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlokahala Nako le Boiteko
  • Mehlala e Phelang
  • Lentsoe la Molimo lea ‘Phela le Matla’
  • Ke Lokolohile! Kamor’a Lilemo Tse 20 Litlamong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lula Haufi le Mokhatlo oa Jehova
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Re Lokela ho Talima Liteko Joang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 2/1 maq. 8-11

Matla a Phelisang a Lentsoe la Molimo

PALESA ha e khiloe e ka tšoarella matsatsi a seng makae pele e pona ’me e e-shoa. Empa sefate se lemiloeng tulong e nang le metsi a mangata se ka hōla hore se be seholo se be matla ’me sa phela ka makholo kapa tsona likete tsa lilemo. Ho khahlisang, Bibele e tšoantša motho ea ‘ithabelang molaong oa Jehova’ le “sefate se hlomiloeng pel’a metsi a koellang, se beang litholoana tsa sona ka khoeli ea tsona, seo mahlaku a sona a sa foforeheng.”—Pes. 1:1-3.

Sefate se nang le metsi a matle se tseba ho hōla se le matla ’me se ’ne se bee litholoana. Ka ho tšoanang, motho eo ka linako tsohle a noang ’nete e phelisang ea Lentsoe la Molimo ka boithuto bo tebileng le ho nahanisisa o tseba ho hōla a le matla moeeng ’me a tsoele pele ho bea litholoana.

Joalokaha metsi e le a bohlokoa ho phelisa limela le liphoofolo, ’nete e ka lentsoeng la Molimo ke ea bohlokoa ho boloka bophelo ba moea. Kajeno bahlanka ba Jehova ba moleng oa ntoa ea bophelo kapa lefu. Joalokaha moapostola Pauluse a hlile a totobatsa, a re: “Ntoa ea rōna ha e loane le nama le mali, empa e loana . . . le meea e bolotsana e sebakeng sa leholimo.” (Ba-Ef. 6:12) Kahoo, Bakreste ba lokela ho loana ntoa ea moea khahlanong le libopuoa tse matla le tse phahametseng motho. Boitekong ba ho senya kamano eo bahlanka ba Jehova ba nang le eona le Molimo, meea ena e khopo e sebelisa mekhoa ea toantšano e tobileng e kang mahloriso le likhatello tse bolotsana, e kang liteko tse amang boitšoaro bo bobe le lintho tse bonahalang.

Ka baka la matla a phahametseng batho le mano a lira tsa rōna, ruri ha re na tšepo ea ho pholoha litlhaselo tsa tsona ka matla a rōna. Leha ho le joalo, re le bahlanka ba Molimo, re ka itšetleha ka matla ao Jehova a fanang ka oona. Ha feela re tšepile Molimo o matla ’ohle ka ho feletseng, re ka ba le tšepo e bontšoang ke moapostola Pauluse ea ileng a bolela hore: “Nka etsa tsohle ka Kreste ea mphang matla.”—Ba-Fil. 4:13.

Polelo ea Pauluse e ne e se molumo oa motho ea ipuelang a le mong. O ngotse ka kholiseho e tsoaloang ke phihlelo ea lilemo tse telele. Ka bopaki ba hae, moapostola o bile ‘teronkong hangata, le lichapong tse fetisang, le lefung hangata.’ (2 Ba-Kor. 11:23-27) Empa e le matleng ao a a fuoang ke Molimo moo a tsebileng ho mamella ka botšepehi liketsong tsa bomolimo, ho theosa ho fihlela lefung la hae matsohong a lira tsa hae.

Leha ho le joalo, ho fumana matla a moea le matla a ho thulana le bokamoso u le ea tšepahetseng, Mokreste o tlameha ho ba le tsebo e ntle ea Lentsoe la Molimo. Ka Mangolo, Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo o re file tataiso e ho seng e tšoanang le eona e isang bophelong bo thabileng le mohloli oo ho seng o kang oona oa matla a moea. Mora oa Molimo ruri o ne a ananela bohlokoa bo phelisang ba Lentsoe la Ntate oa hae, joalokaha ho bonoa ka hore a le qotse le hore a bue tjena ha a arabela o mong oa meleko ea Satane: “Ho ngoliloe, ho thoe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela le ke polelo tsohle tse tsoang molomong oa Molimo.”—Matt. 4:4.

Ho Hlokahala Nako le Boiteko

Leha ho le joalo, re ke ke ra lebella hore Molimo ka mohlolo o re fe tsebo ea Bibele. Hore re utloisise hantle Lentsoe la Molimo, re tlameha ho ipha sebaka le ho iteka ho ithuta Bibele le ho nahanisisa ka seo re ithutang sona ho eona.

Ke ’nete, ka baka la ho se phethahale ha botho, ke ba seng ba kae ho rōna ba nang le mohopolo o tšoarang ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ithutoang. Empa haeba re iteka kannete ho ithuta Bibele, re ka itšetleha ka moea oa Jehova hore o re hopotse likhopolo tsa Mangolo tse tla re tataisa le ho re khothatsa ha ho hlokahala hore re talimane le meleko e mengata le boitsebiso bo hlokahallang hore re sireletse tumelo ea rōna. Jesu o ile a tiisetsa barutuoa ba hae: “Mohla ba le neelang bona, le se ke la belaella mokhoa oo le tla bua ka oona, le seo le tla se bolela; hobane seo le tla se bolela, le tla se neoa nakong eona eo. Hobane e ke ke ea e-ba lōna le buang, empa e tla ba Moea oa Ntat’a lōna o buang ka lōna.”—Matt. 10:19, 20.

Koana, hase ka mehla e leng taba ea ho fana ka bopaki pel’a babusisi kapa ba batlang ho tseba ka tumelo ea rōna ea Bokreste le mesebetsi. Hangata ke taba ea ho kena mathateng le mahlorisong, le hona ho kena litlamong ka nako e telele. Na Lentsoe la Molimo lea phelisa le tlas’a maemo a joalo? Ho joalo ka sebele.

Mehlala e Phelang

Bahlanka ba bangata ba Molimo ba ka tiisa matla a phelisang a babatsehang a Lentsoe la Molimo. Ka mohlala, nahana ka Bakreste ba ’nete ba China, bao ba bang ho bona ba ileng ba mamella mathata a mangata literonkong le likampong tsa mosebetsi. Ka lilemo-lemo, ba ne ba se na Libibele ’me ba se na monyetla oa ho kopanela le Bakreste ba bang. Empa seo ba ileng ba ithuta sona Lentsoeng la Molimo pele ba tlangoa sa ba boloka lilemong tsa liteko.

E mong ho bona e bile Stanley Jones, ea ileng a tšoaroa ka 1958 ’me a ahloleloa lilemo tse supileng litlamong. Le hoja a ne a se na Bibele, o tsebile ho hopola mangolo a mangata le ho tšelisoa haholo le ho matlafatsoa ke ho nahanisisa ka oona. Temana e ’ngoe e neng e mo tšelisa haholo e ne e le Ba-Roma 12:12, e balehang tjena: “Thabelang tšepong, le mamelle matšoenyehong, le tiee thapelong.”

Mohlala o mong ke Harold King, ea ileng a tšoaroa ’me a ahloleloa lilemo tse hlano litlamong China. Moena King o ne a ithutile Lentsoe la Molimo ka lilemo tse 26. Ha e le hantle, ka lilemo tse 22 o ne a sebelisitse Bibele nako le nako ha a kopanela mosebetsing oa boboleli oa nako e tletseng. Hona ha mo nolofaletsa hore a tšoare ka kutloisiso Lentsoe la Molimo. Ha a iphumana a le teronkong ’me a arohantsoe le baena ba hae ba moea, a rapela Jehova ka boemo boo, a mo botsa hore na teko ena e tla fela joang hona neng. Mantsoe a Jesu a ho Mattheu 6:31-34 a hopoleha ’me pelaelo ea hae ea nyamela. Ho bile joaloka ha eka Jehova o re ho eena: ‘Phela bophelo ba hao letsatsi ka leng ka nako ’me u se ke ua itšoenya ka hosesane. Ke tla u hlokomela hantle, joalokaha ke ’nile ka ho etsa.’ Moena King a boela a hopola ka moprofeta oa Molimo Jeremia, ea kileng a theoleloa ka seretseng ’me a tloheloa moo hore a shoe. (Jer. 38:6) Leha ho le joalo, Jeremia a lopolloa boemong boo bo neng bo bonahala bo se na tšepo. Ha a nahana ka mohlala ona oa boholoholo oa botšepehi, Harold King a ikutloa hore qetellong Jehova o tla mo lopolla, hoo a tla tseba ho khutlela ho banab’abo ’me a tsoele pele ho mo sebeletsa ka bolokolohi.

A boetse a kha matleng a phelisang a Lentsoe la Molimo, Harold King a leka ho hopola mangolo a mangata kamoo a ka khonang, joalokaha ho ile ha etsa Stanley Jones. Hoja Bakreste bana ba babeli ba ne ba hlōlehile ho ithuta Bibele ka masene le ka botebo pele ho moo, na ba ne ba ka ba le hona ho hopola mangolo a mangata a neng a tla thusa ho ba phelisa moeeng?

Joale re na le mohlala oa Nancy Yuen, ea qetileng lilemo tse 20 literonkong le likampong tsa mosebetsi China. Litlamong tsa hae tse telele, o ile a arohanngoa le lelapa la hae ntle ho ho hatelloa nako le nako hore a latole tumelo ea hae. Leha ho le joalo, o tsebile ho Pholoha tšoaro e telele le e thata ka ho itšetleha ka Jehova bakeng sa matla le ho kha matleng a phelisang a Lentsoe la hae. Ka thuso ea moea oa Molimo, a tseba ho hopola mangolo ao ho neng ho bonahala a loketse haholo ho thulana le seo a se hlokang tlas’a maemo a sa tšoaneng. Kamoo a bolelang: “Kamehla ke ne ke hopola mangolo a loketseng ho ntataisa ka tšoanelo le ho ’matlafatsa ho loana ka katleho le boemo bo bong le bo bong.”

Ka mohlala, ha Khaitseli Yuen a ne a talimane le litšoso tsa pefo le ho khahlapetsoa, a hopola mantsoe a Jehova a tšelisang ho moprofeta Ezekiele: “U se ke ua ba tšaba, u se ke ua tšoha mantsoe a bona.” (Ezek. 2:6) Ha a ne a hlolohetsoe lelapa la hae habohloko, mantsoe ana a Jesu a hopoleha: “Ea ratang ntat’ae, leha e le ’m’ae haholo ho ’na, ha a ntšoanele; le ea ratang mor’a hae, leha e le morali oa hae haholo ho ’na, ha a ntšoanele; ’me ea sa nkeng sefapano sa hae, a ntatela, ha a ntšoanele.” (Matt. 10:37, 38) Hona ha mo tlatsa ka boikemisetso bo bocha ba hore a tšepahale, ho sa tsotellehe se tla hlaha hore na se seholo hakae.

Ha Khaitseli Yuen a ne a tlotlolloa ka boomo le ho khahlapetsoa, a hopola kamoo baapostola ba Jesu ba ileng ba itšoara ha ba shapuoa ka baka la ho bolela ‘litaba tse molemo.’ A hopola hore ba ile ba “tloha khotla ba thabile kahobane ba entsoe ba tšoaneloang ke ho hlabisoa lihlong ka baka la lebitso la Jesu.” (Lik. 5:40-42) Eaba o tseba ho mamella sekhobo ka thabo. Ha a ne a hloka nameng, a hopola hore ‘motho a ke ke a phela ka bohobe feela.’—Luka 4:4.

Khaitseli Yuen a hopola bahlanka ba bangata ba tšepahalang ba Jehova ba ileng ba tšepahala ho Molimo har’a mathata le liteko. A tšelisoa ke mehlala e metle ea Jobo le Daniele, ha a ikutloa hore o kena liphihlelong tse tšoanang le tseo ba ileng ba li mamella banna bao ba khale ba tšepahalang. Koana, mohlala o fetang eohle, oa Jesu Kreste, e ne e le khothatso ka linako tsohle.

Mabakeng a mang a mangata, bahlanka ba Molimo ba kajeno likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše ba mamelletse liteko tse telele le tse boima tsa tumelo. Bakreste bana, ba hlōtseng meleko, ke banna feela le basali feela ba kang rōna kaofela. Empa ho itšetleha ha bona ho feletseng ka Molimo ho ba nolofalelitse hore ba mamelle mathata a boima haholo. Ruri, ‘matla ao a tlōlisang e be a Molimo, e seng a bona.’—2 Ba-Kor. 4:7.

Lentsoe la Molimo lea ‘Phela le Matla’

Ke ’nete, hase barapeli bohle ba Jehova bao ho hlokahalang hore ba kene tlas’a liteko tse thata, tse kang ho kenngoa litlamong ka baka la tumelo ea bona. Empa bahlanka bohle ba Molimo ba tlameha ho feta litekong tsa mofuta ona kapa oane e le hore tumelo ea bona e ka lekoa hantle. Liteko li ka ’na tsa tla e le khanyetso e tsoang ho litho tsa lelapa, meleko ea boitšoaro bo bobe, likhatello tsa metsoallo hore motho a latele tsela eo e seng ea Bokreste, lipelaelo tsa bophelo, ho kula, mathata a sa tšoaneng a botho, le tse joalo. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na liteko li thata hakae, re ka tiisa hore matšeliso a tsoang Lentsoeng la Molimo le matla e tla ba thuso ea bohlokoa ho rōna nakong ea ha ho hlokahala, li re nolofaletsa ho ema re tiile le ho boloka tumelo ea rōna ho Molimo.—Ba-Roma 15:4.

Batho ba Jehova ba baloang ka likete ba ka paka matla a phelisang a Lentsoe la hae. Ba tsebile ho mamella khanyetso ea litho tsa lelapa tsatsi le leng le le leng ka lilemo tse telele. Ho bile bonolo ho bona ho boloka boitšoaro bo botle ba Bokreste lefatšeng le ntseng le itšoara hampe ka ho eketsehileng le le se nang molao. Ba tsebile ho bontša tumelo e tiileng ho sa tsotellehe litšomo le nyeliso tsa tsamaiso ea banyefoli. Mehlala ena ea sebele le e phelang e bontša hore Lentsoe la Molimo ‘lea phela le matla.’ (Ba-Heb. 4:12) Le ka tšoantšoa le lerumo la ho loana le ho itšireletsa. Leha ho le joalo, lerumo ha se la molemo oa letho letsohong la motho eo ho seng mohla a kileng a ikoetlisetsa ho le sebelisa. Kahoo Lentsoe la Molimo ke la molemo o fokolang ho motho ea nang le tsebo e fokolang haholo ea lona ’me a sa tsebe hore na a ka le sebelisa joang bophelong ba hae.—Ba-Ef. 6:17.

Lentsoe la Molimo ke tholoana ea moea o halalelang oa Jehova, oo e leng matla a matla ka ho fetisisa bokahohleng. Bakeng sa kutloisiso e loketseng ea Lentsoe lena, ho hlokahala hore re ithute lona ka thapelo ka thuso ea moea oa Molimo le kopanong le phutheho ea batho ba hae. (Matt. 24:45-47; Lik. 8:30-35; 1 Ba-Kor. 2:10) Le hoja lefatše lena le kene tlas’a nako ea pherekano le khathatso tseo ho seng tse kileng tsa tšoana le tsona, ho fellang ka maemo a lekang haholo, re ka kha matla Mangolong. Joale, ka sebele, ke nako ea ho ithuta Lentsoe la Molimo ka masene e le hore re ka fumana molemo o feletseng matleng a lona a tsotehang a phelisang.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela