Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 12/15 maq. 8-11
  • Ho Batla ba Kang “Linku” Mathokong a Liberia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Batla ba Kang “Linku” Mathokong a Liberia
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • JEHOVA O BATLA “LINKU” TSA HAE
  • JEHOVA O FEPA “LINKU” TSA HAE
  • JEHOVA O PHEKOLA “LINKU” TSA HAE
  • TLHOHONOLOFATSO EA JEHOVA E TSOELA PELE
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 12/15 maq. 8-11

Ho Batla ba Kang “Linku” Mathokong a Liberia

MOLISANA e molelele oa Mangdingo o eme a khutsitse holim’a seolo sa bohloa, a itširelelitse ’meleng ka seaparo se selelele se seputsoa letsatsing le bataolang la Afrika. Kalosong ea leihlo la hae le seli, mohlape oa hae a nyakallela joang bo butša-butša bo hōlang mekhoabong ea Sutter Creek. Ke mohlape o tsoakaneng, oa lipoli tse rolo le linku tse telele, tse tšoeu.

Ha re ema-emisa ho lebella mohlape, re hopola ka setšoantšo sa Jesu sa linku lipōli. O hlile a bolela hore lichaba tsohle li tla bokelloa ka pel’a hae le hore o tla khetha batho ba kang linku ba moleng oa bophelo bo sa feleng ho ba kang lipōli ba lokeloang ke ho timetsoa. (Matt. 25:31-46) Kahoo, ke hantle ha re botsa: Mosebetsi ona oa ho khetha o tsoela pele joang? Na “linku” li fumanoe mathōkong a Liberia?

JEHOVA O BATLA “LINKU” TSA HAE

Ho na le bahlanka ba Jehova ba fetang 1 000 ba kang linku Liberia. Na u rata ho ithuta hore na Molimo o fumane le ho hlokomela “linku” tsa hae joang naheng ee? Joale, ke’ng ha u sa tsamaee le rōna ha re etela libaka tse seng kae moo li phelang le ho bōkana?

Re qala motse-moholo, Monrovia, re kopana le seithuti se senyenyane sa mohlankana sa Bibele se ithutelang lehaeng le lenyenyane la boromuoa Crown Hill. Nakong e fetileng o ne a phela hare-hare ho naha, hole haholo le Lipaki tsa Jehova. O teane le tsona joang?

O hlalosa hore, “ke ne ke sa khotsofalla bolumeli ba ntate. Eaba ke kōpa tataiso ea Molimo. Matsatsi a seng makae hamoraonyana, lapeng ha motho eo re ahisaneng le eena, ka bona buka ’Nete e isang Bophelong bo sa Feleng. Ka e kalima ’me ka e bala. Ke kholisehile hore ke fumanetse thapelo ea ka karabelo, ka ngolla ofisi ea Watch Tower Society e Monrovia. Empa ke ne ke tatile haholo hore nka emela karabo; eaba ke etela Monrovia, ka batla Lipaki ’me tsa qala ho ithuta Bibele le ’na.” Ha motsoalle a mo botsa, “Ke mang ea u hulanyelitseng ho Lipaki tsa Jehova?” a arabela, “Hase mang kapa mang haese Jehova ka sebele.”

Hoo e ka bang lik’khilomithara tse 160 ho theosa le lebopo la leoatle ho tloha Monrovia, re fihla motseng oa Buchanan. O theiloe ke Maamerika a Maliberia ka 1830; bana e ne e le makhoba Amerika, ’me ba tla haha mona har’a batala ba Bassa, Buchanan kajeno e atlehile haholo joaloka motse oa likepe oo ho oona tšepe e fihlang e tsoa lithabeng tsa Nimba ka terene, e hlatsuoe ’me e rōmeloe ntle. Ha re kena motseng, re bona Holo ea ’Muso e nyenyane e tala e hlomiloe holimo ho leralla la ’mila oa boka. Ebe re tla fapohela ho eona?

Re lumelisoa ke lifahleho tse 40 tse bososelang. Kollie o bososela ka lebaka le khethehileng. Ke e mong oa ba bangata ba tsoa kolobetsoa lilemong tsa morao tjena, o re: “Ha ke le sekolong se phahameng Kakata, ba bang ho bao ke neng ke kena sekolo le bona ba ne ba ee ba bue le ’na ka Jehova, ’me ba ’memele ho ea Holong ea ’Muso ea bona: empa ke ne ke ee ke hane hobane ke ne ke ikutloa hore melao ea bona e thata haholo. Leha ho le joalo, hoba ke qete sekolong ’me ke tle Buchanan, ka qala ho hlokomela hore bophelo ba Lipaki bo ba molemo ho feta ba ka hobane ba na le taeo. Eaba ke ngolla phutheho ho kōpa thuso. E mong oa baholo a qala ho ithuta le ’na, ’me kajeno ke thabetse hore ke ineetse ho ba mohlanka oa Jehova.” E, ka moea oa hae o halalelang Jehova o fumane ba joalo ba kang linku ’me o ba isitse mohlapeng oa hae o phuthehileng.

JEHOVA O FEPA “LINKU” TSA HAE

Ba bangata bao hajoale ba thabelang ‘makhulo a matle’ har’a “linku” tsa Jehova ba kile ba sokola lijo tsa moea likerekeng tsa Bojakane. Ka lerato, Jehova o isitse batho ba joalo ho ba utloileng keletso ea Jesu ho ‘fepa likonyana’ tsa hae.—Ezek. 34:2, 14, 15; Joh. 21:15.

Har’a ba neng ba batla lijo tsa moea ke Francis. O phela har’a a mang a matlo a tletseng haholo a haufi le Bushrod Island, karolong ea Monrovia e bitsoang Motse oa Clara. A fumana lijo tsa moea joang?

Oa hlalosa: “Ke ne ke kena Kereke ea Pentekonta, empa ke tšoenngoa ke hore litulo tse khethehileng li beeloa litho tse itseng. Ke ne ke batla ho utloisisa Bibele, empa ’moleli a qeta boholo ba nako a bua ka chelete. A bolela hore haeba re sa koleke chelete kerekeng, re ke ke ra ea leholimong. Joale ka letsatsi le leng e mong oa Lipaki tsa Jehova a sia Molula-Qhooa. Ka ho o bala ka bona phapang pakeng tsa mekhoa ea kereke ea ka le lithuto tsa Bibele. Paki ea khutla ’me ea nthusa ka mehla ho utloisisa Bibele, ’me tsebo ea ka ea eketseha ha ke qala ho ba teng libokeng. Motsoala a kopanela le ’na thutong, ’me ra kolobetsoa ka bobeli.”

Ha re furalla Bushrod Island, koloi ea rōna e re tšelisa Nōkeng ea Montserrado, re feta sebakeng sa khoebo le ho kena Sinkor, karolo e tsoetseng pele haholo ea Monrovia. Mona Lipaki tsa Jehova li kopanela Holong ea ’Muso e ntle. Le hona mona, re fumana e mong ea neng a batla likarabo. O re ho rōna:

“Ha ke sa le sekolong se phahameng, ke ne ke tšoenyehile ke boitšoaro ba ea neng a re ruta Bibele. Ka mohlala, buka e ’ngoe eo re neng re ithuta eona e ne e hlahisa Jesu e le ea hlokang tsebo le ea nang le tumela-khoela kaha o ne a lumela hore bademona ba teng le hore ba kena ho batho. Ke ne ke laba-labela ho tseba hore na Bibele ke Lentsoe la Molimo kapa na ke lentsoe la batho. Hape ke ne ke tšoenngoa ke bongata ba bolumeli bo ipolelang hore ke Bokreste.”

Ho kopanela le bolumeli ba Bahai hamorao “ha bonahala ho tiisa lefeela” leo mohlankana a neng a ikutloa a e-na le lona. O tsoela pele:

“Ka amohela mosebetsi oa ho ruta Ganta, moo ’mè a neng a phela teng. O ne a ithuta le Lipaki tsa Jehova. Kamor’a nako, le ’na ka amohela thuto ea lehae ea Bibele empa ka maikutlo a hore ke pakele Paki hore e lahlehile. Kamor’a puisano ea rōna ea pele, eo ho eona e ileng ea ’makatsa ka likarabo tse tsoang Bibeleng lipotsong tsa ka kaofela, ka tlameha ho lumela hore ke ’na ea lahlehileng. . . . Ka rera hore ke tla bala tse ling tsa libuka tsa khalenyana tsa Watch Tower ho bona hore na nka fumana ho ikhanyetsa ho itseng. Empa libuka tsena tsa ’matlafatsa tumelong Bibeleng hore ke Lentsoe la Molimo le hore Lipaki ke batho ba hae.

“Joale ka qala ho fetola bophelo ba ka. Ka khaotsa ho tsuba, ka itokolla kerekeng ea Methodiste ka qala ho kopanela tumelo ea ka le ba bang, ho akarelletsa ngoanana eo ke neng ke mo lebelelitse. Le eena a amohela ’nete, ho sa tsotellehe khanyetso ea lelapa ’me a lelekoa sekolong ka baka la ho se nke lehlakore ha Bokreste. Ra nyalana ’me ra kolobetsoa ka 1971.”

Ho tloha ka nako eo banyalani bana ba bile le tokelo ea ho thusa ba bang ba bangata ho ba bahlanka ba Jehova. Monna hona joale o sebeletsa e le moholo ea khethiloeng ka phuthehong.

JEHOVA O PHEKOLA “LINKU” TSA HAE

Pele Jehova a li fumana, “linku” tse ngata li ne li khelohile metheong e lokileng ea Lentsoe la hae. Ak’u nahane ka mehlala e latelang:

Ka mosou o mong oa Sutter Creek Gardnersville ho phela monna oa senatla oa Kru ea neng a le morusu hoo metsoalle ea hae ka bosoasoi e neng e mo bitsa “Mollo.” Mosali oa hae, Zoe, o phehile moroho ka makhapetla a litapole a tala le reisi. Ha re e-ja re lutse moriting oa sefate sa mango, monna o re bolella hore:

“Ha ke sa le sepoleseng, ke ile ka sareloa haholo ha ke amohuoa thuso ea ho ea ithuta mose ke le moqhobi oa lifofane. Ka itherela ho ea ngakeng ea litaola ho fumana meriana ho nthusa hore ke finyelle sena seo e neng e le takatso ea ka. Empa ka se ke ka fumana thuso ea letho. Joale ra eteloa ke Lipaki tse peli ’me tsa qalisa ho ithuta Bibele le rōna. Thahasello ea rōna ea hōla ha re ithuta ka morero oa Jehova oa ho etsa lefatše lena paradeise eo ho eona ho neng ho ka busa ho loka le toka. Empa matsoalo a rōna a ne a re tšoenya kaha re ne re tseba hore ha re phele tumellanong le melao e lokileng ea Molimo. Hoba re ithute ’nete ka meea e khopo, ra lahla meriana le lintho tse ling tse amanang le bothuela tseo re neng re e-na le tsona. Ra rera ho hloekisa bophelo ba rōna, empa hona ha nka nako e teletsana kaha Zoe o ne a ntse a tiisitse lenyalo le molekane oa hae oa pele. Kamor’a nako a khona ho hlalana ka molao le eena, ’me ra nyalana ’me ra kolobetsoa ka khoeli e latelang.”

Joale re tla etela Jerome Bong Mine. Ho fihla moo, re nka koloi e tlohang Monrovia e ea Kakata, sebaka se fetang lik’hilomithara tse 64. Ha re le tseleng, re feta mekoloko ea lifate tsa rekere. Ha re le Kakata re kena beseng ’me re kena tseleng e hlahlathelang. Mona le mane masimong a rekere le lifate tse ling ke metse ea sebele-bele ea Liberia—matlo a ikentseng sehlopha a mobu a ruletsoeng ka palema. Qetellong, re fihla kampong ea moo ho rafshoang tšepe ’me re fumana Jerome lepatsong moo a qetang ho hlatsoa liaparo tsa hae. Ha re emetse Lipaki tse ling hore li fihle lapeng ho tsoa mosebetsing, o re bolella ka tsela eo Jehova a mo thusitseng ka eona:

“Ke ne ke rata ho tsuba le ho tahoa haholo, ’me ke e-na le basali ba babeli. Ka letsatsi le leng, ha ke ntse ke e-noa joala le metsoalle e meng, Paki ea buisana le rōna ka Bibele ’me ea re nea buka ea ’Nete. Metsoalle ea ka ea leka ho nyahamisa hore ke se e nke, empa ka inahana hore haeba ke khona ho senya chelete e ngata hakana ka joala, ruri nka khona ho sebelisa cheletana e nyenyane bakeng sa buka. Ba mpolella hore nke ke ka hlola ke bona Paki hape. Empa ea khutla ka nako eo ho lumellanoeng ka eona ’me ea qalisa thuto ea Bibele le ’na.

“Eare ha ke tseba Jehova, ka hlokomela hore tsela eo ke phelang ka eona ha e mo khahlise le hore ke tla fumana molemo le licheleteng ka hore ke sebelise metheo ea Bibele bophelong ba ka. Ka thuso ea Jehova, ka khona ho khaotsa ho tsuba le ho tahoa haholo, ’me ka khaohana le banana bao ke neng ke ratana le bona. Ke thabela hore, ho e-na le ho senya bophelo ba ka, joale nka bo sebelisa ho thusa ba bang ho ithuta ka Jehova Molimo le Mora oa hae, Jesu Kreste, ke etsa joalo ke le ’moleli oa nako e tletseng oa ‘litaba tse molemo.’”

Joale re khutlela Kakata bakeng sa kopano ea potoloho moo re utloang liphihlelo tse latelang tse kang e phetoang ke khaitseli oa Gbarnga: “Ha ke sa rekisa liphahlo ’marakeng oa Yekepa, basali ba bang ba ’maraka ba ne ba belaela ka hore bahlankana bao ba ratanang le bona ha ba ba thuse ka tsa ho phela empa, ho e-na le hoo, ba nka chelete ea bona eo ba e sebetsang ’marakeng. Ke ne ke ba hlalosetsa hore na Bibele e re’ng ka lenyalo le tlotlehang le kamoo ho sebelisa metheo ea Bibele ho ka tlisang khotso le thabo bophelong ba lelapa. Empa ba na ba ntšeha feela. Joale ka letsatsi le leng, ha ke le pulamaliboho ea thusang, ka teana le e mong ho basali bao. Mohlankana oa hae o ne a mo khothallelitse hore a ntše mpa, ’me a batla a e-shoa ke hona. A hopola lintho tse molemo tseo ke neng ke ee ke mo bolelle tsona ’me a bolela hore o rata ho ithuta Bibele le hore a fetole bophelo ba hae. Mosali enoa o kolobelitsoe selemong se fetileng ’me o sa tsoa nyalana le Mokreste.”

TLHOHONOLOFATSO EA JEHOVA E TSOELA PELE

Re lumela hore u thabetse leeto la hao ho ea Liberia, le hore le u thusitse ho ananela kamoo Jehova a fumaneng le ho hlokomela linku tsa hae tsa moea mona. Ho thoe’ng ka nako e tlang? Re kholisehile hore Molimo o tla tsoela pele ho hlohonolofatsa boiteko ba rōna ha ka masene re batla “linku” tsa hae tse eketsehileng.

Ka Tšitoe 1979 ho ne ho le teng batho ba 1 956 Likopanong tsa Setereke tsa ‘Tšepo e Phelang’ ’me ra thabela hore ho ile ha kolobetsoa ba 17. Hape, re na le lipontšo tse matla hore “linku” tse ling hape ho sa hlokahala hore li thusoe, hobane batho ba bang hape ba 3 931 ba ile ba bōkana Liberia eohle ka la 31 Tlhakubele, 1980 ho ikhopotsa lefu la Jesu Kreste.—1 Ba-Kor. 11:23-26.

Ha mohlape o ntse o tsoela pele ho hōla naheng ena, hape ho hlokahala hore ho atolosoe lintho tse sebelisoang ho o hlokomela. Ka Motšeanong 1979 re ile ra thabela ho tseba hore Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova se fane ka tumello ho komiti ea lekala ea Liberia ho kenyelletsa molaong mokhatlo o sa etseng phaello le ho reka sebaka seo ho ka hahuoang bakeng sa rōna ofisi ea lekala le lehae la Bethele. Ho tloha ka nako eo, ho ile ha fumanoa sebaka se setle haholo. Haufinyane, tsoelopele e ’ngoe ea etsoa ha litokisetso tsa ho haha tsa rōna li ananeloa ke molao. Joale ka cheseho re lebelletse nako ea ha re tla qala mohaho ka sebele.

Kannete, re na le lebaka la ho thaba ha re nahana kamoo Jehova a bokelletseng le ho hlohonolofatsa batho ba hae mona Liberia. Ho qala ka metsi a phallang ka khutso a Nōka ea Mano ho ea Cape Palmas ka boroa, le ho tloha merung e ratoang ke pula ea Nimba ho ea mabōpong a leoatle a tletseng lipalema a Leoatle la Atlantic, “linku” tsa Jehova li ntse li fumanoa. ’Me re rapella hore a tsoele pele ho hlohonolofatsa boiteko ba rōna bo chesehang ho bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa hae le ho etsa barutuoa ka ba kang linku.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela