Ho Tlosa Letheba la Sebe
HOBA Jehova Molimo a phethe mosebetsi oa hae oa ho bōpa, a hlahloba sohle seo a se entseng ’me a se bolela se le “molemo haholo.” (Gen. 1:31) Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e entse e ne e phethahetse. (Deut. 32:4) Ha sebe se kenella tokisetso ena e lokileng, se ile sa tšoana le kankere e sa rateheng e hlaselang ’mele o phelang hantle.
Ha e le hantle, batho ha se bona feela ba ileng ba fetohela Molimo le ho etsa sebe. Bibele e bua ka “mangeloi a sitiloeng.” (2 Pet. 2:4) Ke sebopuoa sa moea, Satane Diabolose, ea qalileng ho isa Adama le Eva tseleng ea bona e fosahetseng. (Joh. 8:43, 44) Leha ho le joalo, ha ho letho le ka etsoang bakeng sa meea ena e khopo. E ne e phethahetse ’me ea ikhethela ka boomo. Kahoo, sebe sa eona ke se sa tšoareloeng. Letheba la sebe sa eona le tla tlosoa bokahohleng ka ho timetsoa ha eona qetellong ka nako ea Molimo e loketseng.—Matt. 25:41.
Ka ho tšoanang, Adama le Eva ba ikhethela ho etsa sebe. Le hoja ba bopiloe ba phethahetse, ba etsa sebe ka boomo. Kahoo, ka bobona ba ithaopela ho ba bahlanka ba sebe, kaha Jesu ka boeena a hlalositse hore: “E mong le e mong ea etsang sebe, ke mohlanka oa sebe.” (Joh. 8:34) Ba qetella ba tlositsoe lefatšeng, ha Molimo o ba lumella ho shoa ka baka la ho se phethahale hoo ba ikenyellelitseng hona.—Gen. 3:19; 5:5.
Leha ho le joalo, ho rōna ho kahosele. Le rōna re bahlanka ba sebe, empa e se ka boikhethelo ho hang. Re baetsalibe hobane re tsoetsoe re le joalo, joalokaha eka re rekisitsoe bohlankeng le pele re tsoaloa. (Ba-Roma 5:12; 7:14) Kahoo Jehova Molimo, leratong la hae le bohlaleng, o entse tokisetso e le hore re ka tsoa bohlankeng ba sebe, haeba re hlile re ho rata.
Ho Rarolla Bothata
Litšebelisanong tsa hae le sechaba sa Iseraele, Jehova o bontšitse hore o amohela motheo oa thekollo. Ka mohlala, ha Moiseraele a ne a futsaneha ’me a tlameha ho ithekisa bohlankeng ho eo e seng Moiseraele, mohahabo ea haufi o ne a ka mo rekolla, kapa a mo lopolla, haeba a e-na le hona ho etsa joalo. (Lev. 25:47-49) Tefello e ne e sebetsoa hore e lekane hantle, hoo e leng hore thekollo e etsoa ka mokhoa o sa qhekelleng mang kapa mang.
Hape Jehova a thea motheo oa tekanyo ha ho sebetsoa molato oa sebe. Ka mohlala, haeba Moiseraele e mong a ne a ka ntša e mong kotsi ka boomo, ho latela toka o ne a tlameha ho utloa bohloko bona boo a bo entseng. Molao o ne o qaqisa hore “u tla lefa bophelo ka bophelo, leihlo ka leihlo, leino ka leino, letsoho ka letsoho, leoto ka leoto, tlabolo ka tlabolo, leqeba ka leqeba, letetetso ka letetetso.”—Ex. 21:23-25.
Ha ho bapisoa, Molimo o ne o tla lumella ho rekolloa ha batho bohlankeng ba sebe, empa hona ho ne ho tla tlameha ho etsahala tumellanong le toka. Tefello e lefuoang e ne e tlameha hore e lekane hantle, e se be nyenyane, joalokaha eka se rekolloang hase sa bohlokoa haholo. Thekollo e ne e le efe? Ak’u nahane! Seo Adama a neng a se lahlile e ne e le bophelo ba botho bo phethahetseng le bo se nang sebe ka tebello ea ho phela ka ho sa feleng. Hoo e ne e le habohlokoa haholo.
Ha ho letho leo motho a nang le lona la bohlokoa hakaalo. Le bona baruihali ba lefatše ba tlameha ho shoa ka nako ea teng. Silevera eohle ea bona le gauda li ke ke tsa lelefatsa le bona bophelo bona bo sa phethahalang, re se re sa bue ka ho reka bophelo bo sa feleng. Mopesaleme ea bululetsoeng o itse: “Ha ho le a mong oa bona ea ka tsebang ho lopolla ngoan’abo, leha e le ho ntšetsa Molimo topollo bakeng sa hae. . . . hore a ’ne a phele ka ho sa feleng, a se ke a bona lebitla.” (Pes. 49:7-9) Ka baka leo, thuso e ne e tlameha ho tsoa kantle ho moloko oa motho.
Molimo oa senola morero oa oona oa ho lokisetsa thuso hang kamor’a hore Adama le Eva ba ikhethele sebe ho fapana le kutlo. A bolela pele ho nako ho tla ha “peō” e neng e tla hanyetsa tšusumetso ea sebopuoa se khopo sa moea se neng se isitse batho sebeng. (Gen. 3:15) Ka litšenolo tse tsoelang pele, a supa lelapa le neng le tla hlahisa peō ena, kapa bana. Qetellong, litšenolo tsena tsa supa batho ba babeli ba neng ba lebeletsane e leng Josefa le Maria, ba phelang Palestina mehleng ea ’Muso oa Roma.—Gen. 22:15-18; 49:10; Luka 1:26-35.
Bana ba babeli ba tsebisoa hore Maria o tla ba le mora ea tla nka karolo ea bohlokoa ho tloseng letheba la sebe pōpong ea Molimo. Lengeloi la Jehova la tsebisa Josefa ka toro hore: “Josefa, mor’a Davida, u se ke ua tšaba ho inkela Maria, mosali oa hao, hobane se emotsoeng ke eena, ke sa Moea o Halalelang. O tla tsoala mora, ’me u tla mo rea lebitso la Jesu, hobane ke eena ea tla pholosa sechaba sa hae libeng tsa sona.” (Matt. 1:20, 21) Ke enoa ea neng a tla qetella a ‘lopolotse ngoan’abo.’
Jesu a tsoaloa e le mora oa Maria, ’me, ka baka leo e ne e le Mojode oa lelapa la Davida ka ’nete. Joalokaha ho ile ha senoloa hamorao, o ne a hlile a phetse leholimong pele e e-ba motho oa nama. Bophelo ba hae ba fallisetsoa popelong ea Maria ka matla a mohlolo a Jehova, e le hore Mora oa Molimo a ka tsoaloa e le motho. (Joh. 1:1-3, 14) Ka tsela ena, Jesu ha a ka a futsa boetsalibe bo neng bo holofalitse batho kaofela ho tla fihlela mehleng ea hae. Ho tšoana le Adama, o ne a phethahetse. Ho fapana le Adama, a lula e le ea utloang. Kahoo, ho fapaneng le pale ea motho, Jesu ke motho ea sa kang a sitoa. Moapostola Petrose o itse: “Eena ea sa kang a etsa sebe, ’me le thetso ha ea ka ea fumanoa molomong oa hae.” Pauluse a hlalosa hore Jesu o ne a ‘halalela, a’ se na molato, a se na letheba, a le kahosele ho baetsalibe.’—1 Pet. 2:22; Ba-Heb. 7:26.
Ka tsela eo Jesu o ne a e-na le ntho feela e lekanang ka molemo le bophelo bo phethahetseng ba botho: bophelo bo bong bo phethahetseng ba botho. Ha a shoa, lefu la hae e ne e se “moputso oa sebe.” (Ba-Roma 6:23) Jesu o ne a sa lokele ho shoa. Kahoo, lefung la hae a tela ntho e ’ngoe e neng e lekana hantle le bophelo bo phethahetseng bo lahliloeng ke Adama.—1 Tim. 2:6.
Sehlabelo sa Jesu ka ho lekaneng hantle se ne se e-na le phello e fapaneng le sebe sa Adama. Moapostola Pauluse o itse: “Joale ka ha bohle ba e-shoa ka Adama, bohle le joale ba tla boela ba phele ka Kreste.” (1 Ba-Kor. 15:22) Jesu o tsebile ho sebelisa bophelo ba hae ba botho bo phethahetseng e le theko ho reka batho sebeng. “Ea iteletseng libe tsa rōna, a tle a re namolele lefatšeng la joale le lebe, ka ho rata ha Molimo, Ntat’a rōna.”—Ba-Gal. 1:4.
Topollo Sebeng
Joale batho ba na le tsela ea ho tsoa! Ho lefiloe theko ea topollo. Na hona ho bolela hore joale e mong le e mong ho tla itlisa hore a lopolloe bohlankeng ba sebe ’me a khutlisetsoe phethehong? E seng joalo. Tsela eo tokisetso ena e sebetsang ka eona e ile ea hlalosoa ke Jesu ka boeena, ha a re: “Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” (Joh. 3:16) E, ba lumelang ho Jesu Kreste, eo ka eena Molimo o entseng tokisetso ea topollo, ba tla thabela bophelo bo sa feleng boo Adama ea sa utloeng a ileng a ba khaoletsa bona ka boomo.
Le hona joale, ba hlileng ba amohelang sehlabelo sa Jesu ba fumana melemo. Koana, ba sa ntsane ba sa phethahala. Nako ea Molimo ea ho khutlisetsa batho phethehong ea sebele ea botho ha e s’o fihle. Empa haeba ka baka la ho se phethehe, ba fela ba etsa sebe, hona ha ho senye kamano ea bona le Ntate oa bona oa leholimo ka ho sa feleng. Moapostola Johanne o ngolile: “Ke le ngolla taba tseo, le tle le se ke la etsa sebe. Ekare ha motho a entse sebe, re na le moemeli pel’a Ntate: ke Jesu Kreste ea lokileng.” (1 Joh. 2:1, 2) E, haeba ka baka la ho se phethahale re oela sebeng, re ka rapela Molimo motheong oa sehlabelo sa Jesu, re kholisehile hore Jehova o tla re tšoarela.—1 Joh. 1:7-9.
Na hona ho bolela hore sebe ha se sa tsotelleha? Na ka baka la tokisetso ena e lerato joale re ka etsa sebe sefe le sefe seo re ratang ho se etsa, ’me ra kholiseha hore re tla tšoareloa ka baka la sehlabelo sa Jesu? Che, ha ho joalo ho hang. Haeba re batla ho fumana molemo tokisetsong ena, re tlameha ho bontša boikutlo bona boo ba sebe boo Jesu a nang le bona. ‘O rata ho loka o hloile bokhopo,’ ’me ho be joalo le ka rōna. (Ba-Heb. 1:9) Ho tšoana le Pauluse, re ‘laee ’mele ea rōna re ithapisetse eona’ ho hlōla tšekamelo ea sebe. (1 Ba-Kor. 9:27) Hona ho akarelletsa ho utloisisa ka ho hlakileng hore na sebe ke eng le ho loanela ho se hanela. Molimo o tla re thusa ho sena, ’me ho ka fetola botho ba rōna kannete.—Ba-Roma 12:2.
Haeba, leha ho le joalo, re sa loantše litšekamelo tsa rōna tsa boetsalibe, ho ka ’na ha etsahala hore mantsoe a eang pele a moapostola Pauluse a sebetse ho rōna: “Ekare ha re etsa sebe ka boomo, ha re se re filoe tsebo ea ’nete, ha ho sa le sehlabelo se seng sa libe; e se e mpa e le tebello e tšabehang ea kahlolo.”—Ba-Heb. 10:26, 27.
Qetellong, ba bontšang hore ho sa tsotellehe nama ea bona e sa phethahalang ba hlile ba batla ho pholoha bohlanka ba sebe ba na le tebello e babatsehang haholoanyane. Ba tšepisoa monyetla oa ho phela taolong e ncha moo sebe e tlang ho ba ntho e seng e sa etsoe. Se tla be se tlositsoe ka ho feletseng pōpong ea Molimo. Ka nako eo, “ha ho sa tla etsoa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngoa thabeng eohle e halalelang ea ka, hobane lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joale ka ha metsi a aparetse leoatle.” (Esa. 11:9) Mopesaleme ea bululetsoeng o re tšepisa hore “Molotsana [kapa, ea etsang libe ka boomo] o tla ba sieo.” Ho fapana le moo, “ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”—Pes. 37:10, 11.
Liphello tsohle tse mpe tsa sebe—ho kula, lefu, ho aroha ho Molimo—e tla ba tse fetileng. (Tšen. 21:3, 4) Ho e-na le hoo, morero oa Molimo ka lefatše lena o tla phethahala ka botlalo.—Matt. 6:9, 10.
E, re leboha sehlabelo se lopollang sa Jesu, batho ba lumelang ba na le monyetla o babatsehang oa hore qetellong ba tla tsoa bokhobeng ba sebe. Kahoo, khothatso ea mopesaleme e nakong hantle: “Sesefa bobe, u etse botle, ke moo u tla lula u iketlile ka ho sa eeng kae. Hobane Jehova o rata ho loka, ’me ha a tlohele bakhethoa ba hae; ba bolokoa ka mehla.”—Pes. 37:27, 28.