Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 9/1 maq. 4-8
  • Na u ka Khotsofalla Seo u Nang le Sona Bophelong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na u ka Khotsofalla Seo u Nang le Sona Bophelong?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MOHLALA OA KHOTSOFALO
  • MEHLALA E LEMOSANG EA HO SE KHOTSOFALE
  • NA U KHOTSOFETSE?
  • Khotsofalla Lintho Tseo u Nang le Tsona
    Tsoha!—2025
  • Na Hoa Khoneha Hore Motho a Khotsofale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Na u se u “Ithutile Seo Batho ba Bangata ba sa se Tsebeng” ka ho Khotsofala?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Khotsofatsoa ke ho Sebelisa Melao-motheo ea Bibele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 9/1 maq. 4-8

Na u ka Khotsofalla Seo u Nang le Sona Bophelong?

“HAEBA mangeloi a mabeli a ne a ka theoloa leholimong, le leng le rōmeloa ho tla tsamaisa ’muso, ’me le leng ho tla fiela mebila, a ne a ke ke a ikutloa a tlameha ho fapanyetsana mesebetsi.” Ke kamoo ho kileng ha bua moruti oa Lenyesemane John Newton lilemong tse fetileng tse makholo a mabeli. Eo ke tsela e ’ngoe eo ho neng ho shejoa taba ea ho khotsofalla seo motho a nang le sona bophelong.

Empa ke eng se akarelletsoang ho khotsofaleng? Ke boikutlo bo ka hare bo tebileng ba khotsofalo e tebileng le e mameIlang maemo a motho ’me bo bontšoa ka ho hloka lipelaelo le ho tšoaea liphoso. Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e hlalosa “khotsofalo” e le “mohopolo o bonolo: o khotsofalletseng haholo seo motho a nang le sona bophelong.” Uena? Botebong ba hao, na u lakatsa eka u ka be u sebetsa mosebetsi o fapaneng, u na le lehae le fapaneng, u na le molekane osele? Na u fumana hore litakatso tsa hao li fetoha tse ka ’nang tsa u etsa motho ea sa tsitsang?

Ho khotsofala ha ho hlakole ho iteka ka matla ho ntlafatsa maemo a rōna. Khotsofalo e se ke ea bupetsa boiteko, e re sia re le ba lekanoeng feela ke ho phela letsatsi ka letsatsi. Empa bo bolela hore ha rea lokela ho iphumana re lakatsa ntho hoo re iphumanang re le har’a babelaeli ba sa thabang.

MOHLALA OA KHOTSOFALO

Nahana ka mohlala oa moapostola oa Mokreste Pauluse. E le moahi oa Roma ’me mohlomong a tsoa lelapeng le tsebisahalang la Baheberu, o ithutile molao ho Gamaliele ea rutehileng ’me a hlomphuoa ke Bafarisi bahabo. Empa ha etsahala joang? A bitsoa ke Jehova Molimo ka Mora oa Hae hore e be ’moleli oa ‘litaba tse molemo.’ Hore a itšokole ’me a qobe ho fetoha moroalo ho ba bang ka phuthehong ea Bokreste, Pauluse o ile a sebetsa ka matsoho a hae. Hona ha mo nolofaletsa hore a itsamaele ka bolokolohi ho tloha motseng ona ho kena ho o mong, kae kapa kae moo mosebetsi oa hae oa borumuoa o neng o ka mo isa teng. Mosebetsi oa hae e le ’moleli oa evangeli oa mo tlisetsa mahloriso a mangata, le tsona lichapo, ho tlepetsoa ka majoe le ho shapuoa. Empa na o ile a khotsofala?

Lengolong la hae le eang ho Ba-Filippi, Pauluse a ngola hore: “Ke fela ke lekanya hoba ntho tsohle ke tšenyehelo, ha li ka bapisoa le boholo ba ho tseba Jesu Kreste, Morena oa ka, eo ke lahlileng tsohle ka baka la hae, ’me ke li etsa lithōle, ke tle ke rue Kreste. . . . hobane ke ithutile ho kholoa litabeng life le life tseo ke leng ho tsona.” (Ba-Fil. 3:8; 4:11) E, moapostola Pauluse o fumane ho khotsofala kannete tšebeletsong ea hae e tšepahalang ho Molimo.

MEHLALA E LEMOSANG EA HO SE KHOTSOFALE

Ba bang, leha ho le joalo, ha baa ka ba khotsofala, ka liphello tse kotsi. Mosali oa pele, Eva, o ne a e-na le monna ea phethahetseng, lehae le letle tšimong ea paradeise, lijo li le matletse-tletse ka bongata bo tsotoang, tlhokomelo e lerato ea Ntate oa hae oa leholimo le Molimo, le litebello tsa ho phela ka ho sa feleng. Empa ha Moleki a bolela hore Molimo o mo hanela ka seo e leng sa hae ka tšoanelo, a mo kholoa ’me a fetoha ea sa khotsofallang seo a nang le sona. A ikhethela tsela e mo neang bolokolohi le monyetla oa ho ipeela melao ea hae ka se setle le se sebe. Boikhethelo bona ba mo tlisetsa mahlomola le lefu feela. Ho ne ho tla ba molemo hakaakang ho eena hore e be o ile a lula a khotsofetse, a ikokobeletsa monna oa hae, ’me, ka holim’a tsohle, Molimo oa hae!

Makholo a lilemo hamorao, ha Jehova Molimo a etelletse pele batho ba hae lefeelleng, nako le nako ho se khotsofale ho ne ho ba teng. Ka lekhetlo le leng, mahosana a 254 a Iseraele a se ke a khotsofalla seo a nang le sona bophelong ’me hona ha etsa hore Moshe le Aarone ba fetoheloe pooaneng. “Ho lekane! . . . ke ka baka la’ng ha le iphahamisitse ka holimo ho phutheho ea Jehova na?” ba bolela joalo ka nyefolo. Moshe a arabela ka ho toba ka lebaka la ho se khotsofale ha bona. Rea bala: “Hlekane ke ntho e nyenyane ho lōna . . . le tsekela’ng boprista na?” (Num. 16:1-10) Phello ea e-ba efe? Lefu la mollo ho ba bangata; ba bang ba koenngoa ke lefatše.

Maemo a sa tšoaneng a etsa hore Demase a se ke a khotsofala, eena ea neng a sebetsa le moapostola Pauluse. O ne a na le moapostola ha a tšoaroa ka lekhetlo la pele Roma. Empa ha Pauluse a tšoaroa ka lekhetlo la bobeli ‘Demase a mo lahla ka baka la ho rata tsamaiso ea joale.’ (2 Tim. 4:10) Kahoo a felloa ke khotsofalo ea ’nete.

NA U KHOTSOFETSE?

Uena ho joang ka uena? Haeba ke uena mofepi oa lelapa, na ha ua khotsofala? Ruri ho na le lintho tse ngata tse ka tšoenyang Mokreste—ho se tšepahale ho ba libakeng tse phahameng, ho tlatlapuoa ha bafumanehi le ba hlokang, le khethollo, re sa bue letho ka mesebetsi e mengata eo e leng tloaelo. Motho a ka khotsofala joang tlas’a maemo a joalo? Ho hotle ho hopola hore ha u mong. Bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba mehleng e fetileng ba ile ba talimana le mathata oona ao, ’me hore na ba ile ba a sebetsa joang ka katleho ho tlalehiloe ka Bibeleng bakeng sa ho re khothatsa.

Ka mohlala, ho ne ho e-na le Molevi Asafe, sebini se neng se tsebisahala. O ngolile: “Ke ne ke honohela baikakasi, ha ke bona lehlohonolo la banyefoli. Ba lutse ka ntle ho mahlomola a batho, ’me ha ba otloe joale ka ba bang.” Ka baka leo, a ipolella hore: “Ke feela ha ke hloekisitse pelo ea ka, leha ke hlatsoitse matsoho a ka bosoeung.”—Pes. 73:3, 5, 13.

Ha e le hantle, Asafe a ipotsa: ‘Thuso ke efe ea ho leka ho etsa se nepahetseng? Ba bang ba tsoella ka bobe. ‘Na ke sitoa ke eng?’ Empa joale a lemoha hore monahano oa hae o fosahetse. Ha a le sehalalelong le barapeli ba bang ba Jehova, a hlokomela hore nala ea ba khopo ke ea nakoana.—Pes. 73:15-19.

Le hoja re ka tšoenyeha ke bobe bo re potileng, re ka tšelisoa ke ’nete ea hore ho na le letsatsi la ho ikarabella. (Lik. 17:31) Tsamaisong ena ea lintho, ho hongata ho ke keng ha fetoloa. Bibele e re, “ho khopameng ho ke ke ha inamoloha.” (Moek. 1:15) Kahoo, ha re ke ke ra fetola litaba ka mekhoa e loketseng, ka bohlale re letela Jehova Molimo hore a nke bohato ka nako ea hae e tšoanelehang. Kahoo re ipoloka re khotsofetse.

Lehae la hao le joang? Na ho uena ke mohloli oa khotsofalo? Ke ’nete, litho tse lerato tsa lelapa li ka tlatsetsa khotsofalong. Kamor’a ho sebetsa haboima ka letsatsi, ke khatholoho e kaakang bakeng sa monna ho kena ka lapeng le nang le khotso ’me a thabele botsoalle ba mosali oa hae le bana! Maele a Bibele a hlalosa hona hantle. a re: “Ho ja meroho feela moo lerato le leng teng, ho monate ho e-na le ho ja khomo e nonneng, moo ho nang le hloeano.”—Liprov. 15:17.

Lelapa la moea le etsoang ka lipaki hammoho tsa Jehova le lona ke thuso e khōlō ea ho lula u khotsofetse. Ho hotle hakaakang ho ba le hona ho kopanela le batho ba tšepahalang, ba khabane le ba lerato! Na u fumane hore ho ba teng libokeng tsa Lipaki tsa Jehova ho u etsa hore u lebale mathata ao ho bonahalang a u nyahamisa?

Mosali oa lelapa a ka ’na a botsa, ‘ho thoeng ka mosebetsi oo ke talimaneng le oona?’ O tla hloka boiteko ba ka mehla ho boloka ho khotsofala ha ’nete ha ho boleloa ho hongata hakana ka “tokoloho ea basali.” Empa na ba etellang pele mokhatlong ona ba hlile ba khotsofetse? Ba ka khotsofala joang ha ba hlokomoloha ’nete ea hore karolo e beiloeng ke Molimo bakeng sa mosali ke ea ho ba mothusi le motlatsi, e seng ea bohlooho kapa tlholisano? (Gen. 2:18) Mosali a ka etsa ho hongata ho tlatsetsa thabong ea lelapa. Mehleng ena ea ha matla a chelete a theoha ka potlako, a ka theola litšenyehelo ka ho reka ka bohlale. (Liprov. 31:14) Ka polelo le ka mohlala, mosali oa Mokreste a ka haha bana ba hae moeeng, a ba thusa ho bona hore ho bolela eng ho phela joaloka barutuoa ba Jesu Kreste.

Ke ka ho koala sekheo sa sebaka seo a se filoeng ke Molimo mosali oa Mokreste a utloang thabo ea mosali ea bohlale ea hlalosoang bukeng ea Liproverbia, moo re balang: “Mosali ea khabane ke mang ea tla mo fumana? Ke ea bohlokoa ho fetisa liperela hole. Pelo ea monna oa hae ea mo tšepa, . . . O mo etsa hantle, . . . ka matsatsi ’ohle a ho phela ha hae. . . . O alosa ntlo ea hae, . . . Bara ba hae ba tsoha, ’me ba ’mitsa ea lehlohonolo. Monna oa hae le eena oa mo rorisa. . . . Mosali ea tšabang Jehova ke eena ea tla rorisoa.”—Liprov. 31:10-30.

Ho joang ka lōna bacha? Na le khotsofalletse seo le nang le sona bophelong? Kajeno bacha ba talimane le mathata a tebileng. Boitšoaro bo bobe, ho qhekella le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi li phahame hoo li nyahamisang. Ha ho hlokahale hore lintho tse joalo li u hlokise botsitso, li u hlokise hore na hana u tšoanela ho leba kae le ho u khothalletsa hore u ngalohe sekolong. Ka ho khaoletsa thuto ea hao pele ho nako, u ka ’na ua tlameha ho ikhotsofatsa ka mosebetsi oa chelete e tlase le maemo a mosebetsing a bileng a nyahamisang le ho feta a sekolong. Kahoo, loanelang ho etsa ka matla sekolong, le ikhethela koetliso e tla le nolofaletsa ho iphelisa hantle le sa iqete matla. Ke hantle ha bahlanka ba Molimo ba itokisetsa mosebetsi oa mofuta o tla ba lokollela nako e lokolohileng ea ho neela boholo ba nako ea bona le matla ho thuseng ba bang moeeng. Hona ho fella ka ho utloa thabo e kholoanyane e tlisoang ke ho fana.—Lik. 20:35.

Haeba u morapeli oa Jehova Molimo, ha u ntse u le sekolong u loanele ho tsoela pele joaloka Mokreste. Iphe monyetla oa ho bolela ‘litaba tse molemo’ sekolong le kopanong le litho tse ling tsa phutheho. Ka nako ea phomolo ea sekolo, nahana ka ho atolosa tsela eo u kopanelang ka eona ho boleleng ‘litaba tse molemo’ pontšeng. U ka ’na ua ho fumana ho thabisa kannete ho sebeletsa u le pula-maliboho ea thusang. U se ke ua hlokomoloha ho bala Bibele le libuka tse lokiselitsoeng ho u thusa ho e utloisisa hamolemo. Tokisetso e ntle e etsoang pele e tla u nolofalletsa ho kopanela libokeng tsa phutheho.

Na ho na le ba kulang phuthehong ea heno, ba holofetseng kapa ba hōlileng? Na u ka ba ela mabenkeleng, ua ba teela ho hong kapa ua ba hloekisetsa? Na ho na le ea seng a sa bone hantle? Na u ka neela nako beke e ’ngoe le e ’ngoe u balla motho eo? Ho ba morutuoa oa Jesu Kreste ho bolela ho sebeletsa ba bang joalokaha a entse. Ha u ithuta ho sebeletsa ba bang bocheng ba hao, mahlohonolo a hao le nyakallo li tla ba khōlō.

Na ho teng mekhoa e mecha eitseng ea ho fumana senotlolo sa khotsofalo ea sebele? Che, ha ho letho le lecha. Lilemong tse fetileng tse 1 900 moapostola Pauluse o fane ka keletso e sebetsang hona joale joalokaha e entse joalo ka nako eo. O ngolile: “Efela borapeli, ha bo e-na le ho kholoa ha pelo, ke leruo le leholo. Hobane ha rea ka ra tlisa letho lefatšeng, ’me hoa bonahala hoba re sitoa ho ea le letho, ha re le tlohela. ’Me ha re e-na le lijo le liaparo, a re kholoeng ke tsona.”—1 Tim. 6:7-8.

Iphe nako, ho nahanisisa ka seo u nang le sona bophelong. Ke ’nete, mohlomong se molemo kapa mohlomong se sebe haholo. Loanela ho khotsofalla seo u nang le sona, u sa khathatsehe ka seo u se hlokang. Thabisoa ke ho etsa seo u ka se khonang ho thusa ba bang moeeng le ho ba mohloli oa khothatso ho bona. Ho etse, joaloka ba ba bang ba bangata, ’me u tla khotsofalla seo u nang le sona bophelong.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Mosali oa lelapa a ka botsa, ‘ho thoe’ng ka kabelo ea ka bophelong?’

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela