Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 3/1 leq. 13
  • Ea Tsosolosa Lelapa la Rona Moeeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ea Tsosolosa Lelapa la Rona Moeeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Buka e Thusang Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Patlo ea ’Nete e-ea Putsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ho Rarolla Mathata a Bacha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Ho Ntša Mpa—Tsebo e Tlisa Boikarabelo
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 3/1 leq. 13

Ea Tsosolosa Lelapa la Rona Moeeng

Ka Loetse ngohola mosali e mong ea lilemo li 28 o hlalositse ka lengolo kamoo buka e ncha “Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele” e bileng kofuto ea ho tsosolosa boholo ba lelapa labo moeeng. A ngola:

“Ka 1963 lelapa leso la ithuta ’nete ka ’muso oa Jehova ho Lipaki tse peli mosebetsing oa ntlo le ntlo. Ka lilemo tse tharo, ka bosupa ba rōna—ntate le ’mè le rōna bana ba bahlano—ra neela bophelo ba rōna ho Molimo ’me ra kolobetsoa.

“Leha ho le joalo, hoo e ka bang ka 1970 lelapa lohle—ntle ho ’na, la khaotsa ho ea libokeng tsa Bokreste. Hona ha utloisa pelo ea ka bohloko haholo, kaha ke ne ke sa utloisise hore na ba tlohelletse ka lebaka lefe. Ho se ea reng letho ho ’na. Ba bolela feela hore ha ba sa rata ho tsoela pele. Ka ba botsa hore na ba sa ntsane ba ikutloa hore hona ke ’nete, ’me ba re, ‘ka sebele-bele ke eona.’

“Hona ha mpherekanya ho feta kaha ke ne ke sa utloisise hore na ke joang ba ka lumelang hore ke ’nete ’me leha ho le joalo ba sa rate ho etsa letho ka ho sebeletsa Jehova. Ka 1973, ntate a buuoa pelo ka makhetlo a mabeli, leha ho le joalo a hana ho tšeloa mali ka baka la se boleloang ke molao oa Molimo. (Lev. 17:12-14; Lik. 15:28, 29) Hape, ’mè le eena a buuoa lesapo la mokokotlo ’me a hana tšelo ea mali ka lebaka lona leo. Leha ho le joalo ba ’na ba hana ho kopanela le phutheho ea Lipaki tsa Jehova.

“Ka 1975 ka kula. Lingaka tse ngata tsa mpolella hore boholo nka phela lilemo tse peli feela. Ke leboha hore e be ke phetse haleletsana. Nakoana pele ke kula khaitseli ea ka e kholo a nyalana le ea ineetseng oa Kereke ea Kreste. Khaitseli ea ka ea leka ho mo pakela ka lithuto tsa Bibele tseo a neng a sa ntsane a li lumela empa a sa etse letho ka tsona. Mosali o ne a hana ho hang ho utloa leha e le eng ka lintho tsena.

“Ka 1978 ka ba le tokelo e tsotehang ea ho ba teng kopanong ea Tumelo e Hlōlang ea New Orleans. Ka thuso ea Lipaki tse peli tse lerato ka tseba ho ea ho sa tsotellehe boemo ba ka. E bile ’na feela lapeng ea ileng a ea. Ke ne ke thabile hoo ke ikutloang eka nka hoeletsa; pelo ea ka ea utloahala e lokile hore e ka phatloha ke kananelo. Ka utloa moea oa Jehova ka matla.

“Eare ha ho lokolloa ‘Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele’ moena a nkōpa hore na a ka ntlela le ea ka kaha ke holofetse. Ka re, ‘e,’ Eaba o ea ho tla le libuka tse 12, e le ’ngoe bakeng sa litho tsa lelapa leso, ho akarelletsa bana ba banab’eso.

“Ke ne ke sa tsebe hore na ebe lelapa le tla ananela ho li fumana. Eaba ke ba bolella hore libuka ke mpho ea lerato. Ngoetsi ea lapeng eo e neng e le oa Kereke ea Kreste a bolela hore ha a nyatse ha morali oa hae a ka ba le eona. Aubre oa hae o lilemo li tharo ’me o se a tseba-tseba ho bala.

“Ka tsatsi le leng Aubre a kōpa ’mè oa hae hore na a mo balle. ’Mè oa hae a re ho lokile, eaba Aubre e monyenyane o ea lata buka ea hae ea ‘Lipale tsa Bibele,’ ’me a qala ho bala. Kamor’a nakoana ngoetsi ea lapeng ea fumana hore e mametse morali ka thahasello ea sebele. Hoba a robatse Aubre, a lula fatše ’me a bala buka kaofela.

“Bosiung boo ha khaitseli ea ka a fihla lapeng a tsoa mosebetsing, a bolella monna hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e balileng bukeng ke ’nete. ‘E bonolo haholo,’ kamoo a boletseng, ‘ha ke utloisise hore na ke ne ke foufetse hakana hore ke se ke ka e bona hobane’ng.’ Khaitseli ea ka a re o lekile ho mo hlalosetsa lintho tsena pele. Mosali a bolela hore e bile ngoana ea lilemo li tharo ka buka e buang ka Bibele ea mo entseng hore a bone ntho e ’ngoe le e ’ngoe kamoo e tšoanelehang, hobane Jehova Molimo o hlile o na le morero bakeng sa lefatše.

“Kamor’a selemo joale, ba bahlano ho ba pele ho litho tsa lelapa leso tse supileng ba boetse ba sebeletsa Jehova ka pelo eohle, empa ha ke bala bana ba bana beso kaofela ba 11. Ke leboha Jehova ka ho mpha matla a ho mamella le ho etsa kopano ena, le ho ntšoa ha buka ena e hlollang ka nako. Etlare joale ha ke robala lefung pelo ea ka e tla thabela tšepo ea ho bona lelapa leso tsohong. Oho, ‘Buka ea Lipale tsa Bibele’ e ipakile e le thabo e kaakang!”

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela