Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 5/1 maq. 8-9
  • A Hlorisoa ha e le Ngoana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • A Hlorisoa ha e le Ngoana
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Abrahama le Sara ba ba le Mora
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Molimo o Leka Tumelo ea Abrahama
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Abrahama le Sara—U ka Etsisa Tumelo ea Bona!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 5/1 maq. 8-9

Lentsoe la Molimo Lea Phela

A Hlorisoa ha e le Ngoana

JOALOKA mocha, mohlomong u ho fumana ho le thata kajeno hore u be Mokreste. Mohlomong u songoa ka baka la ho se tsube kapa ho se noe lithethefatsi. Kapa mohlomong u hlorisoa ka baka la ho se kopanele meketeng kapa litšebeletsong tse hananang le metheo ea Bibele. Hona ho hopotsa ka ho hlorisoa ha Isaaka, mora e monyenyane oa Abrahama le mosali ea ratoang oa hae Sara.

Ho Isaaka khathatso e qalehile mohla mokete oo Abrahama a neng a o entse mohla Isaaka a khoesoang. Ka nako eo, Isaaka o ne a batla a le lilemo li hlano. Basali ba ne ba anyesa bana haleletsana mehleng eo. Nakong ea mokete, Ishmaele, mora oa Abrahama ea lilemong tsa bocha oa lekhabunyane la hae la Moegepeta Hagare, a qala ho soma le ho tšeha ngoan’abo. Hona e ne e se komang ea bana feela. E ne e le ho songoa ho mano ha ngoana e monyenyane haholo. Bibele e re Ishmaele o hlile a qala ho “hlorisa” Isaaka.—Ba-Gal. 4:29.

Sara a bona ho etsahalang, ’me a se ke a ho rata. Ka ho totobetseng Ishmaele o ne a hlorisetsa Isaaka taba ea hore na ke mang ea tla amohela e le lefa seo e leng sa Abrahama. Eaba Sara o ea ho Abrahama ’me a re: ‘Bolella Hagare le mora oa hae hore ba tsamaee. A ke ke a kopanela lefa la mor’a ka Isaaka.’

Abrahama a ferekana ke hona. O ne a sa batle ho leleka Ishmaele, kaha le eena e ne e le mora oa hae. Empa Molimo oa bolella Abrahama hore a mamele mosali oa hae Sara. Eaba Abrahama o nea Hagare le Ishmaele tse hlokahalang leetong la bona ’me a ba nea tsela.—Gen. 21:8-14.

Motho ea hlorisoang a ka tšelisoa ke tlaleho ena ea Bibele ea Isaaka. Hobane’ng? Hobane litšomo tsa Ishmaele li ile tsa emisoa ka nako ea teng. Jehova Molimo a bona hore Abrahama o nka bohato ho tlosa mohloli oa bothata lapeng la hae. Ho joalo le kajeno, Molimo le ka mohla o ke ke oa u tlohella ho hlomoha ho feta kamoo u ka mamellang. O tla u nea matla a ho mamella, kapa o tla bona hore mohloli oa bathata o qetella o tlositsoe.—1 Ba-Kor. 10:13.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela