Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 6/1 maq. 5-7
  • Na ke ’Nete Hore “Bohle ba Sitiloe”?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke ’Nete Hore “Bohle ba Sitiloe”?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mehlala e Meng ea Sebe
  • Ke Hobane’ng ha re le Baetsalibe?
  • Ho Tlosa Letheba la Sebe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Sebe
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Sebe ke Eng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lefatše le se Nang Sebe—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 6/1 maq. 5-7

Na ke ’Nete Hore “Bohle ba Sitiloe”?

NA U kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng, ho sa tsotellehe boiteko bohle ba batho ba tiileng, ho tla fihlela joale motho a hlōlehileng ho rarolla mathata a mo hatelletseng? Ke hobane’ng le ha a e-na le pono e hlakileng hantle ea seo a se batlang—khotso, nala, thabo, bolokolohi ho kuleng—ho bonahala a ntse a suthela hole haholo le lipakane tsena tse lakatsehang?

Lebaka le leholo le fumanoa mantsoeng ana a moapostola Pauluse: “Bohle ba sitiloe, ’me ha ba tšoaneloe ke khanya ea Molimo.” (Ba-Roma 3:23) E, boiteko bo bongata ba batho bo hlōlisitsoe ke boetsalibe ba batho.

Ba bang ba ka ’na ba belaella polelo ea moapostola Pauluse. Ba ka ’na ba re: ‘U ka kholoa joang hore ke moetsalibe? Ha ke kotsi ho bao ke ahisaneng le bona. Ke phela bophelo bo ikhutsitseng ’me ha ke etse khathatso ea letho. Ke etsa libe life?’ Leha ho le joalo, ’nete ke hore sebe se ama ho fetang ho etsa bao re ahisaneng le bona hampe kapa ho baka likhathatso. E, lintho tsena ke libe, ’me ho li qoba hoa babatseha. Empa lentsoe “sebe” le sebetsa ka mokhoa o batsi. Pauluse o le amahantse le ‘ho haelloa ke khanya ea Molimo.’ Kahoo, se amana le kamano ea rōna le Jehova Molimo, ’Mōpi oa rōna.

Mantsoe a fetoletsoeng e le “sebe” Libibeleng tsa rōna tsa kajeno pele a ne a e-na le maikutlo a “ho fosa letšoao” la kutlo e phethahetseng. Kutlo ho eng? Thatong ea Molimo. Kahoo, buka ea morao tjena e hlalosang mantsoe a Bibele e re: “Sebe ke ho oa kamanong ea botšepehi ho Molimo le ho se utloe litaelo le molao.” Kaha ho tjena, ke Molimo feela o ka re bolellang hore na o nka sebe e le eng, ’me hona o ho entse ka Bibeleng.

Mehlala e Meng ea Sebe

Pele ho tsohle, lintho tse ngata tse ntseng li amoheleha lefatšeng la kajeno li hlile li phoso. Bibele e re: “Ha e le ba litšila, ha e le ba rapelang litšoantšo, ha e le baboki le bafebi, leha e le basodoma, le masholu, le ba lakatsang leruo, le matahoa, le ba sebang ba bang, le ba utsoang, ba joalo ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo.” (1 Ba-Kor. 6:9, 10) E, bofebe, bohlola le bosodoma ke libe. ’Me ho joalo le ka ho utsoa.

Ke ’nete, batho ba bangata ba qoba ho utsoa le boitšoaro bo bobe, ’me hona ho hotle. Empa ho teng libe tse ling. Puo ea rōna, hammoho le liketso tsa rōna, e ka ba tsa boetsalibe. Ho qala leshano ke sebe. Ho joalo le ka ho seba ho etselletsang, puo ea bohale le botahoa. (Ba-Kol. 3:9; Pes. 101:5; Ba-Ef. 4:31) Ho phaella moo, Pauluse o itse: “Le se ke la korotla joale ka ba bang har’a bona ba kileng ba korotla, ’me ba bile ba timetsoa ke motimetsi.” (1 Ba-Kor. 10:10) Jakobo o ile a nyatsa ho ikhantša, ha Pauluse eena a re eletsa ho qoba puo ea booatla le mesoaso e mebe. (Jak. 4:16; Ba-Ef. 5:4) Na o teng motho har’a rōna ea ka bolelang hore kannete ha a s’o etse sebe leha e le nthong e le ’ngoe ea tsee? Hoa belaetsa. Jakobo, ngoan’abo Jesu, o itse: “Ekare ha e mong a sa khopjoe lipuong, eo ke monna ea phethehileng.” (Jak. 3:2) Na ho na le e mong ho rōna ea ka ipolelang hore o phethahetse? Che.

Morutuoa eena enoa a bolela tsela e ’ngoe hape eo re ka etsang sebe ka eona. A re: “Efela ea tsebang ho etsa botle, ’me a sa bo etse, eena o etsa sebe.” (Jak. 4:17) Hona ho ka etsahala joang? Nahana ka motho ea tsamaeang tseleng e tsamaeang batho, hang-hang feela ka tšohanyetso ngoana o tsoa a matha ka jareteng e ka pel’a hae ’me a potlakela tseleng e sephethe-phethe ea makoloi. Ho thoe’ng haeba motho eo a le boemong ba ho pholosa ngoana eo hore a ka hatoa ke makoloi empa a mo hlokomoloha a iphetela? Ke ’nete, ha ho phoso ea letho eo a e etsang. Empa ’nete ea hore o sitoa ho etsa ho hong ho thusa ngoana e ka ba sebe ho eena. Ke ka makhetlo a makae kaofela re hlōlehileng ho etsa ka tsela e hlileng e leng lerato ho batho ba bang, kapa ho Molimo? Nako le nako ha re hlōloa, ke sebe.

Maikutlo a fosahetseng le oona e ka ba sebe. Boikhohomoso le boiphahamiso li nyatsuoa ke Bibele, joalokaha ho le joalo ka bokoala. (Liprov. 21:4; Tšen. 21:8) Le eona mehopolo e fosahetseng ke sebe. Oa ho qetela ho Melao e Leshome o re: “U se ke ua lakatsa ntlo ea oa heno; u se ke ua lakatsa mosali oa hae, leha e le mohlanka oa hae e motona, leha e le e motšehali, leha e le khomo ea hae, leha e le esele ea hae, leha e le ntho e ’ngoe e leng ea oa heno.”—Ex. 20:17.

Re ka thibela litakatso tse fosahetseng joang hore li se ke tsa kena likelellong tsa rōna? Ka ho tšoareha ka ntho e ’ngoe e molemo. Empa ha hona ho sa sebetse, re lokela feela hore re hlokomele hore na ke li’ng ’me re li loantše. (1 Ba-Kor. 9:27) Litakatso tsena tse fosahetseng ke sebe mahlong a Molimo.—Liprov. 21:2.

Qetellong, bolumeli bo fosahetseng bo ka re isa sebeng. Ntle ho mekhoa e fosahetseng e kang borapeli ba litšoantšo le tšebeletso ea meea, tse haneloang ka ho toba ka Bibeleng, ho ba setho feela sa bolumeli ba bohata ho bontšoa e le sebe. E hlalosa bolumeli ba bohata e le motse o moholo oa lefatše ka bophara o bitsoang Babylona e Moholo, buka ea ho qetela ea Bibele e re: “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oela ke likotsi tsa hae.” (Tšen. 18:4) Bolumeli ba bohata bo molato oa libe tse khōlō. Bo emetse Molimo o le mong feela oa ’nete hampe, bo hlorisa bahlanka ba Molimo oa ’nete le ho itsoakanya le lipolotiki. Bohle bao e leng litho tsa bolumeli ba bohata ba kopanetse libeng tseo ka hore ba tšehetsa liphutheho tse li entseng.

Ke Hobane’ng ha re le Baetsalibe?

Ho bontšitsoe litsela tse ’maloa feela tseo re ka oelang sebeng ka tsona. Tse ling tse ngata li thathamisitsoe ka Bibeleng. Kamor’a ho nahana ka tsona, u ka fihla qetong ea hore ho thata ho qoba ho etsa sebe ka tsela ena kapa eane. Mohlomong u lumellana le Morena Salomone, ea ileng a re: “Kamoo ho seng motho ea sa sitoeng.” (1 Mar. 8:46) Molimo ka booona o hlokometse hore: ‘Tšekamelo ea pelo ea motho e mpe ho tloha bonyenyaneng ho ea pele.’ (Gen. 8:21) E, lintho tse ngata li re bakela ho etsa sebe, empa ho etsang joalo haholo ke bofokoli ba nama ea rōna.

Hona ho lokela ho ba joalo hobane’ng? Ke taba ea lefutso. Tšimolohong, batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, ba ne ba se na bothata bona. Ba ne ba phethahetse ’me ba ka etsa liqeto tse tsitsitseng le tse utloahalang ka sebe. Empa ba ikhethela ka phoso, ba ikhethela ho fetohela Molimo, ’me ka baka leo ba oela ho se phethahaleng. Ka baka la sena, ba siela bana bohle ba bona tokelo ea boetsalibe, le litšekamelo tse fosahetseng. Moapostola Pauluse o ho hlalositse ka tsela ena: “Sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong [Adama], ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle.”—Ba-Roma 5:12.

Kahoo, le ka sepheo se molemo ho feta tsohle lefatšeng, re ke ke ra qoba ho etsa sebe. Hobane’ng? Moapostola Pauluse ka boeena o boletse: “Molemo oo ke o ratang, ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo rateng, bona kea bo etsa.” (Ba-Roma 7:19) Bohle re na le bothata bo joalo.

Phello e bile kotsi bakeng sa batho. Boikemisetso bo molemo haholo ba motho bo ’nile ba tsielehisoa ke boetsalibe ba hae. Boikhabi le meharo li fella ka tšilafalo, bofuma le ho hloka toka. Ho belaella le ho se tšepe ho baka ho se tsitse likamanong tsa machaba hammoho le malapeng. Tšenyeho le tlōlo ea molao li sitisa boiteko ba linaha ho tsoela pele. ’Me motho a ka etsa ho fokolang haholo ka hona.

Ho ekelletsa moo, ka baka la boetsalibe bo futsitsoeng ba batho, molao o boletsoeng ho Ba-Roma 6:23 o leketlile joaloka leru la bomalimabe holim’a lihlooho tsa rōna: “Moputso oa sebe ke lefu.” Ha ho letho leo re ka le etsang ka borona ho qoba mahlomola a kotlo ea lefu bakeng sa libe tsa rōna, kaha ha ho letho leo re ka le etsang ho qoba ho etsa sebe ka ho phethahetseng. Haholo-holo re mohaung oa ho se phethahale ha rōna.

Na ebe ke phetho? Na ka mehla motho o tla thibeloa ke mefokolo ea hae ho bona litoro tsa hae tse phahameng ka ho fetisisa le litakatso? Che. Hoba ho teng Ea ka re thusang. Moapostola Pauluse, ha a ipoletse ho hlōleha ha hae ha botho ho qoba ho oela sebeng, o tsoela pele a re: “Ke motho ea soto hakakang! Ke mang ea tla nkholla ‘meleng ona oa lefu?” Karabelo ea hae ke hore: “Ke leboha Molimo ka Jesu Kreste, Morena oa rōna!” (Ba-Roma 7:24, 25) E, ho hlokomela hore na re kene ka ho teba hakae tlas’a matla a sebe le ho hloka thuso ha rōna ho ipholosa ho re etsa hore re ananele lerato le leholo le ho nahanela ha Molimo o re thusitseng hakana. Empa o ho entse joang?

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela