“Tebello ea Tse Tla Tla Lefatšeng”
Taba ea hore batho ba ne ba tla batlisisa liketsahalo tsa nako e tlang ’me ba tlale tšabo e totobatsoa ke mantsoe a boprofeta ba Jesu Kreste a fanang ka pontšo ea nako e tlang. Ho Luka 21:25, 26, o boletse hore “lefatšeng llchaba ii tla tsieleha, li be le matsoalo, . . . ke tšabo le ke tebello ea tse tla tla lefatšeng.”
Buka e khethehileng ea maqephe a 800 e nang le sehloho “Global 2000 Report to the President” e tsoang Lefapheng la Naha la U.S. le Lekhotla la Boemo ba Tikoloho e bontša bonnete ba mantsoe a Jesu. Buka ena ea linnete tse bokelletsoeng e ne e lemosa “ka mathata a lefatše lohle a neng a tla mpefala haholo selemong sa 2000.” “Times” ea New York e bolela hore ho ea ka mantsoe a buka, “bohato bo ka nkuoang ke lichaba tsohle ho thibela tlala, sepenya sa batho, tšilafalo, litlhahisoa tsa lefatše, bo se bo tla felloa ke nako.” Mookameli oa Banka ea Lefatše Robert McNamara o itse: “Ka sebele boemo ba lefatše bo lerootho haholo lilemong tse mashome a mabeli ho tloha joale—ntle le haeba re etsa ho itseng.”
Boemo bo kotsi bo ka ’nang ba etsahala bo ka akaretsa: ho fetoha ha karolo e kholo ea lefatše lehoatata, lehlabathe le koahela sebaka se neng se nonne hantle sa mapolase, ho nyamela ha mefuta ea lintho tse phelang e limillione tse peli, batho ba likete-kete tsa limillione ba bolaoang ke tlala, le mathata a mang a lefatše. Na mebuso e nkile mehato ho rarolla litaba? Peho ena itse: “Pheko maemong ana e thata ’me e hloka nako e ngata [hobane mathata] a rarahane haholo le ho phehella—bofuma, ho hloka toka, le lintoa tsa batho.”