’Muso—Na ke oa Sebele ho Uena?
“’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena; hoja ’muso oa ka o tsoa lefatšeng lena; bahlanka ba ka ba ka be ba ntoanela, ke tle ke se ke ka neeloa ba-Jode; empa joale, ’muso oa ka hase oa mona.”—Joh. 18:36.
1. (a) ’Muso le puso li amahanngoa joang ho Esaia 9:6, 7? (b) Pelenyana, ’muso le puso ho boletsoe kae ka tsona ka tšoantšetso?
LILEMONG tse fetileng tse fetang 2 600, ka pono ea boprofeta Esaia a bua tjena ka puso le ’muso:
“Hobane re tsoaletsoe ngoana, re neiloe mora; borena [puso] bo beiloe lehetleng la hae, ’me o tla bitsoa Moeletsi ea makatsang, Molimo o matla, Ra-bo-safeleng, Morena oa khotso; hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng teroneng ea Davida le ’musong oa hae; o tla o tiisa, a o tšehetse ka toka, le ka ho loka, joale le ka ho sa feleng. Cheseho ea Jehova oa makhotla e tla etsa hoo.” (Esa. 9:6, 7)
Makholo a lilemo pelenyana, Ntate oa rōna oa leholimo a bua ka ho tšoantšetsa ka ’muso oona ona le puso e le tse kenang tšebetsong. O etelletsoe pele ka matla ke ‘peō ea mosali oa Hae,’ o ne o tla bolaea sera se seholo sa puso ea ’Muso.—Gen. 3:15.
2. Abrahama o ile a bontša tumelo ea hae tšepisong ea puso ea ’muso joang?
2 ’Mōpi oa leholimo le lefatše ha a ka a tlohella tšepiso eo ea pele hore e shoe. Lilemo hamorao, Jehova a re ho motsoalle oa hae Abrahama:
“Ke tla hlohonolofatsa ba u hlohonolofatsang, ke rohake ba u rohakang, ’me mefuta eohle ea lefatše e tla hlohonolofalla ho uena.” (Gen. 12:3)
Ho hlohonolofala ha “mefuta eohle ea lefatše” ho ne ho tla etsahala feela ka hore ho phethahale tšepiso eo ea pele, ’me hona Abrahama o ile a ho lemoha. Kahoo, moapostola oa Mokreste Pauluse oa tlaleha: “Ka tumelo [Abrahama], o kile a lula ka mokhoa oa mojaki naheng eo a e baletsoeng, a aha litenteng le Isaaka le Jakobo, bao e bileng majalefa le eena a pallo e le ’ngoe; hobane o na a lebeletse motse [’muso] o nang le motheo, oo Molimo e leng mohahi le mothei oa oona.” (Ba-Heb. 11:9, 10) Abrahama o ne a hapehile ke tšepiso eo a e etselitsoeng pusong eo ea ’Muso hoo a ileng a iketsa eka ke mojaki, le hoja a ne a ahile Naheng ea Pallo.
3. Ke lipotso life tseo re ka ipotsang tsona ka tumelo ea rōna pusong ea ’muso?
3 Rōna ka bōrōna re talima lefatše lee joang? Na re ipona re le ‘bajaki’ le ‘basele,’ le hoja mohlomong re phela naheng eo re tsoaletsoeng ho eona le batho ba mofuta oa habo rōna? Na ba bang libakeng tsa habo rōna ba re talima re fapane? Na ba re bona re ikhethile? Haeba ha ho joalo, tumelo ea rōna e matla hakae pusong ea ’Muso? Ebe re ‘ipapisitse feela’ le libaka tseo re phelang ho tsona? Kapa, na re metsoalle ea Molimo joaloka Abrahama?—Jak. 2:23.
4. Ke bo-mang ba molemong oa ho eloa hloko ke “peō” ea puso ea leholimo, ’me ba lokela ho etsa joang ho fumana molemo?
4 Jehova a boloka tšepo eo e khanya ka ho Abrahama ka hore a mo hopotse hamorao haholo hore:
“Ho hlohonolofatseng ke tla u hlohonolofatsa, ’me ho atiseng ke tla atisa moloko oa hao, o be ka ka linaleli tsa maholimo, le lehlabathe le lebopong la leoatle, ’me moloko oa hao o tla rua likhoro tsa lira tsa oona. Lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa lelokong la hao, ka baka la hobane u mametse lentsoe la ka.” (Gen. 22:17, 18)
Ha e le hantle ka “peō” [leloko] e boletsoeng ho Genese 3:15, e seng feela lichaba tse ling empa lichaba tsohle tsa lefatše li ne li tla itlhohonolofatsa. E, ’me ho etse joalo le motho e mong le e mong ea lichabeng tseo, ho sa tsotellehe morabe le hore na ke mofutsana kapa morui, ha feela motho eo a hlokomela a bile a amohela bohlokoa ba “peō” eo. Ruri, kamoo litaba li leng kateng, ‘e mong le e mong ea lumelang ho eena, a ke ke a timela, empa a be le bophelo bo sa feleng.’ Monyetla o teng oa hore ba bangata e be bafo ba puso eo, ha ba lumela.—Joh. 3:16; Lik. 10:34, 35.
5. E le “Peō” e tšepisitsoeng le Morena ho tla finyelloa eng ka Kreste?
5 Re tseba joang hore Jesu Kreste, ruri e ne e le eona “peō” eo e ka sehloohong ea Abrahama? Ka ho toba ho phaphamisang, Pauluse o re: “’Me joale, lipallo li etselitsoe Abrahama le leloko [peō] la hae, ha ho thoe, meloko [lipeō], joale ka hoja ho boleloa e mengata, empa ka ho lekanya le le leng feela, ho itsoe; Le ho leloko [peō] la hao, e leng Kreste.” (Ba-Gal. 3:16, bapisa NW) Joale, ha a ngolla Bakreste ba Efese, moapostola o supa tsela ea Jehova eo a sebetsang litaba ka eona mabapi le ho momahanya barutuoa ba Jesu tlas’a Kreste, “Peo” e tšepisitsoeng le Morena, le ho tlisa batho bohle ba bang ba lefatšeng tumellanong le Molimo ka Mora oa Hae. Pauluse oa ngola:
“Oa re tsebisa sephiri sa thato ea oona ka boithatelo ba oona, kamoo o nong o itherele kateng, hore, etlere nako tse beiloeng ke oona ha li se li phethehile, o tle o bokellele tsohle ho Kreste, leha e le tse leholimong, leha e le tse lefatšeng.”—Ba-Ef. 1:8-10.
PUSO EA ’MUSO E FETOHA KHANG
6. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a hlokometse karolo ea hae ea kamoso pusong ea ’Muso?
6 Pele a rongoa lefatšeng, “Kreste” e ne e le Lentsoe (kapa, Logos), molomo oa Ntate oa rōna oa leholimo. (Joh. 1:1) Kahoo Jesu o ne a tseba ka boprofeta bo ngoliloeng ho Genese 3:15 le Esaia 9:6, 7. O ne a hlokometse mantsoe a tobisitsoeng ho Abrahama. (Gen. 12:3; 22:17, 18) Ho phaella moo, o ne a falimehetse ’nete ea hore ke eena ea tla phethahatsa lipallo tse babatsehang tse boletsoeng ho peō e tšepisitsoeng le puso ea ’Muso.
7. Jesu a hlokomelisa ka karolo ea hae ea borena joang?
7 Boromuoeng ba Jesu lefatšeng haholo-holo tšebeletso ea hae ea lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng, o ile a hlokomelisa ka karolo eo ea borena. Lipolelo tse kang ‘’muso oa Molimo o har’a lona’ le “’muso oa Molimo o atametse” li ne li utluoa li tsoa molomong oa hae. Ka lipapiso tsa hae tse ngata-ngata le litšoantšo, Jesu o ne a hlokomelisa ka ’muso oo.—Matt. 13:1-52; Mar. 1:14, 15; Luka 17:21.
8. Jesu o ile a etsa mehlolo efe?
8 E le Morena oa kamoso, Jesu a boela a etsa mehlolo e mengata. Ka matla a moea o halalelang, a tsamaea holim’a metsi. A tutubolla mahlo a lifofu ’me a thibolla litsebe tse thibaneng. Jesu a phekola ba kulang le ba holofetseng, ’me a khutlisetsa bafu bophelong. e, haeba motho ea joalo a ne a botsoa ke ba thelevishene kajeno, nahana ka letoto la lipotso le neng le tla mo toba! ’Na ke uena monna ea ileng a tsamaea holim’a metsi? U ne u tutubolla mahlo a lifofu joang, litsebe tsa ba sa utloeng u li thibolla joang le ho phelisa ba shoeleng—hona ho etsahala joang?’ Ha a le ka pel’a ‘ea mo botsang,’ Ponse Pilato, Jesu Kreste a etsa joang?
9. Ha Jesu a le ka pel’a Pilato, ke eng e hlileng ea totobatsoa?
9 Jesu ka ho totobetseng a etsa ’Muso khang. Pilato a be a se a latela Kreste, ka ho latela le ho hatisa sehlooho sa puso ea ’Muso. Bonneteng ba taba, Pilato o ne a se na boikhethelo, ka baka la tsela e bohlale eo Jesu a sebelitseng taba ka eona lihoreng tse qetellang bophelo ba hae ba lefatšeng. A re nkeng Libibele tsa rōna ’me re phetle Molaetseng oa Johanne, khaolo ea 18, temana ea 33.
10. Potso ea pele ea Pilato ho Jesu e bile efe, ’me ke hobane’ng ha e ne e loketse hakaalo?
10 Potsong ea hae ea pele e tobisitsoeng ho Jesu, Pilato a botsa, “Na ke uena morena oa ba-Jode na?” Ka kelellong ea ’musisi oa Moroma, taba ea sehlooho eo ho neng ho buuoa ka eona e ne e tsitsitse. Ke sona sehlooho seo ho neng ho hlokahala hore se phehelloe hona tsatsing leo, hobane ha Pilato a botsa Bajode hore na ba tlisitse Jesu ba mo nqosa ka life, ba itse ho eena: “Re bone motho enoa a khelosa sechaba, o hana ha ho ntšetsoa Cesare lekhetho, hape o ipitsa Kreste, morena.” Ka ho loketseng, Pilato joale a botsa Jesu: “Na ke uena morena oa ba-Jode na?”—Luka 23:1-3.
11. (a) Ho arabela potso e ’ngoe ea Pilato, Jesu o ne a ka ’na a etsa joang? (b) Khang-khang e ’nile ea e-ba efe ho batho ba Molimo?
11 Hoja u ne u le sebakeng sa Jesu ’me u botsitsoe potso eo, u ne u tla e arabela joang? Na u ne u tla pheta lintho tsohle tseo u li entseng le tseo u sa li etsang ka boiteko ba ho bebofatsa kahlolo ea hao, kahoo u leka ho qoba kahlolo ea lefu? Bona e ne e tla ba boitšoaro bo tloaelehileng ho ba bangata, empa e seng Jesu. O ne a ka ’na a faposa Pilato sehloohong sa ’Muso. Empa puso ea ’Muso e ne e le eona khang. Ho theosa le lilemo ’Muso e ’nile ea e ba khang, ’me hona joale, ho batho ba Molimo ba kajeno, khang e ntse e le ’Muso. E bile eona Jeremane ea Bonazi, Italy ea Bofasi, Amerika, Australia, Canada le likarolong tse ling tsa lefatše nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Potso e ’nile ea e-ba hore na ke puso efe ea sehlooho bophelong ba motho ka mong—ea motho kapa ea Molimo! Mehleng ea hona joale, le teng, khang e ntse e le eona eane, le haeba ke Malawi, China, Soviet Union, kapa naheng efe le efe. Khang-khang hase tšelo ea mali kapa lithibelo tse ling empa ka mehla qetellong, Ke Puso efe e ka sehloohong bophelong ba motho?
12. Jesu a hlokomelisa ka ’Muso joang ho ea pele, ’me hona joale ha etsa hore Pilato a botse potso efe?
12 Jesu ha a ka a arabela potso ea Pilato ka ho toba, empa a arabela:
“’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena; hoja ’muso oa ka o tsoa lefatšeng lena, bahlanka ba ka ba ka be ba ntoanela, ke tle ke se ke ka neeloa ba-Jode; empa joale, ’muso oa ka hase oa mona.”
Hlokomela hore karabelong e khutšoanyane ea Jesu o bolela ’Muso ka makhetlo a mararo. Hona ha busetsa Pilato le bohle ba mametseng sehloohong sa puso ea ’Muso, joalokaha Pilato joale a itse: “Ke ho re, u morena na?” (Joh. 18:36, 37) Pono ea tiisoa sethalleng seo sa tšoantšetso, ’me ho ne ho se ea ka hlokomolohang lebaka la ho qosoa ha Kreste. Hlokomela hore na liketsahalo li latellane joang. Jesu a arabela ’me a re:
“Ua bolela, ke morena; ke tsoaletsoe hona, ’me ke tletse hona lefatšeng, ke tle ke pake ’nete. E mong le e mong eo e leng oa ’nete o utloa lentsoe la ka.”—Joh. 18:37.
13. Khang ea ’muso ea hatisoa ho ea pele joang ha Jesu a teana le Heroda?
13 Ntlheng ena Pilato a re ho baeta-pele ba bolumeli le letšoele la Bajode: “Ha e le ’na, ha ke bone molato ho eena.” Leha ho le joalo, bongata ba phehella ’me ba boleIla Pilato kamoo thuto ea Jesu ea ’Muso e neng e tletse Judea, ho tloha Galilea. Ka nako eo Heroda Antipase e ne e le ’musisi oa Galilea ’me o ne a ipatlela borena ba Bajode. Ho Pilato, ho molemo haholo e bile hore Heroda a bonane le Jesu, kaha Heroda o ne a le Jerusalema ka nako eo. Eaba o rōmela Jesu ho Heroda, ea ileng a botsa Jesu halelele, ka tšepo ea hore o tla etsa mohlolo. Empa Jesu, morena ea tlotsitsoeng oa Jehova, o ne a sa lakatse ho nyenyefatsa borena ba hae feela hore a khotsofatse se batloang ke Heroda. A ikhutsetsa. A tsietsoe, ea ipatlelang borena, e leng Heroda a soma borena ba Jesu, a etsa hore masole a hae a apese Jesu seaparo sa borena ’me a mo khutlisetsa ho Pilato.—Luka 23:4-11.
14. Ka borena, qetello e ne e tla ba efe ho Heroda le Jesu?
14 Le hoja Pilato e bile motsoalle oa Heroda ho tloha mohlang oo, ha hoa ka ha etsetsa Heroda molemo oa letho. Ha re le mona, re ka hlokomela phapang pakeng tsa qetello ea Heroda le ea Jesu. Histori e bolela hore, lilemo hamorao, Heroda ea meharo ka tšusumetso ea mosali oa hae oa mofebi, Herodiase, a ea Roma ho ea ikōpela borena ho ’Musisi Caligula. Empa hona ha halefisa Sesare, ea ileng a lelekela Heroda Gaul. Heroda a lahleheloa ke setulo sa hae le leruo. Jesu karolong ea hae, o ne a hanne ho etsoa morena oa lefatšeng. O ne a itlhobolisitse sohle seo a neng a ka se rua lefatšeng mona. (Matt. 8:20; Joh. 6:15) A ikokobetsa, a itiha ka ho feletseng thatong ea Jehova. A nyakallela ho etsa thato eo, le ho etsa ’muso oa leholimo sepheo sa hae. “Ka baka la thabo eo a e beetsoeng,” a mamella lihlong tsohle le tlhokofatso tseo lira tsa hae li neng li ka li phaella holim’a hae, a tseba hore ho tšepahala ha hae ho isa lefung ho tla mo etsa ea tšoanelehelang borena bo ka pel’a hae.—Ba-Heb. 12:2; Matt. 25:31.
15. Khang ea borena ea phahamisoa joang ke puisano ea Jesu ka pel’a Pilato?
15 Hang hape, Jesu a ema ka pel’a Pilato. ’Me khang ea ’Muso ea hlahella, ha Pilato a botsa bongata ba Bajode: “Na le rata hore ke le lokollele morena oa ba-Jode?” Empa ha hoa ka ha fella moo. Masole a Roma a nka sehlooho hore borena le puso ke tsona tse tsekoang. Ka ho soma, a etsa moqhaka oa meutloa ’me a nka kobo ea purepera a li apesa Jesu. A mo jabela sefahlehong, a mo bitsa morena oa Bajode. (Joh. 18:39–19:3) Ha ho pontšo ea hore Jesu o ile a leka ho tlosa moqhaka oo oa meutloa. Oa lula hloohong ea hae, ’me hoo ha sebeletsa ho khantša hore na khang-khang ke eng. Ho se motho ea ka lulang lefifing. Ha Pilato a re Bajode ba nke Jesu e le bona ho ea mo khokhothela, ka bohlale empa ka bohata ba phahamisa khang e le ho kena-kenana le matla a puso ea Baroma, ba re: “Ha u lokolla enoa, ha u motsoalle oa Cesare; e mong le e mong ea ipeang morena, o hana Cesare.”—Joh. 19:12.
16. Ba neng ba le teng nyeoeng ea Jesu ba pakile joang hore na Kreste o ne a bolaeloa khang efe?
16 Ho ne ho tšoana le ha Pilato a sebeletsa morero oa Jehova mohlang oo, joalokaha ho entse Cyruse oa Persia nakong e fetileng. (Bapisa Esaia 45:1-7.) Joale, Pilato a phahamisa litaba ka hore a re: “Bonang, morena oa lōna!” Ka ho rialo, Bajode ba batla hore Jesu a khokhotheloe, e leng moo Pilato a ileng a botsa: “Ke thakhise morena oa lōna na?” Ba arabela: “Ha re na morena, ha e se Cesare.” (Joh. 19:14, 15) Bonneteng, batho bana ka bobona ba ne ba pakela khang eo Kreste a neng a tla tloha a bolaoa ka baka la eona, ’me ho ne ho sa hlokahale hore Jesu a bue letho. Taba e ne e hlile e hatisoa ka melomo ea bona.
17. Ketso ea ho qetela ea Pilato ka Jesu e ile ea hatisa khang ea puso ea ’Muso joang?
17 Khatiso ka khang ea puso ea ’Muso ea qetella e phahamisitsoe ke ketso ea Pilato ka hore a ngole sefateng sa Jesu sa tlhokofatso tlotla e ngotsoeng ka Seheberu, Selatine le Segerike. Bohle ba neng ba le teng tsatsing leo ba ne ba ka e bala ’me ba se ke ba sala lipelaelong hore na [Jesu] o khokhotheloa ka lebaka lefe. Tlotla ena e re: “Jesu oa Nazaretha, morena oa ba-Jode.” Ha baprista ba baholo ba Bajode ba e bona, ba halefa ’me ba re ho Pilato: “Se ngole: Morena oa ba-Jode; u mpe u ngole hore ke eena ea itseng: Ke ’na morena oa ba-Jode.” Leha ho le joalo, Pilato a fetola, a re, ‘See ke se ngotseng, ke se ngolile.’—Joh. 19:19-22.
18. (a) Bophelo ba rōna bo lokela ho tsitsa ho eng kajeno? (b) Ke lipotso life tseo re ka ipotsang tsona?
18 Liketsahalo tse hlakileng tsa letsatsi leo le lekang li lokela ho totobaletsa Bakreste bohle hore na bophelo ba bona bo lokela ho likoloha ho eng kajeno. Mohlanka e mong le e mong ea ineetseng oa Jehova o lokela ho hlahloba hore na ’Muso oo ke oa sebele hakae ho eena. Na re ipona re le bafo ba kamoso ba puso eo? Ke boiteko bofe boo re bo etsang re le babuelli ba puso ea ’Muso? Tšebetso ea rōna ke e mafolo-folo hakae ho tšehetseng puso eo? Sehloohong se latelang, re tla fumana lebaka le letle la thahasello e matla tabeng ea khang ea ’Muso. ’Me re tla hlokomela hore hoa hlokahala ho utloisisa hore ho potlakile ho bontša thahasello e joalo. ’Morena a be le moea oo re o bontšang’ ho phahamiseng ’Muso!—2 Tim. 4:22.
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
’Muso e ne e le oa sebele ho Jesu