Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 12/15 maq. 12-17
  • Nea Molimo Sebaka Lenyalong la Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nea Molimo Sebaka Lenyalong la Hao
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MPHO EA MOHAU EA LENYALO
  • HO NEA MOLIMO SEBAKA LENYALONG LA LŌNA
  • TLHOKAHALO EA MOSA
  • HO TŠEPAHALA E MONG HO E MONG
  • LERATO LE SE NANG BOIKHABI—“A·GAʹPE”
  • Etsang Hore Lenyalo le Lule e le “Thapo e Meloho e Meraro”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Se ka Atlehisang Manyalo a Bakreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Matlafatsang Lenyalo la Lōna ’me le Thabe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Etsa Hore Lenyalo la Hao e be Kopano e Tšoarellang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 12/15 maq. 12-17

Nea Molimo Sebaka Lenyalong la Hao

“Leqhoele le meloho e meraro ha le phakise ho khaoha.”—Moek. 4:12.

1. Ke motheo ofe oa Mangolo o boletsoeng ho Pesaleme ea 127:1 o ka sebelisoang lenyalong?

TLHOKAHALO ea hore Jehova Molimo a kene nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang e hatisoa nako le nako ka Mangolong. Kahoo rea bala ho Pesaleme ea 127:1: “Ekare ha e se Jehova ea hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lefeela; ekare ha e se Jehova ea bolokang motse, molebeli o falimehela lefeela.” Pale e telele ea sechaba sa Iseraele e totobatsa bonnete ba motheo oo. Ha Iseraele e ne e nea Molimo sebaka litabeng tsa eona ka ho mo etsetsa boineelo bo khethehileng, boiteko ba bona ba ho itšireletsa ho lira tsa bona bo ne bo atleha. Empa ha ba kheloha borapeli ba hae bo hloekileng ho latela melimo esele, balebeli ba bona ba ne ba lebella metse ea bona lefeela. Motheo oona oo oa sebetsa ho atlehiseng ha rōna lenyalo.

MPHO EA MOHAU EA LENYALO

2. Ke hobane’ng ha lenyalo le ka talingoa e le mpho ea mohau?

2 Lentsoe la Molimo le re bolella hore ke Monei oa “mpho e ’ngoe e le e ’ngoe e ntle, leha e le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethehileng.” (Jak. 1:17) Har’a limpho tse ntle joalo le tse phethehileng ho ka akarelletsoa mpho ea mohau, lehlohonolo la lenyalo. Le na le monyetla o mokaakang oa ho tlisa thabo! Ruri ke e ’ngoe ea lintho tseo e leng tlhohonolotso tseo ’Mōpi a li beileng holim’a batho. Ha ho makatse hore ha qetellong Eva a hlahisoa ho Adama a ileng a tsota hore: “Joale enoa ke lesapo la masapo a ka, ke nama ea nama ea ka; o tla bitsoa mosali, hobane o ntšitsoe ho monna!”—Gen. 2:23.

3. Ke eng se ileng sa boleloa ke ’muelli e mong oa molao ka mpho ea Molimo ea lenyalo?

3 Adama o ne a ka nyakallisoa ke tlhohonolofatso ea molekane ea lerato, e mong ea tšoanang le eena eo a ka buang, a sebetsa, a rera le eena—ruri e ne e le motlatsi oa hae ea phethahetseng! Ho phaella moo, lintho tse thabisang tse tsamaeang le lenyalo ruri ke bopaki ba bohlale le lerato la ’Mōpi oa rōna. Ke hantle ’muelli oa molao I. Linton a ileng a supa tsela eo Molimo o bōpileng monna le mosali ka eona e le bopaki ba hore ruri motho hase tholoana ea ho iketsa ka bofofu. Linton a ngola:

“Bohlale bo sa lekanngoeng le mosa tsa Molimo o ileng oa bolela hore ha ho hotle hore monna a lule e le lesooa, ka ho kenya ka pelong ea monna ho rata mosali le ka pelong ea mosali ho rata monna, ka ho ba etsa hore ba tšoane kelellong, ’meleng le maikutlong hoo e ka bang balekane empa e le ba sa hahehang ka ho tšoana hore e mong e be motlatsi oa e mong le ho ba ba hohelanang, kamehla ho ’nile ha hotetsa ka ho ’na teboho le ho khahloa e le bopaki bo hlakileng hantle ba boqapi pōnong; ’me khotso le thabo tse hlahisoang ke kamano ea lenyalo ha Molimo o neiloe sebaka ho lona li fana ka leseli la matla a bohlale a Molimo hore o etse hore thabo e be teng.” (A Lawyer Examines the Bible) Hlokomela, “ha Molimo o neiloe sebaka ho lona.” Hona e ka ba ’nete haeba re lumella Molimo hore o be le sebaka manyalong a rōna.

4. Ke ka lebaka la’ng ha ho ka boleloa hore tlhohonolofatso ea lenyalo ke bopaki ba ho se ee ka tšobotsi ha Molimo?

4 Mpho ena le tlhohonolofatso ea lenyalo hape ke bopaki ba hore Molimo ha o ee ka tšobotsi le ba toka ea oona. Joang? Ka hore thabo ena ea lenyalo ha Molimo o neiloe sebaka ho lona, ha e-ea itšetleha ka lintho tse bonahalang tse kang leruo, thuto e phahameng, matla a ’mele a maholo kapa sebopeho se setle le litšobotsi. Leha e le hore mahlohonolo a lenyalo a lekanyetsoa feela ho moloko ofe kapa ofe kapa sechaba, kapa hore a itšetlehile ka boemo leha e le bofe ba sebaka. Hore na ba nyalaneng ba phela libakeng tse batang haholo kapa moo ho chesang haholo ha ho etse phapang ea letho.

HO NEA MOLIMO SEBAKA LENYALONG LA LŌNA

5, 6. Ho akarelletsoa eng hore Molimo o neoe sebaka lenyalong la motho?

5 Salomone o ngolile: “Ba babeli ba feta a le mong, hobane moputso o motle o teng oa mosebetsi oa bona; . . . le lona leqhoele le meloho e meraro ha le phakise ho khaoha.” (Moek. 4:9, 12) Lenyalo le ka tšoantšoa le leqhoele le tlamahantseng ba babeli ’me, ha re nea Molimo sebaka ho lona, ruri ke ‘leqhoele le meloho e meraro le sa phakiseng ho khaoha.’ Ho nea Molimo sebaka lenyalong la lōna ho bolela eng? Kamoo ho bonahalang, ba nyalaneng ba amehile ka ho tlatsetsa ka ho hong thabong ea bona le nyakallong, ho khotsofatsa seo e mong le e mong a se hlokang. Monna o amehile ka ho khahlisa mosali oa hae le ho mo thabisa, hore a tšelisehe le hore a sireletsehe, ’me mosali o amehile ka ho sebeletsa se hlokoang ke monna oa hae le ho mo khahlisa hamolemo kamoo a ka khonang, joalokaha ho hlokomela moapostola Pauluse. (1 Ba-Kor. 7:33, 34). Ho nea Molimo sebaka lenyalong la lōna ke ho ameha ka ho finyella seo o se hlokang bakeng sa ba nyalaneng. Ka bokhutšoanyane, ke hore: “Basali, ikokobetseng ka tlase ho banna ba lona, joale ka ha ho tšoaneleha Moreneng. Banna, ratang basali ba lōna, ’me le se ke la ba halefela.”—Ba-Kol. 3:18, 19.

6 Ho feta moo, ho nea Molimo sebaka lenyalong la rōna ho bolela hore balekane ka bobeli ba be le kamano e mofuthu ea botho le Jehova Molimo, ho se mohla ba hlokomolohang thapelo hammoho. Kopanelang le Eena thabo, masoabi, mesarelo ea lona, le liteko. Amehang ka ho mo thabisa joaloka Motho le ho mo nyakallisa pelong. Ho Pesaleme ea 147:11 rea bala: “Jehova o khahlisoa ke ba mo tšabang.” ’Me Molimo o re bolella ho Liproverbia 27:11 hore ka ho hlalefa re ka thabisa pelo ea hae. Kahoo re batla ho ameha, e seng feela ka hore na o re hloka eng, empa hape ka hore na o ikutloa joang ka tsela eo re mo mamelang ka eona. Ho nea Molimo sebaka lenyalong la rōna ho tla le matlafatsa ntle ho tekanyo ’me ho re tiisetse katleho le thabo. E, joale ke ‘leqhoele le meloho e meraro le ke keng la phakisa ho khaoha habeli.’—Moek. 4:12.

TLHOKAHALO EA MOSA

7. Ke hobane’ng mosa o hlokahala hore re nee Molimo sebaka manyalong a rōna?

7 Har’a lintho tseo Molimo o li hlokang ho libopuoa tsohle tsa oona tse lefatšeng, ebile e le e hlokahalang haholo lenyalong ho batho ba nyalaneng, ke hore ba be mosa e mong ho e mong. Jehova Molimo ka boeena o re beela mohlala, joalokaha Lentsoe la hae le re tiisetsa hore “o mohau ho ba sa leboheng le ho ba lonya.” (Luka 6:35) Ha e le hantle, ka makhetlo a fetang lekholo re bala ka Lentsoeng la hae ka ‘mosa o sa tšoanelang oa hae,’ ’me ka makhetlo a ka bang mabeli ka ‘mosa o lerato’ oa hae. Hore re nee Molimo ona o mosa sebaka manyalong a rōna re tlameha ho ela hloko keletso e ho Ba-Kolosse 3:12: “Le apare ke hona, . . . maikutlo a mohau, a molemo, a boikokobetsi, a bonolo, a mamello.”

8. E ’ngoe ea litsela tse bonolo ka ho fetisisa le tsa sehlooho tseo ka tsona balekane ba lenyalo ba ka bontsang mosa e mong ho e mong ka tsona ke life?

8 Re ka bontša mosa joang ho bao re nyalaneng le bona ’me kahoo ra nea Molimo sebaka lenyalong la rōna? Ho ba mosa ho bolela ho sebeletsa se hlokoang ke e mong. Ho bolela ho nahanela, ho ipea sebakeng sa e mong molemong oa katleho ea eo. Kaha, joaloka molao, ha re batle ho ba bang, e ’ngoe ea lintho tse ka sehloohong haholo le tsela e bonolo eo rōna, joale ka batho ba nyalaneng, re ka etsanang ka mosa ke ka ho kopanela boteng ba rōna, hore ebe re hammoho. Ka ho ba hammoho feela, re ka hahana, ra etsa hore e mong a ikutloe hore oa hlokahala le ho ananeloa. Lenyalong le leng le ileng la qhalana kamor’a lilemo tse ngata mosali o ne a tloaetse hore a nke phomolo ka nako e telele moo monna oa hae a leng sieo.

9, 10. (a) Tse ling tsa lintho tseo banyalani ba Bakreste monna le mosali ba lokelang ho li etsa hammoho ke life? (b) Ke ka litsela life tse ling hape balekane ba lenyalo ba ka bontšanang mosa e mong ho e mong?

9 Ho ba hammoho feela ka bohona ho molemo, empa ho molemo haholoanyane ke ho etsa lintho tse ngata kamoo ho ka khonehang hammoho. Na u bala Bibele motheong oa botho? Ke eng ha u sa balle holimo u balle le molekane oa hao? Na u lokisetsa liboka tsa Bokreste? Kamoo ho ka khonehang, ke eng ha le sa lokisetse hammoho? Na uena, monna, u na le karolo lenaneong? Ke eng ha u sa leke karolo eo ka lentsoe le phahameng ho mosali oa hao a nkile karolo ea bamameli? Lulang hammoho libokeng, haesita le ka linako tse ling. Kopanelang mosebetsing o lokiselitsoeng oa boboleli oa Bokreste hammoho. Tsena tsohle ke litsela tse eketsehileng tseo ka tsona re ka bontšang mosa, ra matlafatsa lenyalo la rōna le ho nea Molimo sebaka lenyalong la rōna.

10 Hape ke mosa hore ba nyalaneng ba buisane, ba neana sebaka sa hore e mong a tsebe se ka pelong le mohopolong oa e mong. E, hona ha ho bolele feela ho kopanela litaba kapa maikutlo empa hape le ho kopanela tsela eo e mong a ikutloang ka lintho. Nahana ka ho bolela lintho tse hahang moqoqong oa lōna, tumellanong le maele: “Molomo oa ea bohlale oa thoba.” (Liprov. 12:18) Ba babeli ba nyalaneng ha baa lokela ho ba nama e le ’ngoe feela, empa hape ba be khopolo e ’ngoe le pelo e ’ngoe, joalokaha Jesu a ile a rapella hore balateli ba hae ba be bang. (Joh. 17:21) Puisano ke tlamo bakeng sa bonngoe bo joalo.

11. Ke khothalletso efe e ntle ea Mangolo eo banyalani ba lokelang ho e latela ha ho e-na le ho khenelana?

11 Ho hlile ho fetoha mosa ho buisana ka lintho ha ho bile le ho se utloane kapa ho khenelana. Jesu o boletse motheo ka likamano tsa batho o atisang ho hlokomolohuoa ke ba nyalaneng kotsing ea bona. Na u ikutloa hore u ile ua tšoaroa hampe kapa ua fosetsoa ka tsela eitseng? Joale ka moea oa Mattheu 18:15 iphe matla a ho hlahisa taba ka nako e loketseng, u etsa joalo ka tsela e mosa le e beang taba hantle. U ka ba ua ithuta ka Mofumahali Esthere, eo ka bohlale a ileng a lokisa monna oa hae pele a bea ka pe’la hae taba e matla. (Esthere 5:1-8; 7:1-10) Kapa, na u ikutloa hore ke uena eo ho bonahalang a khopisitse moratuoa oa hao? Se ka ho hlokomoloha, empa ka boikokobetso, ka mosa le ka bohlale bea taba ka moea oa Mattheu 5:23, 24. Kahoo khotso, tumellano le thabo li ka khutlisoa.

12. Ho ka boleloa eng ka bohlokoa ba hore molekane e mong oa lenyalo a mamele ha e mong a bua?

12 Leha ho le joalo, mosa hase ho bua feela, ho qoqa hammoho, empa hape le ho mamela ka hlompho. Hoo ho bolela ho ela hloko ha molekane e mong a bua. Ke hantle ha ho ee ho boleloe hore ho mamela ke matla a ho sebelisa tsebo ka bohlale. Re batla ho mamela e seng fela ho utloisisa se boleloang ke mantsoe empa hape ho hlokomela boikutlo boo a boleloang ka oona. Ho feta moo, ho ba bamameli ba molemo re tlameha ho hlokomela hore na ha ho boleloe eng. E, banna le basali ba lokela ho ba bamameli ba molemo. Ke ho hloka mosa ho se ele hloko hakaalo ha molekane oa motho a bua. Ke ’nete, ka linako bothata bo ka ’na ba e-ba teng ka hore mohlomong ea buang mohlomong o mpa a ipuela a le mong ka seo a se hopotseng e seng hore o leka ho bua le e mong. Haeba ho bonahala hona e le bothata, joale itloaetse ka hore pele u bua u bee lentsoe le tobileng, le kang, “Ratu,” “Neo,” “Thabo.”

13. E ’ngoe ea litsela tse molemo haholo tseo balekane ba lenyalo ba ka bontšang mosa o tloaelehileng e mong ho e mong ka tsona ke life?

13 Ho feta moo, e ’ngoe ea litsela tse molemo haholo tseo ba nyalaneng ba ka bontsang ho thahasellana ka mosa ke ka ho utloa keletso ea moapostola: “Le rekolohelane, le hauhelane, le tšoarelane, joale ka ha Molimo le oona o le tšoaretse ka Jesu Kreste.” (Ba-Ef. 4:32) ’Me ha u bontša mohau oa ho tšoarela u se ka ua etsa joalo u ntse u koetlile ho hong, empa “ea etsang ka mohau a . . . etse ka thabo.” (Ba-Roma 12:8) Ho etsa joalo ke ho nea Molimo sebaka lenyalong la lōna, hobane re bala hore “o tšoarela haholo.” (Esa. 55:7) Ha re tšoarela ha molekane oa rōna a fosa, ho bonolo ho lebella tšoarelo ha re fosa e le rōna. Hase ntle ho lebaka ho ileng ha boleloa hore ‘lenyalo le thabileng ka kopano ea batšoarelani ba babeli ba molemo.’

HO TŠEPAHALA E MONG HO E MONG

14. Tšoaneleho e ’ngoe eo Bakreste ba ka e bontšang ho nea Molimo sebaka lenyalong la bona ke efe?

14 Lentsoe la Molimo hape le bontša hore Moqapi oa lona e moholo ke Molimo o nang le toka le o lokileng. Le re ka Jehova: “Ke Lefika; mosebetsi oa hae o phethehile, hobane litsela tsa hae kaofela li lokile; ke Molimo o tšepehang, o se nang bokhopo; o lokile, o khabane.” (Deut. 32:4) Hore re tle re nee Molimo sebaka lenyalong la rōna le rōna re lokela ho ba le toka, re tšepahale e mong ho e mong. Boholong ba taba hona ho bolela ho ea ka Molao o Moholo: “Joale ka ha le rata ho etsoa ke batho, ba etseng joalo le lōna.”—Luka 6:31.

15. Ke haholo-holo tšobotsing efe moo banna le basali ba lokelang ho ameha ka ho bontšana botšepehi, ’me ke maemo afe a atisang ho hlahisa bothata ho see?

15 Ho tšepahala ho ama lintho tse ’maloa. Ka ho totobetseng, ho ama litaba tsa lichelete, tse ka ’nang tsa phephetsa monna le mosali. Leha ho le joalo, ho boetse ho ama lintho tse ling tsa bohlokoa haholoanyane, haholo-holo lithahasello tsa likamano tsa botona le botšehali. Ho bonolo hore monna a lumelle lithahasello tsa hae hore li lelere, haholo ha ho talingoa meleko eo a talimaneng le eona tsatsi le leng le le leng, ho batho ba sa lokang le mecha ea litaba e sa hloekang. Joalokaha Jehova Molimo a hloka boineelo bo khethehileng ho bahlanka ba hae—‘lebitso la hae ke Poulelo’—kahoo banna le basali ba na le boineelo bo khethehileng e le tokelo bakeng sa likamano tsa botona le botšehali tsa balekane ba bona, ’me ba tlangoa hore ba bontše hore ho joalo ka bobona. (Ex. 34:14) Liproverbia 5:15-20 e na le keletso e tobileng taba, e matla le e otlolohileng bakeng sa banna ntlheng ena. Le teng, ho hlokahala hore basali ba be seli ho ela hloko keletso ea Pauluse e ho 1 Ba-Korinthe 7:3-5 ba se ke ba sebelisa tšoanelo ea lenyalo e le mokhoa oa ho qekisa hore ba fumane seo ba se hlokang ka sebopeho sa liaparo, le tse joalo.

LERATO LE SE NANG BOIKHABI—“A·GAʹPE”

16. Ke mang ea beelang banyalani mohlala oa ho bontšana a·gaʹpe, ’me ke hobane’ng ha e le habohlokoa hakaale?

16 Jehova Molimo ke boleng ba lerato le nang le motheo, le se nang boikhabi, a·gaʹpe ka Segerike. Ke ka baka leo re balang hore “Molimo ke lerato.” Kahoo ho nea Molimo sebaka lenyalong la rōna ho hlokahala hore re se ke ra ba feela le lerato le theiloeng khoheling ea tlhaho, thahasello ea likamano tsa botona le botšehali (eʹros), le lerato le theiloeng ho tšoaneng mohopolong le moeeng (phi·liʹa), empa hape le lerato la mofuta o se nang boikhabi. Lerato lena le tla boloka lenyalo hammoho, leha mefuta e meng e ’meli ea lerato e nyamela.—1 Joh. 4:8.

17. Tlhaloso ea Pauluse ea lenyalo e bea leseli lefe ho se tlisoang ke litlamano tsa lenyalo?

17 Moapostola Pauluse ho 1 Ba-Korinthe 13:4-8 o fana ka tlhaloso e ntle ea hore na lerato lena le iponahatsa joang: “Lerato le na le mamello, lerato le mosa; ha le na mohōnō, ha le na boikakaso, ha le na boikhōhōmōsō, ha le na mekhoa e mebe, ha le ikhopolele, ha le halefe, ha le na lisuoa, ha le thabele bokhopo, empa le thabela ’nete. Le iphapanyetsa tsohle, le lumela tsohle, le tšepa tsohle, le mamella tsohle. Lerato ha le ka ke la fela le ka mohla.” Ha ho talingoa mantsoe ao a Pauluse, re ke ke ra balehela qeto ea hore ho ba Mokreste ea molemo ho bolela ho ba molekane ea motle oa lenyalo. Ka polelo, ho sitoa ho atlehisa lenyalo ho bontsa ho ba Mokreste ha motho ka tsela e seng ntle. Mathata lenyalong a lokela ho talingoa e le liphephetso tsa ho hlaolela litholoana tsa moea, e khōlō ho tsona e le lerato. (Ba-Gal. 5:22, 23) ’Me hopola, “LERATO HA LE KA KE LA FELA LE KA MOHLA”!

18, 19. (a) A·gaʹpe e hloka eng ho Mosali? (b) A·gaʹpe e tla etsa hore monna a tšoare mosali oa hae ka mokhoa ofe?

18 Lerato le nang le motheo le le se nang boikhabi le hloka eng ho mosali? Le hloka hore a hlokomele hore monna oa hae ke hlooho ea hae. (Ba-Ef. 5:22-24) Hase ka mehla ho ka bang bonolo ho etsa hona, empa lerato le tla thusa mosali; le tla mo nolofaletsa hore a etelletse pele lithahasello tsa monna oa hae ho tsa hae. Ka mohlala, ho na le basali ba lerato bao, ka ho tseba hore banna ba bona ba lokela ho ja lijo tse itseng, ka bonolo ba sa lokisetseng lijo tseo ba tsebang hore banna ba ke ke ba li ja le bona. Baa tseba hore ho etsa joalo ha ho hlile ha ho ba bakele bothata ba letho, ha e le hantle, ho ka ba ha e-ba molemo ho bona.

19 Lerato le se nang boikhabi le hloka eng ho monna? Le hloka hore a ele hloko keletso e reng: ‘Lōna banna, ratang basali ba lōna, joale ka ha Kreste le eena a ratile Kereke, ’me a iteletse lefu ka baka la eona; ke ka mokhoa o joalo le bona banna ba tšoanetseng ho rata basali ba bona joale ka ’mele ea bona.’ (Ba-Ef. 5:25, 28) Hona ho hloka monna ho hongata hakaakang! Joalokaha a hlokomela ’mele oa hae hantle ka lijo, liaparo, bolulo, phomolo, boikhathollo le lithahasello tsa moea, o lokela ho hlokomela mosali oa hae ka tsela eona eo. Joalokaha a ke ke a rata ho itlontlolla har’a batho ba bang, le mosali oa hae a se ke a mo tlontlolla pel’a ba bang. Ho mo rata joaloka ’mele oa hae ho tla ama le ho lula le eena ka tsebo, a le mosa le ho nahanela litšobotsing tse atamelaneng haholo tsa lenyalo. Le ka mohla ho se etsahale hore a qosoe ka hore o silafalitse mosali oa hae.—1 Pet. 3:7.

20, 21. (a) Ke ho sebelisoa ha metheo efe hape ea Mangolo ho tla bontša hore Molimo o lenyalong la motho? (b) Taba e latelang eo ho tla buuoa ka eona ke efe, hona ka lebaka lefe?

20 Lenyalong ho na le menyetla e mengata hakaakang ea thabo! Jesu o itse “Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa,” ’me motheo ona o boetse o sebetsa le ho batho ba nyalaneng. (Lik. 20:35) Banna le basali ba na le menyetla e mengata hakaakang ea ho fana, ba fana ka bobona, nako ea bona, tlhokomelo ea bona, menahano ea bona, boikutlo ba bona, ho fana ka lintho tse bonahalang! ’Me le kamanong ea bona motheo ona oa sebetsa: “Ea jalang hanyenyane o tla kotula hanyenyane; ’me ea jalang haholo le hona o tla kotula haholo.” Ela hloko keletso eohle e joalo ’me u tla nea Molimo sebaka lenyalong la hao.—2 Ba-Kor. 9:6.

21 Empa nako le nako le bona Bakreste ba nyalaneng ba ipolelang hore ke Bakreste baa haelloa lintlheng tsena. Ka baka la sena hoa hlokahala hore re sebetsane le taba ena ka mokhoa o tobileng: “Molimo oa Lerato o Hloile Hlalano.”

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela