Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 4/15 maq. 16-17
  • Tšepiso ea Paradeise

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšepiso ea Paradeise
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re ka Ithuta’ng ho Senokoane?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • “U Tla ba le ’Na Paradeiseng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • “Re Tla Kopana Paradeiseng!”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Ke Bo-mang ba Tla Tsosoa Bafung? Ba Tla Phela Hokae?
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 4/15 maq. 16-17

Lentsoe la Molimo Lea Phela

Tšepiso ea Paradeise

JESU o bolella monna ea shoang ea pel’a hae: “U tla ba le ’na Paradeiseng.” Banna bana ba babeli ba pel’a Jesu ke lisinyi. E mong o sa tsoa buisa Jesu hampe: “Ekare ha u le Kreste, u ipholose, le rōna u re pholose.”

Leha ho le joalo, sesinyi se seng se lumela ho Jesu. Se retelehela ho eena, joalokaha u bona mona, ’me se re: “U nkhopole ha u kena ’musong oa hao!” Ka ho rialo Jesu tšepisa hore: “Kannete ke re ho uena kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng.”—Luka 23:39-43, NW.

Empa Jesu o bolela eng ha a re: “U tla ba le ’na Paradeiseng”? Paradeise e hokae? E tla tla neng? Na sesinyi see se tla phela moo le Jesu? Hona ke hobane’ng ha Jesu a tla lumella sesinyi ho phela Paradeiseng?

Taba ke ena, paradeise eo Molimo o neng o e entse qalehong e ne e le hokae? E ne e le lefatšeng, na ha ho joalo? Jehova Molimo a bea batho ba babeli ba pele, Adama le Eva, paradeiseng e ntle e bitsoang tšimo ea Edene. Kahoo ha re bala ka sesinyi sena “Paradeiseng,” likelellong tsa rōna re nahane ka lefatše lena le entsoeng sebaka se setle seo ho ka pheloang ho sona, kaha lentsoe “paradeise” le bolela “serapa” kapa “tšimo ea lifate le lipalesa.”—Gen. 2:8, 9.

Na Jesu Kreste o tla ba mona lefatšeng paradeiseng le eo e neng e le sesinyi? Che, Kreste o tla ba leholimong a busa e le morena holim’a Paradeise ea lefatšeng. Kahoo o tla ba le monna eo ka kutloisiso ea hore O tla mo tsosa bafung ’me a mo hlokomele nameng le moeeng. Empa ke hobane’ng ha Jesu a ka lumella motho eo e leng sesinyi hore a phele Paradeiseng?

Ke ’nete hore sesinyi sena, hammoho le batho ba bang ba baloang ka limillione bao Jesu a tla ba tsosa, ba ile ba etsa lintho tse khopo. (Lik. 24:15) Empa ba entse lintho tsena hobane ba ne ba sa tsebe thato ea Molimo. Paradeiseng ba tla rutoa hore na thato ea Molimo ke eng, ’me ba tla ba le monyetla oa ho bontša hore ba hlile ba rata Molimo ka ho etsa thato ea oona. Na ho ke ke ha babatseha hore re phele Paradeiseng moo sohle seo u se hlokang se tla hlokomeloa le moo batho ba ratanang?

Litaba tse molemo ke hore ha re sa tla ema halelele ho fihlela re fihla nakong eo. Jesu o fane ka pontšo e tla tšoaea bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho. Ha pontšo ena e phethahetse ka ho feletseng, Molimo o tla felisa bobe bohle lefatšeng. Hore pontšo ena ea phethahatsoa hona joale, le hore bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo haufi haholo, ho pakoa ke bopaki boo u tla bo bala lihlohong tse latelang.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela