Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 8/1 maq. 13-15
  • Liphetoho li Tla Lihleke-hlekeng Tsa Yap

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liphetoho li Tla Lihleke-hlekeng Tsa Yap
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • LIPHETOHO HO THEOSA LE LILEMO
  • ‘LITABA TSE MOLEMO’ LI FIHLA YAP
  • HO NKA MAIKUTLO A MANGOLO
  • HO TSEBAHATSOA LEBITSO LA JEHOVA
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 8/1 maq. 13-15

Liphetoho li Tla Lihleke-hlekeng Tsa Yap

Lihleke-hleke tse mephoko-phoko, tse lithaba tsa Yap li bone liphetoho hoba li fumanoe ke ’matli oa Lepotoketsi Diego DeRocha ka 1526. Li le lihleke-hlekeng tsa Caroline tse Pacific e ka bophirima, lik’hilomithara tse 7 080 ka bophirima ho Hawaii, li pota-potiloe ka mafika le metsi a tletseng khotso a maputsoa.

Lihleke-hleke tse khōlō tse ’nè tsa Yap le tse ling tse ngata tse nyenyane sebaka sa tsona se omileng ke lik’hilomithara tse lekaneng tse 101 le baahi ba ka bang 3 000. Seyapese ke puo ea naha, ha ho kae kapa kae moo se buoang lefatšeng. Ka ho totobetseng, pele lihleke-hlekeng ho ne ho lula bafalali ba tsoang Indonesia.

Haholo-holo, batho ba Yap ba “ja monakalali oa keboleloa” ka lijo tse kang makotomane, litaro, libreadfruit, lipapaya, libanana, liyama le meroho e meng ka bongata bo boholo. Hlapi, le makhala ka mefuta ea oona li ngata haholo, ’me batho ba bang ba tsoma maeba le bo-’m’ankhane ba baholo ba jang litholoana. Empa lijo tsa Mayapese li ntse li fetoha ho akarelletsa lijo tse ka makoti-koting tse tsoang Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika le Japane.

LIPHETOHO HO THEOSA LE LILEMO

Lilemong tse fetileng tse 105, Yap e bile le liphetoho tse khōlō tse ’nè lipolotiking. Maspanishe a busitse ho tloha ka 1874 ho fihlela a rekisetsa Majeremane Yap ka 1899. Ha Ntoa ea I ea Lefatše e qala ka 1914, lebotho la Majapane la lula Yap. Kamor’a ntoa eo, Selekane sa Lichaba sa fetisetsa puso ea lihleke-hleke tsena pusong ea Majapane. Ho tloha ka 1947, Setereke sa Yap se laotsoe ke Linaha tse Kopaneng tsa Amerika tlas’a litumellano le Machaba a Kopaneng.

Moaparo oa basali ba Mayapese ka bonolo feela ke mose o le mong kapa ho feta ea letheka ea joang. Le hoja ho se bee letho ka holimo ho amoheleha, mese ea letheka e mekhutšoanyane e nkoa e sa lokela. Banna ka kakaretso ba apara seaparo sa letheka se bitsoang thu’s. Empa ho bile le liphetoho. Le hoja moaparo oa naha o aparoa lihleke-hlekeng tse ka ntle, har’a moloko o mocha sehleke-hlekeng se seholo sa Yap o ntse o nkeloa sebaka butle-butle ke mekhoa ea Bophirima.

Liphetoho li bile teng hape tšebelisong ea chelete. Le hoja hona joale khoebong ho sebelisoa haholo chelete ea Linaha tse Kopaneng tsa Amerika, Mayapese a qapile ’me a sa ntsane a sebelisa ka nako e ’ngoe chelete ea lejoe. Chelete ena e betloa hore e tšoane le khoeli e tolokileng. E na le lesoba hare leo ho lona ho kenngoang palo e ka eona banna ba ka jarang chelete mahetleng. Chelete e ’ngoe ea lejoe e bophara ba limithara tse 3,7, ’me ka 1929 ho ne ho le teng likotoana tse 13 281 tsa eona Yap.

‘LITABA TSE MOLEMO’ LI FIHLA YAP

Yap e etetsoe ka lekhetlo la pele ke Lipaki tsa Jehova ka 1964, ha libuka tse ling tsa Bibele li sala setsing se seholo sa setereke. Joale, ka Phato, 1968, Jack Watson le mosali oa hae ba fihla e le baromuoa ba tsoang Hawaii. Ba thulana le litšitiso tsa ’nete, kaha ho ne ho se Bibele e seng e fetoletsoe ka Seyapese ’me ho hang ho se teng libuka tse rutang puo. Kahoo ba tlameha ho ithuta Seyapese ka ho mamela, ho bona le ho leka le ho fosa.

Hoba ba lule hoteleng ka libeke tse ngata, ba ha Watson ba hira ntlo setsing sa setereke se seholo. Ha ho fumaneha khahleho, liboka tsa tšoareloa ntlong e mabapa le eo, e le matlo a entsoeng a se na mabota empa a ruletsoe ka joang ’me fatše e le mobu—hohle ho loketse mocheso oa linaha tse chesang le mongobo oa teng. Ka Tlhakola, 1969, banyalani ba bang ba ikopanya le bona mosebetsing oa boromuoa.

Kapele khanyetso e matla ea tlisoa ke moprista oa moo oa K’hatholike le moruti oa Lejeremane oa Lutere. Ba tsamaisa bukana e buang Lipaki tsa Jehova hampe, ba hlokomelisa litho tsa bona hore ba se ke ba li mamela. Baruti ba ba ba atleha hore baromuoa ba lelekoe ntlong ea bona, le ho susumetsa beng ba matlo ba bang hore ba se ba hirisetse matlo.

Ba hlile ba leleketsoe literateng, baromuoa ba bonana le morena e moholo oa sehleke-hleke, ea neng a ile a iketsa motsoalle oa bona qalehong. A nea baromuoa mokhoroana oa kamore e le ’ngoe. Empa eare ha sehatsetsi sa bona sa parafine le libethe li kenngoa ka hare, ntlo ea oa fatše. Ba sa nyahama ke hoo, Lipaki tse peli tsa e phahamisa ’me ba phela moo, basali ba bona ba lula hoteleng.

Liboka li ne li tšoareloa tlas’a sefate se seholo moo ho neng ho bolokoa chelete ea majoe. Likotoana tsena tse khōlō tsa chelete li ne li etsoa moo ho itšetlehuoang teng nakong ea liboka. Kamor’a likhoeli tse ngata, baromuoa ba hira ntlo e kholo ea samente eo, ntle ho hore ba lule ho eona, e bileng sebaka sa liboka.

Lithuto tsa Bibele li ne li tsamaisoa ka ho sebelisa khatiso ea Senyesemane ea ’Nete e isang Bophelong bo sa Feleng ’me ba hlalosa seo e se buang ka Seyapese. Kapele ba bangata ba qala ho tsoela pele moeeng. Leha ho le joalo, ba bangata ba ne ba e-na le mathata a boitšoaro le a lenyalo ao ba lokelang ho a lokisa pele ba ka kopanela bopaking ba ntlo le ntlo kapa ho kolobetsoa.

Zakarias Sulog, motsamaisi oa mesebetsi ea sechaba, o bile har’a ba pele ba bileng le lithuto tsa Bibele le e mong oa baromuoa. Ka sebete, eena le mosali oa hae le barali ba babeli ba mamella khanyetso ea bolumeli le ho tšehoa motseng. Hoba a kolobetsoe ka 1973, Moena Sulog o bone barali ba hae ba kenela tšebeletso ea bopula-maliboho e le baboleli ba nako e tletseng ba ’Muso. Mosali oa hae le eena o kopanela mosebetsing oa bopula-maliboho nako le nako. O sebeletsa e le moholo Phuthehong ea Yap.

Thuto e ’ngoe ea pele ea Bibele ea tsamaisoa le John Ralad, ea neng a e-na le konteraka ea ho haha. Ntle ho khanyetso ea bolumeli, a thulana le likhatello tsa beng ka eena le marena a motse. Leha ho le Joalo, ha Ralad a ntse a ithuta linnete tsa Bibele, a li kopanela le metsoalle ea hae le bao a ahisaneng le bona. Ka baka la letsoalo la hae le rutiloeng ka Bibele, pele a kolobetsoa, a hana ho qetela mohaho oa kereke e ’ngoe. Hona joale o boetse o sebeletsa e le moholo ka phuthehong.

HO NKA MAIKUTLO A MANGOLO

Mesaletsa ea boemo bo lihlopha li supileng ba tsamaiso ea Mayapese e sa saletse le kajeno. Ka neano, batho ba lihlopha tse tlase le ba tse holimo ha ba je lijo tse tšoanang. Hape, batho ba tlase ha ba lumelloe ho ea libakeng tse itseng, ’me basali ba nkoa ba le tlase ho banna. Empa har’a lipaki tsa Jehova, lithuto tsa Bibele li felletse ka liphetoho tsa sebele.—Matt. 23:8; Lik. 10:34, 35.

Batho ba thabelang ba tlang libokeng ba khahloa ke sebete sa batho ba “tlase” ba fanang ka taeo ea Bibele sethalleng ha marena a “holimo” a lutse le bamameli ’me a mametse ka boikokobetso. Batho ba bangata ba makatsoa ke hore bahlanka ba Jehova ba thabela mekete eo ho eona batho ba lihlopha tse sa tšoaneng ba nang le botsoalle ’me ba ja hammoho. Mona lipaki li bua ka ho “ba le pitsa e le ’ngoe,” kahoo li bolela kopano ea tsona le boena ka linako tse joalo.—Pes. 133:1; Joh. 13:34, 35.

Phetoho e ’ngoe ea boitšoaro eo batho ba e entseng ha ba fetoha Lipaki e amana le mokhoa oa Mayapese oa ho hlafuna “betel nut” e thethefatsang. Ba tlohela mokhoa ona o litšila, tumellanong le motheo o ho 2 Ba-Korinthe 7:1, o phehellang Bakreste ho itlhoekisa “litšila tsohle tsa nama le tsa moea.” Ba hlokomela meno a batho ba Jehova hore a masoeu ha a bapisoa le a bokhubelu bo bosehla ba lamunu a batho ba bangata ba hlafunang “betel nut,” batho ba atisa ho rohaka Lipaki ka hore li na le meno a masoeu. Empa lipaki li thabisoa ke matla ao Jehova a li fileng oona ho hlōla mekhoa e litšila.

Ka tlhaho, mekhoa e mengata e tloaetsoeng e amoheleha Mangolong, ’me kahoo Lipaki lia e sebelisa le tsona. Ka mohlala, ka tloaelo lenyalo le phethoa ha malapa a bo monyali le monyaluoa a buisana ka lona, ba fana ka tumello ea bona ’me a fapanyetsana chelete ea lejoe le likhetla tsa leoatle hammoho le lijo. Motse hammoho le ’muso o le hlokomela e le tumellano ea molao ea lenyalo ’me ho etsa joalo le phutheho ea Bokreste.

HO TSEBAHATSOA LEBITSO LA JEHOVA

Le hoja ba futsanehile nameng, ka 1975 batho ba Jehova ba Yap ba haha Holo ea ’Muso e ntle e luloang ke batho ba fihlang ho 200. Ba na le phutheho e hōlang e nang le bahoeletsi ba ’Muso ba 40. Lipaki tse supileng li bula maliboho ka mehla ’me phutheho e na le moea o matla oa ho bolela evangeli.

Kahoo lebitso la Jehova lea tsebisahala Yap. ’Me thapelo ea rōna ke hore eka baahi ba bangata ba Yap ba ka arabela Lentsoeng la Molimo ’me ba fetoha kamoo ho hlokahalang moeeng bophelong ba bona.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela