Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 2/1 maq. 12-17
  • Ho ba le Tšepo Lefatšeng le Hlasetsoeng ke Lipelaelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho ba le Tšepo Lefatšeng le Hlasetsoeng ke Lipelaelo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšepo e Thabileng ’Neteng
  • Ho Hlōla Lipelaelo
  • Boloka Boikutlo bo Botle
  • Bana ba Fumane Tšepo Hape
  • Tšepo e Tlisa Thabo
  • U se ke Ua Lumella Lipelaelo Hore li Senye Tumelo ea Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Na U Amohetse ’Nete?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Na u Lokela ho Lumela Bibele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Tšepa Jehova le Lentsoe la Hae
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 2/1 maq. 12-17

Ho ba le Tšepo Lefatšeng le Hlasetsoeng ke Lipelaelo

“Ho lehlohonolo motho ea itšepetseng Jehova, eo tšepo ea hae e leng Jehova.”—Bibele

‘Motho e moholo ea rutehileng e se ba ma-lumela-tsohle.’—Thuto ea Lefatše

1, 2. Boikutlo ba Magerike a mang e ne e le bofe, ’me thuto e phahameng ea lefatše lee e hlahisitse eng?

“NETE ke eng?” Karabelo eo ea Ponse Pilato ho Jesu Kreste ke ea sebele ka boikutlo bo lekhonono ba batho ba bangata. (Joh. 18:38) Ka batho ba lekhonono ba boholo-holo ba Magerike ho ’nile ha boleloa hore ba ne ba ‘habile boikhutso bo sa tšoenngoeng ba kelello, bo finyelloang ka ho leka-lekanya litaba tse hanyetsanang, kahoo ba theolela ntho e ’ngoe le e ’ngoe boemong ba ho se nepisise le pelaelo.’

2 Mekhoa e fapaneng ea boikutlo bona ba ho ba lekhonono e ile ea ntšetsoa pele nakoana pele ho mehla ea rōna ke bahlalefi ba kang René Descartes oa Lefora, Spinoza oa Ledache, David Hume oa Leskoche le mohlalefi oa Lejeremane Kant. Ka tšusumetso ea banna bana le ba bang ba bangata, mokhoa oa ho belaella ntho e ’ngoe le e ’ngoe o fetohile tsela eo ho tsamaisoang thuto e phahameng ka eona. Kahoo liunivesithi linaheng tsohle li hlahisitse moloko oa babelaeli, oo ho oona ‘ntho e ’ngoe le e ’ngoe e sa fellang hantle.’

3. (a) E ’ngoe ea liphello tse mpe tsa mokhoa oa ho belaela ke efe? (b) Ke boikutlo bofe bo molemo bo khothalletsoang ke Bibele?

3 Ha se bua ka liphello tse mpe tsa mokhoa o joalo oa ho se nepisise, setsebi se seng se ile sa bolela hore ‘phello ea boikutlo ba lintho tse sa fellang hantle le ba ho ba lekhonono mehleng ea rōna ke feela ho haelloa ke hlompho bakeng sa ’nete.’ Se tsoela pele ho bolela hore:

Ho hlompha ’nete hase feela ho phenya-phenya lintho ka pelaelo ho etsoang mehleng ea rōna ho lekang ho “pepesa” ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka tumelo ea hore ha ho mang kapa mang le eng kapa eng ea ka reng o na le ’nete. Ke boikutlo bo kopanyang tšepo e tletseng thabo ea hore ka sebele ’nete e ka fumaneha, le boikokobetso bo theohileng ’neteng neng le neng ha e hlaha. Ho bulehela ’nete ho joalo hoa hlokahala ho ba rapelang Molimo oa ’nete. . . . Bona ke boikutlo . . . boo [Testamente ea Khale] le [Testamente e Ncha] li bo pakang.—“New International Dictionary of New Testament Theology,” 1978, Moqolo 3, maqephe 900, 901.

Tšepo e Thabileng ’Neteng

4, 5. (a) Mangolo a susumelletsa tšepo joang, e seng pelaelo? (b) Liphello tse ntle tsa ho bulehela ‘mantsoe a phelisang’ a Bibele ke life?

4 E, Bibele eohle e bululela tšepo, e seng pelaelo ho babali ba eona. Mangolo a Seheberu a re: “Ho lehlohonolo motho ea itšepetseng Jehova, eo tšepo ea hae e leng Jehova.” (Jer. 17:7) ’Me Mangolong a Bakreste a Segerike Pauluse oa ngola: “Ha ke hlajoe ke lihlong ke hona, kahobane ke tseba eo ke mo lumetseng, ’me ke kholoa ruri hore o na le matla a ho mpolokela seo ke se beileng ho eena, letsatsi lela le be le chabe.” Ha ho pelaelo ea letho moo!—2 Tim. 1:12.

5 Kamor’a hore a bolele ho tšepa ha hae Molimo, Pauluse o eketsa ka hore: “U tiisetse mohlaleng oa litaba tsa pholoho tseo u li utloileng ho ’na, tumelong, le leratong le ho Jesu Kreste.” (2 Tim. 1:13) Ho lokolohela “litaba tsa pholoho” tse fumanoang ka Bibeleng ho eketsa tumelo ea rōna le lerato le ho re nea tšepo e thabileng bonneteng ba lipallo tsohle tsa bohlokoa tseo Jehova a re neileng tsona. Hona, ho boetse ho re nea tšepo, eo e leng “ankora ea moea, e tieang, e sa sisinyeheng.”—Ba-Heb. 6:17-19.

6. Ho nolofalloa ho bolella ba bang ‘litaba tse molemo,’ re hloka eng ka bōrōna?

6 Ke eona tšepo e thabileng joalo ’neteng e re nolofaletsang ho tsamaea le ho bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo e le oona tšepo feela bakeng sa batho. Motho o tlameha ho kholoa ka ho phethahetseng ka bonnete ba molaetsa oa ’muso hore a ka o bolella ba bang. Kahoo re ka re ho ba re mamelang: “Evangeli ea rōna ha ea ka ea tla ho lōna ka lipolelo feela, empa e tlile le ka matla, ka Moea o Halalelang, le ka kholiso e kholo.” “Mohla le amohetseng lentsoe la Molimo, leo le le utloileng ho rōna, le le amohetse e seng joale ka hoja e le lentsoe la batho, empa la kholoa hore ke lentsoe la Molimo, joale ka ha e le lona ka sebele.”—1 Ba-Thess. 1:5; 2:13.

7, 8. Phuthehong ea pele ea Bokreste, ke bo-mang ba neng ba thusa baena ho leleka lipelaelo?

7 Phuthehong ea pele ea Bokreste balebeli ba tšepahalang ba Phutheho ba ne ba thusa Bakreste ba bang bahabo bona ho felisa lipelaelo le hore ba tiee tumelong. Ka thuso ea moea o halalelang sehlopha sa lekholong la pele la lilemo se busang, se neng se entsoe ka baapostola le baholo ba phutheho ea Jerusalema, se ne se etsa liqeto, se ntša litaelo le ho rōma banna ba tšepahalang ho ea haha baena. Bukeng ea Bibele ea Liketso rea bala: “Ha [Pauluse, Silase le metsoalle eo ba neng ba tsamaea le eona] ba ntse ba e-ea le metse, ba ne ba laela baena ho boloka melao e beiloeng ke baapostola le baholo ba Jerusalema. Likereke li ne li itiisa tumelong, ’me li ne li anafala ka matsatsi ’ohle.”—Lik. 16:4, 5; 15:23-29.

8 Ha a ngolla phutheho ea Kolosse, Pauluse o buile ka Mokreste ea tšepahalang Epafrase a re, “o ntse a le loanela ka mehla merapelong ea hae, hore le ke le eme le phethehile, ’me le kholise ka ho etsa ho rata hohle ha Molimo.” (Ba-Kol. 4:12) Le hona mehleng eo, ho ne ho se sebaka sa lekhonono le lipelaelo. Bakreste bao ba pele ho ne ho hlokahala ba ‘tiee tumelong,’ ‘ba kholisehe haholo.’

Ho Hlōla Lipelaelo

9. Ke hobane’ng ha tšepo ea Bokreste e le ea bohlokoa haholo kajeno?

9 Na tšepo ea Bokreste ke ea bohlokoa hanyenyane mehleng ea rōna, lefatšeng leo ho lona, kamoo ho bolelang mohlalefi oa Lenyesemane Bertrand Russell, ‘ho ba lekhonono ka mokhoa o bonolo le o phahameng e leng boikutlo bo lebelletsoeng ho motho e moholo ea rutehileng’? Che. Haeba ho teng ho hlokahalang, kholiseho e tiileng ke ea bohlokoa haholo hobane, ho feta neng kapa neng, “moea o sebetsang joale baneng ba ho se lumele” o khothalletsa ho se tšepe le lipelaelo. (Ba-Ef. 2:2) Ka baka leo Mokreste ea tlakiloeng ke lipelaelo o tlameha ho hlokomela kotsi ’me a nke mehato e hlokahalang e le hore ‘a ka ema a phethehile ka kholiseho e kholo.’

10, 11. (a) Ha lipelaelo li qala ho mela ka metso likelellong tsa rōna, ke lipotso life tseo re ka ipotsang tsona? (b) Batho ba fetang 2 000 000 ba ka arabela lipotso tseo joang?

10 Haeba lipelaelo tse mano li qala ho nanarela kelello ea hae, ke hantle ha Mokreste a ka qala ka ho lekanya boemo ’me a ipotse lipotso tse seng kae tse tobileng:

Ke hokae moo ke ileng ka ithuta hore lebitso la Molimo ke Jehova, hore na lebitso leo le bolela eng, hore na morero o lerato oa Molimo bakeng sa batho ke ofe le hore na ke hobane’ng ha a lumelletse mahlomola hore a tsoele pele halelele hakana lefatšeng?—Pes. 83:18; Tšen. 21:3, 4; 2 Pet. 3:9, 13.

Ke bo-mang ba nthutileng hore Jesu Kreste hase motho oa bobeli oa molimo o hlooho li tharo, empa ke Mora ea tšoetsoeng a le mong oa Jehova, hona ke bo-mang ba nthusitseng ho utloisisa tlhaloso e feletseng ea topollo sebeng ka sehlabelo sa topollo sa Kreste?—Joh. 3:16; 14:28; 1 Ba-Kor. 15:27, 28.

Ke bolumeli bofe bo hlakisitseng kelellong ea ka taba ea moea o halalelang, e seng “Moea o Halalelang” oo ho thoeng ke motho, empa matla a sebetsang a Jehova, hona ke hokae moo ke fumaneng sehlopha sa batho bao kannete ba lekang ho hlahisa tholoana ea moea?—Lik. 2:33; Ba-Gal. 5:22, 23; Ba-Kol. 3:12-14.

Ke phutheho efe ea bolumeli e nkotlolotseng maikutlong a boholo-holo a bohetene a ho se shoe ha moea oa motho, e paka ka Bibele hore moea oa shoa ’me kahoo e mpha tlhaloso ea sebele ea thuto ea Bibele ea tsoho le ho ntokolla thutong e hlomphollang Molimo ea mollo oa lihele?—Ezek. 18:4; Lik. 24:15; Ba-Roma 6:23.

Ke mang ea ’nileng a bolela ’muso oa Molimo e le tšepo feela bakeng sa batho, ’me ke bo-mang ba nthusitseng hore ke hlokomele hore re phela “mehleng ea qetello” le hore re lokela ho ‘falimehela’ ho tla ha Mor’a motho?—Mar. 13:10, 33-37; Luka 21:34-36; 2 Pet. 3:3-7.

Ke ho bo-mang moo ke fumaneng morero oa sebele bophelong, “khotso ea Molimo,” tšireletso melekong le likoting tsa lefatše lena le bohlale bo sebetsang ho rarolleng mathata a bophelo?—Matt. 24:45-47; 1 Tim. 3:15; Ba-Fil. 4:6-9.

Qetellong, ke sehlopha sefe sa Bakreste se ‘ratanang’ kannete (Joh. 13:34, 35), se hlileng se hlonephang metheo e thathamisitsoeng ho Johanne 17:14, 16 le Esaia 2:4, ’me se hlorisoa, e seng ka baka la ho kena-kenana le lipolotiki, empa feela ‘ka baka la lebitso la Jesu,’ ke hore, ka baka la ho ba Bakreste ba ’nete?—Matt. 24:9; Joh. 15:18, 19.

11 Ho batho ba fetang 2 000 000 ba phelang linaheng tse fetang 200 le lihlopha tsa lihleke-hleke, karabelo ea ’nete lipotsong tseo ke: Lipaki tsa Jehova, joalokaha li fepuoa moeeng ke sehlopha sa “mohlanka ea khabane, ea bohlale” le sehlopha se busang sa sona.—Bapisa Luka 12:42-44.

Boloka Boikutlo bo Botle

12. Lipelaelo li qala hokae?

12 Ho qoba ho kha moea oa lefatše, moea oa pelaelo, ho se tšepe le lekhonono, hoa hlokahala hore motho a alose litšusumetso tse tebileng tsa hae. Ho baapostola ba 11 ba tšepahalang le barutuoa ba bang ba neng ba thatafalloa ke ho lumela hore o hlile o tsohile, Kreste a re: “Le ferekanetse’ng? Ke ka baka la’ng le hlaheloang ke lipelaelo lipelong tsa lōna?” (Luka 24:38, phet e ncha) E, ke hona moo lipelaelo li qalang—pelong.

13, 14. (a) Lipelaelo e ka ba pontšo ea eng? (b) Ke thuto efe eo re ka ithutang eona ho Iseraele e sa tšepahaleng?

13 Kahoo haeba lipelaelo tse tšoenyang li qala ho re tšoenya, re lokela ho qala ka ho hlahloba litšusumetso tsa rōna. Na lipelaelo tsa rōna ke tsa ’nete, kapa na ke selelekela sa ho khoehlisa? Na li bontša ho haelloa ke mamello? Na li hlahatsa ho haelloa ke tumelo matleng a Molimo a ho tšoarela? Na ho teng motho ea ’nileng a jala lipeō tsa lipelaelo? (1 Joh. 1:9; Lik. 20:30) Pauluse oa ngola: “Banab’eso, iponeleng, e se be e mong ho lōna a ka ba le pelo e mpe ea ho se lumele, e mo lahlisang Molimo o phelang; . . . le se ke la thatafatsa lipelo tsa lōna.”—Ba-Heb. 3:12-15.

14 Ha re boloka boikutlo bo botle ’me re hopola sohle seo Jehova a re etselitseng sona ka Mora oa hae Jesu Kreste le sohle seo re ithutileng sona ka merero le lipallo tsa hae ka lijo tsa moea tse lokiselitsoeng ka “mohlanka ea khabane, ea bohlale” re tla qoba ho hloka teboho joaloka Baiseraele, bao Jehova a itseng ka bona: “Khomo e tseba ea e ruileng, esele e tseba lesaka la mong a eona: Iseraele eena ha a na tsebo.”—Esa. 1:3.

Bana ba Fumane Tšepo Hape

15. Moholo e mong o ile a thusoa ho hlōla lipelaelo tsa hae joang?

15 Moholo e mong oa France e ka bophirima a qala ho ba le lipelaelo ka ho kopanela le phutheho ea ’nete ea Molimo, hobane, kamoo a bolelang, lijo tsa moea tse neng li fepuoa ho ne ho bonahala li tšoana ka mehla. Kahoo a kōpa hore a lokolloe litšoanelong tsa hae tsa Bokreste e le moholo. Leha ho le joalo, lelapa la hae le baholo ba bang ha baa ka ba mo nka joaloka mokoenehi. Ka lerato ba mo thusa ka thapelo le ka meqoqo e hahang. Butle-butle, moena enoa a thusoa ho hlokomela hore ho ke ke ha e-ba teng litlhaloso tse ncha ka linako tsohle, joalokaha ho ke ke ha etsahala hore ’mè a fepe lijo tse fapaneng ho hang ka makhetlo a mararo ka letsatsi ka matsatsi a 365 ka selemo. Metsoako e tšoanang ea motheo e ntse e kena nako le nako ka mekhoa e fapaneng, empa tatso e ananelang e thusa motho ho thabela lijo, a li thuisa ’me a fumana matla ka tsona. Moena enoa a boela a thusoa ho nahana ka tlala ea lijo tsa moea libakeng tse ling. Kananelo ea hae ea khutla butle-butle, a tebisa kananelo ea hae bakeng sa lintho tse molemo tse ithutoang libukeng tsa Watch Tower, matla a hae a moea a khutla hape ’me a fumana thabo e ncha tšebeletsong ea Jehova. Hona joale, hang hape o sebeletsa e le moholo oa Mokreste.

16. Ke eng se ileng sa baka lipelaelo maikutlong a Paki e nyenyane ea Lefora, ’me ea otlolloa joang?

16 Paki e nyenyane ka boroa ho France, e neng e e-na le maikutlo a boitaolo pele e kena ’neteng, ea kopana le buka e buang ka khopolo ea hore mebuso ea mefuta eohle e kena-kenana ntle ho toka le bolokolohi ba motho ka mong ’me e lokela ho nkeloa sebaka ka mokhatlo oa baithaopi oa lihlopha tsa litšebelisano. A e bala, a fumana e thahasellisa, a reka libuka tse ngata tse buang ka eona taba ena ’me ha a ntse a li bala a felloa ke tumelo ’me a tlala lipelaelo. Joale, ka tšohanyetso, kamoo a bolelang: “Ka phakisa ka hlokomela hore ke lumella lijo tse mpe tsa moea li tsose ka ho ’na litšobotsi tsa botho ba ka ba khale, tseo e ’ngoe ea tsona e neng e le moea oa borabele.” Lihlooho tse peli tsa Molula-Qhooa tsa otlolla lintho kelellong ea hae: “Tsela ea Bophelo—e Tšesaane empa e Lokolohile,” ho tokollo ea Molula-Qhooa ea June 1, 1978, le “Kamoo ’Muso oa Molimo o ka u Fumantšang Molemo Kateng,” tokollong ea August 1, 1978. A fumana tšepo hape, a kenela mosebetsi oa ho bolela ka nako e tletseng ’me hona joale o sebeletsa e le pula-maliboho ea khethehileng.

Tšepo e Tlisa Thabo

17, 18. Jakobo o re’ng ka babelaeli, ’me o ba eletsa joang?

17 Ena ke mehlala e ’meli feela ea Bakreste ba neng ba hlasetsoe ke lipelaelo, empa ba li hlōla ’me ba hlaphoheloa ho fumana thabo ea bona hape tšebeletsong ea Molimo. Hoja ba ineela lipelaelong tsa bona, kajeno ba ka be ba sa thaba ’me ba se na tšepo. Bibele e re: “Ea lika-likang [ea belaelang] o joale ka leqhubu la leoatle le tsukutloang, le akheloang hohle ke moea.” (Jak. 1:6) E, lipelaelo li re hlokisa matla. Jakobo o phaella hore ’melaeli “ke motho ea pelo tse peli, ea lika-likang metsamaong ea hae eohle.”—Jak. 1:8.

18 Tšepo e matla ho Jehova, Lentsoe la hae le phutheho ea hae li tlosa lipelaelo tse bolaeang ’me e tlisa thabo ea sebele. Ena ke tsela ea bohlale ba ’nete. Jakobo o re, “E mong ho lōna ha a hloka bohlale, a bo kōpe ho Molimo, o sitsang bohle ka phano e kholo, o se na ho khanana, ’me o tla bo neoa. Feela, a kōpe ka tumelo a se ke a lika-lika.”—Jak. 1:5, 6.

19. Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba “moea oa lefatše,” ’me ke eng e tla re thusa ho tšoarella ‘tšepong eo re bileng le eona ho qaleng’?

19 Haeba re ka thonaka “moea oa lefatše,” ho belaela e tla ba karolo ea monahano oa rona. Pauluse oa ngola: “Ha e le rōna, ha rea ka ra amohela moea oa lefatše, empa re amohetse Moea o tsoang ho Molimo, re tle re tsebe tseo re li filoeng feela ke Molimo.” (1 Ba-Kor. 2:12) Haeba re falimehetse ka botlalo tsohle “tseo re li filoeng feela ke Molimo,” le haeba re ela hloko kannete hore re tsebile lintho tsena ka ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, teboho ea rōna e tebileng ho Jehova e tla re susumeletsa ho felisa lipelaelo le ho “tiisetsa ho fihlela la bofelo, ho seo e leng motheo oa tšepo ea rōna.”—Ba-Heb. 3:14.

20. Meputso e ’meli ea tšepo ke efe?

20 Ha ‘re tiisa tšepo ea rōna’ ho Molimo, Lentsoe la oona le sa foseng le phutheho ea hae ea lefatšeng tlas’a tsamaiso ea Kreste, re tla kotula meputso e enneng hona joale le nakong e tlang. O mong oa eona, o ke keng oa nkelloa tlase, ke khotso kelellong. Mopesaleme o ngolile: “Ba ratang molao oa hao ba na le khotso e kholo, ha ho khopiso ho bona.” (Pes. 119:165; bona hape Ba-Kolosse 3:15.) Ho putsang haholo hape ke ho kopanela ha rōna ho phelisang le Bakreste ba tšepahalang ba ananelang “tseo re li filoeng feela ke Molimo,” ka moea oa oona, Lentsoe la oona le phutheho ea oona e bonahalang.—Pes. 1:1-3; 2 Ba-Thess. 3:6, 14; Ba-Heb. 10:24, 25.

21, 22. (a) Tšepo e tlisa melemo efe hape? (b) Ke eng se tla hlahlojoa sehloohong se latelang?

21 Ho ‘tiea motheong oa tšepo ea rōna’ ho re nolofaletsa ho chesehela tšebeletso ea Molimo, re thabisa Jehova hammoho le rōna. (Liprov. 27:11) Thabo eo re e utloang ke moputso ka boeona (Matt. 25:23), empa ho phaella moo ke tšireletso, “qhobosheane,” ho rōna. (Neh. 8:10) Thabo e joalo tšebeletsong ea Jehova e re nea pono e molemo, e ntseng e khanya haholoanyane ha re bona boprofeta bo phethahala. Re na le morero bophelong. Re tseba moo re habileng teng. Re na le tšepo e khanyang, e theiloeng ‘motseng’ kapa ’musong oa Messia o neng o lebelletsoe ke Abrahama.—Ba-Heb. 11:10, 16.

22 Leha ho le joalo, “Moea o ometse hore, mehleng ea morao, ba bang ba tla koenehela tumelo.” (1 Tim. 4:1) Ho joalo hobane’ng, hona ke hobane’ng ha ho sa lokela ho re tšoenya ka ho sa hlokahaleng? Re tla ho hlahloba sehloohong se latelang.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela