Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 6/15 maq. 20-25
  • “Jehova oa Makhotla” Pholosong!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Jehova oa Makhotla” Pholosong!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molopolli le Selekane sa Hae
  • Letsoho la Jehova ha Lea Khutsufala
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
  • Lebaka la ho Thaba le ho Nyakallela ho Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Seo ho Tsoaloa ha Sechaba ho se Boletseng ho Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Buka ea Bibele ea 23—Esaia
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 6/15 maq. 20-25

“Jehova oa Makhotla” Pholosong!

1. Kaha bahanyetsi ba teng, ho tlisetsa batho topollo e sa feleng ho tla bolela eng pele?

TLOKOTSI ea lefatše e tlang e ke ke ea baleheloa! Empa ho phekoloa liphellong tsa eona tsa lefatše lohle ruri ho tla latela. ‘Litaba tse molemo’ tsa sena li ’nile tsa tsamaisoa lefatšeng lohle ke banna le basali ba ineetseng ba tšepetsoeng molaetsa oa lefatše lohle oa topollo ea ka ho sa feleng ea batho. Boitsebiso ba bona boa tšepahala, hobane bo tsoa ho Ea amehileng haholo ka boemo ba batho ho feta mang kapa mang leholimong lohle le lefatšeng. Ka thabo, eo ka ho phethahetseng o na le hona ho lopolla batho bohle. Ha e le hantle, o rerile ho etsa joalo. Empa hore a etse joalo ho tla bolela ho loana le bahanyetsi ba morero oa hae, ntoa ea lintoa!

2. Ho ea ka Esaia 59:15b, mohlabani eo ea hlōlang ke mang?

2 Hore na mohlabani eo ea hlōlang ke mang, moprofeta Esaia o re tsebisa tlas’a pululelo ha a re: “Jehova o bone hoo, ’me e bile ntho e mpe mahlong a hae, hobane ho loka ho hlokahetse.”—Esa. 59:15b.

3. Ka papiso, lefatše lee ho Jehova e le Morena ke eng, empa na o bontšitse ho thahasella se etsahalang mona?

3 Hona joale batho ka kakaretso ha ba natse hore ’Mōpi oa leholimo le lefatše o shebile litaba tsa batho ka hloko. Eba ho hana’ng hore ’Mōpi a se ke a etsa joalo? E ’ngoe ea lintho tsa ho qetela tseo moprofeta Esaia a li ngolileng ke polelo ena: “Leholimo ke terone ea ka, ’me lefatše ke bonamelo ba maoto a ka: ho rialo Jehova.” (Esa. 66:1) Joale, na Morena enoa ea lutseng teroneng holim’a pōpo eohle, a ke ke a thahasella bonamelo ba maoto a hae ba lefatše le se etsahalang moo? O bontšitse hore oa bo thahasella. Joang?

4. Jehova o bontšitse thahasello ea hae joang ho se etsahalang bonamelong ba maoto a hae mehleng ea Noe ea tšabang Molimo?

4 ’Nete ea hore kajeno ha ho na leru le leholo la metsi a sebakeng holimo sebakeng le ho potoloha lefatše la rōna kaofela ’me kahoo le thibetse khanya e tobileng ea letsatsi, khoeli le linaleli ke kahobane Jehova a bone ho etsahalang tlase mona bonamelong ba maoto a hae bo mobu ’me a nka bohato. A etsa moroallo ka metsi ao a sebakeng mona bonamelong ba maoto a hae, e seng ho hlatsoa maoto a hae, empa ho felisa maemo a mabe a har’a batho kaofela. Tlaleho e bululetsoeng ea sena e re: “Jehova a bona bolotsana ba batho hoba bo boholo lefatšeng, le hoba ’mopo oa mehopolo eohle ea lipelo tsa bona o mobe feela ka matsatsi ’ohle. . . . Ke tla timetsa lefatšeng batho bao ke ba bōpileng . . . Empa Noe a fumana mohau pel’a Jehova.” (Gen. 6:5-8) Bohle re molato ho Noe enoa ea tšabang Molimo, hobane eena le lelapa la hae, batho ba robeli kaofela ha bona, ba ile ba haha areka ka taelo ea Jehova ’me ka eona ba feta ba bolokehile moroallong oa lefatše lohle, e le hore ba ka ba le rōna bana ba bona.

5. (a) Ho timetsoa ha Sodoma le Gomorrha ho bontša thahasello efe ka lehlakoreng la Jehova? (b) Timetso eo le Moroallo li sebelisetsoa ho bontša eng?

5 Taba e tlileng hamorao ea Sodoma le Gomorrha e tsebisahala lefatšeng. Ho timetsoa ha metse eo e boitšoaro bo bobe ea Bochabela bo Hare ho bontšitse thahasello ea Jehova litabeng tsa batho ba holim’a bonamelo ba maoto a hae. (Gen. 18:20, 21) Lota ea lokileng le barali ba hae ba babeli ba pholosoa puleng ea mollo e ileng ea chesa Sodoma le Gomorrha. Hobane’ng? Hobane, le hoja ba ne ba phela Sodoma, Lota o ne a “hlora hampe ka baka la ketso tse lihlong tsa batho bao ba manyala” ’me “a hloreha ka tsatsi le leng le le leng” ka baka la hona. (2 Pet. 2:6-8) Ntho e khahlisang ka sena ke hore ho timetsoa ha Sodoma le Gomorrha ka mollo le ho senngoa ha lefatše la khale ka Moroallo ka litšobotsi tse itseng li tšoana le phello e mabifi ea tsamaiso ea lintho ea lefatše la kajeno.—Luka 17:26-37; Matt. 24:36-39.

6. Ke hobane’ng ha ho tsamaea ha mahlo a Jehova le matla a oona a temoho li sa lokela ho nyenyefatsoa?

6 Basodoma ba kajeno, e, lihlopha tse ling tsohle tsa batho, ba iphoufatsa ha ba nyenyefatsa se boleloang ke Mangolo: “Ruri, mahlo a Jehova a qamaka lefatšeng lohle hore a emele bao pelo tsa bona e leng tsa hae kaofela.” Hape: “Mahlo a Jehova a linqalong tsohle, a qamaka ba babe le ba batle.” (2 Likron. 16:9; Liprov. 15:3) Ka baka la matla a hae a ho khetholla pakeng tsa botle le bobe, ho ne ho ka thoe ho Iseraele: “Hoja Morena [Jehova] oa makhotla a se ke a re siela leloko, re ka be re entsoe joale ka Sodoma, re ka be re tšoana le Gomorrha.”—Ba-Roma 9:29; Esa. 1:9.

7. Ke tlhōleho efe ea batho leha e le bafe kajeno e makatsang, ’me ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li sa itlhahisetse mosebetsi oo?

7 Mehleng ea Esaia, ha Jehova a sheba ’muso oa Juda ka motse-moholo oa eona o Jerusalema, ke eng ho eona e neng e le mpe mahlong a hae? Hona kaofela: “’Nete ea hlokahala, e mong le e mong ea tšabang bobe oa tlatlapuoa. Jehova o bone hoo, ’me e bile ntho e mpe mahlong a hae, hobane ho loka ho hlokahetse. O bona hobane ha ho eo e leng motho, o makala hobane ha ho morapelli.” (Esa. 59:15, 16a) Jo, ho ne ho ‘se motho’ ea finyellang se hlokoang ke nako eo, ho se motho oa morapeli ’me a ka felisa bohata, bolotsana, ho hloka toka, le “lepatlelong la motse” moo linyeoe li neng li tlisoa hore li ahloleloe. (Esa. 59:14) Le hona kajeno ho hlokomoloha molao oa Molimo le ho o loantša ho ntseng ho hōla ke ntho e makatsang, haholo kaha Bojakane bo bile teng hona joale ka lilemo tse fetang 1 650. Lipaki tsa Jehova ha lia rongoa ho lokisa litaba. Li ke ke tsa rapella le haeba li ne li ka rata ho etsa joalo. Joale?

8. Ke mang ea tlamehileng ho loana le bafosi ba lefatše, ’me ke tlotla efe e tšoanelang eo a e filoeng ho tloha lekholong la lilemo la bo12 pele ho Kreste?

8 Hona: “Jehova oa makhotla” o na le ntoa matsohong a hae. O lokela ho loanela ho loka! Ha a itšetleha ka Lekhotla la Toka la Machaba, joalokaha a sa ka a etsa lekhotla le joalo la batho ho ahlola linyeoe tsa lichaba. “Ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” e tlang Harmagedone e tla be e se ka lekhetlo la pele a tla beng a kena ntoeng le lira tsa hae tsa lefatšeng. Lekholong la bo12 la lilemo pele ho Kreste o ne a se a ntse a rapeloa e le “Jehova oa makhotla.” (1 Sam. 1:3, 11) Ha moprofeta Esaia a mo bona ponong tempeleng ea hae e halalelang, “Jehova oa makhotla” o ne a lutse teroneng e phahameng le e khanyang eo ho neng ho fofa lirafime tse mapheo a tšeletseng, li ntse li pheta hore: “Oa halalela, oa halalela, oa halalela, Jehova oa makhotla.” (Esa. 6:3, 5) Moo o ne a sa bontšoe a le seaparong sa ntoa joaloka Molaoli oa makhotla e Moholo, a latetsoe ke makhotla a hae.—Bapisa Tšenolo 4:1-3.

9. Ka baka la seo Jehova a boneng se etsahala lekholong lena la lilemo, o itlhomellela eng hona ka eng, ho ea ka Esaia 59:16b-19?

9 Ka baka la maemo a lefatše ho tloha ho qhomeng ha Ntoa ea I ea Lefatše ka 1914 e bile ho ke keng ha qojoa bakeng sa Moahloli oa lefatše hore a iponahatse e le “Jehova oa makhotla.” Leseling la seo a se boneng se etsahala lekholong lena la lilemo la bo20 C.E., o itlhomella ntoa. Esaia o mo tšoantšetsa a etsa joalo, ka mantsoe ana: “O tšepile letsoho la hae, o itšematlela ka ho loka ha hae. O apere lihlomo tsa hae; ho loka ke tšireletso ea sefuba sa hae; hlohong o roetse heleme ea poloko; phetetso eona ke seaparo sa hae; poulelo eona ke kobo eo a ipopileng ka eona. Ketso ea hore hoitseng o tla e busetsa ho motho ka hore hoitseng: khalefo ho ba mo loantšitseng, le kotlo ho lira tsa hae; o busetse le lihleke-hleke liketso tsa tsona. Ke moo ba tlang ho tšaba lebitso la Jehova Bophirimela, le khanya ea hae Bochabela; etlare ha lira li e-tla joale ka nōka, moea oa Jehova o tla li qhalanya.”—Esa. 59:16b-19.

10. Ntoa e tlang ea Jehova e tla ba tlhoro ea ntoa ea bomang mona lefatšeng, ’me lihlomo tsa see li entsoe ka eng?

10 Ntoa e tlang ea Jehova oa makhotla e tla phetha ntoa e tsoelang pele eo Lipaki tsa Jehova li ’nileng tsa e loana le eo li laetsoeng ho itlhomellela eona. Lihlomo tsa bona ke tsa moea ’me li akarelletsa senyepa sa ’nete, “tšireletso ea sefuba, e leng ho loka,” lieta tsa ‘litaba tse molemo tsa khotso,’ “thebe ea tumelo,” “heleme ea poloko,” le “lerumo la Moea, e leng lentsoe la Molimo.”—Ba-Ef. 6:11-17.

11, 12. (a) Ho roala ha Jehova “heleme ea poloko” ho bolela eng? (b) Ho apara ‘lihlomo tsa ntoa’ tsa ho loka ho supa eng, ’me ho tšepisa eng?

11 Bakeng sa ntoa e tlang ea bokahohle Jehova o roala “heleme ea poloko” empa, bakeng sa “tšireletso ea sefuba e leng ho loka,” o apara ‘lihlomo tsa ntoa’ tsa ho loka. Koana, ha a hloke lintho tse sireletsang joalo, kaha a le matla ’ohle a bile a sa shoe, a sa timele. Ka hona mona ho mpa ho sebelisoa feela mokhoa oa ho ngoloa ha puo ho tšoantšetsa ho hong. Ho roala ha hae “heleme ea poloko” ho bontša hore o hopotse ho bolokeha ha taba ea hae, haholo lithahasello tsa ’muso oa hae oa Messia. Ha ho letho leo sera se ka le etsang ho hlasela tsela ea hae le ka hlakolang morero oa hae oa poloko ka hloohong ea hae kapa la mo otla hore a o ilibanele, le mo lebatsa ona. Ha e le ka ‘lihlomo tsa ntoa’ tse temekang tsa ho loka, hore li sefubeng ho eena ho bontša hore ho rata ho loka ha hae ha ho sitisoe. Ha ho tlhaselo e etsetsoang tsela ea hae ea puso ea leholimo e ka bolaeang boineelo ba hae bo tlohang pelong ho se lokileng.

12 Joalokaha ho ngoliloe: “Ke lefika; mosebetsi oa hae o phethehile, hobane litsela tsa hae kaofela li lokile; ke Molimo o tšepehang, o se nang bokhopo; o lokile, o khabane.” (Deut. 32:4) “Ka pallo ea hae” o tla loana ho fihlela “maholimo a macha le lefatše le lecha” li emisoa tseo ‘ho loka ho tla ikahela ho tsona.’—2 Pet. 3:13.

13. (a) Ho apara ha Jehova ‘liaparo tsa phetetso’ tsa ntoa ho supa eng? (b) Ho ikapesa ha hae ka ‘cheseho joaloka kobo’ ho supa eng?

13 Jehova o tla loana e le Mophetetsi. Ke kahoo a tšoantšoang a apere ‘liaparo tsa boiphetetso e le seaparo.’ Lipaki tsa hae lefatšeng li rōmiloe ho ‘bolela letsatsi la liphetetso la Molimo oa rōna.’ (Esa. 61:1, 2) Ho ikapesa ha hae ka ‘cheseho joaloka kobo’ ho tiisa hore cheseho ea hae e tla mo khannela pele, e seng ka bohlanya kapa kelello e sa fellang, empa ka hlompho e kang eo “kobo” ea mehleng ea pele e neng e apesa ea e aparang. Ho lira tsa hae o tla fana ka litšebelisano le tšoaro e lumellanang le seo ba se etselitseng ba emeng ba sa sekisetse bakeng sa tsela ea hae ea puso ea leholimo. Le liphutheho tse nyenyane tse thōko tse kang “lihleke-hleke” li tla fumana tšoanelo ea tsona.

14. (a) Tlhōlo e khanyang ea Jehova e tla ba le phello efe ho baahi ba lefatše? (b) Ke eng ha ho se se tla thibela ho khannela ha Jehova tlhōlong Harmagedone?

14 Ka baka la ntoa ea khanya eo a tla e loana baahi ba lefatše ho tloha bochabela ho ea bophirima ba tla lokela ho mo tšaba, ho tloha ha letsatsi le likela ho fihlela le chaba. Ha ho letho le tla mo thiba bohatong ba ho hlōla. “Etlare ha lira li e-tla joale ka noka, moea oa Jehova o tla li qhalanya.” (Esa. 59:19) Ho tla tšoana le mehleng ea Moahloli Barake le Debora, ha Jehova a tlatsa “khohlo ea Kishone” ka moroallo o phallang ka potlako o ileng oa hoholella makhotla a loanang tlas’a Sisera, molaoli oa makhotla a Morena Jabine. (Baahl. 4:7, 13; 5:21) “Ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” Harmagedone o tla sebelisa Mora oa hae ea busang Jesu Kreste e le Molaoli oa makhotla a hae, joalokaha Tšenolo 19:11-21 e senola. Nakong ea ntoa eo moea o khannang oa Jehova o tla ipaka o le matla haholo ho feta liqhomane tsohle tse chefu tse tla beng li bokelletsoe ka nako eo lefatšeng.

Molopolli le Selekane sa Hae

15. Ka Esaia, ke bakeng sa mang Jehova oa makhotla a pheta-phetang ho ipolela hore ke Molopolli?

15 Ka ho pheta “Jehova oa makhotla” o itsebahatsa e le Molopolli, kapa Go·elʹ, bakeng sa bakhethoa ba hae, bao Esaia e neng e le oa habo bona. Bathong bana ba tšoantšetsang Esaia o ile a sebelisoa hore a re: “U se ke ua tšaba, uena sebokonyana, Jakobo, mosalanyana oa Iseraele; ke ’na ke u thusang, ho bolela Jehova, Mohalaleli oa Iseraele ke Molopolli oa hao.” Hape: “Empa joale, ho itsoe ke Jehova, moetsi oa hao, Jakobo, le ’Mōpi oa hae, Iseraele: Se tšabe, hobane ke u lopolotse. . . . Ke lōna lipaki tsa ka, ho bolela Jehova, le eena mohlanka oa ka eo ke mo khethileng . . . “Ho itsoe ke Jehova, Molopolli oa lōna, Mohalaleli oa Iseraele: Ka baka la lōna; ke rometse ho loantša Babylona, ’me ke tla ba lihela bohle.”—Esa. 41:14; 43:1, 10-14; 44:6, 24; 48:17; 49:26; 54:5, 8; 60:16; 63:16.

16. Ke hokae moo moapostola Pauluse a qotsang karolo ea Esaia 59:20, 21, ’me o kopanya phethahatso e feletseng ea boprofeta le phetho efe?

16 Hoo e ka bang lilemo tse 23 kamor’a lefu, tsoho le nyolohelo ea Jesu Kreste, moapostola Pauluse o ile a qotsa likarolo tsa Esaia 59:20, 21 joaloka tse phethahetseng mehleng ea Bokreste. O re: “Joale ka ha ho ngoliloe, ho thoe: Molopolli o tla tsoa Sione, ’me o tla tlosa nyefolo ho Jakobo; ’me ke sona selekane seo ke tla ba etsetsa sona, mohla ke tlosang libe tsa bona.” (Ba-Roma 11:26, 27) Moapostola Pauluse o supa ho phethahala ha boprofeta ka ho feletseng nakong e tlang ea ha litho tse feletseng tsa sehlopha sa ’Muso tlas’a Jesu Kreste se phethoa, e leng litho tse 144 000. Bana ke Baiseraele ba neng ba tšoantšetsoa, Baiseraele ba moea, ba selekaneng se secha le Jehova. Ba tšoana le lenane le lekanyelitsoeng palo la makala sefateng sa mohloare sa tšoantšetso. (Ba-Roma 11:17-26) Nako ea Molimo ea phethahatso ena e qetellang e har’a rōna!

17. Ke neng masala a Baiseraele ba moea a ileng a ithekisa botlamuoeng. ’me ke sebakeng sefe moo Molopolli a ileng a ba lopolla?

17 Joaloka Baiseraele ba mehleng ea Esaia, Baiseraele ba moea ba ithekisitse ka baka la mekhoa e fosahetseng ’me ba kena botlamuoeng ho ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, ke hore, ho Babylona e Moholo, le metsoalle ea hae ea lefatšeng. (2 Mar. 17:17; 1 Mar. 21:20, 25) Ketsahalo e totobetseng ea sena e etsahetse nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše ea 1914-1918. Bakeng sa Baiseraele ba moea ba hapiloeng hore ba boele ba fumane bolokolohi ba bona ho sebeletsa Molimo oa ’nete ntle ho thibelo le tšabo, Molopolli o ne a lokela ho hlaha lebitsong la bona. ’Me o hlahile e le Jehova ka boeena. Ka ketso ea hae e nakong e le ea joalo a ba lopollela tšebeletso ea hae. Joalokaha Sione mehleng ea Esaia e ne e le thaba e tsebisahalang ho feta tsohle eo Jerusalema e neng e le ho eona e le motse oa moreneng, ke Sione ea sebele eo ho eona Jehova a neng a tlameha ho tsoa ho eona ho tla lopolla sehlopha sa ’Muso. (Tšen. 14:1; Esa. 24:23; 52:7) Joale masala a lopolotsoeng a Iseraele oa moea a furalla liphoso tsa oona ho Jehova, a lokoloha likamanong tsohle le Babylona e Moholo.—Tšen. 18:4.

18. Ntlheng ena, Jehova o sebelisa mang e le moemeli oa hae, ’me ke ntoeng efe moo enoa a tšoantšetsoang a loana?

18 Mesebetsing ea hae Jehova o sebelisitse Mora oa hae Jesu Kreste e le moemeli oa hae kapa “lenqosa la selekane.” (Mal. 3:1) E le Cyruse e Moholoanyane, Jesu Kreste a qala ka ho lokolla Baiseraele ba moea joale metsoalle ea bona e tsoang ho Babylona e Moholo. (Esa. 44:28 ho ea ho 45:7) Ho Tšenolo 19:11-21 o tšoantšetsoa e le eo ka ho toba a loanang “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” Harmagedone.

19. Ke litumellano life tsa “selekane” tseo Jehova a li etsang le Esaia e Moholoanyane, Jesu Kreste, lebitsong la masala a lopolotsoeng a Baiseraele ba moea?

19 E le Esaia e Moholoanyane, Jesu Kreste ke Moprofeta eo Jehova a entseng selekane lebitsong la masala a lopolotsoeng a Baiseraele ba moea. Selekane sena se lumellana le tšepiso e ho Esaia 59:21: “Moea oa ka o lutseng ho uena, le litaba tsa ka tseo ke li beileng molomong oa hao, ha li sa tla tloha molomong oa hao le melomong ea bana ba hao, le melomong ea bana ba bana ba hao, ho bolela Jehova, joale le ka ho sa feleng.”—Bapisa Liketso 3:22, 23.

20. Ke ho isa kae moea oa Jehova o bileng ho Esaia e Moholoanyane, ’me ke eng kajeno e pakang hore mantsoe a Jehova ha a ea tlosoa molomong oa “bana” bao Molimo o ba fileng Jesu Kreste?

20 Moprofeta Esaia le “bana” ba hae ba tlhaho ke khale ba fetile lefatšeng. Leha ho le joalo, Esaia e Moholoanyane, Jesu Kreste, o phela e le ea sa boleng, letsohong le letona la Molimo maholimong. Moea oa Jehova o holim’a hae ka matla. (Esa. 61:1-3; Luka 4:16-21) Hape, “mantsoe” a Jehova a kentsoe molomong oa hae, hore a a bolele ka ho khethehileng lefatšeng lohle. Lebitsong la seo o kentse mantsoe ao molomong oa “bana” ba moea bao Jehova a mo fileng bona. Hona ho felletse ka ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’muso o hlomiloeng oa Molimo lefatšeng ka bophara.—Matt. 24:14.

21. (a) Ke bafe, ho tloha ka 1935, ba nkileng molaetsa oa kajeno ho o kenya melomong ea bona? (b) Ke neng “Jehova oa makhotla” a tla tlameha ho tla lopolla, a itumisa hore ke mang?

21 Ho tloha ka selemo sa 1935 “bongata bo boholo” bo fetohile metsoalle ea masala a Baiseraele ba moea. Ba nkile molaetsa oa ’Muso, ’me melomo ea bona ea tleroha ke oona, hammoho le temoso e buang ka boiphetetso ba Molimo ho lira tsa Oona. (Tšen. 7:9-17) Lira tse joalo li ntse li leka ho khutsisa molaetsa oa ’Muso. Li hlōlehile ho sena, lira tse kokobelitsoeng li tla hlasela la ho qetela holim’a bakhomareli bohle ba tšepahalang ba ’muso oa Molimo ka Kreste. Joale, ho feta leha e le neng pele, “Jehova oa makhotla” o tla tlameha ho tla pholosa. Hona o tla ho etsa ka molaoli e moholo oa makhotla a hae, Jesu Kreste “Morena oa marena.” Ke teng, tlo, “Jehova oa makhotla,” ’me e se eka tlhōlo ea hao e khanyang ka Kreste e ka lula libukeng tsa boikhopotso tse ke keng tsa hlakoha tsa leholimo lohle le lefatše ho tumisoeng ha hao ha ka ho sa feleng u le Morena oa bokahohle bohle ea sa hanyetsoeng!

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela