Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 1/15 leq. 16
  • Jehova—Qhobosheane e Matla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova—Qhobosheane e Matla
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kichine e ka ba Sebaka se Nyakallisang
    Tsoha!—1997
  • Khoba Matšoafo ’Me U Tšepe Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • 2. Li Boloke li Hloekile
    Tsoha!—2012
  • Thapelo e ka Nthusa Joang?
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 1/15 leq. 16

Jehova—Qhobosheane e Matla

POLOKO e tla ka ho tšepa Jehova, kamoo ho ileng ha fihlela banana ba babeli ba motho ba France e ka bochabela bo ka boroa. E mong oa bona o re:

“E ne e le 12:30 ka meso ’me re ne re ithobaletse ka bobeli ka khotso. Ka tšohanyetso, ra tsosoa ke lerata le sa tloaelehang le hlahang kamoo ho pheheloang, joale ha hlaha monna monyako. A tšohile, ngoan’eso a bokolla: ‘Jehova, Jehova, re thuse hle!” Ka ho rialo monna a re laela hore re thole ha a re tšosa ka thipa le feile. Re leboha Jehova ra boetse ra khoba matšoafo ’me ra apara.

“Mokhathatsi o ne a hloelletse holimo ho kena mokatong oa botšelela oa ntlo ea rōna ho kena le kamoo re phehelang ’me o ne a itšehile ka ligalase ha a leka ho thuha fenstere. Ka hlokomela maqeba a hae le ho etsa lijo le kofi ho mo thusa hore a hlaphoheloe botahoeng ba hae. Hape, ka bua le eena ka Jehova, ke mo bontša kamoo re lokelang ho Mo tšepa. A arabela ka hore ha a tsebe Jehova, a bile a nyefola lebitso la hae. Ha a ntse a qamaka, ngoan’eso a bala Bibele ’me ka rapela ka khutso. Kamoo ho bonahalang a khopisitsoe ke khutso e joalo, a thonaka sekotoana sa galase e shoeleng, a e tobisa ’metsong oa ngon’eso, ha thipa eona a e beile mokokotlong ho eena, ’me a re: ‘ha u ka hana feela mali a tla rotha” Ka tlōlela holimo ’me ka re ka lentsoe le hlakileng: ‘U ke ke ua re tšosa kaha re na le Jehova ea tla re phahamisa le ho re lopolla. Leha u ka re bolaea re na le tšepo ea tsoho.’ A makalitsoe ke mantsoe ana, a tsamaea.

“E ne e ka ba 2:45 hoseng ha a bolela hore o tla tsamaea, ’me ka mo felehetsa ho ea fihla monyakong. Ha a tsoa, a re: ‘Oh, kea utloisisa. Jehova o matla ho mpheta.’ Hoba re koale monyako oa ntlo e phehelang, ra etsa thapelo ea teboho ho Jehova Molimo oa rōna, ea sa kang a re lahla.”—Liprov. 18:10.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela