Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 7/1 maq. 28-30
  • “Ngoan’a Tali, o Tsejoa ka Mereto”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ngoan’a Tali, o Tsejoa ka Mereto”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • TSELA E NKILOENG KE ASA
  • A PUTSOA KE JEHOVA
  • TŠEKAMELO EA HO THELLA
  • “Moputso o Teng Bakeng sa Mosebetsi oa Lōna”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • “O Ile a Sebeletsa Jehova ka Pelo Eohle Bophelo Bohle ba Hae”
    E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Etsa Lintho ka Bohlale Nakong ea Khotso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 7/1 maq. 28-30

“Ngoan’a Tali, o Tsejoa ka Mereto”

E Seng Tabeng ea Asa!

NTAT’AO o ne a le joang? Kapa, haeba u mosali, ’m’ao o ne a le joang?

Polelo e tloaelehileng ea Sesotho ke hore “Ngoan’a tali o tsejoa ka mereto.” Maikutlo a joalo a teng le Sejeremaneng Der apfel fällt nicht weit vom Stamm. (Apole ha e oele hole haholo le kutu.) Lipolelo tsena li hlaha ’neteng ea hore ngoana hangata o ba le litšobotsi le maikutlo ao motsoali oa hae a bileng le oona pele ho eena.

Na ho joalo ka uena? Mohlomong batho ba bile ba bolela hore u etsa kapa u nahana joaloka motsoali oa hao. Na u khahlisoa ke hoo? Na u rata ho tšoana le ntate oa hao kapa ’mè?

Mohlomong u ka nahana ka lintho tse ngata tse ratehang ka motsoali oa hao tseo u ka thabelang ho li bontša ho uena. Empa ho joang haeba kannete motho a bona hore tsela ea bophelo ea motsoali oa hae e ne e hanana le metheo e meng ea Bibele? Koana, a ke ke a fetohela motsoali ea joalo pepenene. Empa ha ho talingoa hore na tšusumetso ea botsoali e matla hakae, mora kapa morali ea boemong boo ho tla hlokahala hore a iteke ka tieo le ka tiisetso ho hōlisa litsela kapa maikutlo a sa lateleng mohlala oa motsoali. Empa ho tla tšoaneleha hore a etse joalo, haholo haeba hona ho tla atametsa bana haufi le Molimo, Ntate oa rōna oa leholimo. Hona re ka ho bona ka mohlala o khahlisang oa Bibele oa Asa.

TSELA E NKILOENG KE ASA

Lekholong la bo-10 la lilemo B.C.E. Asa ea e-ba morena oa Juda. Ntat’ae Abijame (Akija) o ne a beile mohlala o mobe; ho e-na le ho tšepa Jehova Molimo ka cheseho, ntate oa Asa a mamella borapeli ba litšoantšo ‘linqalong tse phahameng’ tsa borapeli ba bohata. Ho sena, Abijame “a tsamaea libeng tsohle tse entsoeng. ke ntat’ae” Roboame. (1 Mar. 14:22-24; 15:3) Kahoo na u nahana hore mora oa Abijame, Asa, o ne a ka kheloha mohlala o sa tšepahaleng? Kapa, ‘ngoan’a tali o ne a tla tsejoa ka mereto’?

Pale e ngoliloeng e senotsoeng ka Mangolong e bontša hore Asa ha a ka a latela mehato ea ntat’ae kapa ntat’ae moholo. “Asa a etsa tse lokileng mahlong a Jehova, joale ka ntat’ae moholo Davida.” E, a ikhethela hore a se ke a tšoana le ntat’ae ea mo tsoalang, leha e le eena ntat’ae moholo. A etsisa moholo-holo oa hae, Davida, ka ho chesehela borapeli ba ’nete. Bibele e tsoela pele e re ka Asa: ‘A tlosa ba-Sodoma naheng, a tlosa litšoantšo tsohle tse entsoeng ke bo-ntat’ae.’ (1 Mar. 15:11, 12; 2 Likron. 14:2-5a) A tsoa letšolo le matla ho loantša borapeli ba litšoantšo.

A PUTSOA KE JEHOVA

Tumelo ea Asa ho Jehova ea putsoa haholo. Joang? Kamor’a nako lebotho la banna ba millione tlas’a Zerake Moethiopia la futuhela ’muso oa Juda. Morena a ipiletsa ho Ea Holimo-limo ka mantsoe ana: “Oho, Jehova, ha ho e mong ea ka namolelang ea se nang matla ho ea nang le matla, ha e se uena; re tlatse, Jehova, Molimo oa rōna, hobane re itšetlehile ka uena, ’me re futuhetse bongata boo ka lebitso la hao. Ke uena Jehova, Molimo oa rōna.”—2 Likron. 14:9-11.

Molimo oa mamela morena enoa ea neng a ipaka hore ha a tšoane le ntat’ae. Ka thuso ea Molimo, bafo ba Asa ba atleha ho nyelisa lira tsa Baethiopia ka tlhōlo.—2 Likron. 14:12, 13.

Kamor’a sena moprofeta Azaria a kopana le Asa ’me a mo khothalletsa le bafo ba hae ho tšepahala ho Jehova, a re: “Jehova o na le lōna mohla lōna le nang le eena. Ha le ka ’na la ’matla, o tla ’ne a fumanoe ke lōna; ’me ha le ka mo furalla, o tla le furalla le eena.” Mohlomong a bua ka nako e mahlonoko ea borena, pele bo qaleha, Azaria a tsoela pele: “Ka tšiu tse ngata, ba-Iseraele ha ba ka ba e-ba le Molimo oa ’nete, . . . mefere-fere e mengata e ne e le teng ho bohle ba ahileng lefatšeng; ’me sechaba se seng se ne se thulana le sechaba se seng, motse o mong o thulane le motse o mong; hobane Molimo o no o ba ferekanya ka mahlomola a mangata a mefuta.” Empa ho ne ho sa hlokahale hore ho be joalo. Haeba batho le morena ba ne ba ipaka ba fapane le bo-ntat’a bona moholo ba sa tšepahaleng, moprofeta a re “moputso o tla ba teng bakeng sa seo le se etsang.”—2 Likron. 15:1-7.

Asa le bafo ba hae ba lumellana le mantsoe a Azaria. Ba tsoela pele ka se neng se qaliloe ho hloekisa sechaba borapeling ba litšoantšo. Tempeleng ea Jehova, ba bea aletare hape boemong bo lokileng, hobane ka ho totobetseng e ne e silafalitsoe pelenyana. Kopanong e neng e entsoe selemong sa bo-15 sa puso ea Asa, sechaba sa itlama ho sebeletsa Jehova ’me sa lumellana hore ba hanang ka boomo ho etsa joalo ba bolaoe. Har’a bao ba bokaneng e ne e le ba bangata ba tsoang ’musong oa meloko e 10 ba neng ba balehetse ho Asa “ha ba bona hoba Jehova, Molimo oa hae, o na le eena.”—2 Likron. 15:8-15.

Ha e le ka Asa, ha ka a ithiba hore a ka nka bohato ka nkhono’ae ea rapelang litšoantšo Maaka, ea neng a nkoa e le ‘mofumahali’ ’musong. “Kahobane a entse setšoantšo sa Ashtarothe,” kapa molimo oa mosali oa linqalo tse liphahameng, Asa ha a ka a mo lumella ho tsoela pele setulong sa hae.—1 Mar. 15:13; 2 Likron. 15:16.

TŠEKAMELO EA HO THELLA

Mang kapa mang ea ikhethetseng ho fapana ka litsela tse ling le motsoali ea sa rapeleng Molimo o tla fumana hore o lokela ho iteka ntle ho khaotso e le hore a hlaolele botho ba Bokreste. Ka nakoana motho a ka ’na a bonahala a atleha ho fapana, empa a boela a thellela mohlaleng oa motsoali oa hae oa monyefoli ha a hōla kapa a le tlas’a khatello e khethehileng. Re ka hlokomela kotsi eo bophelong ba Asa.

Ke ka “selemo sa mashome a mararo a metso e tšeletseng sa ho busa ha Asa”b ha Morena Baesha oa Iseraele a futuhela ’muso oa ka boroa oa Juda. Ho thibela bafo ba hae ho balehela ho Asa, Baesha a qala ho sireletsa motse o meeling oa Rama. Ho e-na le ho ’na a tšepa tšireletso ea Jehova, Asa a qapa mano. Asa a reka ka mpho Morena Benhadade oa Syria hore a senye selekane sa hae le ‘muso oa Iseraele oa meloko e 10. Basyria ba futuhela metse ea Baiseraele e ka leboea, ba qobella Baesha ho emisa mosebetsi oa hae oa ho haha le ho tlosa mabotho a hae Rama. Asa a laola bafo ba hae ’me hape a futuhela sebaka sa ’muso oa meloko e 10. Ba hapa thepa ea mohaho e Rama ’me ba e sebelisetsa ho haha Geba le Mitspe.—2 Likron. 16:1-6.

Leha ho le joalo, ketso ea ho hloka tumelo ea Asa ea hlokomeloa ke Jehova. Ka moprofeta oa hae Hanani, Molimo oa re ho Asa: “U itšetlehile ka morena oa Syria, ’me u sa ka ua itšetleha ka Jehova, Molimo oa hao, . . . Ha ke re, ba-Ethiopia le ba-Lybia e ne e le sera se seholo se nang le makoloi le bapalami ba bangata-ngata? Leha ho le joalo, kahobane u no u itšetlehile ka Jehova, a ba neela matsohong a hao. Ruri, mahlo a Jehova a qamaka lefatšeng lohle hore a emele bao pelo tsa bona e leng tsa hae kaofela. U entse ka bothoto; hobane ho qala joale, u tla ’ne u hlaheloe ke lintoa.”—2 Likron. 16:7-9.

Ha a utloa mantsoe ana, na Asa o ile a ikokobetsa? Che. A iphetetsa, a laela hore Hanani a kenngoe litlamong. Asa a qala le ho hatella bafo ba bang ba hae. Lilemo tsa ho qetela tse tharo tsa Asa tsa e-ba bosula. A tšoaroa ke bohloko ba maoto, mohlomong borurusi. Empa le hona tabeng ena, ha a ka a talima thuso ho Jehova Molimo empa a batla pheko ho lingaka tseo mohlomong li neng li sebelisa boloi boitekong ba ho phekola. Kamor’a ho busa ka lilemo tse ka bang 41, Asa a shoa.—1 Mar. 15:23, 24; 2 Likron. 16:10, 12-14.

Bophelo ba Asa bo bontša ka ho hlakileng hore re ke ke ra hlokomoloha tšusumetso ea batsoali ba rōna, tšusumetso ea bobe kapa ea botle. Empa Asa a bontša hore ‘ho tsejoa ha ngoan’a tali ka mereto’ hase molao o ke keng oa qojoa.

[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]

a Likronike tsa Bobeli 15:17 le 1 Marena 15:14 li bontša hore ‘Asa ha a ka a tlosa linqalo tse liphahameng.’ Hona ho ka ’na ha bolela hore, ho sa tsotellehe hore li ne li tlositsoe pelenyana, linqalo tse liphahameng mohlomong li ile tsa kenella hape pusong ea Asa. Kapa, mohlomong linqalo tse liphahameng e le litsi tsa borapeli ba litšoantšo li ile tsa tlosoa, ha borapeli bo sa lokelang Jehovah linqalong tse phahameng bo ’nile ba tsoela pele.

b Ka ho totobetseng a sa bale puso ea hae ea sebele ho tloha mehleng ea ha meloko e 10 e ikarola ntlong ea borena ea Davida.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela