Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 11/1 maq. 28-29
  • Hantle-ntle Lefatše le Busoa ke Mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hantle-ntle Lefatše le Busoa ke Mang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Le Hanyetse Diabolose” Joalokaha Jesu A Ile a mo Hanyetsa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Babusi Sebakeng sa Moea
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Hantle-ntle Ke Mang Ea Busang Lefatše?
    Ha e le Hantle ke Mang ea Busang Lefatše?
  • ’Musi oa Lefatše ea Sebetsang ka Sekhukhu oa Pepesoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 11/1 maq. 28-29

Lentsoe la Molimo Lea Phela

Hantle-ntle Lefatše le Busoa ke Mang?

TSELA EA LICHABA e bile e tšoanang ka lilemo tse likete hoo bangoli ba lipale ba fanang ka khopolo ea hore histori e-ea ipheta. Lintoa, khatello le tšokelo li tloaelehile haholo ha lichaba li ntse li oa le ho phahama. Hobane’ng?

Na ebe mohlomong matla a mang a tšoanang a sa bonahaleng a busitse lichaba tsohle? Ebe matla a tšoanang a tsamaisang a ikarabelletse bakeng sa liketso tsa pefo tse tšoanang?

Ha ho hlokahale hore taba e fetohe selotho. Ka ho hlakileng Bibele e paka hore matla a phahameng haholo a bohlale a ’nile a susumetsa batho le lichaba. Lentsoeng la Molimo, Jesu Kreste o bitsa matla ao a phahameng “morena oa lefatše lena.” (Joh. 12:31; 14:30; 16:11) Ke mang?

E le thuso ea ho arabela potso ena, nahana ka boemo qalehong ea tšebeletso ea Jesu mona lefatšeng. Bibele e re bolella hore hoba Jesu a kolobetsoe o ile a ea lefeelleng moo a ileng a lekoa ke Satane Diabolose. Teko e ’ngoe e bile eo ho eona Diabolose a etsang tlhahiso ho Jesu. Ea boraro litekong tsena e hlalosoa ka tsela ena:

“Diabolose a boela a mo nkela thabeng e telele haholo, a ’montša mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona, a re ho eena: Ntho tseo kaofela ke tla u nea tsona, ha u ka oa ka mangole, ua nkhumamela.”—Matt. 4:8, 9.

Diabolose o ne a nea Kreste eng? “mebuso eohle ea lefatše.” Na ka ’nete mebuso eohle ea lefatše e ne e le thepa ea Diabolose? E, hobane o ne a ka e nea Kreste joang? Satane e ne e le eena morena ea sa bonahaleng oa eona. Ke ka baka leo hamorao Jesu a ileng a re: “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena.”—Joh. 18:36.

Bibele e hlalosa ka ho hlakileng hore lichaba tsohle li tlas’a taolo ea Diabolose, e re: “Lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” (1 Joh. 5:19) Lentsoe la Molimo, ha e le hantle, le bitsa Satane “molimo oa lefatše lena.”—2 Ba-Kor. 4:4.

Boitsebiso bona bo re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha lichaba li hloeane ’me li leka ho timetsana ha takatso ea tlhaho ea batho bohle ba nkang hantle e le ho phela ka khotso. E, ‘Satane . . . o thetsa lefatše kaofela.’—Tšen. 12:9; Ba-Ef. 6:12.

Haufinyane, leha ho le joalo, hona hohle ho tla fetoha. Nako e atametse ea ha Jesu Kreste ea tsositsoeng a tla felisa Satane le lefatše la hae le khopo, ha a boloka bahlanka ba Molimo bophelong ka ho sa feleng.—Tšen. 20:1-3; 1 Joh. 2:17.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela