Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 7/15 maq. 9-16
  • Na Letsatsi la Molimo la Liphetetso le Haufi?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Letsatsi la Molimo la Liphetetso le Haufi?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E! HO JOALO KA SEBELE!
  • PHETETSO EA MOLIMO—NA E LOKETSE?
  • MASOABI A NGATAFALA
  • HO TSEBA ‘SEOTSOA SE TUMMENG’
  • “TLOHANG HO EENA, LŌNA SECHABA SA KA”
  • Hobane’ng ha Molimo o Lerato o Tla Iphetetsa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Letsatsi la Molimo la Phetetso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ho Tla Etsahala’ng ka Bolumeli?—Bibele e Reng?
    Lihlooho Tse Ling
  • “Ke Khotso, ha ho Kotsi”—Joale, “Ke Mohla Timetso e Tla ba Tsometsa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 7/15 maq. 9-16

Na Letsatsi la Molimo la Liphetetso le Haufi?

“Jehova o beile letsatsi la tefetso.”—Esa. 34:8.

1. Na Luka 21:25, 26 e sa sebetsa kajeno?

JESU KRESTE o hlile a bolela ka nako ea ha Molimo o tla iphetetsa e le e tla khetholloa ka ‘tsieleho ea lichaba li sa tsebe tsela ea ho tsoa’ ka baka la mathata a tla beng a tsokotsa tsamaiso ea batho. A bolela hore batho “ba tla neela moea ke tšabo le ke tebello ea tse tla tla lefatšeng.” (Luka 21:25, 26) Na re bona boemo bona ha re fetetse ho 1981?

E! HO JOALO KA SEBELE!

2. (a) Ke eng se supang hore Tšenolo 11:15, 18 e qalile ho phethahala ka 1914? (b) Liketsahalo tsee ke selelekela sa eng?

2 Tlokotsi ea hona joale ea lefatše ke lehlomela la ho tsieleha ho ntseng ho hōla har’a batho ho tloha ha lichaba ka lekhetlo la pele li momana ntoeng e feletseng ka selemo sa 1914. Ho ea ka boprofeta ba Tšenolo khaolo ea 11, selemo seo sa ha “lichaba li ne li halefile”—1914—hape sa tšoaea nako ea ha ka nepo ‘mebuso ea lefatše e fetohile ’muso oa Morena [Jehova] le oa Kreste oa hae.’ (Tšen. 11:15, 18) Ho beoa teroneng hona ha Kreste ka matla a ho busa ke bohato ba mathomo bo hlekang tsela ea ho phethahatsoa ha boiphetetso.

3. Likereke tsa Bojakane li eme kae le molaetsa oa Molimo oa phetetso le matšeliso?

3 Kajeno, na ho na le ea rōmiloeng ke moea oa Molimo ho bolela letsatsi la liphetetso tsa Jehova le ho tšelisa bohle ba llang? E, empa ha se likereke tsa Bojakane. Ha li na molaetsa oa sebele oa matšeliso; leha e le hore ba batla Jehova e le Molimo oa bona. Hase feela hore ba qoba ho sebelisoa ha lebitso la Jehova, empa ba hlorisa Bakreste ba ’nete ba hlomphang lebitso leo.

4. Re na le mabaka afe a ho thaba?

4 Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova li thabela ho jara lebitso la Molimo, le leholo ho ’ohle bokahohleng! Ba thabela ho bitsoa Lipaki tsa Jehova. Ba thabile ka ho fetisisa hore, ho tloha ha ho hlomiloe ’Muso ka selemo seo sa 1914 sa liketsahalo, ba filoe tokelo ea ho bolela “letsatsi la liphetetso” la Jehova lefatšeng lohle. Ka sebele, ba ikemiselitse, joalokaha Mikea 4:5 e ho bolela, ho “tsamaea ka lebitso la Jehova, Molimo oa [bona], ka mehla le mehla.” ’Me ba thabile hore ba llang ba limillione ba mametse molaetsa oa bona, ba tšelisoa le ho khobokana ka lehlakoreng la ’muso o tlang oa Molimo.

PHETETSO EA MOLIMO—NA E LOKETSE?

5. (a) ‘Linako tsena tse bohloko’ ke tholoana ea ho qetela ea eng? (b) Phethahatsong ea boprofeta ba Pauluse ka ‘mehla ea qetello’ re bona maemo afe Bojakaneneng hona joale?

5 Leha ho le joalo, na lefatše kajeno le lebe hoo Molimo o lokelang ho iphetetsa ho lona? Mamela mantsoe a bululetsoeng a moapostola Pauluse. O itse: “Tseba hobane mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko.” Linako tsena tse bohloko tholoana ea ho qetela, qetello ea ho sitoa ha batho ho arabela ho boleloeng ha ’nete. (2 Tim. 2:23-26) Le hona Bojakaneng re bona keketseho e sisimosang ea bonokoane le toantšano, ho qhalana ha malapa, ho se hlomphe ba busang, le ho felloa ke boitšoaro. Motsong oa sena sohle ke boithati le meharo, ho haelloa ke lerato la sebele. Pauluse o tsoela pele a re: “Batho e tla ba baithati, le ba ratang leruo, . . . ba se nang lerato la hlaho, . . . ba ratang menate ea nama, e seng Molimo.” (2 Tim. 3:1-5) Na re bona boprofeta bona bo phethahatsoa lefatšeng lohle kajeno? E, ka sebele. Bo phethahala ka ho feletseng haholo.

6. Ho hlahile boemo bofe phethahatsong ea Mattheu 24:12?

6 Jesu ka boeena, ha a profeta ka “pontšo . . . ea ho fela ha lefatše,” o itse: “Lerato la ba bangata le tla tapa ka baka la ngatafalo ea bokhopo.” (Matt. 24:3, 12) Hona ke ’nete hakaakang le Bojakaneng, hammoho le lefatšeng ka kakaretso kajeno! Ha ho atamela nako ea Keresemese e ’ngoe le e ’ngoe, Bojakane bo bua haholo ka lerato, khotso le molemo har’a batho, empa na lichaba tsa Bojakane li etsa lintho tse joalo? Ke a bohlokoa mantsoe a tona-kholo ea Brithani, a ileng a boleloa beke pele ho Keresemese, 1979: A re: “Re talimane le lilemo tse ling tse ncha tse leshome—ke li bitsa ‘lilemo tse leshome tse kotsi’—tseo ka tsona ho phephetsoa ha tšireletseho ea rōna le tsela eo re phelang ka eona, li tla ba thata ka ho fetisisa ho feta ka bo-1970.”

7, 8. (a) Ke boemo bofe ba kahlolo boo re bo fumanang joale? (b) Jehova o tiisa eng, ’me e ama “lerato” le “phetetso” joang?

7 Lichaba li arabela liphephetsong tse joalo joang? Ka ho tiisa litokisetso tsa tsona tsa ntoa. Ak’u ho nahane! Lefatše lena le se nang lerato le senya lidolara tse millione ka motsotso lihlomong, kaholimo ho lidolara tse billione ka selemo! Hona hohle ho ntse ho phahama ho ea boemong ba koluoa eo lefatše le ke keng la e phekola. Ho ea ka taba e hatisitsoeng ke sehlopha sa lingaka, bahlalefi le ba bang ho New York Times ea la 2 Tlhakubele, 1980, haeba ntoa ea libetsa tse chefu e ne e ka qhoma hosesane, ka hora e le ’ngoe, e ka senya boholo ba tse phelang lefatšeng—batho ba baloang ka likete tsa limillione. Empa lichaba li sebetsa ka thata ho hlahisa libetsa tse matla a phahameng ho feta moo tsa bodiabolose.

8 Na joale, Molimo oa rōna o lerato, ’Mōpi oa lefatše lena le letle, o tla lumella lichaba tse khopo ho le fetola molora? Le hanyenyane! Hobane o bolela ka ho hlakileng Lentsoeng la hae: “Hobane Jehova, ’mōpi oa maholimo, Molimo o bōpileng lefatše, moetsi oa lona ea le tiisitseng, ea sa ka a le bōpela lefeela, ea mpang a le bōpetse hore le ahuoe, o bolela, o re: Ke ’na Jehova, e mong ha a eo.” Lebitso la hae leo ho seng le ka emang le lona Jehova, le ema e le tiiso ea hore Eena, e le ’Mōpi ea lerato le Morena ’Musi ea phahameng oa bokahohle, a ke ke a lumella hore qitikoe ea rōna e senngoe. Lerato la bomolimo le laela hore Molimo o iphetetse ho ba senyang lefatše la rōna le ba ka felisang libopuoa tsa hae tse batho.—Esa. 45:18; Jer. 10:10-12.

9. Kaha lichaba li hana ho lahla lihlomo, Jehova o rera ho etsa joang, hobane’ng?

9 Hoba ntoa ea pele ea lefatše e qhome ka 1914, lefatše lena le ’nile la inoa ka mali a batho ba mashome a limillione ba se nang molato. E, Ntoa ea II ea Lefatše feela e bolaile batho ba limillione tse 55! ’Me hona joale tebello ea koluoa ea libetsa tse chefu e sisimosa le ho feta. Kahoo, kaha lichaba li hana ho lahla libetsa, Molimo oa rōna o lerato o bolela hore o tla li tlohelisa tsona haufinyane, ka tsela ea hae e sebetsang le ea ka nako eohle. O re: “Tlong, le bohe liketso tsa Jehova, kamoo a sentseng lefatše kateng. O felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše.” (Pes. 46:8, 9) E, ke morero o lerato oa Jehova ho etsa seo ho seng mohla lichaba li tla se etsa—a senye thepa eohle ea tsona ea ntoa, haesita le ho qeta matla a lihlomo tsohle tsa bona tse chefu. Joalokaha Jehova a re: “Phetetso ke ea ka; ke ’na ea tlang ho busetsa.” (Ba-Roma 12:19; Sof. 3:8, 9) Na tšepiso ea Molimo oa rōna o lerato ea hore o tla iphetetsa ha e re thabise? E lokela ho etsa joalo!

MASOABI A NGATAFALA

10. Lintoa tsa lekholo lena la lilemo li tlisitse liphello life tse sisimosang?

10 Lintoa tse loannoeng ho tloha ka 1914 li thusitse ho etsa mophula o tšabehang oa liphello. Har’a tsona ke likamano tsa botona kapa botšehali tse se nang moeli, tse fellang ka mafu a seoa a litšila le kemaro e sa hlokahaleng. Kemaro ena e sa hlokahaleng e tlile le leqhubu la ho ntšoa ha limpa. Ho hakanngoa hore hona joale, lefatšeng ka bophara, hoo e ka bang bana ba s’o tsoaloe ba limillione tse 30 ho ea ho 40 ke limpa tse bolaoang, selemo le selemo! Eo ke polao e khōlō haholo ea ba se nang molato eo lefatše le seng le kile la e bona, ho nyenyefatsa mafu a mabe ka ho fetisisa selemong sa ntoa leha e le efe paleng.

11. Ke ka litsela life ‘ba khopo ba ntseng ba tsoela pele tšenyehong’?

11 Hape, mehleng ea morao, re bone bokhoba ba lithethefatsi, tlhalano, botlokotsebe le tlōlo ea molao ka mefuta eohle ka tekanyo e tšosang. Kajeno, batho ba phelang bophelo ba bosodoma ba ikhantša ka hore joale ba limillione tse 20 Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika feela. Haufinyane, mosodoma e mong o entse pale ka polao e sisimosang ea bahlankana ba 33 bao a ba hlekefelitseng botoneng. Empa bosodoma ke tšobotsi e le ’ngoe feela ea boitšoaro bo bobe bo ntseng bo eketseha Bojakaneng le lefatšeng lohle. Ho joalokaha Timothea oa Bobeli khaolo ea 3 e bua tjena ka ‘mehla ea qetello,’ hore “batho ba lonya, . . . ba ea ’ne ba tsoele pele tšenyong.”—Tem. 13.

12. Ke lipontšo life tseo re nang le tsona hore lefatše lena le khopo le fihlile qetellong ea lona?

12 Ha re talima lefatše le se nang boitšoaro le re potolohileng re tlameha ho tsota: Ho tšoana le mehleng ea Noe hakaakang! Ho tšoana le nakong ea Sodoma le Gomorrha hakaakang! Ho joaloka Bakanana ba oeleng le Baiseraele ba koenehileng hakaakang! Ha lefatše lena la hona joale le ntse le tetebela ho ea pele seretseng sa boitšoaro bo bobe, re hopotsoa ka temoso ea moapostola Pauluse hore “ba etsang tse joalo ba tšoanetse ho shoa.” (Ba-Roma 1:18, 26-32) Che, Molimo o lerato o ke ke oa mamella halelele bokhopo bo sisimosang ba tsamaiso ena ea lintho. Ho e-na le hoo, o tla senya ba silafatsang lefatše la hae.—Tšen. 11:18.

HO TSEBA ‘SEOTSOA SE TUMMENG’

13. Ho boleloa eng ka ‘bofebe ba moea’?

13 Leha ho le joalo, Bibele e boetse e bua ka bofebe ba moea. Bona bo akarelletsa ba ipolelang hore ba sebelisa bolumeli bo hloekileng, empa ba itsoakanya litabeng tsa lefatše la Satane. Bibele e re: “Banna le basali ba bafebi, hleka ha le tsebe hoba ho rata lefatše ke ho loantša Molimo na? Efela ea phehellang ho iketsa motsoalle oa lefatše o ipea sera ho Molimo.” (Jak. 4:4) Setsoalle se joalo—bofebe ba moea—ba ba ipolelang hore ke bahlanka ba Molimo bo fana ka lebaka le leng le leholo la hore Jehova a iphetetse. Re bua joalo hobane’ng?

14. Bolela “seotsoa se tummeng” le “metsi a mangata” ao se lutseng ho oona.

14 Ka baka la se boleloang ho Tšenolo khaolo ea 17. Moo re bala ka “seotsoa se seholo, se lutseng holim’a metsi a mangata.” Hona ho bolela eng? “Metsi a mangata” re a hlalosetsoa ka ho hlakileng temaneng ea 15 e le a bolelang “merabe, le matšoele, le lichaba, le lipuo.” Empa “seotsoa se seholo” sena ke mang se laolang batho? The Jerusalem Bible, phetolelo ea K’hatholike, e bua ka sona e le “seotsoa se tummeng.” Se entse eng hore se tume hakaale? Tšenolo 17:5 e fana ka leseli, e re: “Ho no ho ngoliloe phatleng ea hae lebitso le reng: Sephiri: Babylona e moholo, ’m’a liotsoa le a manyala a lefatše.”

15. Ho etsahetse eng ka Babylona, empa ea sia lefa la eng?

15 Kahoo “seotsoa se tummeng” se na le lebitso, “Babylona e Moholo.” Hona ho se tlamahanya le Babylona ea paleng ea boholo-holo, ea mehleng ea Morena Nebukadnezare, eo pale e senolang hore e ne e tletse borapeli ba likamano tsa botona le botšehali tse theohileng le litšila. (Dan. 4:28-30) Kajeno, Babylona ea Nebukadnezare ha e sa le teng. Setša sa eona se leng Iraq ea kajeno ke lesupi, “joale ka metse ea Sodoma le Gomorrha, mohla e senngoang ke Molimo.” (Esa. 13:19-22) Leha ho le joalo, Babylona ea boholo-holo e sietse batho lefa. Ke lefe? Borapeli ba eona ba litšoantšo—bolumeli ba eona!

16. (a) ’Muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata o hlahile joang? (b) Molimo o lihela Babylona e Moholo kahlolo efe, hona hobane’ng?

16 Nakoana kamor’a Moroallo, Babylona ea tsejoa ka bolumeli ba bohata. Ke moo batho, ho nyeliseng Jehova, ba ileng ba haha motse le tora ea bolumeli ka tlhoro ea eona maholimong, Eare ha Jehova a ferekanya puo ea bona, ba qhalana le lefatše lohle ba tloha Babylona, ba tsamaea le bolumeli ba bona ba bohata. Lekholong la bone la lilemo, Bokreste ba bokoenehi ba tsoakanya thuto le tšebeletso ea Babylona ho e kenya lihlopheng tse sa tšoaneng tsa Bok’hatholike le Boprostanta ho tla fihlela kajeno. Kahoo, ho hlahile ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, “Babylona e Moholo,” bo kenyellelitseng litumelo tseo e seng tsa Bokreste le tsa “Bokreste.” Ka baka la ho itšunya-tšunya ha “Babylona e Moholo” mahlorisong, litoantšanong, le lintoeng tsa lefatše tsa histori, Molimo oa e ahlola, oa re: “Ke ho oona ho fumanoeng mali a baprofeta, le a bahalaleli, le a bohle ba bolailoeng lefatšeng.”—Tšen. 17:5, 6; 18:24; Gen. 10:8-10; 11:1-9.

17. “Sebata se ’mala oa sekarelata” ke eng, ’me se phethahalitse boprofeta joang?

17 ‘Setsoalle’ sa Babylona e Moholo le lefatše se bile se ea pejana ho moo. Se akarelletsa kamanong ea eona e busang le “sebata” sa tšoantšetso. Hobane e hlalosoa ho Tšenolo 17:3 hape e ‘lutse holim’a sebata se ‘mala oa sekarelata, se tletseng mabitso a bonyefoli.’ Ka Bibeleng, “libatana” hangata li sebelisetsoa ho tšoantšetsa lichaba tsa bopolotiki. (Dan. 7:2-8; 8:5-8, 20, 21; Tšen. 13:1-18) Empa mona boprofeta bo bua ka “sebata” se tšabehang se kopakaneng se nang le “lihloho tse supileng le linaka tse leshome.” Pale ea mehleng ena e bontša hore “sebata” sena se hlahile ka lekhetlo la pele ka 1920. E ne e le kopano ea lichaba—Selekane sa Lichaba. Sa oa ka nakoana nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Empa—phethahatsong ea boprofeta—sa hlaha hape e le Machaba a Kopaneng ka 1945. Kamor’a nakoana, se ‘tla oela timelong.’—Tšen. 17:8-11.

18. Litlamano tsa bolumeli le bopolotiki tsa Babylona e Moholo li tla fela joang?

18 Bolumeli ba bohata, “Babylona e Moholo,” bo lekile ho tšoara Selekane sa Lichaba le Machaba a Kopaneng ka letsoho ho li tataisa. Empa Lentsoe la Molimo le bontša hore katamelano e joalo ea bolumeli le lipolotiki ea bo-papa le baeta-pele ba bang ba bolumeli e tla tloha e fela. Nakong eo ka eona “Seotsoa se tummeng” se nahanang hore se lutse ka bokhabane, Molimo o tla etsa hore “linaka tse leshome” tsa tšoantsetšo tsa Machaba a Kopaneng tsa “sebata” li se futuhele ka matla a tsona a sesole. A tla se hlohlolla mokokotlong oa sona, a senya [seotsoa], a se timetsa ka ho feletseng, joalokaha eka ke ka mollo.—Tšen. 17:16, 17.

“TLOHANG HO EENA, LŌNA SECHABA SA KA”

19. Hona joale Molimo o bontša lerato la oona ho batho bohle ba tiileng ba bolumeli joang?

19 Ha hora eo ea kahlolo e atamela, Molimo o bontša lerato la oona joang? Ka tsela ena: ho Mak’hatholike, Maprostanta, Mabuddha, Mahindu kaofela—ho batho bohle ba bolumeli ba bohata ba batlang ho fetoha sechaba sa Molimo—Molimo o ba mema ka potlako joalokaha ho tlalehiloe ho Tšenolo 18:4, 5: “Tlohang ho eena [Babylona e Moholo], lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae. Hobane libe tsa hae li se li kolohane ho ea fihla leholimong, ’me Molimo o hopotse makhopo a hae.”

20. Ke hobane’ng ha nako e ile ea hore ho emelloe thōko le Babylona e Moholo?

20 Ntle ho pelaelo, ho phethahatsoa ha kahlolo ea Molimo ho ntse ho atamela haholo! Lichaba tse se nang bolumeli li se li e-na le matla a maholo ho Machaba a Kopaneng. Linaha tse nyoretsoeng oli tse tletseng ntoa li tšosa lefatše la ma-Mosleme hammoho le lichaba tseo e leng khale li li nka e le qhobosheane ea bolumeli ba Bojakane. Ke ka baka leo nako e seng e petetsane joale hore bohle ba ratang ’nete le ho loka ba tlohe ho “seotsoa se tummeng,” e, ho balehela ’musong oa Molimo.

21. Harmagedone ke eng, ’me lichaba li iphumana teng neng?

21 Ke eng se latelang ho etsoa lesupi ha “Babylona e Moholo,” ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata? Mangolo a bontša hore “linaka tse leshome” tsa “sebata” li tla futuhela bolumeli ba ’nete, joalokaha bo emeloa lefatšeng ke Lipaki tsa Jehova. Empa ha hoo ho etsahala, lichaba tseo li tla iphumana li loantšana le Molimo Harmagedone! ’Me Harmagedone hase sekhutloana se senyenyane feela naheng ea Palestina. Ho e-na le hoo, Harmagedone ke boemo ba lefatše lohle bo biletsang phetetso “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle,” khohlano e khōlō ho tsohle tse kileng tsa e-ba teng.”—Tšen. 16:14, 16; 17:12-14.

22. Mangolo a bontša Harmagedone e le ntoa ea ho loka joang?

22 Bibele e re Molimo o sebelisa Kreste Jesu ka makhotla a leholimo ‘ho ahlola le ho loana ntoa ea ho loka.’ E, Harmagedone e tla ba ntoa ea ho loka. Ea ho loka? Joang? Ka hore e tla tlisa boiphetetso bo tšoanelehang holichaba le merabe ea lefatše e ikhethetseng ho se tsebe Molimo le e hanyetsang tokelo ea oona ea ho busa. E tla khetha ha e timetsa. E tla timetsa ba khopo, empa e pholose bohle ‘ba utloang Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna,’ kamoo ho bolelang moapostola Pauluse. Kahoo, Harmagedone e tla etsa hore phetetso ea Molimo e leka-lekane le lerato la Molimo.—2 Ba-Thess. 1:8; Pes. 145:20; Tšen. 19:11-21.

23. (a) Jehova ke Molimo oa mofuta ofe, joalokaha ho bontšoa ke Pesaleme ea 145:17-21? (b) Ke hobane’ng, ha ‘Molimo ona oa lerato’ o iphetetsa? (c) Ke bohato bofe boo re lokelang ho bo nka ka “letsatsi la phetetso” le atamelang?

23 Na ha re ananele, hore na ke hobane’ng ha ‘Molimo oa lerato’ hape e tlameha ho ba Molimo oa phetetso? Ke hobane o rata ho loka ’me o hloile bokhopo, ’me ho lokela hore ho be joalo ka rōna. (Pes. 145:17-21) Ke habohlokoa hakaakang hore lebitso le leholo la Jehova le merero ea hae li phahamisoe! Ke habohlokoa hakaakang hore lefatše la rōna le hloekisoe molato ’ohle oa mali, tšilafalo boitšoaro bo bobe tse sentseng pōpo ena e ntle ea Molimo ka lilemo tse likete tse fetileng! Ke ka nako eo feela lefatše le tla fetoha paradeise ea lefatše lohle eo Molimo o neng o e reretse batho. Kahoo, pele, ‘Molimo oa lerato’ oo ho seng o kang oona o tlameha ho hleka tsela ka ho iphetetsa ho lira tsa hae. Na ha rea nyakallela hore letsatsi la hae la phetetso le se le le haufi? Re ke re be har’a ba amohelang memo e lerato ea Jehova: “Etsang litlatse tsa thabo, lōna lichaba, hammoho le sechaba sa hae; hobane . . . a itefetse ho lira tsa hae.”—Deut. 32:43.

[Lebokose le leqepheng la 10]

SEBOPEHO SA LINTHO LEFATŠENG

“LINTHO LIA MPEFALA; LEFATŠENG. Chelete e sebelisoang sesoleng e-ea eketseha . . . hona joale . . . e iphetile habeli lilemong tse leshome tse fetileng . . . Chelete e sebelisitsoeng sesoleng bakeng sa lesole le le leng selemong sa 1966 e feta hamakhetlo a 60 e sebelisitsoeng ho ruta ngoana ka mong.”—“To the Point,” Pulungoana 3, 1978

“. . . MAFORA A BONA KOTSI. Hore nako e tlang e ne e tletse ka tšabo le khathatso ea e-ba taba ea sebele. Batho ba bang ba luma-luma ka baka la ho oa ha boemo ba moruo kapa ntoa kapa ka bobeli ba tsena, ’me ho bonahala ba imolloa ke khopolo ea hore ha ho letho le ka etsoang ha e se ho itebatsa kotsi e tlang.”—New York “Times” Pulungoana 17, 1979

“MAJEREMANE A BOPHIRIMELA A TŠOHA HARMAGEDONE. Seriti sa ntoa se khutlile ho tla tšosa Jeremane Bophirimela ha boemo ba lichaba tsohle bo bonahala bo thella ka tsela e ke keng ea laoloa. . . . Batho ba 60 lekholong, ka ho ea ka palo ea morao tjena, ba lumela hore ntoa e tla ba teng kapa ho ka etsahala hore e be teng ka lilemo tse tharo tse tlang.”—“The Times,” London, ’Mesa 23, 1980

“Lefatše le senya R380 000 000 000 ka selemo mesebetsing ea sesole, kapa R760 ka motsotso o le mong. Joale ka hoja chelete ena ha ea lekana, haufinyana re se re tla bona ho phahama ho hoholo ha litšenyehelo tsa sesole.”—“World Press Review.” Phato, 1980

[Lebokose le leqepheng la 14]

LITHOLOANA TSA “MEHLA EA QETELLO”

“Lefapha la Mapolesa la Los Angeles le tlalehile hore bashanyana ba 25 000 ba lilemo li 17 le ba ba hlahlamang ba motseng oo feela ba kene sehlopheng sa basodoma hore ba tle ba sebelisoe ke banna ba holileng likamanong tsa botona. Moshanyana e mong, ea lilemo li 12, o boletsoe hore ke seotsoa se lefuoang R760 ka letsatsi.”—“Indianapolis Sunday Star,” Phujoane 17, 1979

“Ho ile ha tšoaroa liotsoa tse ka bang 1 000 koana Denver selemong se fetileng, ’me tse 400 ho tsona e ne e le tsa banna. Peho eo e ka ’na ea fetoa ke ea monongoaha ’me e tla ba lekhetlo la pele hore palo ea liotsoa tsa banna tse tšoeroeng e fete ea tsa basali.—“Rocky Mountain News,” Phupu 8, 1979

“Lekhotla le phahameng la kereke ea United Methodist le entse qeto ea hore basodoma . . . ba ka ’na ba e-ba baruti Kerekeng ea Washington Square e leng New York City.”—The New York “Times” Pulungoana 3, 1979

[Lebokose le leqepheng la 15]

MACHABA A KOPANENG KAPA ’MUSO OA MOLIMO—EFE?

Bolumeli bo sa ntsane bo rata ho palama Machaba a Kopaneng le ho laola litsela tsa ’ona tsa ho busa. Khato ea morao tjena e bile ea ha Mopapa John Paul II, a hlaha pel’a Lekhotla la Kakaretso la Machaba a Kopaneng ka Mphalane 2, 1979, phatlalatsong e majaba-jaba. Mopapa o itse: “Lebaka la ka la ho hlaha kajeno, ntle ho pelaelo, ke la tlamo e khethehileng ea kopano eo e kopanyang Taolo ea boapostola le Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng. . . . Ke tšepa hore machaba a Kopaneng a tla lula e le kofuto e phahameng ea khotso le toka, setulo sa tokelo sa tokoloho ea lichaba le ea motho ka mong bakeng sa bokamoso bo molemo.” Empa mopapa ha a ka a bona ho loketse hore a ka bolela ka kofuto ea Molimo ea ho hloma khotso, toka le tokoloho—e leng ’Muso oo jesu a o rapeletseng ho Ntat’ae ka ho re: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.” (Matt. 6:10; Tšen. 11:15) Ho kenella ha lihlopha tse latolang bolumeli Machabeng a Kopaneng ha ho tšepise bokamoso bo botle ‘’musong oa lefatše oa bolumeli ba bohata.’—Tšen. 17:16, 17.

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Ho phetlela Taolo e Ncha sebaka ea khale e tlameha ho eboloa e tlosoe

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela