Ho Bolela Temoso ea Molimo
“Hobane mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho tla fihlela joale, tsietsi e kalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng le ka mohla o le mong. Le hojane matsatsi ao a se ke a khutšofatsoa palo, ho no ho ke ke ha phonyoha motho; empa ka baka la bakhethoa, matsatsi ao a tla khutšofatsoa.”—Matt. 24:21, 22.
1, 2. (a) Lefatše le fetohile boahisane bo le bong bo boholo joang? (b) Liphello tse kotsi tsa hore batho bohle e be baahisane ba bapileng ke life?
Kajeno lefatše lohle ke tikoloho e le ’ngoe e khōlō. Ka mekhoa ea rōna e potlakileng ka ho fetisisa ea ho tsamaea re ka fofa holim’a lefatše bohareng ba lona kapa litšieeng tse ka leboea le ka boroa ka nako e ka tlase ho letsatsi. Ka lithelefono tsa machaba kapa lifono tsa seea-lemoea, ka nako ea metsotso e seng mekae feela, re ka bua le bao re ahisaneng le bona leha e le kae kapa kae lefatšeng. Re ka ja lijo tsa mefuta e sa tšoaneng tse tsoang linaheng lisele, ’me hore hona ho etsahale re itšetlehile ka batho ba bangata haholo ba likarolong tse hole tsa lefatše.
2 Ka baka la ho momahana haufi hakana, batho bohle ba kotsing e tšoanang. Lilemong tse 66 tse fetileng, lekholong lona lena la lilemo, batho ba likhutlong tsohle tsa lefatše ba phaphama ho bona bonnete ba koluoa e joalo e kang ntoa ea lefatše. Lilemo tse mashome a mabeli a motso o mong hoba khohlano e mpe haholo ea lefatše e fele, lefatše la kena matsoalong a ntoa a mabe ho feta moo. Hona joale, lilemo tse 36 re fetile tšisinyehong eo ea lefatše, re tšosoa ke ntho e ’ngoe e tšabehang ho feta moo. Ha ho eo ka ’nete a ka reng: ‘Ha e le hajoale, ntho e etsahalang moo, hole hakaalo, e ke ke ea nkama ka letho!’ Ho nahana le ho bua joalo ke boithetso. Hona joale bohle re baahisane ba atamelaneng haufi, empa ho sebetsa ha rōna ka mokhoa o sa bontšeng boahelani ke hona ho bakang bothata, e, kotsi ea lefatše. Mantsoe a phahamisoa ka temoso e le ’ngoe.
3. (a) Ke hobane’ng ha batho ba lemohang ba lumela hore lefatše le kotsing ea lefu? (b) Boikutlo ba batho ba bohlale ba lefatše ke bofe ka Molimo?
3 Ka baka la boholo ba lona, ba bang ba belaelang ba ka ’na ba botsa, Na lefatše lohle le hlile le kotsing e tšoanang e bolaeang? Potsong ena batho ba seli bao ho hang e seng ba bolelang tlokotsi ba arabela ka hore E! Karabelo ea bona e lefifi ha e-ea theoa feela ho seo batho ka bobona ba ka iketsetsang sona. Ho na le ntho e khōlō ho feta moo e tebileng eo re ka e nahanang. Na hoo ruri ho ka etsahala? E. Joang? Ke ka baka la Motho eo lefatše lena le liphoofolo tsohle le batho ba ho lona e leng tsa hae. Ke ’nete, ke ba seng ba kae kajeno ba ratang ho nahana ka eena. Batho ba bohlale ba lefatše lena ba lekholo lena la lilemo le tsoetseng pele mahlaleng ba inahana ba lokolohile haholo monahanong hore ba ka lumela ho ’Mōpi kapa ho ipotsa, O hopotse ho etsa joang? Empa ’Mōpi ha a pelo thata hoo a ke keng a tsotella tlokotsi ea motho. Leha ho le joalo, ba mo beella kathoko joalokaha eka ha a teng kapa joalokaha eka o hole hoo a ke keng a ameha kapa hona ho khahloa.
4. (a) E le mong a lefatše, Jehova o amehile ka eng ka thepa ea hae? (b) Ho hlokahala hore ho etsoe joang ho etsa lefatše sebaka se monate ho phela ho sona?
4 Empa na motho ea nang le thepa a ke ke a thahasella lintho tseo a li ruileng? O tla rata ho li boloka li le boemong bo lokisitsoeng hantle. Haholo haeba thepa ea hae e hlile e le ea bohlokoa. Ke kamoo ’Mōpi oa rōna a ikutloang ka hona. Tabeng ea tokiso, ho ke ke ha latoloa ’nete ea hore lefatše lea senngoa kajeno ’me le kotsing ea ho senngoa ho isa boemong bo tšosang. Ho bonahala eka nako e se e fihlile hore a felise bohle ba ikarabellang ka ho senya thepa ena ea hae e neng e phethahetse pele. Hona joale nako ea hore a etse mosebetsi ona oa ho hloekisa e tlameha e be e le haufi. O na le buka e ngotsoeng ka sena. Ka eona, o rerile ho etsa joang?
BOEMO BA PELENYANA BO KANG BA KAJENO
5. Ke neng nakong e fetileng batho ba neng ba le boemong bo tšoanang le bo teng kajeno?
5 Ho ka ’na ha makatsa ba bangata ho tseba hore ka nako e ’ngoe e fetileng batho bohle ba neng ba phela ka nako eo ba ne ba le boemong bo kang boo baahi bohle ba lefatše ba iphumanang ba le ho bona kajeno. Ka nako eo ho ile ha etsahala ntho e ileng ea nka lefatše kaofela. Ke mehleng ea monna eo rōna bohle ba phelang kajeno re fumaneng bophelo ka eena. Moholo-holo enoa oa rōna ea mong ke monna ea neng a bitsoa Noe, mora oa Lemeke. Ka mehla ea Noe Buka e bululetsoeng ea ’Mōpi e re: “Noe a tsoala bara ba bararo: Sema, le Kama, le Jafeta. Empa lefatše le ne le bolile pel’a Molimo, ’me lefatše le ne le tletse ho bolaeana. Molimo oa talima lefatše, ’me oa bona hoba le bolile, le hoba nama eohle e sentse mokhoa oa eona lefatšeng.”—Gen. 6:10-12.
6, 7. (a) Mehleng ea Noe, lefatše le ile la bolelloa temoso efe? (b) Ho tlile joang hore lefatše le boele le fetohe sebaka se nang le khotso seo ho ka pheloang ho sona?
6 Ho ile ha etsahala joang joale hore lefatše lena e be sebaka se nang le khotso le se molemo ho phela ho sona? Na basenyi bao ba mabifi ba lefatše ba ile ba kena ntoeng ea lefatše lohle ’me kahoo ba felisana? Na temoso eo Noe a ileng a laeloa ho fana ka eona e ne e le ea tlokotsi e entsoeng ke motho eo ho neng ho tla ba thata hore batho ba e phonyohe? Che! Ho e-na le hoo, a bolella batho temoso ea Molimo, eo Molimo o neng o mo laetse hore a e bolele. Ea hlokomelisa batho bohle ka seo Molimo ’Mōpi a neng a tla tloha a se etsa molemong oa lefatše le khutsitseng le le molemo leo batho ba itlhomphang ba neng ba tla thabela ho phela ho lona. Molimo oa bontša Noe hore batho ba ke ke ba mo mamela, ’me kahoo Noe a hahe areka, kapa lebokose le phaphamalang, a ikahele eona le lelapa la hae, meea e robeli ea batho. Ka letsatsi le hlileng la boleloa la selemo sa 2370 B.C.E., moroallo oa lefatše lohle oa simoloha. E ne e le ‘mosebetsi oa Molimo.’ Batho ba qoetseng ba lefa molato.
7 ‘Mosebetsi oo oa Molimo’ oa boholoholo oa sebeletsa batho bohle molemo. Oa qalisa moloko oa batho bocha ka lelapa le lokileng le le tšabang Molimo, ’me hona ho etsahala lefatšeng le nang le khotso le le sireletsehileng ka nakoana.
TIMETSO E JOALO EA LEFATŠE LOHLE E HAUFI
8. (a) Jesu Kreste o bapisitse mehla ea Noe le ea kajeno joang? (b) Ke ketsahalo efe e haufi, ’me kahoo ho hlokahala hore ho etsoe joang ka eona?
8 Eo ke ketsahalo feela ea pele ho mehla ea rōna eo ho eona batho bohle ba neng ba le kotsing ea ho felisoa. E ne e tšoantšetsa mehla ea rōna ha lefatše le nang le batho ba libillione ba le tšosong. Ona hase monahano oa rōna oa botho o mobe, maikutlo a feteletseng. Ha a fetella kaha a tšoana le a motho ea tsebisahalang lefatšeng lohle, moprofeta ea moholo ho Noe. Enoa ke Jesu Kreste. Ha a supa mehla ea rōna, o itse: “Joale ka ha ho bile mehleng ea Noe, le ho tleng ha mor’a motho ho tla ba joalo. Hobane joale ka mehleng e bileng teng pele ho moroallo oa metsi, ha batho ba ne ba e-ja, ba e-noa, ba nyala, ba nyalisa, ha ba ha fihla tsatsi leo Noe a keneng arekeng ka lona; ha ba ka ba lemoha, ha ba ha fihla moroallo, ’me ba nkoa bohle ke oona: ho tla ba joalo le ho tleng ha Mor’a motho.” (Matt. 24:37-39) Ho ea ka boprofeta ba Kreste ka maemo a lefatše nakong ea ha a le teng a sa bonahale lefatšeng, boemo ba lefatše la rōna ho tloha ka selemo sa 1914 bo tšoana le ba mehleng ea Noe. Tumellanong le seo, ‘mosebetsi oa Molimo’ o joalo o tlameha o be o le haufi. Ke nako ea temoso e fanoeng ke Molimo hore e utloahatsoe ho batho bohle ba kotsing. Potso eo motho a ka ipotsang eona ke hore, Ke bo-mang ba tla tšoana le ba ileng ba kena arekeng le Noe?
9. (a) Ke hobane’ng ha re na le lebaka la ho lumela hore ‘mahlomola a maholo’ a hlileng a boleloa a haufi? (b) Le hoja ‘mahlomola a maholo’ a ile a tlela Jerusalema ka 70 C.E., ke hobane’ng ha ho phethahala ho hoholo ha boprofeta ba Jesu ka ‘mahlomola a maholo’ ho sa tla?
9 Le ntle ho seo Buka e bululetsoeng ea ’Mōpi, Bibele e se buang, re na le lebaka la ho lumela hore tsamaiso ena ea lintho e “mehleng ea qetello” ea eona. Matsatsi a eona a ho qetela a se a batla a phetheha. Bofelo bo feletseng ba eona bo ka lebelloa ho fihla le nako ea khathatso, ‘mahlomola a maholo,’ a fetang moroallo oa mehleng ea Noe ka boholo ba oona le tšenyo. Ho supa ha Jesu mehleng eo ea Noe e bile karolo ea boprofeta ba hae ba ho qetela bo fanoeng ka selemo sa 33 C.E. Ha fetisetsa boprofeta ba hae ka nqaane ho ho timetsoa ha Jerusalema ke Ba-Roma ka selemo sa 70 C.E., e, ho theosa ho tla fihlela mehleng ea rōna. Ho timetsoa ha motse oo o halalelang e ne e le sehlohlolo sa ‘mahlomola a maholo’ bakeng sa Bajode ba naheng ea Baroma ea Judea Bochabela bo hare. Ka ho totobetseng, leha ho le joalo, Jesu o tlameha a be a ne a hopotse ho fetang ho timetsoa ha Jerusalema morao koo, ha a re: “Hobane mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale [selemong sa 33 C.E.], tsietsi e kalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng, le ka mohla o le mong. Le hojane matsatsi ao a se ke a khutšofatsoa palo, ho no ho ke ke ha phonyoha motho; empa ka baka la bakhethoa, matsatsi ao a tla khutšofatsoa.”—Matt. 24:21, 22; Mar. 13:19, 20.
10, 11. (a) Moapostola Petrose o hlalositse timetso e tlang ea lefatše joang? (b) Boikutlo bo akaretsang kajeno ka timetso e joalo ea lefatše e etsoa ke Molimo ke bofe?
10 Morutuoa oa Jesu, moapostola Petrose, ka boprofeta o ile a kopanya bofelo ba lefatše la mehleng ea Noe le bofelo ba tsamaiso ea kajeno ea lintho tlhorong ea ‘nako ena ea bofelo.’ (Dan. 12:4) Ha ho bapisoa le ho tšoloha ha metsi mehleng ea Noe, Petrose a bolela pele ho nako “mollo” o sa tlo kopela lefatše la tšoantšetso feela empa hape le maholimo a tšoantšetso. (2 Pet. 3:5-12) Papisong ea hae Petrose ha a ka a kenyelletsa timetso ea Jerusalema ka Baroma, e leng e etsahetseng nakoana kamor’a hore a shoe e le moshoela-tumelo.
11 Morao koana mehleng ea Petrose Bakreste ba ne ba lumela ho seo ka kakaretso se neng se boleloa e le “ho fela ha lefatše.” (Matt. 24:3) Kajeno teng, lilemo tse makholo a 19 hamorao, haholo har’a bao ba ipolelang hore ke Bakreste kapa bao e leng litho tsa likereke tsa Bojakane? Na ba lumela ntho e joalo? Le hanyenyane! Re ka ichebela feela tsela eo ka eona ba sebetsang ha ba lelekisana le lintho tse bonahalang tsa lefatše lena le ahlotsoeng.
12. (a) Ke koluoa efe ea lefatše eo batho ba ikarabellang ba e tšohileng kajeno? (b) Batho ba nahana ho thibela koluoa ea lefatše joang?
12 Empa, ho na le batho ba nang le boikarabelo kajeno ba sa theang litebello tsa bona Bibeleng ho hang empa ba bolelang pele ho nako ntho e lekanang le “ho fela ha lefatše.” Ba re lemosa ka ho etsahala ha hona. Ho bile joalo hoba ho qhome liqhomane tse peli tsa athomiki qetellong ea Ntoa ea II ea Lefatše ka 1945. Kajeno ho na le liqhomane tsa “nuclear” matsohong a lichaba tse bitsoang “mebuso ea ‘nuclear,’” ’me li le teng ka bongata bo ka bolaeang ba ba ba bolaea bophelo ba libopuoa tsohle tse lefatšeng ka makhetlo a ’maloa, hoja hoo ho ne ho le bonolo hore li ka ho etsa. Ho bile ho bueloa tlase ka liqhomane tse kotsi ho feta moo. Tsena li ka bolaea batho bohle empa tsa sia thepa ea bona e sa pheleng e eme. Empa mehaho e emeng e sebeletsa morero ofe haeba ho se teng batho ba phelang ba ka lulang ho eona? E ka fetoha feela “motse oa lithotsela” kapa “lefatše la lithotsela.” Ekaba ke mang ea thabelang monahano o joalo? Kotsi e totobetse. Machaba a Kopaneng, ao hona joale a nang le litho tse 153, a lebelletsoe ho thibela tlokotsi e joalo. Empa Machaba a Kopaneng, a akareIletsang Mebuso eohle ea “Nuclear,” ke tšepo e se nang molemo ea ho suthisa ho felisoa ha moloko oa motho ka lintho tseo a li entseng.
13. (a) Ke potso efe ea bophelo le lefu eo ho hlokahalang hore e arabeloe? (b) Ke hobane’ng ha batho bao e seng ba bolumeli ba se na karabelo e khotsofatsang, hona na e teng?
13 Ke mang ea hlileng a ka bolokang batho ho itimetseng, ho ipolaeeng? Batho ba seng bolumeling joale ba tlameha ho nahana potso eo ka botebo. Ka baka la ho se lumele Bibele ba ke ke ba tla le karabelo leha e le efe e khotsofatsang. Ba ke ke ba re supisa mopholosi leha e le ofe. Na hona ho bolela hore ha a eo ho hang? Ka thabo, ha ho joalo!
MOHLOLI FEELA OA TŠEPO EA ’NETE
14. ke hobane’ng ha ho utloahala ho lumela hore ’Mōpi o na le morero bakeng sa lefatše?
14 Bahlalefi ba ke ke ba paka hore lefatše la rōna le batho ba ho lona li ikentse. ’Mōpi o ile a tlameha ho ba teng. Ho thoe’ng ka eena? Khale lekholong la lilemo la bo16 pele ho Mehla e Tloaelehileng ea rōna o ile a bululela monna ea tšepahalang ea neng a bitsoa Jobo ho bolela ’nete e lumellanang le mahlale hore O fanyehile lefatše la rōna sebakeng feela, ’me na O le fanyehetse lefeela moo? (Jobo 26:7) Na ke ka tsietsi re iphumanang holim’a lona ka libillione? Na hona e bile phoso kapa ntle ho morero o tsoang ho eena? Ho tla fihlela joale o tlohelletse lefatše lena hore le tlale hantle ka libopuoa tse phelang. Na o ne a hopotse hore libopuoa tsohle tsa kajeno tsa batho ba libillione li ipolaee ’me li siee lefatše le fokaela sebakeng joaloka lefatše le shoeleng? Re ke ke ra mo nahanela booatla bo joalo ha ho talingoa seo a re bolellang sona.
15. (a) Morero oa Molimo ke ofe ka lefatše? (b) Kahoo re ka tšepa hore Molimo o tla etsa eng haufi?
15 A bululela monna ea bohlale Salomone, mora oa Morena Davida, ho ngola Bibeleng: “Ho ikela moloko o mong [oa batho], o mong o hlahe, empa lefatše le hlola ka ho sa feleng.” (Moek. 1:4) Hape a bululela Esaia hore a ngole: “Hobane Jehova, . . . Molimo o bōpileng lefatše, moetsi oa lona . . . ea mpang a le bopetse hore le ahuoe, o bolela, o re: Ke ’na Jehova, e mong ha a eo.” (Esa. 45:18) Kahoo, o tšepisa hore ha ho mohla a tla tlohela lefatše le sa ahuoa ke batho. kahoo ntho eo a tla e tlosa ka ho feletseng lefatšeng ke tsamaiso ena ea lintho e theiloeng ke batho ba mabifi thepeng ena ea Molimo. Bakeng sa sena re ka nka mantsoe a teboho a ngotsoeng bukeng ea ho qetela ea Bibele: “Rea u leboha, Morena, Molimo o matla ’ohle, . . . hobane u nkile matla a hao a maholo, ’me ua rena. Lichaba li ne li halefile, ’me bohale ba hao bo hlahile, le nako . . . ea ho senya ba senyang lefatše.”—Tšen. 11:17, 18.
16. (a) Ke litokisetso life tse tsoetseng pele haholo tseo lichaba li nang le tsona joale, ’me ntlheng ena, ho boleloa litemoso life? (b) Ke temoso efe, leha ho le joalo, eo bohle re tla e ela hloko ka bohlale?
16 Molemong oa tsoelopele ntoeng lichaba li se li entse litokisetso tse phahameng haholo ‘ho senya lefatše’ haholo le ka tsela e mpe ho feta tsohle e ka nahanoang. Liqhomane tsa mefuta-futa li lutse li lokile hore li ka sebelisoa neng kapa neng ka tsela e lokiselitsoeng hantle khahlanong le sera leha e le sefe. Hona ha hoa etsoa lekunutu. Mona le mane ho etsoa litemoso tse fokolang ka kotsi e tobileng ho phela ha motho. Le hoja litemoso tse joalo li loketse li bile li le nakong, ha lia tšehetsoa ke ’Mōpi oa lefatše, Jehova Molimo. Temoso ea hae e ngotsoeng ka Bibeleng e bua ka ketso ea hae “ho senya ba senyang lefatše,” pōpo ea hae. Ketso ea hae e tla laoloa. E tla sia mahlatsipa a amohelehang. Ba ratang bophelo, haholo bophelo bo sa feleng Paradeiseng, ba batla ho ba joalo.