Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 2/15 maq. 29-31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bakreste ba Thabisoa ke ho Sebeletsa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Tšebeletso e Halalelang ‘Mehleng Ena ea Bofelo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Tšebeletso e Halalelang le le Lelapa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Na U Talima Lintho Tse Halalelang ka Tsela eo Jehova a li Talimang ka Eona?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 2/15 maq. 29-31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

● Ho Ba-Kolosse 3:23 Bakrese ba eletsoa ho sebeletsa beng ba bona ‘ka moea ’ohle joalokaha eka ba etsetsa Jehova e seng batho.’ (NW) Na hona ho bolela hore mosebetsi oa boipheliso o etsoang joalokaha eka o etsetsoa Jehova ke karolo ea tšebeletso ea rōna e halalelang?

Lentsoe la Segerike la·treiʹa, le fetoletsoeng e le “tšebeletso e halalelang” ho New World Translation, le bua ka borapeli kapa tšebeletso e ineetseng ho Molimo. (Ba-Roma 12:1) Jesu ka boeena o bontšitse hore le ama ho neela ha motho botšepehi bo ka sehlohong ho Jehova. (Matt. 4:8-10; Luka 4:5-8) Ke tšebeletso e tobisitsoeng ho ntšetseng pele lithahasello tsa ’muso oa Jehova.

Mehleng ea boholo-holo, sechaba se ineetseng sa Molimo sa Iseraele se ne se nyehela “tšebeletso e halalelang” kutlong ea se hlokoang ke selekane sa Molao, e le hore ekaba ho Jehova “’muso oa baprista, le sechaba se khethehileng.” (Ex. 19:5, 6) Tšebeletso ena e ile ea fana ka tšoantšetso kapa seriti sa lintho tsa sebele tse neng li tla bonahala hamorao tlas’a Selekane se Secha, mabapi le ’muso oa Molimo ka Kreste Jesu. (Ba-Heb. 8:5; 9:9, 14) Ke kahoo Bakreste ba tlotsitsoeng ba bolelloang hore: “Ha e le moo re amohetse ’muso o sa sisinyeheng, a re ke re be le teboho eo re sebeletsang Molimo ka eona ka mokhoa o o khahlisang [ka tšebeletso e halalelang], ka hlompho le ka tšabo.” (Ba-Heb. 12:28, bapisa le NW) Metsoalle ea bona, “bongata bo boholo,” bo lebelletseng bophelo bo sa feleng lefatšeng, le bona ka mokhoa o tšoanang bo tlameha ho bontša tšabo ea bomolimo ha bo etsa “tšebeletšo e halalelang” eo bo e abetsoeng lebaleng la lefatšeng la tempele ea Jehova.—Tšen. 7:9, 15.

Na “tšebeletso e halalelang” ena e bolela feela ho ‘phela bophelo bo botle,’ ho ba mohlala o motle oa ho hōlisa le ho hlokomela lelapa la motho, ho boloka ntlo e hloekile, ho sebetsa ka matla sekolong, le tse joalo? Le hanyenyane, hobane Baiseraele ba ile ba etsa lintho tse joalo ka mokhoa o fetisisang le o phahametseng tšebeletso e halalelang eo Jehova a neng a ba laetse hore ba e etse. (Ex. 7:16; 12:25, 26 [la·treiʹa, Septuagint Version ea Segerike]) ’Me le hoja molao oa Sabbatha o ne o ba hloka ho ‘etsa tšebeletso e halalelang, le ho phetha mesebetsi eohle ea bona ka matsatsi a tšeletseng,’ Litšebeletso tse halalelang tse ling li ne li etsoa le ka letsatsi la bosupa, tse kang meketeng le ho faneng ka litaelo masynagogeng.—Ex. 13:5, 6; 20:9; Lik. 13:14, 15; 18:4.

Kajeno, ho teng batho ba phelang bophelo bo hloekileng, le bo nang le boitšoaro, empa ho hang ba sa khahlehele Molimo kapa merero ea oona. Ruri bophelo ba bona bo ke ke ba hlalosoa e le “tšebeletso e halalelang.” Ka ho totobetseng, hona ka ho tobileng ho amana le tšebeletso ho Molimo, e etsoang ka baka la ho ananela lintho tse halalelang—ntho e ’ngoe e sa tloaelehang e biletsang ho teloa ha nako le matla. E fapana le mosebetsi oa boipheliso kapa bophelo ba tsatsi le leng le le leng, le hoja ho Bakreste hona ho lokela hore le hona ho etsoe ‘ho tlotlisa Molimo.’—1 Ba-Kor. 10:31; Ba-Roma 1:9.

Ho totobetseng, nakong ena e etellang pele ’mahlomola a maholo’ “tšebeletso e halalelang” ea rōna e hloka kutlo litaelong tsa Jesu ho bolela le ho ruta ‘litaba tse molemo tsa ’muso,’ ho lemosoa batho ’me ho etsoa barutuoa. (Matt. 24:14, 21; 28:19, 20) E boetse e akaretsa ho bokana ha rōna bakeng sa borapeli, lithuto tsa rōna tsa malapa tsa Bibele le ho buisana ka temana ea letsatsi le leng le le leng. E atolohela tšebeletsong e khethehileng mabaleng a bopula-maliboho le boromuoa, le mahaeng a Bethele a sebelisoang ho fana ka lijo tsa moea le ho lokisetsa tsamaiso e ntle bakeng sa mosebetsi oa lefatšeng lohle oa Lipaki tsa Jehova. O akarelletsa litšebeletso tse etsoang ke balebeli ba tsamaeang le ba phutheho le bahlanka ba sebeletsang, ha ba hlokomela lithahasello tsa moea tsa baena ba bona. (Deut. 31:12, 13; 6:4-9; Ba-Ef. 6:4; Lik. 1:8; 20:28; 1 Pet. 5:2, 3; 1 Tim. 3:1, 12, 13) “Tšebeletso e halalelang” ena ea batho bohle ba hlophisitsoeng ba Molimo e nyeheloa ho tloha pelong, le ka thuso ea moea oa Jehova le mangeloi a hae a halalelang. (Ba-Fil. 3:3; Lik. 27:23) Haeba ka tšebeletso e joalo ‘re batla ’muso oa Molimo pele le ho loka ha Molimo,’ Jehova o tla bona hore seo re se hlokang bophelong tsatsi le leng le le leng rea se ‘ekeletsoa.’—Matt. 6:33; Luka 12:31.

“Tšebeletso e halalelang” ea rōna e tlameha ho etsisa mohlala oa tšebeletso e entsoeng ke Jesu ha a le lefatšeng. (1 Pet. 2:21-23) E etsoa ka baka la ho rata Molimo le ho rata eo re ahisaneng le eena, mofuta oa lerato le itetseng leo Jesu a beileng mohlala ka lona. (Mar. 12:30, 31; Joh. 13:34; 15:13) Tšebeletso ena e bea khatiso boboleling ba rōna ba pontšeng, hobane rea bolelloa: “A re hlahiseng ka mehla ho Molimo ka eena [Jesu] sehlabelo sa poko, e leng tholoana ea melomo e bolelang lebitso la hae.” Ka nako e tšoanang, re se ke ra “lebala ho etsa batho hantle, le ho fana”—che, e seng feela e le mesebetsi ea lithuso, empa ho tloha pelong lebitsong la barapeli bahabo rōna. Kahoo ha baena ba rōna ba hloka, ba le litlokotsing kapa ba tepeletse, re tla fana ka thuso e lerato, e le hore bohle ba ka khothalletsoa ho tšoarella ka matla ho boleleng pontšeng tšepo ea bona ba sa thekesele. “Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.”—Ba-Heb. 10:23-25; 13:15, 16; Ba-Roma 10:10-15; Jak. 1:27.

Na u tlameha ho lokisa pono ea hao ka “tšebeletso e halalelang”? Haeba ho joalo, e se eka u ka etsa joalo ka moea o hlalositsoeng ho Ba-Korinthe ba Bobeli 13:11: “Ha ke qetella, banab’eso, ke re: Ithabeleng, le phethehe, le tšelisane, le be le khopolo e le ’ngoe, le lule ka khotso; ’me Molimo oa lerato le oa khotso o tla ba le lōna”.

● Ho 1 Ba-Korinthe 7:36-38 New World Translation e bolela ka motho e motona a tela “bohlankana ba hae” lenyalong. Liphetolelo tse ling tse ngata li sebelisa lipolelo tse kang ‘morali oa hae oa moroetsana’ kapa ‘molekane oa hae eo ba sa amaneng likamanong tsa botona le botšehali.’ Ke hobane’ng ha Libibele li fapana hakana temaneng ee?

Mokreste ofe kapa ofe ea thahasellang lenyalo kapa bosoha ke ka nepo a thahasellang se boleloang ke litemana tsena, tseo ho New World Translation li balehang tjena:

‘Empa haeba mang kapa mang a nahana hore ha a itšoara hantle bohlankaneng ba hae, haeba a se a fetile palesa ea bocha, ’me ho le ka tsela ena, a ke a etse kamoo a ratang; ha a etse sebe. Ba ke ba nyale. Empa haeba motho a tiile pelong ea hae, ho sa hlokahale, empa a tseba ho itaola ’me a entse qeto ena pelong ea hae, ho boloka bohlankana ba hae, o etsa hantle. Le teng ea telang bohlankana ba hae lenyalong o etsa hantle, empa ea sa bo teleng lenyalong o etsa hantle haholoanyane.’—1 Ba-Kor. 7:36-38.

Liithuti tse ngata tsa Bibele li lumela hore li na le bothata ba ho utloisisa le ho fetoleleng ka tšoanelo temana ena ea Segerike. Ho ea ka Dr. A. Marshall ho Interlinear Greek-English New Testament ea hae, temana ea sebele ea Segerike e baleha ka mokhoa o fanang ka maikutlo a ‘mohlankana o tlontlolla bohlankana ba hae.’ Moapostola Pauluse o ne a bolela eng ka hoo? Bahlalosi ba Bibele hangata ba hlahisa menyetla e meraro, e bontšoang mekhoeng e meraro e sa tšoaneng e Libibeleng tse ngata tse tloaelehileng. Ho nahana ka maikutlo ana a mararo ka bokhutšoanyane ho tla re thusa ho ananela lintlha tsa lirapa tsena.

A pele: Ba bang ba bolela hore litemana tsena li bua ka matla a ntate kapa mohlokomeli ho fana ka ngoanana lenyalong kapa ho mo hanela ho nyaloa. Ho fetisa maikutlo ana, liphetolelo tse ling li eketsa ka mantsoe “morali,” joaloka Bibele ea Sesotho. Leha ho le joalo, ho na le bothata ka maikutlo ana. Pele, ha ho kae kapa kae mo serapa se hlileng se buang ka morali, ntate kapa mohlokomeli. Ho feta moo, temana ea 37 e bontša hore seo ho boleloang ka sona ke matla a motho holim’a seo e leng thato ea hae. Joale ke hobane’ng ha re ka fihlela qeto ea hore Pauluse o ne a buella hore moroetsana a lule a se lenyalong hobane feela ntat’ae o ne a sa tšoenyehe ke takatso ea kamano ea botona le botšehali?

A bobeli: Ba bang ba ikutloa hore Pauluse o ne a eletsa monna hore na ebe a ka nyalana le eo a lebeletsaneng le eena kapa che. Kahoo, Revised Standard Version e baleha tjena: “Ha motho a ikutloa hore ha a itšoara hantle ho molebeletsoa oa hae, haeba takatso ea hae e le matla, . . .” ’Nete ke hore, leha ho le joalo, temaneng ea tšimoloho litemana tsena ha li bolele ka ‘moroetsana ea lebelelitsoeng.’ Ho feta moo, ha e atameloa ka tsela ena e bea khatiso e khōlō ho mohlankana. Empa na ke ho lumellanang le Bokreste hore Pauluse o ne a ka ameha ka mohlankana feela a sa bontše thahasello ho hang boikutlong le ho se hlokoang ke moroetsana, eo Petrose a mo bitsang “pitsa e fokolang”?—1 Pet. 3:7.

A boraro: Leha ho le joalo ba bang ba bolela hore 1 Ba-Korinthe 7:36-38 e ama banyalani ba Bakreste ba phelang hammoho empa ba sa finyelle likamano tsa botona le botšehali. Ba tlohetseng likamano tsa botona le botšehali ka baka la mabaka a moea. Kahoo, phetolelo ea Moffatt e re: “Haeba monna a nahana hore ha a itšoara ka tšoanelo ho mosali eo e leng monyaluoa oa hae moeeng, . . .” ’Me The New English Bible e bua ka ‘molekane ho se likamano tsa botona le botšehali.’

Leha ho le joalo, tlhaloso e joalo e loantšana le seo moapostola a se elelelitseng pelenyana ho 1 Ba-Korinthe khaolo ea bosupa. Pauluse o ne a ile a bolela, litemaneng ea bone ho ea ho ea bohlano, monyetla oa hore banyalani ka nakoana ba ka ’na ba tlohela likamano tsa botona le botšehali ka tumellano ea botho. Empa a bolela hore hamorao ba lokela ho boelana e le hore ba se ke ba oela molekong. Hape, haeba Pauluse a ne a bua ka batho ba nyalaneng ba phelang ba sa kopanele likamano tsa botona le botšehali, ke hobane’ng a neng a ka khothalletsa hore ba kene lenyalong haeba takatso e ho khothalletsa?

Haeba maikutlo ana a mararo, a bontšoang Libibeleng tse ngata tse tloaelehileng, ho bonahala a sa lumellane le mantsoe a Pauluse Segerikeng, kapa le Bokreste, na ebe ho ka ba teng tlhaloso e tsitsitseng haholoanyane e fanang ka maikutlo a loketseng?

Joalokaha ho hlokomelehile, bothata bo boholo bo hlahisoa ke mantsoe ‘bohlankana ba hae.’ Ntlheng ena, se ngotsoeng tlase ho leqephe ho Emphatic Diaglott se re: “Parthenos, eo ka tloaelo e fetoleloang e le bohlankana kapa boroetsana e fetoletsoe hape e le e bolelang boemo ba bohlankana kapa boroetsana kapa ho se nyale.’ Dr. G. R. Berry o fana ka tlhaloso ea lentsoe ka lentsoe ea Senyesemane le Segerike ka mokhoa o latelang: ‘a sa itšoara hantle bohlankaneng ba hae.’ Hona ho bolela hore “bohlankana” bo ho boleloang ka bona hase ba motho e mong osele, empa ba motho ka boeena. Khale pele New World Translation e hlaha, liphetolelo tse ling tsa Senyesemane li ile tsa fana ka maikutlo ana. J. N. Darby phetolelo ea hae e re: ‘Empa ha motho a nahana hore ha a tšoara bohlankana ba hae ka tšoanelo, . . . a ke a etse kamoo a ratang, ha a etse sebe.’ (Hape bona Bibele ea J. B. Rotherham.) Polelo e ngotsoeng ka tsela eo e lumellana le temana ea Segerike le mantsoe a pelenyana a Pauluse a khothalletsang bosooa.—1 Ba-Kor. 7:29-35.

Kahoo, ho 1 Ba-Korinthe 7:36-38 Pauluse o khothalletsa batho hore ba inahane hore na seo bona ba se hlokang ka bobona ke sefe. Na motho o se a fetile nako eo ka eona thahasello ea likamano tsa botona le botšehali e bileng matla ka lekhetlo la pele?a Haeba ho joalo, haeba a ikutloa hore ho molemo ho eena ha a ka kena lenyalong, ha ho sebe se etsoang ka ho etsa joalo. Empa Mokreste ea nang le hona ho bula sebaka sa ho lula bosooa o tla ba le litšitiso tse fokolang le bolokolohi bo bongatanyana hore a sebeletse Morena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka polelo “feta palesa ea bocha,” bona The Watchtower ea November 15, 1974, leq. 703.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela