Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 2/1 maq. 17-22
  • “Tiea Tumelong”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Tiea Tumelong”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bokoenehi Har’a Bakreste ba Pele
  • Bokoenehi “Hamorao”
  • Lisosa le Liphello tsa Bokoenehi
  • Kamoo ho ka Qojoang ‘ho oa Tumelong’
  • ‘Ho Tšola Babelaeli Mollong’
  • ‘Ho Tiea Tumelong’ ho ea Qetellong
  • Bokoenehi
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • ‘U se ke ua Phaka ua Sisinngoa Maikutlong a Hao’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Boemo ba Moapostola Khahlanong le Bokoenehi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Hanang Bokoenehi, le Khomarele ʼNete!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 2/1 maq. 17-22

“Tiea Tumelong”

“Moea o ometse hore, mehleng ea morao, ba bang ba tla koenehela tumelo.”—1 Tim. 4:1.

1. Na re lokela ho nyaroha ka ho sa hlokahaleng ha e mong a koenehela tumelo?

NA U sisimoha habohloko le ho tšoenyeha ka ho sa hlokahaleng ha u bona kapa u utloa ka Mokreste eo u mo tsebang a ineela lipelaelong, a tapa ’me mohlomong a bile a fetoha lerabele ho isa moo a furallang phutheho ea Bokreste ’me a leka ho hulanya ba bang le eena? Haeba ho joalo, u ka tšelisoa ke ho tseba hore, le hoja liketsahalo tse joalo li le bohloko, Mangolo a re lemosa pele ho nako hore li tla etsahala.

2, 3. (a) Lentsoe “koeneha” le bolela eng, ’me mokoenehi oa pele e bile mang? (b) Tsela ea bokoenehi e ile ea tlisetsa Iseraele le Juda eng?

2 Lentsoe “koeneha” le fetoletse lentsoe la Segerike le bolelang “ho tloha ho,” “ho oa, tatolo,” “borabele, tahlo.” Oa pele ea oeleng borapeling ba ’nete ba Jehova ke Satane Diabolose. Kahoo ke eena mokoenehi oa pele. (Joh. 8:44) A etsa hore batho ba babeli ba pele e be bakoenehi. (Genese, khaolo 3) Nakong e qalang pale ea Iseraele “ho oa” ho bile teng kapa ‘ho furalla’ borapeli ba ’nete. Rea bala:

“Le teng, ba se ke ba mamela baahloli ba bona, ba ’na ba ineela melimo esele, ba e khumamela; ba phakisa ba kheloha tsela eo bo-ntat’a bona ba neng ba tsamaile ka eona, ha ba ntse ba mamela litaelo tsa Jehova; empa bona ba se ke ba etsa joalo.”—Baahl. 2:17.

3 Hamorao, a mangata ho marena a Iseraele le Juda a fetoha bakoenehi ’me a isa lichaba tseo a neng a li busa tseleng ea bokoenehi. Molimo oa qala ka ho otla ’muso oa ka leboea oa Iseraele, o re: “Ke mo rometse [Assyria] ho loantša sechaba se khopo [Iseraele].” (Esa. 10:6) ’Me pelenyana ho timetsoa Jerusalema, motse moholo oa Juda, ke Bababylona, Jehova a re: “Ka baprofeta ba Jerusalema bonyefoli bo hlile bo tsoetse pele lefatšeng lohle.” (Jer. 23:15) Ho koeneha kapa ho oa tumelong ea ’nete ruri ha hoa tlisetsa Iseraele kapa Juda mahlohonolo.

Bokoenehi Har’a Bakreste ba Pele

4. Jesu o lemositse ka eng ka bakoenehi?

4 Pelenyana tšebeletsong ea hae ea lefatšeng, Jesu a lemosa balateli ba hae ka bokoenehi. Thutong ea hae ea Thabeng, o itse:

“Kenang ka monyako o patisaneng; hobane monyako oa timelo o hebe-hebe, le tsela e eang teng e phatlaletse, ’me ba kenang teng ba bangata. Hobane monyako oa bophelo o patisane, le tsela e eang teng e tšesane, ’me ba e fumanang ha ba bakae. Phemang baprofeta ba bohata, ba tlang ho lōna ba apere kobo ea nku, empa kahare e le liphiri tse hapakang. Le tla ba tseba ka ho bea ha bona.”—Matt. 7:13-16.

5. Pauluse o itse’ng ka bakoenehi?

5 Lilemo tse mashome a mabeli a metso e mehlano hamorao, Pauluse a lemosa baholo ba Bakreste ba Efese: “Kea tseba hobane, ha ke se ke tlohile, ho tla kena ho lōna liphiri tse bohale, tse sa tlong ho qenehela mohlape; le hobane ho tla tsoa har’a lōna batho ba tla bolela litaba tse khopo, ho ikhulela barutuoa.” (Lik. 20:29, 30) Lengolong la hae la ho qetela le bululetsoeng Pauluse o bolela ka mabitso ba seng ba kae ho bakoenehi ba joalo ba lekholong la pele la lilemo. A lemosa Timothea: “U hane mesoaso ea lipolelo tsa lefeela; hobane ba tsamaeang ka tsona ba tla ’ne ba fetele nyefolong e fetisang; ’me litaba tsa bona li tla tsoela pele joale ka seso se kekang; har’a bona ho na le Hymenia le Filete, ba khelohileng ’nete, . . . ’me ba liha tumelo ea ba bang.” “Alexandere, setei sa koporo, o nkentse hampe haholoholo . . . U iponele bakeng sa hae, hobane o loantšitse litaba tsa rōna ka matla.—2 Tim. 2:16-18; 4:14, 15.

6. A mang a matšoao a khethollang bakoenehi ba ’nete ke afe?

6 Ha re lokolisa litemoso tsena tse entsoeng ke Jesu le Pauluse, litšobotsi tse latelang tse khethollang tsa bokoenehi ba sebele lia totobala:

(1) Ho kheloha ’nete

(2) Lipolelo tse sothehileng tsa lefeela

(3) Boiteko ba ho senya tumelo ea ba bang le ho ikhulela barutuoa

(4) Boikaketsi (‘liphiri li apere kobo ea linku’)

(5) Ho hlokomeleha ka seo ba se beang; ‘ba tsoela pele ho ea tšenyehong’

Matšoao a joalo a itlhalosang a ne a reretsoe ho nolofaletsa Bakreste ba pele hore ka potlako ba khetholle bakoenehi le ho ‘itlhokomela bakeng sa bona.’

Bokoenehi “Hamorao”

7. Bokoenehi bo akaretsang bo etsahetse neng, joalokaha bo hlile ba boleloa ke lengolo lefe?

7 Bokoenehi bo neng bo se ‘ntse bo sebetsahala’ ha baapostola ba bang ba Kreste ba sa phela bo ile ba ngatafala “hamorao,” ke hore, kamor’a lefu la bona. Matšoao a itlhalosang a mahlano a totobala haholo ho tloha lekholong la bobeli la lilemo ho ea pele ’me a fihla tlhorong lekholong la bone la lilemo. Bokoenehi bona bo boholo bo ne bo tla etsahala pele ho “ho tla ha Jesu Kreste Morena” le ‘letsatsi la Jehova.’—2 Ba-Thess. 2:1-12.

8, 9. (a) Ke temoso efe eo Petrose a faneng ka eona ka mehla e qetellang? (b) Na “basomi” baa le “banyefoli” ba ne ba tla hlaha feela ka ntle ho phutheho ea Bokreste?

8 Empa mangolo a mang a hlakisa hore le hona “mehleng ea qetello” ea tsamaiso ea hona joale ea lintho, ho ne ho tla ba teng bokoenehi ka phuthehong ea ’nete ea Bokreste. Moapostola Petrose o ngolile:

“Mehleng ea morao, ho tla hlaha basomi ba tla tsamaea ka litakatso tsa bona, ba soma, ba re: E kae pallo ea ho tla ha hae? . . . Lōna, baratuoa, ha le se le itsebetse tseo pele, itebeleng, le se tšohe le hulanngoa le ba bang ke thetso ea ba manyala bao, ’me la timelloa ke ho tiea ha lōna.—2 Pet. 3:3, 4, 17.

9 Petrose o ne a sa hlokomelise feela baena ba hae ka “basomi” le “banyefoli” ba lefatšeng. Kamehla Bakreste ba ’nile ba lemoha kotsi e tsoang ntlheng eo. Petrose o ne a boetse a bua ka kotsi ea ho “hulanngoa” ke ba bang ka phuthehong ea Bokreste ba neng ba tla fetoha “basomi,” ba bebofatsa ho phethahala ha boprofeta bo amanang le ‘ho ba teng ha Kreste le ho inkela boikutlo bo nyelisang molao ka “mohlanka ea khabane ea bohlale,” Sehlopha se Busang sa phutheho ea Bokreste le baholo ba khethiloeng.

Lisosa le Liphello tsa Bokoenehi

10, 11. (a) Lebaka le leng la bohlokoa la bokoenehi ke lefe? (b) Tse ling tsa litlhaloso tse lekanang le tseo tsa lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho belaela” ke life, ’me mokoenehi o ipea e le moahloli joang?

10 Har’a lisosa tse sa tšoaneng tsa bokoenehi, e ’ngoe ea tse ka sehloohong ntle ho potso ke ho haelloa ke tumelo ka baka la lipelaelo. (Ba-Heb. 3:12) Ka ho khahlisang, The New International Dictionary of New Testament Theology e fana ka boitsebiso bo latelang ka leetsi la Segerike le atisang ho fetoleloa e le “ho belaela”: “Diakrinō, ho khetholla, ho ahlola, . . . ; ho belaela, ho thekesela. . . . Lirapeng tse ling tsa [Testamente e Ncha] ho belaela ho hlaha e le ho haelloa ke tumelo ’me kahoo e le sebe (Ba-Roma 14:23). . . . Ho Ba-Roma 4:20f. ho belaela ho tla haufi le ho ho se lumele . . . Ho belaela kahoo ke ho haelloa ke tšepo ketsong ea Molimo eo o sa ntsaneng o tla e etsa le eo batho ba lokelang ho e emela. . . . Ho [Testamente e Ncha] ’melaeli o siteloa Molimo le litšepiso tsa oona, hobane o ahlola Molimo ka bohata.”

11 Kahoo, motho ea belaelang ho fihlela nakong eo ka eona a fetohang mokoenehi o ipea e le moahloli. O inahana hore o tseba hamolemo ho feta bana’babo ba Bakreste, hamolemo hape le ho feta “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” eo ka eena a ithutileng karolo e molemo haholo, haeba e se sohle seo a se tsebang ka Jehova Molimo le merero ea hae. O hōlisa moea oa boitaolo, ’me o fetoha “ea ikhohomosang ka pelong . . . manyala ho Jehova.” (Liprov. 16:5) Bakoenehi ba bang ba bile ba nahana hore ba tseba hamolemo ho feta le Molimo, ka hore na o laola liketsahalo joang ho sebetsahaleng ha merero ea hae. Lisosa tse ling tse peli tsa bokoenehi ka baka leo ke ho hloka teboho le boikhohomoso.—2 Pet. 2:10b–13a.

12. Tse ling tsa liphello tsa borabele le bokoenehi ke life?

12 Ka liphello tsa tsela ea bokoenehi, tholoana e ’ngoe e tlang ka potlako ke ho felloa ke thabo. Mokoenehi o fetoha ea thatafetseng litseleng tsa hae tsa bofetoheli. E ’ngoe ke hore o sitoa ho amohela lijo tsa moea tse lokiselitsoeng ke “mohlanka ea khabane, ea bohlale”—hona ho isa bofokoling ba moea le ho senyeheng ha moea. Ha a bapisa thabo ea bahlanka ba tšepahalang ba hae le boemo bo soabisang ba bakoenehi, Jehova o boletse tjena ka boprofeta:

“Bonang, bahlanka ba ka ba tla ja, empa lōna le tla lapa; bonang, bahlanka ba ka ba tla noa, empa lōna le tla nyoroa; bonang, bahlanka ba ka ba tla thaba, empa lōna le tla soaba. Bonang, bahlanka ba ka ba tla bina ka baka la thabo ea lipelo tsa bona, empa lōna le tla llisoa ke bohloko ba pelo, le bokolle ke moea o soabileng.”—Esa. 65:13, 14.

13. Ho boleloa’ng ka ‘ho nyelisa borena,’ ’me hona ho fella ka eng? (Juda 8, 10)

13 Kamor’a ho ineela mesebetsing e joalo ea nama e kang ‘hloeano, likomang, mona, bohale, likhang, liphapang le likhaohano’ bakoenehi hangata ba oela mesebetsing e meng ea nama e kang “botahoa,” “ho feba” le “ho boka.” (Ba-Gal. 5:19-21) Petrose o re lemosa ka ba “nyelisang borena” ka ho nyelisa taolo ea puso ea leholimo ba ‘nyefolang’ ba tšepetsoeng boikarabelo ka phuthehong ea Bokreste, ’me kahoo ba “khelohile tsela e lokileng.” O bolela hore “taba tsa bona tsa qetello li mpe ho fetisa tsa pele.”—Bala ka hloko 2 Petrose khaolo ea 2.

Kamoo ho ka Qojoang ‘ho oa Tumelong’

14, 15. Re ka qoba boikhohomoso joang?

14 Re bone hore se seng sa lisosa tse ka sehloohong tsa ho koeneha ke ho haelloa ke tumelo ka baka la lipelaelo tse senyang, le hore lentsoe le fetoleloang e le “ho belaela” le boetse le bolela “ho khetholla.” Mokoenehi o iketsa moqeti oa sa ’nete le sa bohata, oa “botle le bobe” ka tsela ea lijo tsa moea. O fetoha moikhohomosi.—Bapisa Genese 2:17; 3:1-7.

15 Kahoo ho qoba ho oa tumelong, Mokreste o lokela ho hlokomela hore ha a haelloe ke tumelo, “sebe se re tšoasang feela,” ’me a “titime ka sebete peisong eo a e beetsoeng.” (Ba-Heb. 12:1; 3:12, 19) Pauluse o re nea keletso ena: “Itekoleng e le lōna, le tle le bone ha le le tumelong; itekeng e le lōna.” (2 Ba-Kor. 13:5) Pauluse ha a re memele hore re be le lipelaelo ka “tumelo,” empa hore re ipotse, hore na re hlile re phelela tumelo kapa che. Ho itlhahlobisisa ho tiileng joalo ho lokela ho re tlatsa ka bokhabane le boikokobetso, kahoo ho re sireletsa moeeng oa boitaolo le boikhohomosong ba bakoenehi.

16. (a) Ke likoti life tse ling tseo re ka li qobang? (b) Ke thuto efe e habeli eo re ka ithutang eona ho Bajode ba Berea?

16 Ho qoba ho oa tumelong, hape ho hlokahala hore re ikalose ho hlokeng teboho. Re lokela ho leboha lijo tsa moea tse ngata tseo re li fumanang ka “mohlanka ea khabane ea bohlale.” (Matt. 24:45) Hona ha ho bolele hore ha rea lokela ho ikholisa ka lintho ha re tsoela pele. Ntlheng ena, re ithuta habeli ho Bajode ba Berea. Ho nepisisa, “ba botsisisa Mangolo ka matsatsi ’ohle, ho tseba hore na litaba tseo li joalo ruri na,” empa ba bile “khabane” hape hobane ba ile ba “amohela lentsoe [leo ba le bolelloang ke Pauluse le Silase] ka cheseho e kholo.”—Lik. 17:11.

17, 18. Ke eng eo re lokelang ho tseba ho e khetholla, ’me Pauluse o fana ka keletso efe ho see?

17 Cheseho e tletseng teboho joalo ea ho ithuta e tla re thusa ho hlaolela lerato le ho fumana tsebo e nepahetseng, hammoho le temoho e feletseng. Litšoaneleho tsena tsa Bokreste hape li tla re nolofaletsa ho khetholla pakeng tsa lintho tsa bohlokoa haholo le tseo e seng tsa bohlokoa haholo. Na ntlha e ’ngoe eo re thatafalloang ke ho e utloisisa e hlile ke ea bohlokoa? Na e hlile e ama lintho tsa bohlokoa kannete tseo re ithutileng tsona ka sehlopha sa “mohlanka”? Na ke ho molemo ho ikhopisa ’me mohlomong re khopise le ba bang? Na e re thibela ho bea litholoana tsa Bokreste?

18 Pauluse oa re eletsa: “Seo ke se kōpang, ke hore lerato la lōna le ’ne le eketsehe kamehla, ka tsebo le ka kelello eohle; le tle le tsebe ho lemoha litaba tse fetisang ka molemo, le ’ne le hloeke, ’me le se ke la khopjoa, letsatsi la Kreste le be le chabe; le ntse le tletse litholoana tsa ho loka, tse beoang ka Jesu Kreste, hore e be khanyha le poko ho Molimo.”—Ba-Fil. 1:9-11.

‘Ho Tšola Babelaeli Mollong’

19. (a) Ke khethollo efe hape e hlokang hore e etsoe? (b) Juda o fana ka keletso efe hape e hahang?

19 Kaha re lemositsoe hore ba bang “ba tla koenehela tumelo,” re lokela ho itokisetsa ho “loanela [ka matla] tumelo eo bahalaleli ba ileng ba e fuoa ka nako e le ’ngoe.” (1 Tim. 4:1; Juda 3, bapisa le NW) Empa ho tlameha ho khetholloe pakeng tsa bakoenehi ba bakang likhathatso, joalokaha ba boletsoe ho 2 Petrose, khaolo ea 2, le Bakreste ba fokolang tumelong le ba belaelang ka baka la ho haelloa ke tsebo e nepahetseng. Juda o khetholla ka tsela eo. Kamor’a ho lemosa ka “ba korotlang, ba khananang,” ba ‘talimang tšobotsi ea batho,’ le ka “basomi,” ba ‘ikarolang ho rōna,’ o re: “Le ipoloke leratong la Molimo, le ntse le lebeletse mohau oa Morena oa rōna Jesu Kreste; hore le fuoe bophelo bo sa feleng. Le hauhele ba bang ba lika-likang [ba belaelang]; ’me le pholose ba bang ka ho ba tšosa, le ba tlose mollong.”—Juda 16-23, bapisa le NW.

20. Babelaeli ba ka thusoa joang, empa ho thoe’ng haeba ba hana thuso ’me ba “koenehela tumelo”?

20 E, babelaeli ba joalo ho hlokahala ba bontšoe hore ba kotsing ea ho koenngoa ke lipelaelo tse senyang. Baena ba bona ba Bakreste, haholo-holo baholo, ba lokela ho leka ho ba thusa, ba ba tšola, haeba ho ka etsahala, “mollong” o ka ba senyang moeeng. Ka ba hanang thuso e joalo e sebete le e lerato le ba hlileng ba ‘koenehetseng tumelo,’ ha rea lokela ho tšoenyeha ka ho sa hlokahaleng. Re tla bua tjena le moapostola Johanne: “E ne e se ba rōna; hobane hoja e be e le ba rōna, ba ka be ba setse ho rōna.”—1 Joh. 2:19.

‘Ho Tiea Tumelong’ ho ea Qetellong

21, 22. (a) Petrose o fana ka khothatso efe mabapi le ho lula re tiile tumelong? (b) Baiseraele ba moea le “bongata bo boholo” ba lokela ho tsoela pele ho etsa joang e le hore ba ka bona seo ba se tšepileng?

21 Ha ho pelaelo ea hore Satane o rata ho re bona ‘re koenehela tumelo’ kaofela ha rōna. Kahoo Petrose oa re eletsa:

“Hanang ho eena ka ho tiea tumelong, le ntse le tseba hobane lihloreho li ie ling le tsena li ntse li hlahela banab’abo Iōna ba lefatšeng. Empa Molimo oa mehauhelo eohle, o re bilelitseng ka Jesu Kreste ho rua khanya ea oona e sa feleng, ha le se le utloile bohloko ka litšiuana, o tla le etsa ba phethehileng, o le tiise, o le fe matla, o le thee.”—1 Pet. 5:8-10.

E, bao e leng Baiseraele ba moea, ba bilelitsoeng ho busa le Kreste ‘khanyeng e sa feleng,’ ba tlameha ho lula ba tšepahala ‘nakong ea teko,’ haeba ba lakatsa hore ‘ho se be ea nkang moqhaka oa bona.’—2 Tim. 2:10; Tšen. 3:10, 11.

22 Metsoalle ea bona, litho tsa “bongata bo boholo,” le eona e hlokomela hore e tlameha ho “tiea tumelong” ka mehla haeba e tla ‘tsoa mahlomoleng a maholo.’ (Tšen. 7:9, 10, 14) Bakreste bao ba nang le tšepo ea leholimo, le metsoalle ea bona e nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng paradeiseng e tsosolositsoeng lefatšeng, ba ikemiselitse ho tsoela pele ba tšepahala ho boleleng ‘litaba tse molemo tsa ‘muso.’ (Matt. 24:14, NW) Katoloho e ntle likarolong tse ngata tsa lefatše ho tla fihlela selemong sena sa 1981, ke bopaki ho bona hore tlhohonolofatso ea Jehova e holim’a phutheho ea hae, ’me ho sa na le mosebetsi o ka etsoang. Ka baka leo ba ela hloko keletso ea Pauluse: “Re se ke ra khathala ke ho etsa hantle, hobane re tla kotula nakong ea teng, ha re sa tepelle.”—Ba-Gal. 6:8, 9.

23. Ke eng se re khothatsang ka matla kaofela ho “tiea tumelong”?

23 Ha re bona lintho tse hlileng tsa boleloa bakeng sa ‘mehla ea qetello’ li etsahala ka pel’a mahlo a rōna, re na le tšepo e tiileng hore ‘mahlomola a maholo’ le ho chaba ha meso ea taolo e ncha ea ho loka ea Molimo ho haufi haholo. Mahlohonolo a tsotehang a ka pel’a rōna, leha e le leholimong kapa lefatšeng la paradeise, a re ‘khothatsa ka matla’ ho lula re ‘tiile tumelong’ ho isa qetellong, e le hore ‘re ka phallela tšepo eo re e beetsoeng.’—Ba-Heb. 6:17-19.

“Empa ha e le lōna, baratuoa, le ’ne le ikhahe holim’a tumelo ea lōna e halalelang ka ho fetisisa, ’me le rapele ka Moea o Halalelang; le ipoloke leratong la Molimo, le ntse le lebeletse mohau oa Morena oa rōna Jesu Kreste, hore le fuoe bophelo bo sa feleng.”—Juda 20, 21.

[Lebokose le leqepheng la 19]

LIPHELLO

Ho felloa ke thabo

Borabele

Ho haelloa ke lijo tsa moea

Mesebetsi ea nama

[Lebokose le leqepheng la 19]

LISOSA

Ho haelloa ke tumelo

Moea oa boitaolo

Ho hloka teboho

Boikhohomoso

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

‘Le ba pholose ka ho ba tšola mollong’

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela