Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 4/15 maq. 18-23
  • Na re Atamela Harmagedone?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na re Atamela Harmagedone?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘MAHLOMOLA A MAHOLO’ A TLANG
  • KAMOO RE TSEBANG HORE RE ATAMETSE
  • BOPAKI BO BONG HAPE
  • Bibele e Re’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Armagedone—Ke Qaleho ea Nako e Thabisang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Kamoo re Tsebang ka Teng Hore re Phela “Mehleng ea Qetello”
    Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
  • Armageddone—Seo e Seng Sona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 4/15 maq. 18-23

Na re Atamela Harmagedone?

“Mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kalo ha e e-so ho ka e e-ba teng le ka mohla o le mong.”—Matt. 24:21.

1. (a) Batho ba bang ba utloisisa hore “Harmagedone” ke eng? (b) Na Harmagedone ke ntoa e ’ngoe feela pakeng tsa lichaba?

LENTSOE “Harmagedone” ha le lume hamonate litsebeng tsa batho ba bangata. Ba bang ba le utloisisa hore ke “bofelo ba lefatše” ha batho bohle ba phelang ba tla timetsoa ’me lefatše le hlokisoe batho, mohlomong ka ntoa ea libetsa tse kotsi pakeng tsa lichaba. Ke ’nete, ka Senyesemane lentsoe “Armageddon” le supa ketsahalo ea tlokotsi, ntoa. Empa Bibele e re ke ’ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ‘ohle,’ e loaneloang sebakeng se bitsoang “Harmagedone.”—Tšen. 16:14, 16.

2. Na Harmagedone e tla bolela ho fela ha batho, kapa ha lefatše?

2 Na ntoa ea Molimo ea Harmagedone ho ka etsahala hore e bolele bofelo ba batho bohle, kapa bofelo ba lefatše le mobu? Che, ho hang ha ho joalo. Lentsoe la Molimo ka bolona lea re tiisetsa: “Jehova, ’mōpi oa maholimo, Molimo o bopileng lefatše, moetsi oa lona ea le tiisitseng, ea sa ka a le bōpela lefeela, ea mpang a le bōpetse hore le ahuoe.”—Esa. 45:18.

3. Harmagedone e tla phetha eng?

3 Ha Harmagedone e sa bolele bofelo ba batho kaofela, leha e le lona lefatše, ruri ke ho fela ha tsamaiso ea lintho (kapa, “lefatše le nang le bophelo”) Kamoo re e tsebang. Harmagedone e tla ba mokhoa oo ka oona Molimo o pshatlang ka ho feletseng litsamaiso tsa kajeno tse theohileng tsa lipolotiki, moruo, kahisano le bolumeli tse bakileng mahlomola a maholo hakana. Jehova o re: “Ke rerile ho phutha lichaba le ho bokella mebuso, ke tle ke tšollele holim’a eona khalefo ea ka, ho tuka hohle ha bohale ba ka.” (Sof. 3:8) Kahoo, ntoa ea Molimo ea Harmagedone e tla bolela ho phethahatsoa ha kahlolo ea oona e iphetetsang ho “marena,” “lichaba” le “mebuso.” Ba bang ba tla fumana kahlolo ena e iphetetsang, kamoo Bibele e bolelang, ke batšehetsi ba tsamaiso ena ea hona joale e khopo ea lintho, ‘balaoli ba sesole,’ “banna ba linatla,” “ba ruiloeng,” le “ba sa ruoang” “ba banyenyane le ba baholo.”—Tšen. 16:14; 19:18.

4. Boprofeta ba Bibele bo hlalosa maemo kamor’a Harmagedone joang?

4 Bofelo ba tsamaiso ea hona joale bo tla phetla tsela bakeng sa taolo e ncha eo ho hang e entsoeng ke Molimo, tsamaiso ea batho eo ho eona thato ea Molimo e tlang ho ‘etsoa lefatšeng joale ka ha e etsoa leholimong.’ (Matt. 6:10) Taolong eo e ncha kamor’a Harmagedone, boprofeta ba Bibele bo re bolella hore, ‘ho loka ho tla ikahela teng.’ (2 Pet. 3:13) Ke ho khathollang hakaakang, e tla ba ho thabisang hakaakang kamor’a makholo-kholo a lilemo a ho hloka toka, mahlomola, masisa-pelo le meokho! Ha thato ea Molimo e etsoa lefatšeng lohle ‘me ho hlomiloe maemo a lokileng, ho tla kenngoa nako ea thabo eo ho seng e kileng ea tšoana le eona. Bibele e bolela pele ho nako hore: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.” (Pes. 37:11) Hase feela Jesu a ileng a le bitsa “Paradeise.”—Luka 23:43.

‘MAHLOMOLA A MAHOLO’ A TLANG

5. ‘Mahlomola a maholo’ ke eng, ’me re tseba joang hore a tla ba ka nako e khutšoanyane?

5 Ntoa ea Molimo ea Harmagedone e tla ba karolo e qetellang nako e bitsoang ‘mahlomola a maholo.’ Jesu o buile ka eona ka tsela ena: “Hobane mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kaalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng le ka mohla o le mong.” (Matt. 24:21) Ha re nahana ka litlokotsi tse ’nileng tsa e-ba teng nakong e fetileng, ho totobetse hore ‘mahlomola a maholo’ a tlang e tla ba nako ea morusu oo ho seng o tla lekana le oona paleng eohle ea lelapa la motho. Empa ka mohau, e tla ba nako e khutšoanyane haholo, eo Molimo o tla e ‘khutsufatsa.’—Matt. 24:22.

6. Ke hobane’ng ha re ka talimana le ‘mahlomola a maholo’ ka tšepo?

6 Leha ho le joalo, le hoja ‘mahlomola a maholo’ e tla ba nako e mpe ho tsohle, re ka tšelisoa ke ’nete ea hore e etella pele ka potlako nako e molemo haholo ho tsohle—taolong e ncha ea Molimo. Hape, ho teng tebello e thabileng haholo ea hore ba bangata ho batho ba phelang hona joale ba tla pholoha nako eo e tlang ea khathatso! Lentsoe la Molimo le tšepisa hore “bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle” ba tla tsoa “mahlomoleng a maholo” e le baphonyohi. Le hona joale Molimo o se o hlakotse meokho eohle mahlong a bona. (Tšen. 7:9, 14, 17) Ka lebaka lena, Jesu o ne a e-na le pono e thabisang ka nako e tlang, le hoja a ne a tseba hore batho ba sa tla talimana le ‘mahlomola a maholo.’ Mantsoe a hae a tletseng tšepo ke a reng: “Etlare ha tseo li qala ho hlaha, emisang lihloho, ’me le lelale holimo, hobane topollo ea lōna e tla be e atametse.”—Luka 21:28.

7. Ke hobane’ng ha ba bang ba utloa hore litaba tsa batho li haufi le ho fihla tlhorong?

7 Ka mashome a lilemo, ke Lipaki tsa Jehova feela tse bileng mafolo-folo haholo har’a lichaba tsohle ho boleleng temoso ea nako ena e tlang ea khathatso e tla fihla tlhorong ka Harmagedone. (Mar. 13:10) Ka linako tse ling, leha ho le joalo, ba bang ba na le boikutlo ba hore koluoa e ’ngoe ea tla, hobane ba hlokomela maemo a lefatšeng a ntseng a senyeha ho ea pele ho se tšepo ea ho ntlafala ha ’nete kapa ha kamehla. Ka mohlala, ka la 4 Motšeanong, 1980, mohlophisi oa Miami Herald, Jim Hampton, o ngolile:

“Na u ikutloa u ntse u felloa ke matla ka hare ho uena mehleng ee, u na le lefito le kang le ntseng le hōla ka ho ’na la ho nyahama? Lefito le nyarosang le u hlobaetsang boroko le u bolellang hore phoso e teng e khōlō naheng ea heno, lefatšeng ka bophara? Lefito le u etsang hore u thothomele ka linako tse ling hobane u sa tsoa hlakeloa hore Harmagedone hase feela tšōmo e ’ngoe eo u e balang ka Bibeleng, ke ntho ea sebele? Le hore ka lekhetlo la pele bophelong ba hao mollo o haufi le mafura hoo Harmagedone e hlileng e tla etsahala?

“Ke na le lefito leo. ’Me ha ke lihlong ho lumela hore ho joalo, hobane ke botsitse metsoalle ea ka e mengata hore na le eona e na le lona, ’me ha ho lea mong ea le hlokang. . . .

“Mang kapa mang ea nang le kutloisiso a ka bokella hammoho liketsahalo tsa tlokotsi tsa lilengoana tse fetileng ’me a bona hore lefatše le qalehong ea pale. Ke qaleho ea bohlokoa joaloka qaleho ea mehla ea kajeno, qaleho ea kholo ea mesebetsi e meholo, kapa Mehla ea Motlakase. E tla fetola ka ho sa feleng tsela eo batho ba phelang ka eona.

“Empa ho fapana le mehla eo e qalang e neng e hlokahala haholo hore ho tsoeloe pele, ena . . . e na le matla a senyang ao lefatše le e-song ho a bone.”

Le hoja mohlophisi enoa ho hang a ne a sa talima Harmagedone ka maikutlo a Bibele, o nepile ha a bolela hore batho ba haufi le nako ea khathatso ‘eo lefatše le ea s’o bone e kang eona le ka mohla.’ Seo batho ba hlileng ba leng haufi le sona ke “mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kaalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng le ka mohla o le mong,” joalokaha Jesu a hlile a bolela.

8. Re hloka tsebo efe ea litaba, hona hobane’ng?

8 Ka baka leo, haeba re rata bophelo ’me re batla ho ea phela taolong e ncha e entsoeng ke Molimo, ho hlokahala hore haholo re ithute ka ‘mahlomola a maholo’ ana a tlang le tlhoro ea oona ea Harmagedone. Re batla likarabelo tse nang le matla a borena lipotsong tse kang: Re tseba joang hore re hlile re atamela ‘mahlomola a maholo’? Ke ketsahalo efe eo e tla ba pontšo e tiileng ea hore e hlile a qalile?

KAMOO RE TSEBANG HORE RE ATAMETSE

9, 10. Bibele e hlalosa nako e isang ‘mahlomoleng a maholo’ joang?

9 Ha Jesu a ne a bua ka ‘mahlomola a maholo’ a tlang, hape o ile a bontša bo bong ba bopaki bo neng bo tla supa ho atamela ha oona. Ka lekhetlo le leng barutuoa ba hae ba mo botsa hore na “pontso” ea “ho fela ha lefatse” hore na e tla ba efe. (Matt. 24:3) Jesu a bua ka moloko o itseng oa batho o neng o tla qala ho utloa mathata ka tekanyo eo ho seng mohla e kileng ea bonoa. A bolela pele ho nako hore moloko oo o tla ba le lintoa tsa machaba, mafu a seoa, le litlala le litšisinyeho tsa lefatše “ka nqa tse ngata.” Tsena a li bitsa “qalo feela ea tlokotsi.” Mathata a ne a tla ba maholo hoo ‘lichaba li neng li tla tsieleha li be le matsoalo,’ ka batho ba bangata ba “neela moea ke tšabo le ke tebello ea tse tla tla lefatšeng.”—Matt. 24:7, 8, 34; Luka 21:10, 11, 25, 26.

10 Lilemo tse ka bang 32 hamorao, moapostola Pauluse, tlas’a pululelo ea moea o halalelang oa Molimo, a ngola ka boprofeta ka “ho fela ha lefatše,” a re: “Mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko. Hobane batho e tla ba baithati, le ba ratang leruo, le bakaki, le baikakasi, le banyefoli, le ba sa utloeng batsoali ba bona, ba hlokang teboho le borapeli; e tla ba ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tšepeha, ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itšoara, ba sehlōhō, ba hloeang ba molemo, e be baeki, le bahalefi, le baikhohomosi.” Boprofeta hape bo bolela hore “batho ba lonya, ba thetsang, ba ea ’ne ba tsoele pele tšenyong,” bo bontša hore kamor’a ho qaleha ha ‘mehla ea qetello’ litaba tsa batho li ne li tla ’ne li theohele tlase, li tla fihla tlhorong ka ho qhoma ha ‘mahlomola a maholo.’—2 Tim. 3:1-5, 13.

11, 12. Ke hobane’ng ha selemo sa 1914 e bile sa bohlokoa paleng?

11 Ntle ho pelaelo, nako eo Jesu le bangoli ba bululetsoeng ba Bibele ba kang Pauluse ba ileng ba e supa ke eo re phelang ho eona hona joale! Ha e le hantle, e ile ea tsoela pele ho tloha “phetohong ea litaba” ea pale ea kajeno, selemong sa 1914, se boneng ho qhoma ha Ntoa ea I ea Lefatše. Bangoli ba bangata ba lipale ka nepo ba supa selemo seo e le sa bohlokoa haholo bakeng sa batho, hobane ke nakong eo moo lefatše le ileng la kena nakong ea bothata boo ho seng mohla bo kileng ba bonoa lefatšeng ka bophara. Ntoa ea I ea Lefatše e bile bopaki ba sena, kaha e bile mpe ho feta ntoa leha e le efe e kileng ea tla pele ho eona, e leng lebaka leo ka lona, ka nako eo, e ileng ea bitsoa “Ntoa e Khōlō.” E bile eona ntoa ea pele ea lefatše lohle. E bile ntoa ka mokhoa o feletseng ’me ea ama hoo e ka bang naha e ’ngoe le e ’ngoe ea lefatše.

12 Ka Ntoa ea I ea Lefatše, Martin Kieffer o ngotse kenyelletsong ea buka The First World War, e ileng ea hatisoa pele France ke Molaoli Richard Thoumin tlas’a sehloho “La Grande Guerre” (Ntoa e Kholo) e re: “Mali le meokho tsa ntoa ea Pele ea Lefatše tsa fetola ponahalo ea lefatše.” Molaoli a boela a ngola hore:

“Ha ka Pulungoana ea 1918 lihlomo li qetella li beiloe fatše, batho ba Iimillione tse leshome ba ne ba shoele, ’me ba baloang ka palo eo habeli ba kobesitsoe kapa ba holofalitsoe. Ha ho makatse haholo ha khohlano e ka bitsoa ‘Ntoa e KhōIō’ . . .

“Boholo bo ‘khethehileng’ ba Ntoa ea Pele ea Lefatše . . . e ne e le boahlamo le lipalo, ho khinoa ha mesebetsi e meholo le ho senngoa ha lintho. . . . Ha ho mohla linaha tse ngata hakaalo le mabotho a maholo hakaalo a kileng a thulana lintoeng tse khōIō hakaalo; ha ho mohla baloani ba kileng ba bolaoa kapa ba holofatsoa ka tekanyo e kaalo; ha ho mohla motho a neng a kile a ea ntoeng ka lihlomo tse matla hakaalo.”

13. Ke liketsahalo life tse ling tse potolohileng Ntoa ea I ea Lefatše tse supang hore ‘mehla ea qetello’ e qalile ka nako eo?

13 Ka 1918, pele ntoa e lala, mokakallane oa Spania oa qala ho haola le lefatše. Oa bolaea batho ba fetang limillione tse 20, ho feta palo e shoeleng ntoeng. Nakong ea ntoa le hoba e lale, ba bang ba baloang ka limillione ba bolaoa ke tlala. Hape, litšisinyeho tsa lefatše tsa nka palo e kholo: ka 1915, ha shoa ba ka bang 30 000 Italia; ka 1920 ba ka bang 180 000 ba shoa China; ka 1923 ba ka bang 143 000 ba timela Japane. Ke ka lebaka le letle Frank Peters, moqolotsi oa litaba a ileng a ngola ho St. Louis Post-Dispatch: “Tsoelo pele ea kena lefung le sehlōhō ’me mohlomong le le bolaeang ka 1914.” E, ntoa ea lefatše, mafu a seoa, litlala le litšisinyeho “ka nqa tse ngata.” Ka sebele, tsena e bile “qalo feela ea tlokotsi” e hlileng ea boleloa ke Jesu. ‘Mehla ea qetello,’ ‘nako ea bofelo,’ ruri e ne e qalile.—Matt. 24:8; 2 Tim. 3:1; Dan. 12:4.

BOPAKI BO BONG HAPE

14. Ke hobane’ng ha re ka re re kene ka ho teba “mehleng ea qetello”?

14 Hona joale, bohareng ba 1981, lilemo tse ka bang 66 li se li fetile e sa le mohla letsatsi leo le thata la 1914. Nakong eo, Ntoa ea II ea Lefatše le eona e loanne, e bolaea batho ba ka bang limillione tse 55, ’me e qetella ka tšenyo ea “atomic” ea metse e ’meli, ho kenya mehla ea “nuclear.” Ho tloha nakong eo, maemo a supa hore motho o sitoa ho rarolla mathata a hae, ’me karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea tsamaiso ena ea lintho ea senyeha. Hona hohle ho re bolella hore re kene ka ho teba “mehleng ea qetello,” le hore liketsahalo li tsamaea ka potlako ho ea ‘mahlomoleng a maholo.’

15, 16. Ba bang ba re’ng ka maemo mehleng ea rōna?

15 Ka mohlala, qetellong ea 1979 ea ithutetseng moruo Leonard Silk o ngolile: “Nako ena ea phomolo, ntho e khōlō e sebelisoang e haellang ho bonahala eka hase oli empa tšepo. Hobane, ka leshome la lilemo la bo1970 le mahlonoko le le qeteIlong ea lona, likotsi tse talimaneng le moruo oa lefatše—le khotso ea lefatše—li ntse li ja setsi.” Sengoli Max Lerner se buile tjena selemo selemong se fetileng, 1980: “Lefatše ho bonahala le fihlile boemong boo ho bona ho theoha ha matla a chelete, literaeke, ho oa, lerato la bohlanya le boferekanyi ho fihlileng moo li tiisang hore ha ho letho le sebetsang ’me ha ho ea laoloang. Na ho teng mang kapa mang le kae kapa kae ea ka laolang?”

16 Ha ba bang ba baokameli ba metse e meholo ea Linaha tse Kopaneng tsa Amerika ba botsoa hore na ke hobane’ng ha litsi tse ngata tsena tse khōlō li le boemong bo sohlokehileng hakana, e mong a arabela: “Mathata ke a sa hloloeng. Mang le mang ea sa tsielehang ke ea sa nahaneng.” Mookameli e mong a botsoa hore na metse ke e ‘sa laoloeng’ hona joale, ’me a qaqisa hore linnete “li ka etsa hore motho a nahane hore ho joalo.” Ka ho tšoanang, Gus Tyler, seqapi sa buka Scarcity, o itse: “Ho khama, ho thuha matlo, lipolao tsa sepolesa, matekoane a manyenyane ho tliselitse metse e mengata ho oa ka tekanyo eitseng.”

17. Patlisiso e tebileng e etelletsoeng pele ke lepolotiki le tsebisahalang e isitse qetong efe haufinyane?

17 Eo e kileng ea e-ba mookameli oa Riphabliki ea Majeremane Willy Brandt o kile a etella pele sehlopha se ileng sa batlisisa ka maemo a lefatše ka lilemo tse peli le likhoeli tse tšeletseng. Qeto ea bona ea e-ba ena haufi tjena:

“Qalehong ea bo1980 batho ba lefatše ba talimane le likotsi tse khōIō haholo ho feta ka nako leha e le efe ho tloha ka Ntoa ea Bobeli ea Lefatše. Ho hlakile hore moruo oa lefatše hona joale o sebetsa hampe hoo o senyang lithahasello tsa hona joale le tsa nako e teletsana tsa lichaba tsohle. . . .

“Bothata ba bofuma le tlala bo ntse bo teba haholo; ho se ho ntse ho le teng ba limillione tse 800 ba futsanehileng ho hang ’me palo ea bona e ntse e hōla; likhaello tsa lijo-thollo le lijo tse ling li ntse li holisa tebello ea tlala le sekoboto. . . .

“Bana ba pakeng tsa limillione tse 20 le 25 ba ka tlase ho lilemo tse hlano ba shoa selemo le selemo linaheng tse hōlang . . .

“Linaha tse ’maloa tse futsanehileng li sokeloa ke ho timela ho ke keng ha hlola ho lokisoa ha kamano ea lintho tse phelang ho tsona ha tse ngata li ntse Ii haelloa ke lijo ka mokhoa o hōlang ’me mohlomong li tla oeloa ke tlala ea bo-ja-likata. Moruong oa machaba ho teng monyetla oa . . . ho oa melatong ka ba kolotang haholo e le bona ba sa lefeng, kapa ho oa ha libanka . . . [le] ntoa e khōIō bakeng sa tšusumetso kapa ho laola mehloli ea lintho ho isang likhohlanong tsa sesole.”

18. Ke liphetoho life tse ling tsa haufinyane litabeng tsa lefatše tse hlakisang hore ho ntse ho lokisoa tsela bakeng sa mahlomola a maholo’?

18 Ho sena phaella qhang-qhang e tsebisahalang ea ho senyeha ha bophelo ka lapeng le lenyalong lilemong tsa morao tjena, ho phahama ho matla ha tlōlo ea molao le litoantšano tsa mefuta eohle, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le tahi e ntseng e hōla ka ho sisimosang, le leqhubu la ho hloka molao ha bana. Na ha hoa totobala hore oona moko oa tsamaiso ea batho oa oa, joalokaha Jesu a ho boletse hore ho tla etsahala pelenyana ho ‘mahlomola a maholo’? (Matt. 24:12) Ho phaella moo, hlokomela phetoho ena, joalokaha ho hlokomeleha ho World Press Review: ‘Lefatše la bo1980 le tšosa ka litsela tse ngata, e seng feela ka baka la bofuma le ho hloka toka tse baketseng ba bangata hakana mahlomola . . . empa ka baka la mechine e etselitsoeng ho senya lefatše kaofela eo batho ba bapalang ka eona.” E bitsa mechine eo ea timetso e ‘tšosang,’ ’me hase feela hobane New Scientist ea Brithani ea tlaleha: ‘Kajeno ho teng likoto tse 60 000 tsa “nuclear” tsa ntoa lipolokelong tsa kajeno tsa lihlomo, tse nang le matla a ho qhoma a lekanang le liqhomane tsa Hiroshima tse 1 250 000.’ Tse ling tsa lihlomo tseo li kotsi hoo seqhomane se le seng feela se ka fielang naha e nyenyane, kapa karolo kaofela ea naha e kholoanyane. E, ka lekhetlo la pele paleng, motho o tseba ho felisa boholo ba bophelo bo lefatšeng.

19. Ke mang eo re ka mo tšepang ho rarolla mathata a kajeno?

19 Na re lokela ho nahana hore ka mokhoa o mong, leha ho le joalo, baeta-pele ba lefatše, kaha mohlomong ba tiile, ba le bohlale, ba e-na le tsebo ea litaba le matla, ba tla rarolla mathata aa? Hlokomela se boleloang ke eo e neng e le Mongoli oa Matlotlo oa Linaha tse Kopaneng tsa Amerika Michael Blumenthal: “Ha ho ea utloisisang boemo ba hona joale ka ho feletseng. Hoo ho akarelletsa bahlanka bohle ba ’muso ba etsang melao. Ba makala joaloka uena ha u phetla koranta hoseng. ’Nete ke hore ha ho lea mong . . . ea hlileng a bileng le hona ho profeta ka nepo ka tekanyo leha e le efe mathata ao re keneng ho oona.” Empa Bibele e ho entse, ’me e phaella ka keletso ena e bohlale: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho!” Ho e-na le hoo “Ho lehlohonolo . . . eo tšepo ea hae e beiloeng ho Jehova, Molimo oa hae! . . . o boloka ’nete ka ho sa feleng.”—Pes. 146:3-6.

20. Re ka tiisa eng, ’me kahoo re hloka ha ho arabeloa lipotso life?

20 Kannete, maemo ’ohle a hlileng a boleloa boprofeteng ba Bibele a mona. Ruri re kene ka botebo “mehleng ea qetello” ea tsamaiso ena ea lintho ’me re atametse karolo e qetellang, ‘mahlomola a maholo’ ka sephetho sa oona sa Harmagedone. ’Me ke eng e tla tšoaea ho qhoma ha ‘mahlomola a maholo’? Ketsahalo e seng e le bohareng ba ho etsahala. Ketsahalo ee ke efe? Puisano ka eona e latela sehloohong se latelang.

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Taolong e ncha ea Molimo, batho ba tla ‘iketla khotsong e khōlō’

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela