Meputso ea ho Ruta Bana ka Tsela ea Molimo
“LŌNA bontat’a bana, le se ke la halefisa bana ba lōna; le mpe le ba hōlise ka ho ba laea le ka ho ba rutela Moreneng.” (Ba-Ef. 6:4) Mantsoe ana a bontša hore Jehova Molimo o bea boikarabelo bo boholo ba ho ruta bana tsela ea Molimo ho Ntate. Ha ntate a phelela boikarabelo boo a bo filoeng ke Molimo, lelapa lohle le atamelana hammoho le ho matlafala. Empa ke eng se ka etsoang ke mosali oa Mokreste ha monna oa hae a sa lumela?
A ka etsa sohle se matleng a hae ho ruta bana ba hae. A ntse a hlokometse hore a se ke a ba furallisa ntate oa bona, a ka loanela ho sebelisa hantle menyetla ea ho bua le bona ka ’Mōpi le litšoaneleho tsa Hae. Leha monna oa hae a ho hanela, Jehova Molimo o ntse a mo tlamile ho ruta bana ba hae kamoo ho ka khonehang. Bibele e re: “U se ke ua furalla thuto ea ’m’ao,” le hore “ngoana ea leoatla ke mapalesa-pelo ho ’m’ae.” (Liprov. 6:20; 10:1) Ho qoba lihlong tsa hore bana ba etse ka booatla kamoso, ke hantle ha a ba susumelletsa botleng litabeng tsa moea.
MOHLALA OA BOHOLO-HOLO
Hoa hlokomeleha hore basali ba lumetseng ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba fana ka thuto ea Mangolo. Timothea, ka mohlala, o tsebile “mangolo a halalelang” ho tloha boseeng ka boiteko ba ’m’ae Eunice le nkhono oa hae Loisa. Bibele ha e bolele hore na ntate oa Timothea ea sa lumelang oa Mogerike o ne a lumella kapa a hanela Eunice ha a ruta mora oa bona ka tsela e joalo. Le haeba taba e ne e le efe, Eunice o entse hantle ho jara boikarabelo ba hae. Boiteko ba hae ba bea litholoana tse molemo. Timothea “o na a rorisoa, ke baena ba Lystra le Ikone.” (Lik. 16:1, 2; 2 Tim. 1:5; 3:15) Ka Timothea, moapostola Pauluse o ile a ngola: “Hobane ha ke na e mong eo pelo ea hae e tšoanang le ea ka joale ka eena, leha e le ea hlokomelang taba tsa lōna ka sebele joale ka eena. Hobane bohle ba ipatlela tsa bona, e seng tsa Jesu Kreste. Empa eena, le tseba liketso tsa hae, kamoo a ntšebelelitseng Evangeling, joale ka ngoana ha a sebeletsa ntat’ae.” (Ba-Fil. 2:20-22) E tlameha ebe Eunice o ile a thaba haholo ha a bona mora oa hae a sebelisoa ke Molimo ho sebeletsa liphutheho tsa batho ba oona. Ebile moputso o motle hakaang bakeng sa mosebetsi oa hae o boima!
KATLEHO EA KAJENO HO RUTENG BANA
Basali ba Bakreste ba mehleng ea kajeno ba hlohonolofalitsoe ka mokhoa o tšoanang. Mosali oa Moafrika eo monna oa hae a neng a hanyetsa boiteko ba hae ba ho ruta bana ba bona Lentsoe la Molimo oa pheta: “ka ’na ka ithuta Bibele le bana ba ka. Ka ithuta le bona har’a naha. Ha ke ne ke tlameha ho ho etsa lapeng, e mong oa bara ba ka o ne a lula monyako e le molebeli. Ka ho etsa ka lilemo tse ngata. Ke ne ke rapela Jehova tsatsi le leng le le leng bakeng sa bana ba ka.” Phello e bile efe?
O tsoela pele: “Ruri Jehova a arabela lithapelo tsa ka. Morali oa ka o nyetsoe, ’me monna oa hae o sebeletsa e le moholo phuthehong eo ba kopanelang le eona.” Bara ba mosali enoa le bona ba loanela ho phela tumellanong le Mangolo. O qetella ka hore: “Thuto ea ka ea lelapa e ile ea hlohonolofatsoa ka sebele. Ke lakatsa ho leboha Jehova bakeng sa tsela eo a arabetseng lithapelo tsa ka ka eona.”
Mosali e mong oa Mokreste o re: “Ha sekolo se tsoile e bile e le pele monna oa ka ea sa lumelang a khutlela lapeng, ho tsoa mosebetsing, ke ne ke fumana nako ea ho ithuta le banana ba rōna ba babeli. Ka linako tse ling ke ne ke bua le bona ka boitšoaro bo botle ba Bokreste le lintho tseo ke li utloileng libokeng. Joale ke thabetse se qetelletseng se hlahile. Ngoanana e mong o nyetsoe ke mohlanka ea sebeletsang. E mong o tsoella hantle. Ruri Jehova o arabetse lithapelo tsa ka.”
Ka ho hlakileng, hore Jehova a hlohonolofatse boiteko ba rōna, thapelo ke ea bohlokoa haholo. Ho hlokahala hore Bakreste ba etse ka matla le hore ba se nyahamisoe ke nako le boiteko tse hlokahalang ho ruta bana ba bona tlas’a maemo a bosula. Ka thuso ea moea oa Molimo, motho a ka atleha.—Luka 13:24; Ba-Fil. 4:13.